Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w03 6/1 maq. 3-4
  • Ho Etsahala’ng ka Liphallelo?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ho Etsahala’ng ka Liphallelo?
  • Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2003
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Na ke ho Thusa Kapa ke ho Senya?
  • Ho Fana Kapa ho se Fane
  • Menehelo ea Boithatelo ho ba Hlokang Na ke Tlamo ho Mokreste?
    Tsoha!—1993
  • Ho Fana ho Thabisang Molimo
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2003
  • Tsela ea ho Buella Limakasine
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2003
  • “U Rate oa Heno”—Ke Tsela Efe e Sebetsang Hamolemohali?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1986
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2003
w03 6/1 maq. 3-4

Ho Etsahala’ng ka Liphallelo?

KA MOR’A litlhaselo tsa la 11 September, 2001, New York City le Washington, D.C., batho ba ile ba fana ka tšehetso e ikhethang ho ba neng ba anngoe ke tlokotsi eo. Mekhatlo e fanang ka liphallelo e ile ea hlolloa ke monehelo oa liranta tse limilione tse likete tse 23,7 oa ho thusa malapa a anngoeng ke tlhaselo eo. Hohle batho ba ne ba batla ho thusa ba tšositsoe ke tšenyo e bakiloeng.

Leha ho le joalo, ha ho hlahella liqoso tsa hore mekhatlo e meng e tsebisahalang e fanang ka liphallelo e sebelisa lichelete hampe, boikutlo ba batho ba bang bo ile ba fetoha ka potlako. Batho ba ile ba tlala bohale ha ho utloahala hore mokhatlo o mong o moholo o fanang ka liphallelo o rera ho tšoara hoo e ka bang halofo ea chelete eo o e amohetseng e etsang liranta tse limilione tse likete tse 4,4 ’me o e sebelisetse merero e meng. Le hoja hamorao mokhatlo oo o ile oa fetola qeto ea oona ’me oa kōpa tšoarelo, motlalehi e mong o ile a re: “Bahlahlobisisi ba nka hore khato ena e ncha e tla e se e le morao haholo hore e ka tsosolosa tšepo” eo batho ba neng ba e-na le eona mokhatlong ona pele ho litlhaselo. Uena u ikutloa joang? Na tšepo ea hao mekhatlong e fanang ka liphallelo e batla e thekesela morao tjee?

Na ke ho Thusa Kapa ke ho Senya?

Ka tloaelo ho nkoa hore ho thusa mekhatlo e fanang ka liphallelo ke ntho e babatsehang. Empa hase bohle ba lumellanang le seo. Lilemong tse fetang 200 tse fetileng, mongoli e mong oa meqoqo oa Lenyesemane, e leng Samuel Johnson, o ile a ngola a re: “U ikutloa u kholisehile haholoanyane hore u etsa se nepahetseng ha u lefa batho ba sebelitseng chelete, e le tefo ea mosebetsi oo ba o entseng, ho fapana le ha u ntša chelete u e fa mokhatlo o fanang ka liphallelo.” Ba bang kajeno le bona ba na le khoao e tšoanang, ’me litlaleho tsa hore mekhatlo e fanang ka liphallelo e sebelisa lichelete hampe ha li etse hore batho ba boele ba be le tšepo. Nahana ka mehlala e ’meli ea se sa tsoa etsahala.

Mookameli oa mokhatlo o mong oa bolumeli o fanang ka liphallelo, San Francisco, o ile a lelekoa ka mor’a hore a qosoe ka hore o lefisa mokhatlo likoloto tsa hae tsa ho buuoa ka morero oa ho intlafatsa le hore o qetile lilemo tse peli a o lefisa likoloto tsa hae tsa reschorente tsa beke le beke tse etsang R4 400. Brithani, bahlophisi ba ketsahalo e ’ngoe e khōlō ea thelevishene ea ho fana ka liphallelo ba ile ba hlajoa ke lihlong ha ho fumaneha hore cheleteng e etsang liponto tse limilione tse 6,5 (hoo e ka bang liranta tse limilione tse 92), e neng e rometsoe ho ea thusa ho haha libaka tse ncha tsa tlhokomelo ea likhutsana Romania, ho hahiloe matlo a 12 feela a boemo bo tlaase, ’me ha ho tsejoe hore na ho entsoe’ng ka liranta tse ling tse limilione. Ka ho loketseng, litlaleho tse sa thabiseng joaloka tsena li entse hore bafani ba bang ba amehe ka hore na ba nehelana ka bokae le hore na ho mang.

Ho Fana Kapa ho se Fane

Leha ho le joalo, e ka ba ho soabisang ho lumella hore lintho tse etsoang ke batho ba seng bakae kapa mekhatlo e itseng li etse hore re se hlole re ameha le ho bontša ba bang kutloelo-bohloko ea sebele. Bibele e re: “Mofuta oa borapeli o hloekileng le o sa silafalang ponong ea Molimo le Ntate oa rōna ke ona: ho hlokomela likhutsana le bahlolohali matšoenyehong a bona.” (Jakobo 1:27) E, ho ameha ka ho thusa ba futsanehileng le ba hlokang ke karolo ea bohlokoa ea Bokreste.

Empa u ka ’na ua botsa, ‘Na ke lokela ho tsoela pele ke thusa mokhatlo o fanang ka liphallelo, kapa ke mpe ke leke ho thusa batho ka bomong ka ho ba fa limpho matsohong?’ Ke thuso ea mofuta ofe eo Molimo a lebeletseng hore re fane ka eona? Sehlooho se latelang se tla tšohla lipotso tsena.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela