Ho Thibela le ho Laola Khatello e Phahameng ea Mali
KA MONGOLI OA TSOHA! BRAZIL
MARIAN o ne a tšohile! Ka tšohanyetso, o ile a iphumana a e-tsoa mokola o mongata. Oa hopola: “Ke ne ke nahana hore ke tla shoa.” Ngaka e ile ea mo bolella hore mokola oa hae o bakoa ke khatello e phahameng ea mali (arterial hypertension). Marian o ile a re: “Empa ke ikutloa ke phetse.” Ngaka e ile ea arabela: “Batho ba bangata ha ba tsebe hore ba na le khatello e phahameng ea mali hobane ha ba na matšoao a eona.”
Uena khatello ea hao ea mali e joang? Na tsela eo u phelang ka eona hona joale e ka etsa hore ka moso u be le khatello e phahameng ea mali? U ka laola khatello ea mali joang?a
Khatello ea mali ke sefutho seo mali a phallang ka sona methapong ea mali. E ka hlahlojoa ka ho sebelisa lebanta le sephara la rabara le bululohang, le tlangoang sephakeng ’me le hokahantsoe le mochine o methang khatello ea mali. Ho ba le lipalo tse peli. Ka mohlala: 120/80. Palo ea pele ke e bontšang khatello ea mali nakong eo pelo e otlang, ’me palo ea bobeli ke e bontšang khatello ea ’ona nakong eo pelo e khutsang. Khatello ea mali e methoa ka limilimithara tsa mercury, ’me lingaka li nka hore bakuli ba na le khatello e phahameng ea mali ha khatello ea bona ea mali e le ka holimo ho 140/90.
Ke’ng e phahamisang khatello ea mali? Nka hore u nosetsa jarete ea hao. Ha u bulela pompo ea metsi kapa u sesefatsa lethopo molomong, u eketsa sefutho sa metsi. Ho etsahala se tšoanang ka khatello ea mali methapong: Ha lebelo leo mali a phallang ka lona le eketseha kapa methapo ea mali e sesefala, khatello ea mali ea eketseha. Khatello e phahameng ea mali e bakoa ke eng? Ho ameha lintho tse ngata.
Lintho Tseo U ke Keng Ua li Laola
Bafuputsi ba sibolotse hore haeba motho a e-na le beng ka eena ba nang le khatello e phahameng ea mali, menyetla ea hore a be le eona e mengata. Lipalo-palo li bontša hore ho na le menyetla e mengata ea hore mafahla a tšoanang a be le khatello e phahameng ea mali ho feta mafahla feela a tloaelehileng. Phuputso e ’ngoe e bua ka “ho fumana boitsebiso bo mabapi le liphatsa tsa lefutso tse etsang hore batho ba be le khatello e phahameng ea mali,” e leng bona bo ka bontšang haeba motho a ho futsitse. Ho bonahala eka khatello e phahameng ea mali e-ea tōta ha motho a ntse a hōla ’me e atile haholo banneng ba batho ba batšo.
Lintho Tseo U ka li Laolang
Ela hloko seo u se jang! Letsoai (sodium) le ka eketsa khatello ea mali methapong ea batho ba bang, haholo-holo batho ba tšoeroeng ke lefu la tsoekere le ba nang le khatello e phahameng haholo ea mali, batho ba hōlileng le bathong ba bang ba batšo. Mafura a sa hlokahaleng maling a ka bokellana ho iketsa k’holeseterole methapong ea mali (atherosclerosis), ka tsela eo a e sesefatsa ’me a phahamisa khatello ea mali methapong. Batho bao boima ba bona ba ’mele bo fetang bo loketseng ka karolo ea 30 lekholong ba kotsing ea ho ba le khatello e phahameng ea mali. Liphuputso li bontša hore ho ja potassium le k’halsiamo tse eketsehileng ho ka fokotsa khatello ea mali methapong.
Ho tsuba ho amahanngoa haholo le ho ipeha kotsing e khōlō ea ho sesefala ha methapo, ho tšoaroa ke lefu la tsoekere, lefu la pelo le stroke. Ka hona, ho kotsi haholo hore motho ea nang le khatello e phahameng ea mali a tsube ’me ho ka lebisa ho tšoaroeng ke lefu le amang pelo le methapo. Le hoja ho e-na le bopaki bo ikhanyetsang, caffeine—e fumanoang kofing, teeng le lino-mapholing tsa cola—hammoho le khatello ea maikutlo le ho khathala ’meleng li ka phahamisa khatello ea mali le ho feta. Ho phaella moo, bo-rasaense baa tseba hore ho noa lino tse tahang haholo kapa ho li lemalla le ho se ikoetlise, ho ka phahamisa khatello ea mali methapong.
Ho Phela ka Tsela e Ipaballang
E ka ba phoso ho emela hore u be le khatello e phahameng ea mali e be e le hona u lekang ho latela mehato e loketseng. Motho o lokela ho etsa bonnete ba hore o ipaballa a sa le monyenyane. Etsoe, ho ipaballa ho molemo ho feta setlhare.
Third Brazilian Consensus on Arterial Hypertension e hlalositse liphetoho tseo motho a ka li etsang tseleng eo a phelang ka eona e le hore a fokotse khatello ea mali methapong e a tsamaisang. Li tataisa hamolemo batho ba nang le khatello e phahameng ea mali esita le ba se nang eona.
Bafuputsi ba khothalletsa hore batho ba nonneng ho tlōla ba je lijo tse nang le lik’hilojule tse fokolang, ba qobe mekhoa ea ho theola boima ba ’mele eo ho thoeng e sebetsa ka potlako kapa ka tsela ea “mohlolo” ha ka nako e tšoanang ba ntse ba ikoetlisa ’meleng ka ho itekanetseng. Ba khothalletsoa hore ba je feela ligrama tse ka tlaase ho tse tšeletseng tsa letsoai ka letsatsi, kapa khabana e le ’ngoe.b Sena se ka etsoa ka ho fokotsa letsoai le nōkoang lijong ha li phehoa, hammoho le ho fokotsa lijo tse ka makotikoting tseo ba li jang, hammoho le li-cold meat (salami, ham, soseje le tse ling), le lijo tse phehoang ka mosi. Letsoai le ka boela la fokotsoa lijong ka hore ho se ke ha nōkoa lijo ka letsoai nakong eo ho jeoang le ka ho hlahloba se ngotsoeng sephutheloaneng sa lijo tse ntlafalitsoeng ho bona hore na ho tšetsoe letsoai le lekae.
Brazilian Consensus e ile ea boela ea buella ho ja lijo tse nang le potassium e ngata kaha e ka “thibela khatello e phahameng ea mali.” Ka hona, lijo tse nepahetseng li lokela ho akarelletsa “lijo tse nang le sodium e nyenyane le potassium e ngata,” tse kang linaoa, meroho e metala, libanana, litholoana tsa mofuta oa lehapu, lihoete, bitiruti, litamati le lilamunu. Hape ke habohlokoa ho lekanyetsa lino tse tahang. Bafuputsi ba bang ba bolela hore banna ba nang le khatello e phahameng ea mali ha baa lokela ho noa joala bo nang le tahi e fetang limililithara tse 30 ka letsatsi; ’me basali ba fokolang ’meleng ha baa lokela ho noa limililithara tse fetang 15 ka letsatsi.c
Brazilian Consensus e phethile ka hore ho koetlisa ’mele kamehla ho ka fokotsa khatello ea mali methapong ’me ka tsela eo, ha fokotsa menyetla ea ho ba le khatello e phahameng ea mali. Boikoetliso bo itekanetseng ke ba bohlokoa, bo kang ho tsamaea, ho soaela baesekele le ho sesa, bonyane metsotso e 30 ho ea ho e 45 ka makhetlo a mararo ho ea ho a mahlano ka beke.d Lintho tse ling tse ’nileng tsa amahanngoa le boipaballo li akarelletsa ho khaotsa ho tsuba, ho laola mafura maling (k’holeseterole le triglycerides) le ho laola lefu la tsoekere, ho ja k’halsiamo le magnesium tse lekaneng, le ho laola ho khathala ha ’mele le khatello ea maikutlo. Meriana e meng e ka phahamisa khatello ea mali methapong, e kang e sebelisoang ho kibolla linko, e hlapollang asiti e nang le sodium e ngata, lintho tse fokotsang takatso ea lijo le lipilisi tsa hlooho e opang habohloko tse nang le caffeine.
Ka sebele, haeba u na le khatello e phahameng ea mali, ngaka ea hao ke eona e ka u fang keletso ka lijo tseo u ka li jang le tsela eo u ka phelang ka eona, ho latela seo u se hlokang. Leha ho le joalo, ho sa tsotellehe boemo ba hao, ho itloaetsa ho phela hantle ho tloha bonyenyaneng ho molemo kamehla, eseng feela bathong ba nang le khatello e phahameng ea mali empa le lithong tsohle tsa lelapa. Marian ea boletsoeng selelekeleng sa sehlooho sena o ile a tlameha ho fetola tsela eo a phelang ka eona. Hona joale o noa meriana ’me o phela joaloka batho ba bang ho sa tsotellehe ho kula ha hae. Uena? Ha u sa ntse u emetse nako eo ka eona batho ba tla phela hantle ’meleng ’me ho se “moahi ea tla re: ‘Kea kula,’” laola khatello ea mali methapong!—Esaia 33:24.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Tsoha! ha e buelle mofuta o itseng oa phekolo, etsoe ea hlokomela hore taba ena ke qeto ea motho ka mong.
b Botsa ngaka ea hao hore na ka letsatsi u ka ja sodium le potassium hakae haeba u na le khatello e phahameng ea mali, lefu la pelo, lefu la sebete kapa la liphio eba u ntse u e-noa meriana.
c Limililithara tse 30 tsa tahi li lekana le limililithara tse 60 tsa joala bo bohale (whiskey, vodka le tse ling), limililithara tse 240 tsa veine, kapa limililithara tse 720 tsa biri.
d Buisana le ngaka ea hao mabapi le hore na uena u loketsoe ke lenaneo lefe la ho ikoetlisa.
[Lebokose le leqepheng la 14]
HO LOANTŠA KHATELLO E PHAHAMENG EA MALI
1. Mehato e ka Thusang ho Laola Khatello e Phahameng ea Mali
• Fokotsa boima ba ’mele
• Fokotsa letsoai leo u le jang
• E-ja lijo tse eketsehileng tse nang le potassium e ngata
• Fokotsa lino tse tahang tseo u li noang
• Ikoetlise kamehla
2. Lintho Tse Ling Tse ka Thusang ho Laola Khatello ea Mali Methapong
• Lintho tse tlatsetsang tse nang le k’halsiamo le magnesium
• Meroho le lijo tse nang le litlheferetsi tse ngata
• Phekolo e loantšang khatello ea kelello
3. Mehato e Meng
• Khaotsa ho tsuba
• Laola k’holeseterole
• Laola lefu la tsoekere
• Qoba meriana e ka phahamisang khatello ea mali methapong
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]
Li nkiloe ho Third Brazilian Consensus on Arterial Hypertension—Revista Brasileira de Clínica & Terapêutica.
[Litšoantšo tse leqepheng la 15]
Ho ikoetlisa kamehla le ho ja lijo tse matlafatsang ho tla u thusa ho thibela le ho laola khatello e phahameng ea mali