Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g88 12/8 leq. 20
  • Ho Bua ho Phahamisa Khatello ea Mali

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ho Bua ho Phahamisa Khatello ea Mali
  • Tsoha!—1988
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ho Thibela le ho Laola Khatello e Phahameng ea Mali
    Tsoha!—2002
  • Khatello ea Lithaka—Na e Hlile e Matla Hakaalo?
    Tsoha!—2002
  • Kamoo U ka Hanelang Khatello ea Lithaka
    Tsoha!—2014
  • Ho Boloka Bophelo ka Mali—Joang?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1991
Bala Tse Ling
Tsoha!—1988
g88 12/8 leq. 20

Ho Bua ho Phahamisa Khatello ea Mali

“KETSO e bonolo ea ho bua—e seng hakaalo u halefile, kapa u tšohile, empa ho ipuela feela—ho bonahala ho ama ntho e etsang hore khatello ea mali e phahame hang-hang,” ho tlaleha makasine oa “Aviation Safety.” O boetse o bontša hore ba pepesehileng haholo tlhaselong ena ke ba nang le lefu la khatello e phahameng ea mali kapa ba noang meriana e lekang ho le felisa. Ha e le hantle, bathong bohle “ho phahama ha khatello ea mali ho tloha ka karolo ea 10 ho ea ho ea 50 lekholong.” ’Me ho neng ho makatsa haholo ke hore “lintho tsena tse amanang le khatello ea mali li ipakile e le ’nete ka lithōlō tse neng li bua ka matsoho.”

Ho ea ka tlaleho, sena se bolela hore le ho buisana hanyenyane le ngaka ha e tl’o hlahloba khatello ea mali ho phahamisa lipalo tse bontšang khatello ea mali. Ke ’nete, ho bua ho joalo “ho boleloa ho e-na le botsoalle ’me ho etsa hore motho a lokolohe,” empa ho ‘hlile ho phahamisa khatello ea mali.’ Ka lehlakoreng le leng, “litlhahlobo li bontša hore ho mamela ho thusa ho kokobetsa khatello ea mali.” Hoa bonahala hore keletso ea Molimo ho Liproverbia 21:23 ha e tlise feela likamano tse ntlafetseng tsa kahisano empa hape le melemo ’meleng.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela