Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g88 9/8 leq. 19
  • Tšokelo ea Nuclear

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Tšokelo ea Nuclear
  • Tsoha!—1988
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ntoa ea Nyutlelie—Tšokelo e Etsoa ke Bo-mang?
    Tsoha!—2004
  • Tšokelo ea Nyutlelie—E Hōle le ho Fela
    Tsoha!—1999
  • Batho ba Batla Litharollo
    Tsoha!—1988
  • Ntoa ea Nyutlelie—Na e Ntse e le Tšokelo?
    Tsoha!—2004
Bala Tse Ling
Tsoha!—1988
g88 9/8 leq. 19

Tšokelo ea Nuclear

AK’U nahane bashanyana ba babeli ba le ka har’a karache e koetsoeng ba eme holim’a fuluru e koahetsoeng ke petrole. Ka mong oa bona a tšoere lebokose la mollo. . . .

Sena se hlalosa hantle kamoo boemo bo leng kateng kajeno pakeng tsa mebuso e ’meli e meholo ea lefatše. Bobeli ba eona e na le meqeqeko ea libetsa tse tšabehang tsa nuclear tseo haeba li ka sebelisoa, li ka fellang ka timetso ka mahlakoreng ka bobeli. Limisaele tsa bona li eme malala-a-laotsoe ho bolaea, mabili a lisebelisoa tsa bona tse ba tataisang a bilika ka lebelo le leholo.

Likete-kete tsa baromuoa bana ba lefu ba ipatile ka tlas’a metsi le mobu mekoting e tiisitsoeng ka konkreite ea ho pata limisaele. Limisaele tse ling tse makholo-kholo li ipatile likepeng tse tsamaeang ka tlas’a leoatle ’me tse fetang tseo li ipatile mapheong a lifofane tse lebelo. Lefatše le aparetsoeng ke tšabo lea ipotsa, Ho tla etsahala eng haeba lihlomo tsena li ka sebelisoa?

Molaoli e moholo oa sesole o fana ka karabelo. O bolela hore ntoa ea nuclear e tla ba “tlokotsi ea boholo bo ke keng ba lekanngoa historing.” Setsebi sa mahlale sea eketsa: “Ho na le kotsi ea sebele ea hore moloko ’ohle oa batho o ka timetsoa.”

Tšōmo ea boholo-holo ea Magerike e re bolella ka monna ea bitsoang Damocles ea neng a beiloe ka tlas’a sabole e neng e lekelelitsoe ka qoba e le ’ngoe ea moriri. Sabole eo e emela hantle libetsa tsa nuclear, ’me Damocles, o emela moloko ’ohle oa batho. Ba bang ba re, tlosang sabole, ’me Damocles o tla sireletseha. Empa na tebello e joalo e ka etsahala? Liketsahalo lilemong tsa morao tjena li neile batho ba bangata tšepo:

Tlhakubele 1983: Mopresidente Reagan oa U.S. o hlahisitse se bitsoang Bohato ba Mahlale a Ntoa ba ho Itšireletsa, [Strategic Defense Initiative] e leng patlisiso ea mahlale ea ho hlahisa libetsa nuclear “e le tse se nang thuso le tse siiloeng ke linako.”

Pherekhong 1986: Moetapele oa Soviet Mikhail Gorbachev o etsa tlhahiso ea ho felisa libetsa tsohle tsa nuclear bofelong ba lekholo lena la lilemo. Hamorao o re: “Re se re itokiselitse ho buisana e seng feela ka ho qeta peiso ea libetsa, empa re ikemiselitse ho buisana hape le ka ho fokotsoa ho hoholo ka ho fetisisa ha libetsa, le ho bea lihlomo fatše ka ho feletseng.”

Tšitsoe 1987: Gorbachev le Reagan ba saena selekane sa ho fokotsa limisaele. Ho latela tlaleho ea litaba, “ke ka lekhetlo la pele ha e sa le ho qaleha Mehla ea Athomo hore mebuso e lumellane e seng ka ho se sebelise lihlomo tsa nuclear feela empa le ho felisa tsamaiso ea tsona.”

Leha ho le joalo, na ho ka etsahala hore liphetoho tsena tsa morao-rao li felle ka ho ba teng ha lefatše le se nang libetsa tsa nuclear? Ke litšitiso life tse emeng tseleng ea katleho?

[Ntlha e qolotsoeng leqepheng la 19]

Tšokelo ea timetso ea nuclear e ’nile ea tšosa batho ka lilemo tse fetang mashome a mane. Leha ho le joalo, mehato e nkuoeng morao tjena ea khotso, e hlahisitse litebello tsa ho beha lihlomo fatše ka ho feletseng. Na litebello tse joalo li tla phethahala? Joale Tsoha! e hlahloba litseko tse rarahaneng tse amanang le taba ea ho beha libetsa tsa nuclear fatše.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela