Pono ea Biblele
Menehelo ea Boithatelo ho ba Hlokang Na ke Tlamo ho Mokreste?
LILEMO tse ka tlaase ho leshome tse fetileng, Sehlopha sa PTL (Praise the Lord [Rorisang Morena]), seo ntlo-khōlō ea sona e leng ka boroa-bochabela ho United States, se ile sa qela liphallelo joaloka mokhatlo oa bolumeli o kōpang lithuso bakeng sa ba hlokang. Ba sebelisa tsamaiso ea TV le ea poso, ba ile ba bokella liranta tse millione tse makholo tse ileng tsa tla li sa khaotse ho tlatsa makase a bona a chelete—ka morero oa ho hasa kosepele ka tsela ea ho iketsa bo-mponeng.
Nahana hore na batho ba likete ba ileng ba romela chelete Sehlopheng sa PTL ba ile ba ikutloa joang ha ba bala litlaleho tsa likoranta tse ileng tsa hatisoa ke Associated Press tse boletseng hore Jim Bakker, mopresidente oa mehleng oa PTL, ’moho le mosali oa hae, Tammy, “ba ile ba lefuoa [liranta tse limillione tse 4,7] e le moputso oa bona le libonase ka 1986.” Ho hobe ka ho fetisisa, tlaleho e phaelletse ka hore: “Litefo tseo li entsoe le hoja tšebeletso eo e le sekolotong sa bonyane [liranta tse limillione tse 145] . . . Chelete e ’ngoe ea PTL e ka bang [liranta tse 780 000] e ne e beheletsoe ka thōko bakeng sa [Jessica] Hahn e le ho mo koala molomo mabapi le kopano [ea botona le botšehali] le Bakker.”
Pele a ahlolela Bakker ho kena teronkong ka baka la ho etsetsa balateli ba hae bomene-mene, nyeoeng ea hae moahloli o itse: “Rōna ba nang le bolumeli rea nyekeloa ke ho monngoa lichelete ka bolotsana ke baboleli le baruti ba qhekellang.”
Bolumeli hase bona feela boo ka cheseho bo ipiletsang maikutlong a batho ba nehelanang ka lichelete ’me ebe bo khoaela boholo ba chelete eo. Ho tloaelehile hore babokelli ba bang ba chelete ea letlole ba khoaele ho fetang karolo ea 90 lekholong ea liphallelo tseo ba li qetseng.
Joale, na ke ho makatsang, hore ebe batho ba tenoa ke mekhatlo e joalo? Leha ho le joalo, ke’ng seo Bakreste ba lokelang ho se etsa? Na ba tlameha ho fana ho mekhatlo e hlophisitsoeng e kōpelang ba hlokang lithuso? Ke litataiso life tseo Bibele e fanang ka tsona ho tiisa hore lichelete li sebelisoa ka bohlale ha ho thusoa ba bang? Ke tsela efe e molemohali le e sebetsang ea ho thusa ba bang?
Ho Fana—E le Che
Bonneteng, keletso ea Bibele ke hore re be ba mosa le ba seatla se bulehileng ho ba hlokang. Ho tloha mehleng ea boholo-holo batho ba Molimo ba ’nile ba khothalletsoa hore “ba fane ka matsoho a mabeli, ba arolelane le ba bang.” (1 Timothea 6:18, BPN; Deuteronoma 15:7, 10, 11) Ha e le hantle, Bakreste baa bolelloa ho 1 Johanne 3:17: “Empa motho ha a na le lintho tsa bophelo ba lefatše, ’me a bona ngoan’abo a hloka, ’me a mo koalla pelo ea hae, lerato la Molimo le lutse joang ho eena?”
Fana, e; empa hlokomela! Ka mehla re phehelloa ka likōpo ke mekhatlo e kōpang lithuso, malumeli, le matšolo a etsoang selemo le selemo a tšebeletso ea sechaba; boholo bo etsa boipiletso bo qobellang. Leha ho le joalo, ha li hlahlobisisoa, ho molemo ho hopola maele a Bibele: “Sethoto se lumela litaba tsohle, empa ea nang le kelello o qamakisisa moo a hatang teng.” (Liproverbia 14:15) Ka mantsoe a mang, e-ba hlokolosi hore u se khahloe ke none e feta ka ho amohela lipolelo kapa litšepiso tsa mekhatlo e kōpang lithuso. Hantle-ntle chelete e bokeletsoeng e sebelisoa joang? Na mekhatlo eo e fuoang lichelete ke eo Mokreste a lokelang ho e tšehetsa? Na mesebetsi ea eona e sekametse lipolotiking, bochabeng, kapa e amana le bolumeli ba bohata? Na sepheo se phatlalalitsoeng sea sebetsa ’me ha se hohlane le melao-motheo ea Mangolo?
Mekhatlo e meng e kōpang lithuso e khona ho etsa ho hongata molemong oa batho ba hlokang. Ha ba amiloe ke likoluoa tsa tlhaho le likoluoa tsa mafu a seoa, hangata Bakreste ka bobona ba ile ba fumana melemo mekhatlong e joalo e kōpang lithuso. Leha ho le joalo, mekhatlo e meng e kōpang lithuso, e na le litšenyehelo tse phahameng tsa botsamaisi kapa litšenyehelo tse phahameng tsa ho batla chelete, ka phello ea hore ke feela karolo e nyenyane ea chelete e bokelletsoeng eo ha e le hantle e sebelisetsoang sepheo se phatlalalitsoeng. Ka mohlala, phuputso ea haufinyane mekhatlong e 117 e meholo ka ho fetisisa e sa etseng phaello ea United States, ho akareletsa mekhatlo e kōpang lithuso bakeng sa ba hlokang, e fumane hore e fetang kotara ea eona e lefa baokameli ba eona ba ka holimo-limo moputso oa selemo oa liranta tse 590 000 kapa ho feta. Hangata tlhahlobo ea lichelete e senola chelete ena e sebelisoa bakeng sa ho reka thepa e mabotho-botho le ho tšehetsa bophelo ba bokhorane. Ho sa tsotellehe hore na mokhatlo oo o kōpang lithuso o rehiloe lebitso lefe, ho ka ’na ha hlokahala hore motho a nahane haholo ka hore na ho ntša menehelo bakeng sa merero e joalo e tla ba ho phethahatsa taelo ea Bibele ea ho thusa ba hlokang kapa che.
Pono e Leka-lekaneng
Le hoja ho se motho ea batlang ho senya chelete ea hae—kapa ho hobe le ho feta, ho e bona e ruisa banna ba baikhabi—ho boetse ho na le tlhokahalo ea ho itebela khahlanong le boikutlo ba ho tšoaea-tšoaea liphoso tabeng ea ho fana. U se ke ua sebelisa ho hlōleha kapa bolotsana ba ‘mekhatlo e meng e kōpang lithuso’ e le lebaka la ho hlokomoloha ba hlokang kapa ho hatella maikutlo a kutloelo-bohloko. Liproverbia 3:27, 28 ea eletsa: “Ea nang le tokelo, u se ke ua lesa ho mo etsa ka molemo, ha ho le matleng a hao. U se ke ua re ho oa heno: Tsamaea, u tle u boee hosasane, ke tla u nea; athe seo a se hlokang se teng ho uena.” (Bapisa le 1 Johanne 3:18.) U se ke oa nka hore mekhatlo eohle e hlophisitsoeng e kopang lithuso ke e senyang kapa ke e bolotsana. Hlahlobisisa mabaka u nt’o iketsetsa qeto ea botho ea hore na u fane kapa che.
Ba bang ba khetha hore e hle e be bona ka bobona ba fanang ka thuso, ba tobisa limpho ho batho ka bomong le malapa a hlokang. Ka tsela ena, bafani ba ba le bonnete ba hore menehelo ea bona e sebelisoa hamolemo le ka potlako. Sena se boetse se fana ka monyetla oa ho haha le ho bontša mosa ka mantsoe hammoho le ka liketso. Esita le haeba u se na lintho tse ngata tse bonahalang tseo u fanang ka tsona, u ntse u ka ba le thabo ea ho fana. Nakong e tlang ha u utloa ka tlhokahalo ea sebele ea thuso e joalo, fana ka seo u ka khonang ho fana ka sona ka moea oa 2 Ba-Korinthe 8:12, (NW): “Ha boitokisetso bo le teng pele, hoo ke ho amohelehang ka ho khethehileng ho latela seo motho a nang le sona, eseng ho latela seo a se nang sona.”
Hape, hopola, hore ka linako tse ling ho ntse ho ka ’na ha e-ba le ho hong ho ka hlahisang molemo ho feta chelete. Jesu o ile a bolella balateli ba hae hore “Ha le ntse le tsamaea, le bolele, le re: ’Muso oa maholimo o atametse. . . . Le neiloe feela, neang feela.” (Mattheu 10:7, 8) Kajeno ka ho tšoanang, Bakreste baa elelloa hore nako, matla, le chelete tse sebelisoang ho tšehetseng ho paka ka ’Muso—e leng ho ntlafatsang bophelo le ho fana ka tšepo—ke mpho ea boithatelo ea mofuta o molemohali.
Joale, pono ea Bibele, ke hore re be mosa, re be ba fanang, le ho ba ba molemo. E re hopotsa hore hangata thuso ea lintho tse bonahalang ea hlokahala, ’me ho hlokomoloha tlhoko ena ha hoa lokela. Ka nako e tšoanang u se ke ua ikutloa u tlamehile ho fana ho mang le mang ea ka u qelang. Nahana hore na u ka sebelisa chelete eo u nang le eona hamolemo joang e le hore u ka thabisa Molimo le ho fana ka thuso ka tsela e sebetsang hamolemohali ho lelapa la hao le ho oa heno. (1 Timothea 5:8; Jakobo 2:15, 16) Etsisa Jesu ka ho ba seli le ho hlokomela litlhoko tsa ba bang—moeeng le nameng. Ho latela mantsoe a Ba-Heberu 13:16: “Le se ke la lebala ho etsa batho hantle, le ho fana; hobane Molimo o khahlisoa ke mahlabelo a joalo.”