Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g88 11/8 maq. 21-23
  • Boikhohomoso e ne e le Bothata ba ka bo Boholo

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Boikhohomoso e ne e le Bothata ba ka bo Boholo
  • Tsoha!—1988
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Litholoana tsa Boikhohomoso
  • Liphello tsa ho Aroloa Bathong ho Qobeletsoeng
  • Ho Kōpa Pontšo
  • “Tsebo e na le Boikhohomoso”
  • Ho Hlōla Boikhohomoso ba Ka
  • Mohloli oa Thabo ea ’Nete
  • Boikhohomoso ba ka bo Felile
  • Ke Leboha Tšehetso e sa Hlōleheng ea Jehova
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1993
  • Jehova o Mphile Matla
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1990
  • Joale ke Kholisehile Hore Nka Khona ho Thusa ba Bang
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2015
  • Ke Tla ‘Tlōla Joaloka Khama e Tona’
    Tsoha!—2006
Bala Tse Ling
Tsoha!—1988
g88 11/8 maq. 21-23

Boikhohomoso e ne e le Bothata ba ka bo Boholo

HA HO bonolo ho thaba u holofetse. Batho ba bangata ba imetsoeng ke mathata a bophelo ba tepella maikutlong, nako le nako. Hangata maemong a joalo ba ipotsa: “Hobane’ng ’na?”

Ke ne ke se mokhelo. Ke hlahile ke e-na le kholofalo e tebileng ea ’mele e ileng ea ntšitisa ho tsamaea, ho ema, kapa ho sebelisa matsoho a ka. Ka ho utloahalang maemo ana a ile a tšoaetsa botho ba ka haholo. Ke sa hopola mōna le ho ferekana maikutlong tseo ke ileng ka ba le tsona ha ke le ngoana ha ke talimme bana ba bang ha ba matha le ho tlola-tlola.

Ka linako tse ling ke ne ke ea kerekeng e haufi ho kōpa thuso ea Molimo. Ka botšepehi ke ne ke pheta ka makhetlo a 20 kapa a 30 thapelo “Padre Nuestro” (“Ntat’a Rōna”) le ka makhetlo a tšoanang thapelo ea “Ave Marias” (“Tlotlisang Maria”), ’me har’a likōpo tsena ho ne ho le e tsoang pelong, “Morena, ke kōpa hore u mpholise!” Ke ile ka tšepisa Molimo lintho tse ngata ha feela a ne a ka mpholisa.

Litholoana tsa Boikhohomoso

Ke hlahetse Granada, motse o motle ka boroa ho Spain mosikong oa mokoloko oa Lithaba tse telele tsa Sierra Nevada. Joaloka ngoana ho holofala ho ile ha ntšusumeletsa ho ithuta mesebetsi e meng, ’me ha ke le lilemo tse supileng, ke ne ke tsoetse pele haholo lithutong tsa sekolo ho feta lithaka tsa ka. Nakong eo, ke ne ke tloaelana le bana ba bang habonolo feela, ke bapala le bona ’me ke tsamaea le bona ke ntse ke lutse holim’a setuloana sa ka. Ke bile ka ithuta ho tšoantša le ho ngola ka leoto le letšehali ka ho tšoara pene ka menoana ea leoto.

Ka nako e ’ngoe, koranta ea lehae e ile ea ngola sehlooho ka ’na hammoho le litšoantšo tse bontšang ke ngola ka leoto. Phatlalatso ena e ile ea qetella ka hore ke fumane meputso e mengata le maeto, esita le kamohelo ea ba bang. Sena sohle sa hōlisa boikakaso le moea oa boikhohomoso. Boikhohomoso bo ne bo e-ba matla.

Liphello tsa ho Aroloa Bathong ho Qobeletsoeng

Ka nakoana ke ile ka lokela ho khaotsa ho kena sekolo. Ke ne ke ntse ke hōla, ’me ho ile ha e-ba thata bakeng sa ’mè ho nkisa holimo le tlase kamoreng ea rōna ntlong e mekato e ’meli. Kahoo ha ke le lilemo li 13, ke ile ka ntšetsa thuto tsa ka pele ka ho ithuta ka ngollano ke ntse ke le lapeng. Ke ile ka ho fumana ho le bonolo ho bala ’me ka tsoela pele hantle haholo, empa ho aroloa bathong ba bang ho qobeletsoeng ho ile ha nkama. Le hoja mohlomong kantle ke ne ke bonahala ke phetse hantle le hoba sebete ke ile ka qala ho nahanisisa ka maemo a ho holofala ha ka le seo ho se bolelang ka bokamoso.

Ka 1971, ke ile ka hapa basari ea ho ntšetsa thuto ea ka pele selemo se le seng, setsing sa batho ba holofetseng se tsamaisoang ke baitlami ba K’hatholike Madrid. Ke hona moo ke ileng ka ithuta ho ngola ka mochine ke sebelisa pene e kentsoeng ka molomong, e leng ho ileng hoa ipaka ho le molemo haholo. Ha e le hantle, bolumeli e ne e le kemiso e tlamang ea beke le beke. Sontaha se seng le se seng ka hora ea 7 hoseng re ne re bokana bakeng sa ’Misa. Le hoja ho ’na mokhoa oo o ne o bonahala o sa hlokahale, ke ne ke e-ba teng ka botšepehi, hobane ke ne ke batla ho thabisa baitlami ba neng ba ntlhokometse hantle hakana.

Kamor’a selemo Madrid ke ile ka khutlela Granada. Ka ho tsoelang pele ke ile ka qala ho inahana ka ho eketsehileng, ’me ka fetoha motšoaruoa kahar’a mabota a mane a ntlo ea rōna. Boholo ba nako ke ne ke bo qeta ke bala libuka tsa lipale le tse ling tseo ke neng ke li fumana. Ke ile ka boela ka latela feshene ea nakong eo: Ke ile ka hōlisa litelu ’me ka tlohella moriri oa ka hore o be o motelele. Empa e ne e se nako e monate ea bophelo ba ka.

Ho Kōpa Pontšo

Hangata ke ne ke hlonama ka lebaka la bolutu le boikutlo ba ho ba ea se nang thuso. Ke ile ka rapela Molimo, ka mo kōpa pontšo e neng e tla mpontša boteng ba hae le ea hore o-oa ameha ka ’na.

Molimo oa fela oa fana ka pontšo—empa e seng ka tsela eo ke neng ke e lebeletse. Ebile ho ea bofelong ba 1973. E mong oa Lipaki tsa Jehova o ile a fihla ha rōna, ka ha ’mè o ne a le sieo a ile mabenkeleng, ke ile ka bula monyako ’me ka mamela seo a neng a se bua. Qetellong ea moqoqo, o ile a mpha buka ’Nete e Isang Bophelong bo sa Feleng. Ke ile ka e amohela ha bobebe hobane nakong eo ke ne ke thahasella ho bala ntho e ’ngoe le e ’ngoe. Ke ile ka bala buka eohle hona thapameng eo. Likahare tsa eona li hlile tsa ’makatsa haholo, haholo-holo mabapi le lithibelo tse peli tsa Mangolo: tšebeliso ea litšoantšo borapeling le tšebeliso e mpe ea mali.—Exoda 20:4, 5; Liketso 15:28, 29.

Paki e ile ea khutla beke ha morao, ’me ea mpontša seo Bibele e se rutang, ’me ’na ka e bontša kamoo ke tsebang ho hotetsa sakerete ka leoto! E ile ea ithaopela ho mpha thuto ea Bibele e sa lefelloeng ka likhoeli tse tšeletseng. Hang-hang ka e amohela ke sa elelloe hore sena ke sona seo ke hlileng ke se kōpileng.

Kapele-pele ka monya tsebo ea Bibele. Leha ho le joalo, e ne e boetse e le ntho e ’ngoe e fapaneng ho etsa liphetoho tse hlokahalang bophelong ba ka mabapi le ho ba morutuoa oa sebele oa Kreste. Bothata ba ka bo boholohali e ne e le botho ba ka.

“Tsebo e na le Boikhohomoso”

Phihlelo e khutšoanyane e tla bontša bohlale ba ka. Hoba ke ithute Bibele likhoeli tse tšeletseng, molebeli ea tsamaeang oa Lipaki tsa Jehova o ile a nketela ’me a mpotsa kamoo ke neng ke tsoela pele kateng. Ke ile ka arabela ka khotsofalo e khōlō, “Ke etsa ho hoholo. Ke se ke tseba litemana tsa Bibele tse 500.” O ile a botsa hape e ka oa belaela, “Ka ’nete, mangolo a Bibele a 500?” Ke ile ka araba ka boikhohomoso, “E, 500! Bona, ke li ngotse kaofela bukaneng ena.”

Ka bohlale, a nteka ka lengolo la Liproverbia 18:1. Hang-hang ka pheta temana lentsoe ka lentsoe . “Ea ikhethang ho ba bang o batla ho ikhahlisa eena a ’notši; khalefong ea hae o soma tsohle tsa bohlale.” Eaba oa mpotsa: “Na u sebelisa temana ee? Na kamehla u kopanela le baena le likhaitseli tsa hao tsa Bakreste?” Ke ile ka re, “E,” hobane baena phuthehong ba entse litokisetso tsa hore ke be teng libokeng.

Kamor’a lipotso tse ling tse ’maloa moeti oa ka a elelloa hore e hlile ke ithutile litemana tseo kaofela. Nakong eo, o ile a hlokomela hore ke ne ke ela hloko haholo tsebo ea Bibele ho feta ho sebelisa tsebo e joalo bophelong ba ka. O ile a nkhopotsa ka lengolo la 1 Ba-Korinthe 8:1, “Tsebo empa e na le boikhohomoso, athe lerato lea hahisa.” O ile a nthusa ho bona bohlokoa ba ho fetola botho ba ka.

Nakong eo ke ile ka khaotsa ho tsuba, ka ntlafatsa ponahalo ea ka, ’me ka fokotsa libuka tse se nang molemo tseo ke neng ke li bala. Likhoeling tse 18 kamor’a hore ke pakeloe ka lekhetlo la pele, ke ile ka kolobetsoa ka June 1975.

Ho Hlōla Boikhohomoso ba Ka

Leha ho le joalo, ke ne ke sa hlōla boikhohomoso ba ka. Maemo a ka a ne a ntumella ho ithuta lihora tse tharo kapa tse ’ne letsatsi le leng le le leng, ’me ke ile ka phakisa ka bokella tsebo e ngata ea Mangolo, eo ke neng ke thahasella ho e bontša. Lipaki phuthehong ea heso li ile tsa qala ho tla ho ’na ka lipotso tsa Bibele esita le mathata a botho. Ke ne ke thabela haholo ho sebelisa tsebo ea ka ho thusa ba bang, empa sena ka linako tse ling se ne se totisa boikhohomoso ba ka.

Ha nako e ntse e tsamaea boikhohomoso ba ka ba ’na ba nyamela butle-butle. Nako le nako ha ke hlokomela hore ke ne ke bontša moea oa boikhohomoso, ke ne ke rapela Jehova, ke mo kōpa hore a nthuse. Haholo-holo ke ne ke mo kōpa thuso ea ho ba le boikutlo bo nepahetseng: ho thusa ba bang ka tsebo ea ka ho e-na le ho iphahamisa.

Mohloli oa Thabo ea ’Nete

Ho pakela e mong le e mong eo ke neng ke kopana le eena ebile mohloli oa thabo ea ’nete. Ho abelana le ba bang seo ke ithutileng sona ha hoa ka ha tlisa feela khotsofalo ea ka hare empa ha ntša lekokong leo ke neng ke khutletse ho lona, ’me ha ’nolofaletsa ho kopana le ba bang le ho ba thusa. Ke ile ka thabela haholo-holo ho thusa monna ea hōlileng ea neng a e-na le mathata a tšoanang le a ka.

Ke ile ka qala ho kopana le eena ha ke ne ke pakela sehlopha sa banna seterateng. Nakong ea puisano ea rōna, ka hlokomela monna enoa, ea tsamaeang ka thuso ea melangoana ea batho ba holofetseng, ea neng a feta nako le nako. O ne a ema metsotso e se mekae nako le nako ha a feta, joaleka ha eka o batla ho mamela seo re se buang. Qetellong, o ile a ema pel’a ka ’me a botsa: “Na sena sohle ke ’nete ka Moroallo oa lefatše lohle?” Ke ile ka lumela ’me ka tsoela pele ho hlalosa seo o se bolelang ho rōna kajeno. Ha nako e ntse e tsamaea ke ile ka tseba ho ithuta Bibele le eena.

Ho sa tsotellehe lilemo tsa hae le mathata a ’mele, o ile a tsoela pele ’me a sebelisa Bibele bophelong ba hae. Ha a kolobetsoa o ne a le lilemo li 80. Mosali oa hae, eo pele a neng a mo soma, o ile a kolobetsoa a le lilemo li 85.

Ho tseba ho thusa ba nang le mefokolo kapa ba hlokang thuso ka litsela tse ling ho ’nolofaletsa ho lebala ka mathata a ka. Ke tsebile ho thusa batho ba leshome ba fapaneng ho tseba ’nete ea Lentsoe la Molimo. Sena e ’nile ea e-ba mohloli oa khothatso ea sebele ho ’na.

Boikhohomoso ba ka bo Felile

Ha bohlokoahali, ke ile ka hlokomela hore ho holofala ’meleng ha ho thibele ho fumana thabo bophelong. Ho tseba ’Mōpi ho nthusitse ho ba le pono e ntle le ho tobana le mofokolo oa ka, ho kopanyeletsa le boikhohomoso ba ka. Ke leka ho phela bophelo bo tloaelehileng kamoo nka khonang. Joale ke tseba ho ithusa tabeng ea chelete, e leng ho mphang khotsofalo e khōlō. Ke thabela ho sebeletsa joaloka moholo phuthehong ea heso, ’me ke leka ho ba le seabo se mafolo-folo ho boleleng litaba tse molemo tsa ’Muso. (Mareka 13:10) Ntle ho pelaelo ho tseba ho thusa ba bang ke ho eketsang thabo. Nakong eona eo, ke ithutile ho batla tlotliso ea Jehova, e seng ea ka.—Luka 17:10.—Joaleka ha ho boletse José Martín Pérez.

[Setšoantšo se leqepheng la 23]

Ho bolela seterateng ka thuso ea Paki e ’ngoe

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela