Ha Kholofalo ea Mefuta Eohle e Tla be e Felile
MOTHO e mong ea holofetseng matsoho le maoto o kile a bolela hore batho ba bangata ba na le “’mele e phetseng hantle ka nakoana” feela. Seo ke ’nete hakaakang, kaha ka mor’a nakoana, mefokolo ea ’mele ea hlahella ho rōna bohle! Ka hona, ho na le khoebo e hōlang ka potlako ea likhalase tsa mahlo, li-contact lense, meno a maiketsetso, lithuso tsa ho utloa, mechine ea elektronike e thusang pelo ho otla le lintho tse kenngoang mangoleng. Joalokaha Baroma 8:22 e bolela, “pōpo eohle e ntse e tsoela pele ho bobola hammoho le ho ba bohlokong hammoho ho fihlela joale.”
Ka hona, kaofela ha rōna re ka tšelisoa ke tšepiso ea Molimo ea ho tsosolosetsa batho ba mamelang bophelong bo phethahetseng ba ’mele “lefatšeng le lecha” la ho loka. (2 Petrose 3:13; Tšenolo 21:3, 4) Esaia 35:5, 6 e re: “Ke moo mahlo a lifofu a tla tutuboloha, litsebe tsa ba thibaneng litsebe li bulehe. Sehlotsa se tla tlōla joalo ka khama, leleme la semumu le tla bina.”
Bibele e bolela esale pele hore “bongata bo boholo” bo tla pholoha timetso ea tsamaiso ena e khopo ea lintho e teng hona joale. (Tšenolo 7:9, 14; Pesaleme ea 37:10, 11, 29) Ha ho pelaelo hore hang ka mor’a timetso eo, ba holofetseng le ba nang le maloetse a tebileng ba tla latsoa phekolo ka ho panya ha leihlo mefokolong ea bona! (Esaia 33:24) E le pontšo ea phekolo e tla etsahala lefatšeng le lecha la Molimo, Jesu o ile a folisa mefokolo e joalo ha a ne a le lefatšeng. (Bapisa le Mareka 5:25-29; 7:33-35.) Motho o haelloa le ke mantsoe a ho hlalosa boikutlo ba thabo e khaphatsehang eo batho ba tlang ho ba le eona le meokho ea thabo e tla keleketla ha batho ba khaohileng litho ba lahla litho tsa bona tsa maiketsetso, liikokotlelo le litulo tsa likooa! Joale ba phetse hantle ’meleng, ba tla khona ho phetha kabelo eo ba e filoeng ke Molimo ea hore ba thuse ho fetola lefatše lena ho ba lehae la paradeise.—Luka 23:43.
Khabareng, batho ba holofetseng kajeno ba ntse ba e-na le ntoa eo ba lokelang ho e loana. Nelson, monna ea holofetseng oa Canada, o re: “Ha ke qala ho ikutloela bohloko, ke nahana ka mantsoe a Jesu a ho Matheu 24:13: ‘Ea mameletseng ho isa bofelong ke eena ea tla pholoha.’” Ho sa tsotellehe mefokolo ea bona, batho ba holofetseng e ka ba ba feletseng le ba phethahetseng ka tsela ea bohlokoa ka ho fetisisa—moeeng—ka ho mamella tumelong ea Bokreste.—Jakobo 1:3, 4.
Lipaki tsa Jehova li thusitse ba limilione ho amohela tumelo ena. Dell, monna ea holofetseng ea qotsitsoeng sehloohong se ka pele, o re: “Ke sitoa ho hlalosa kamoo ke ileng ka ikutloa kateng ha ke ne ke qala ho ithuta hore mefokolo ea ’mele e kang ea ka ke ea nakoana feela.” E, a matlafalitsoe ke tšepo e joalo, Dell—le ba bang ba bangata ba tšoanang le eena—ka sebele ba ke ke ba bitsoa ba holofetseng.
[Setšoantšo se leqepheng la 10]
Baphonyohi ba timetso e tlang ba tla thabela phekolo ea mohlolo mefokolong ea bona