Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g87 5/8 maq. 8-9
  • Phekolo e sa Feleng e Atametse

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Phekolo e sa Feleng e Atametse
  • Tsoha!—1987
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Phekolo ea Sebele
  • Kamoo Kholofalo e Tla Fela Kateng
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2002
  • Bophelo bo Phethahetseng Bakeng sa Bohle
    Tsoha!—1995
  • Lefatše la Paradeise
    Meea ea Bafu—Na e ka U Thusa Kapa ea U Ntsa Kotsi? Na e Hlile e Teng?
  • Seo “Molimo a le Mong Feela oa ’Nete” a se Tšepisang
    Tsoha!—2005
Bala Tse Ling
Tsoha!—1987
g87 5/8 maq. 8-9

Phekolo e sa Feleng e Atametse

THUTO ea meriana le tsoelopele ea eona e babatsehang ea mehleng ena, e ka ’na ea hlōla ntoa—empa e sa ntse e hlōloa ke ntoa. Hang feela ha re utloa hore re fihletse bohlale bo bong le phihlelo, mefokolo e qala ho re khina, lefu le itlela ka potlako. Molimo o tšepisa hore ho ke ke ha lula ka tsela eo kamehla. Ka moprofeta oa hae Esaia, Molimo o itse o tla ‘felisa lefu ka ho sa eeng kae; o tla felisa meokho lifahlehong tsohle.’—Esaia 25:8.

Na seo se utloahala se le thata ho lumeloa? Na u nahana hore ho phela lilemo tse 80 ke nako e telele? Ho na le lifate tse phelang likete tsa lilemo—hobane’ng ha u sa phele nako e telele joalo? Molimo o entse hore hlapi e bitsoang starfish e be le matla a hore lepheoana lohle le khaohileng le boele le hlomele bocha. Na o ke ke oa khutlisetsa ’meleng oa hao bophelo bo phethahetseng le bo feletseng?

Hoo e ka bang lilemo tse 2 000 tse fetileng Jesu Kreste o entse mehlolo e makatsang lefatšeng. Ha a ka a phekola lepera feela empa le “maloetse ’ohle le mefokolo eohle e ho batho.” Tlaleho e bululetsoeng e re o phekotse ‘lihlotsa, lifofu, limumu le lihole . . . bongata ba makala, ha bo bona limumu li bua, le lihole li e-a le ’mele o motle, le lihlotsa li tsamaea, le lifofu li bona.’ Jesu o ne a sa hloke setho se nkuoang phoofolong kapa se fanoeng ke motho e mong—o phekotse litho tsona tseo kapa likarolo tsa ’mele tse tšoaelitsoeng. O ne a ba phekola hona hoo, ka linako tse ling a le sebakana.a

Jesu o ne a se na matla a ho folisa feela, empa hape o ne a rata ho etsa joalo. Ka lekhetlo le leng, molepera a re ho eena: “Ha u rata, u na le matla a ho ntlafatsa.” Jesu a susumelitsoe ke kutloelo-bohloko, a amehile a araba: “Kea rata, u ntlafale.” O tsositse esita le bafu—ketsahalong e ’ngoe a tsosa mofu eo ’mele oa hae o seng o bola.—Mareka 1:40-42; Johanne 11:38-44.

Mehlala ee e makatsang e bontša eng? Hore Jesu, eo ha joale a lutseng teroneng ea leholimo e le Morena, ha a na matla feela empa hape le lerato la ho tlisa phekolo ea sebele le e sa feleng. O tla etsa joalokaha Bibele e tšepisa.

Buka eo, Bibele, e hlalosa ka phetoho e hlollang e tlang ho kenella kapele litabeng tsa batho—ho kenella ha Molimo ka sebele litabeng tsa lefatše le ho tsosolosoa hoa paradeise ea lefatšeng e hlokang tšilafalo, bohloko, bokebekoa, lehloeo, le lintoa. E bolela ka phekolo ea sebele le e sa feleng, ka bobeli moeeng le ’meleng. Boprofeta ba Bibele bo bontša hore ho na le batho ba phetseng morao koana nakong ea Ntoa ea I ea Lefatše ba tla beng ba ntse ba phela ha phetoho ena ea lefatše lohle e etsahala.—Mattheu 24:3, 14, 34.

Phekolo ea Sebele

Likhaolo tse qetellang tsa Bibele li re bolella ka borena bo lokileng bo tlang ho “theoha leholimong ho Molimo”—bo theohela ho batho mona lefatšeng. Joale “Molimo o tla hlakola meokho eohle mahlong a bona; lefu ha le sa tla hlola le eba teng; ’me ha ho sa tla ba masoabi, leha e le ho bokolla, kapa bohloko; hobane tsa pele li fetile.” (Tšenolo 21:2-4) Ka kutloisiso ea sebele le ea moea, “mahlo a lifofu a tla tutuboloha, litsebe tsa ba thibaneng litsebe li bulehe. Sehlotsa se tlole joaloka khama, leleme la semumu le tla bina.”—Esaia 35:5, 6; 33:24, NW.

E seng feela thuso ea meriana le phekolo ea nakoana, empa phekolo ea sebele ho bohle e tšepisoa ba tlang ho ba ka tlas’a ’Muso oa Molimo lefatšeng lena. Ruri eo ke pakane ea bohlokoa e ka hahamalloang!

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a U ka bala litlaleho tse tšepahalang tsa liketso tsena mangolong a latelang a Bibele: Mattheu 4:23; 15:21-31; Mareka 5:25-34; 7:31-37; Luka 7:1-10; 13:11-13; Johanne 9:1-32.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela