Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g88 11/8 maq. 28-31
  • Ba Holofetse Empa ba Atlehile

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ba Holofetse Empa ba Atlehile
  • Tsoha!—1988
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Nako e Thata Haholo
  • Ho Sebelisa ka Botlalo Menyetla e Leng Teng
  • “U ka o Etsa!”
  • Ho Etsa Litokiso Tikolohong
  • Tšepo e Thusa Katleho
  • Ke Tla ‘Tlōla Joaloka Khama e Tona’
    Tsoha!—2006
  • Boikutlo bo Hlasimollang ho sa Tsotellehe Kholofalo
    Tsoha!—2000
  • Kulo e Ile ea Fetola Bophelo ba Ka
    Tsoha!—1995
  • Ha Kholofalo ea Mefuta Eohle e Tla be e Felile
    Tsoha!—1999
Bala Tse Ling
Tsoha!—1988
g88 11/8 maq. 28-31

Ba Holofetse Empa ba Atlehile

TLHŌLISANO ea ho thelelisa leqhoeng motheong o phahameng oa thaba bakeng sa mohope oa lefatše e se e tla qala. Seboholi sa tsebisa matšoele a bokaneng hore pula-maliboho oa pele ho ba babeli o se a qalile ho thelelisa motheong oa thaba. Lik’hamera tse ngata tsa TV tsa tsamaisana le eena ha a ntse a theoha joalo, a potoloha liheke tse kentsoeng matšoao a folaga ’me a tsosa mosi oa lehloa. Ha a qetella a fihlile moleng oa ho qetela, a opeloa mahofi ka mofuthu o moholo.

Lebaka e le lefe? Na e ne e se feela pula-maliboho, e seng ea hlōlisanang? E, empa o ne a e-na le leoto le le leng feela! Ka leoto le le leng a hatile lepolanka la ho thelelisa leqhoeng o ile a atleha ho qeta lebelo le thata motheong oa thaba, ha ka morao bahlōlisani ba bangata ba nang le maoto a mabeli le ba rupetsoeng hantle ba ile ba oa.

Empa, ke taba e tloaelehileng hore batho ba holofetseng haholo ba atlehe litlhōlisanong tsa mofuta ona. Banna ba bangata ba holofetseng le basali, esita le bacha le maqheku, ba phahamisa litšepe, ba kenela mejaho ea lipere, ea liketsoana, mabelo a mokoka ka setulo sa lihole, le ho kopanela lipapaling tse ling tse ngata tse phephetsang.

Batho ba holofetseng ba finyelletse lintho tse ngata tse khōlō likarolong tse ling tsa bophelo. Ludwig van Beethoven e bile moqapi e moholo oa lipina tse hlahelletseng le hoja eena e le setholo. Franklin D. Roosevelt e bile mopresidente oa United States ho tloha ka 1933 ho ea ho 1945, le hoja a ne a holofalitsoe haholo ke lefu la polio. Helen Keller, ea foufetseng, ea sa utloeng ka litsebe le ea semumu ho tloha bongoaneng, o ile a fetoha sengoli se atlehileng le morupeli. Letona la Mogerike Demosthenes o bitsoa kheleke eo ho se nang e tšoanang le eona. Empa leha ho le joalo, ha e sa le mohlankana, e ne e le lehoelea ’me a fokola haholo ’meleng.

Le hoja lintho tse joalo tse finyeletsoeng li ka susumelletsa batho ba bangata ba holofetseng hore ba leke ho etsa lintho tse eketsehileng, re tlameha ho hopola hore e mong le e mong ea holofetseng ke motho ea khethehileng, ’me motho ea holofetseng a ke ke a bapisoa le e mong ea holofetseng. Lithahasello bophelong ha li tšoane. Matla a batho ha a tšoane. ’Me litšekamelo tsa kelello li etsa karolo e khōlō tabeng ena.

Nako e Thata Haholo

Nako e latelang kotsi e holofatsang kapa lefu le holofatsang e bohloko haholo ho ea hlahetsoeng ke kotsi le ba amanang haufi le eena. Hangata letšoho le tlang pele le lateloa ke maikutlo a ho nyahama le ho felloa ke tšepo. “Ka linako tse ling u ee u ikutloe u sa batle ho buisana le batho, seo u batlang ho se etsa ke ho ikoalla masisa-pelong a hao joaloka phoofolo e ntšitsoeng kotsi, nakong eo khothatso leha e le efe e bonahala e le tlhaselo,” ho boletse ’mè oa ngoana ea holofetseng.

Nakong eo maikutlo a ho lla, bohale, ho ikhauhela, le ho nyahama a kopela ka ho feletseng motho ea holofetseng. Kahona, haeba nako eo e ka khutsufala, boemo bo ba molemo haholoanyane ho bohle ba amehang. “Nako eo ea feta, hobane e tlameha ho feta,” ho ile ha eketsa ’mè enoa.

Jimmy, mohlankana e motle oa Sweden ea ileng a hlaseloa ke lefu le ileng la thatafatsa mesifa ea hae ho tloha hloohong ho isa leotong, o hlalositse ka maikutlo a pele a ho tšoha le nako e bohloko e latelang. “Empa kapele kamor’a hore ke amohele hore ke holofetse le ho khaotsa ho ikhauhela, ke ile ka qala ho amohela sohle. ’Me ka qala ho phela bocha. Joale ke ithutile hore ke se nahane ka seo ke haelloang ka sona empa ke nahane ka matla ao ke sa ntsaneng ke e-na le ’ona, ’me ke leka ho a sebelisa hamolemohali.”

Ho Sebelisa ka Botlalo Menyetla e Leng Teng

Batho ba bang ba holofetseng ba finyelletse lintho tseo ba neng ba sa nahane hore ba ka li finyella ka baka la ho sebelisa matla a bona ho chesehela ho etsa lintho le ho ikoetlisetsa tsona. Mohlala o mong o joalo ke Maj, mosali ea tsoang Lapland, motse o ka leboea ho Sweden. Ha a le lilemo li 22 ’me a sa tsoa nyaloa, o ile a holofala maoto.

O tlalehile: “Ha ke beoa ka lekhetlo la pele setulong sa lihole se nang le mabili sepetlele ke ile ka felloa ke matla a ho etsa eng kapa eng. Ka pele ho mahlo a ka ka bona bophelo bo se nang mosebetsi, bo khinehileng, le ho itšetleha ka ho feletseng ka monna oa ka le ka ba bang. Empa butle-butle ka qala ho hlokomela hore ho holofala ha ka ho sa ntsane ho ’neha menyetla ea ho etsa lintho tse itseng. Kahona ka etsa qeto ea ho sebelisa menyetla eo haholo.

“Pele, ka ithuta ho hahaba fulurung joaleka lesea. Ke ile ka thabela ho tseba ho itsamaisa. ’Me ka ithuta ho ema ke itšoarelletse ka lebota. Ke ile ka ikutloa hore ke entse khatelo-pele e ntle. Joale ka ithuta ho tsamaea ka lithupa tsa lihole. Kapele kamor’a moo ke ne ke se ke tseba ho etsa mesebetsi e meng ea ntlo.

“Ka etsa qeto ea hore hoseng ho hong le ho hong ke leke ho eketsa lintho tse ncha tseo nka tsebang ho li etsa. Ka nolofalloa ho lokisetsa lijo tsa hoseng, ho alola libethe, ho hloekisa ka mochine, ho hlatsoa lifenstere, ho ea mabenkeleng, le tse joalo. Monna oa ka o ne a nthusa ha ke kōpa thuso, empa hape o ne a sebelisana le ’na ka hore a se tsitlelle ho batla ho nthusa. Ho e-na le hoo, o ne a ntlohella hore ke leke ho etsa lintho. Butle-butle, ka qala ho iketsetsa lintho ke sa thusoe, ’me sena sa ’neha boitlhompho le ho etsa hore ke thabe.

“’Na le monna oa ka re Lipaki tsa Jehova, ’me monna oa ka o ile a ithaopela ho thusa mosebetsing oa ho hahuoa ha ofisi e ncha ea lekala le feketheri ea ho hatisa bakeng sa Lipaki tsa Jehova Sweden. Liforomo tsa rōna tsa kōpo li ile tsa amoheloa ’me re ile ra sebeletsa moo ka lilemo tse ka holimo ho tse ’ne. Ke ile ka nolofalloa ho sebetsa ka nako eohle sebakeng seo ho hlatsoetsoang liaparo ho sona, bakeng sa basebeletsi ba ka holimo ho 200. Basebetsi-’moho le ’na ba neng ba phetse hantle ’meleng ba ne ba ntalima ke le mosebetsi ea lekanang le bona. Ke ’nete, ka linako tse ling ho ne ho le boima, ’me ke ne ke rapela khafetsa ke kōpa thuso ea Molimo. Empa e bile nako e monate.”

“U ka o Etsa!”

Tšebelisano e loketseng ea litho tsa lelapa le ba bang ke ea bohlokoa haholo bakeng sa katleho ea motho ea holofetseng. Tšebelisano eo ha se kamehla e bolelang ho thusa. E ka bolela ho itšoara tabeng ea ho fana ka thuso. Ho bolella motho ea holofetseng ea talimaneng le mosebetsi o itseng hore, “U ka o etsa!” le ho lumella hore a o leke, hangata ho thusa haholo le ho khothatsa haholo ho feta ho re, “Ha ke nahane hore u ka o etsa. E re ke u etsetse ’ona.”

Batho ba holofetseng ba lokela ho tšoaroa ka tsela ea tlhaho le ka tsela e bontšang maikutlo a tebileng joalokaha ho etsoa ka batho ba bang. Ha ba batle hore batho ba bang ba khelle fatše matla a bona a ho sebetsana le maemo a letsatsi le letsatsi kapa hore batho ba batle ho ba thusa ka tsela e fetelletseng. E ka ’na ea e-ba taba e nyenyane e ka bang tšitiso ho e-na le ho ba thuso. Joale ka ho tlotsetsa motho botoro bohobeng ha eena a ne a ikōpela hore a fetisetsoe botoro.

“Se nkutloisang bohloko le ho feta ke ha batho ba phetseng hantle ’meleng ba ntšoara e ka ke holofetse kelellong. Ke mohau ho bua sena, batho ba bang ba bua le ho etsa lintho e ka motho e mong le e mong ea leng setulong sa lihole o holofetse kelellong,” ho hlalositse Jimmy.

Boiteko ba ho thusa ea holofetseng bo lokela ho mo neha maikutlo a ho itšepa le tšusumetso ea ho sebetsana le boemo ba hae le ho ithuta ho phela ka kholofalo ea hae ka thuso e fokolang. Batho ba bang ba holofetseng ba tsoela pele hantle haholo ka ho tlohelloa hore ba iketsetse qeto ea hore ke neng lintho tse itseng li ka etsoang le mokhoa oo li lokelang ho etsoa ka ’ona. Litšebeletso tse ngata haholo tse tsoang ho ba bang li ka ba etsa ba monyebe le ba tenehang.

Ann-Mari, mosali ea holofetseng haholo oa Sweden ea sebelisang setulo sa lihole, o itse: “Ke ’nete hore matla a ka a ho tsamaea a holofetse empa ha kea holofala kelellong. Ke ka baka leo ke batlang ho sebelisa matla a ka a kelello ho etsa hore boemo ba ka e be bo molemo haholo.”

Ho Etsa Litokiso Tikolohong

Ho thusa batho ba holofetseng hore ba sebelise haholo menyetla ea bona ho ka hlokahala hore ho etsoe litokiso tse itseng malapeng a bona, le mokhoeng ea bona ea ho tsamaea. Ho lekanyetsoa hore batho ba limillione tse 500 lefatšeng ba na le bohole bo itseng ba ho tsamaea, ba ho bona, kapa ba ho utloa. Ho ba nolofalletsa bophelo, basebetsi ba khahisano linaheng tse ngata ba nea baetsi ba lintho tataiso e itseng tabeng ea ho etsoa ha thepa ea lihole. Hona ho hlahisitse litokiso tse thusang haholo le tse ruisitseng batho ba holofetseng melemo e mengata.

Ba bangata ba holofetseng ba ile ba iqapela litsela tsa bona tse nolofalitseng bophelo ba bona haholo. Ka mohlala, basebelisi ba litulo tsa lihole ba entse hore mahae a bona e be a ba loketseng haholoanyane ka ho tlosa mamati le mehato e leng lemating, kapa ka ho fetola lemati hore le bulehele ka lehlakoreng le leng. Ba bang ba entse hore liraka li otlelloe leboteng empa li be bophahamo bo fihlang lethekeng, li-switch tsa motlakase li fetoloe hore e be tse sebetsang habonolo ka ho toboketsoa holimo le tlase, ’me mekoti eo ho kenngoang lintho tsa motlakase ho eona e be holimonyana leboteng.

Ka linako tse ling motho ea holofetseng ke moqapi ea molemo haholo oa lintho tse ka mo thusang. Bo, mohlankana oa Sweden eo maoto a hae a ileng a holofatsoa ke kotsi ea koloi, o ile a iqapela setulo sa hae sa lihole se ka bang molemo haholoanyane le ho ba bonolo haholoanyane ho tsamaea. A iketsetsa setulo seo a ka nolofalloang ho hloa methati ka sona! Hona joale o sebetsa e le moqapi oa litulo tsa lihole fekethering ea naha ea bona.

Leha ho le joalo, hangata ho bohlale hore lintho tse hlokang matla a ’mele li se felisoe ho hang. Hobane haeba li felisoa motho ea holofetseng a ke ke a ba le boitlhakiso ’me hona ho ka hlahisa mathata a kang ho satalla ha mesifa ea mangole, ho ruruha ha maoto, le ho fokola ha mesifa. Ka baka leo, le hoja ho sebelisoa ha litulo tsa lihole tse sututsoang ke matla a motlakase e le thuso e ntle haholo ka linako tse ling, ho sebelisa matsoho ho tsamaisa litulo tsa lihole ho nea mesifa, pelo, le matšoafo boikoetliso bo botle.

Setulo sa lihole se lokela ho etsetsoa motho ea itseng ka ho khethehileng kamoo ho ka khonehang. Motho ea nang le tsebo ea lisebelisoa a ka thusa ho lokisa boemo ba setulo, bophahamo ba sona, teka-tekano ea sona, boima ba sona le ho sebetsa ha sona e le hore se lokele hamolemo haholo mosebelisi oa sona. “Ke fumane hore setulo sa lihole se lokela ho ba sesesane kamoo ho ka khonehang kateng e le hore se ka sebetsa,” ho boletse mohlankana e mong kamor’a hore a qete leeto la hae ho potoloha lefatše a le mong. O ile a tsamaea ka sefofane, terene, bese, le sekepe a le setulong sa lihole se tsamaisoang ka matsoho.

Hangata batho ba holofetseng ba na le bothata ba ho ikapesa le ho itlhobolisa. Hangata liaparo tse rekoang li se li entsoe ha lia etsetsoa bona. Siw, mosali ea lilemo li mahareng ea holofetseng oa Stockholm, Sweden, o boletse hore o fumane ho le bonolo ho apara baki e se nang matsoho ho e-na le e tloaelehileng e nang le matsoho. Hape, o ile a ntša likonopo le lizipi meseng ea hae ea letheka ’me sebakeng sa tsona a kenya rekere. Ha e le hantle, ho batla ha Siw mese e mo loketseng ho mo entse moqapi ea hlaheletseng oa liaparo le moroki.

Litokiso tse itseng tse bonolo li ka thusa batho ba bang ba sebetsang ka letsoho le le leng kapa bao matla a matsoho a bona a fokolang e le hore ba ka etsa lintho ka kicheneng. Ka mohlala, leboteng ho ka kenngoa litšepe tse bulang libotlolo tseo ba ka li finyellang. Haeba lepolanka leo ho seheloang bohobe ho lona le ka otlelloa lipekere tse sa silafaleng ho ka thusa motho ea holofetseng hore nakong eo a sehang bohobe bo se ke ba sutha. ’Me raba e ka tšoarang pitsa le sejana le ho khomarela tafoleng e ka thusa ea holofetseng hore nakong eo a khabellang lintho ka pitseng kapa sejaneng e se ke ea sutha.

Tšepo e Thusa Katleho

Tšepo ke ntho eo motho e mong le e mong a e hlokang, ’me e hlokoa haholo ke ba holofetseng. Tšepo e molemohali eo ba ka bang le eona ke ea hore ba fole. Empa leha ho le joalo batho ba bangata foufetseng, ba lithōlo, le ba holofetseng ba feletsoe ke tšepo ea hore ba tla folisoa ke lingaka tse hlalefileng tsa lefatše lena. Leha ho le joalo, boemo ba bona ha se bo se nang tšepo.

Ha Jesu Kreste a ne a le lefatšeng o ile a folisa maloetse ao ho neng ho se lingaka tse neng li tseba ho a folisa. Tlas’a ’Muso oa Molimo o tla sebelisa matla ao a a nehiloeng ke Molimo ho phekola bohle ba kulang lefu leha e le lefe kapa ba holofetseng. Bibele e re hlalosetsa boemo bo tla ba teng nakong eo, ka ho re: “Ke moo mahlo a lifofu a tla tutuboloha, litsebe tsa ba thibaneng litsebe li bulehe. Sehlotsa se tla tlōla joale ka khama, leleme la semumu le tla bina.”—Esaia 35:5, 6.

Ka baka la ho susumetsoa ke tšepo ena, batho ba bangata ba holofetseng ba ile ba tšelisa haholo le ho khothatsa haholo ba bang. Ka baka la boikutlo bo lokileng, le ka baka la ho sebelisa hamolemohali matla a bona, ba ikutloa ba atlehile bophelong esita le hona joale.

[Setšoantšo se leqepheng la 30]

Lintho tse entsoeng ka ho khethehileng tse kang tsena li ka thusa haholo batho ba holofetseng

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela