Mali: Ke Khetho ea Mang le Letsoalo la Mang?
E hatisitsoe hape ka tumello ea New Your State Journal of Medicine, 1988; 88:463-464, litokelo tsa molao ke tsa Mokhatlo oa Meriana oa Setereke sa New York.
Lingaka li tšepetsoe ho sebelisa tsebo ea tsona, bokhoni ba tsona, le phihlelo ho loantša boloetse le lefu. Empa, ho thoe’ng haeba mokuli a hana phekolo e buelletsoeng? Hona ho ka etsahala haeba mokuli e le Paki ea Jehova ’me phekolo e le mali ka ho felletseng, lisele tse khubelu tsa mali tse bokelletsoeng, karolo e metsi ea mali, kapa karolo e etsang hore mali a hoame.
Ha ho tluoa tšebelisong ea mali, ngaka e ka ’na ea ikutloa hore khetho ea mokuli ea hore a phekoloe ntle ho mali e tla tšoara basebetsi ba inehetseng ba meriana matsoho. Ho ntse ho le joalo, motho a se lebale hore bakuli bao e seng Lipaki tsa Jehova hangata ba khetha ho se latele litaelo tse boletsoeng ke lingaka tsa bona. Ho ea ka Appelbaum le Roth,1 karolo ea 19% ea bakuli ba lipetleleng tsa thupelo ba hanne bonyane phekolo e le ’ngoe kapa taelo, le hoja karolo ea 15% ea liphekolo tse joalo “e ne e bea bophelo kotsing.”
Pono e akaretsang ea hore “ngaka e tseba hamolemohali” e etsa hore bakuli ba bangata ba tšepele tsebong ea lingaka tsa bona. Empa e tla ba kotsi hakaakang hore ngaka e tsoele pele joaloka hoja mantsoe ana ke ’nete ea mahlale ’me e phekole mokuli ho ea ka ’ona. Ke ’nete, thupelo ea rōna ea meriana, ho fumana mangolo a e pakelang le liphihlelo li re fa menyetla e tšoanelehang lefapheng la meriana. Leha ho le joalo, bakuli ba rōna ba na le litokelo. ’Me, joalokaha re ka hlokomela, molao (ekasitana le Molao-motheo) o phahamisa litokelo.
Maboteng a lipetlele tse ngata, motho o bona ho manehiloe pampiri e bontšang “Litokelo tsa Mokuli.” E ’ngoe ea litokelo tsena ke ho lumela ha mokuli phekolo e itseng, eo ka nepo e ka bitsoang khetho ea mokuli ea phekolo e itseng. Ka mor’a hore mokuli a tsebisoe ka liphello tse ka bang teng tsa liphekolo tse fapaneng (kapa tsa ho se phekoloe), ke eena ea tla ikhethela eo a e batlang. Sepetleleng sa Albert Einstein Bronx, New York, lengolo le bontšang liqeto tse mabapi le mokhoa o tataisang tšelo ea mali le Lipaki tsa Jehova le boletse: “Mokuli e mong le e mong ea hōlileng ea ka iketsetsang liqeto o na le tokelo ea ho hana phekolo ho sa tsotellehe hore na ho hana ho joalo ho ka ba kotsi hakae bophelong ba hae.”2
Leha lingaka li ka bontša ho ameha ka litekanyetso tsa boitšoaro kapa boikarabelo bo ka hlahang, makhotla a linyeoe a hatelletse bohlokoa ba khetho ea mokuli.”3 Lekhotla la Linyeoe la Boipiletso la New York le boletse hore “tokelo ea mokuli ea ho lekanyetsa mokhoa oa phekolo ea hae [e] bohlokoa . . . ngaka e ke ke ea fumanoa e sitetsoe boikarabelo ba eona ba molao le ba thuto ha e hlompha tokelo ea mokuli ea tšoanelehang ha a hana phekolo ea meriana.”4 Lekhotla leo la linyeoe le boetse le hlokometse hore “botšepehi ba boitšoaro ba tsebo ea meriana, leha bo le bohlokoa, bo ke ke ba feta litokelo tsa motheo tsa motho ka mong tse boletsoeng mona. Ke litlhoko le litakatso tsa motho ka mong, e seng litlhoko tsa sepetlele, tse leng bohlokoa.”5
Ha Paki e hana mali, lingaka li ka ’na tsa utloa li longoa ke letsoalo hore joale li phethahatsa mosebetsi oa tsona ka tsela e batlang e fokola haholo. Leha ho le joalo, seo Paki e se kōpang ngaka e joalo e tataisoang ke letsoalo ho fana ka phekolo e fapaneng e molemohali e ka bang teng ka tlas’a maemo a joalo. Hangata re tlameha ho fetola phekolo ea rōna ho lumellana le maemo, joaloka khatello e kotsi ea mali, ho se lumellane ho matla ha ’mele oa motho le lithibela-mafu, kapa ho hlokahala ha lisebelisoa tse ling tse theko e boima. Mabapi le mokuli oa Paki, lingaka li kōpuoe ho sebetsana le bothata ba meriana kapa ba ho buoa tumellanong le khetho ea mokuli kapa letsoalo, qeto ea hae ea boitšoaro/bolumeli ea ho tela mali.
Litlaleho tse ngata tsa litšebetso tse khōlō tsa ho buoa bakuli ba Lipaki li bontša hore lingaka tse ngata li ka khona, ka letsoalo le letle le ka katleho, ho lumela kōpo ea ho se sebelise mali. Ka mohlala, ka 1981, Cooley o hlahlobile litšebetso tse 1 026 tsa ho buoa pelo, karolo ea 22% e le bana. O entse qeto “ea hore kotsi ea ho buoa bakuli ba sehlopha sa Lipaki tsa Jehova e ne e se khōlō hakaalo ho feta ba bang.”6 Kambouris7 o tlalehile ka litšebetso tse khōlō tsa ho buuoa ho Lipaki, tseo tse ling tsa tsona li neng li “hanetsoe phekolo ea ho buoa e neng e hlokeha ka ho potlakileng ka baka la ho hana ha tsona mali.” O itse: “Bakuli kaofela ba fumane litiisetso tsa pele ho phekolo tsa hore litumelo tsa bona li tla hlomphuoa, ho sa tsotellehe maemo ka kamoreng ea ho buela. Ha ho a ka ha eba le liphello tse mpe tsa hoo.”
Ha mokuli e le Paki ea Jehova, letsoalo le sebetsa ho feta khetho. Motho a ke ke a nahana feela ka letsoalo la ngaka. Ho thoe’ng ka la mokuli? Lipaki tsa Jehova li talima bophelo e le mpho ea Molimo e emeloang ke mali. Li lumela taelo ea Bibele ea hore Bakreste ba tlameha “ho tela mali” (Liketso 15:28, 29).8 Kahoo, haeba ngaka ka ho hatella e sitetsoe litumelo tsa mokuli tse tebileng joalo le tseo e leng khale a ena le tsona, liphello e ka ba tse kotsi. Mopapa John Paul II o hlokometse hore ho qobella motho ho siteloa letsoalo la hae “ke kotlo e bohloko ka ho fetisisa seriting sa motho. Ka boikutlo bo itseng, ho hobe ho feta lefu la sebele, kapa ho bolaea.”9
Ha Lipaki tsa Jehova li hana mali ka mabaka a bolumeli, bakuli ba bangata bao e seng Lipaki ba khetha ho qoba mali ka baka la likotsi tse kang AIDS, lefu la sebete la non-A le non-B, le ho arabela ha ’mele tšireletsong ea mafu. Re ka ’na ra ba bontša lipono tsa rōna mabapi le hore na likotsi tse joalo li bonahala li le nyenyane ha ho bapisoa le melemo. Empa, joalokaha Mokhatlo oa Meriana oa Amerika o bontša, mokuli ke “eena oa ho qetela ea nang le matla a ho etsa qeto ea hore na o tla leka phekolo kapa ho buoa ho buelletsoeng ke ngaka kapa ho ipea kotsing ea ho phela ka ntle ho eona. Ena ke tokelo ea tlhaho ea motho ka mong, eo molao o e hlomphang.”10
Ha a bua ka sena, Macklin11 o hlahisitse kotsi/molemo mabapi le Paki “e ipeileng kotsing ea ho tsoa mali ho fihlela e e-shoa ka ntle ho tšelo ea mali.” Seithuti se seng sa meriana se itse: “Kelello ea hae e ne e sebetsa hantle. Ke eng seo u se etsang ha litumelo tsa bolumeli li thulana le mohloli o le mong feela oa phekolo?” Macklin o arabetse: “Re ka lumela ka tieo hore motho enoa o etsa phoso. Empa Lipaki tsa Jehova li lumela hore ho tšela mali . . . ho [ka ’na] ha fella ka kahlolo ea ka ho sa feleng. Re rupeloa ho etsa litlhahlobo mabapi le likotsi kapa melemo merianeng empa haeba u bapisa kahlolo ea ka ho sa feleng le ho lula [motho] a phela lefatšeng, tlhahlobo e nka boemo bo fapaneng.11
Vercillo le DuPrey12 tokollong ena ea Journal ba qotsa nyeoe In re Osborne ho totobatsa khahleho ea ho tiisa ho sireletseha ha ba itšetlehileng ka thuso ea meriana, empa nyeoe eo e ile ea rarolloa joang? E ne e ama ntate oa bana ba babeli ba banyenyane ea neng a tsoile kotsi e mpe haholo. Lekhotla le ile la etsa qeto ea hore haeba a e-shoa, beng ka eena ba ne ba tla hlokomela bana ba hae nameng le moeeng. Kahoo, joaloka linyeoeng tse ling tsa morao-rao,13 lekhotla la linyeoe ha lea fumana molao o qobellang oa naha o lokafatsang ho felisa khetho ea mokuli ea phekolo; ho kenella ha kahlolo ea lekhotla ka ho fana ka taelo ea phekolo eo mokuli a sa e batleng ho fosahetse.14 Ka phekolo e ’ngoe mokuli o ile a fola ’me a tsoela pele ho hlokomela lelapa la hae.
Na hase ’nete hore bakuli ba bangata bao lingaka li kopaneng le bona, kapa li tla kopanang le bona, ba ka phekoloa ntle ho mali? Seo re ithutileng sona le seo re se tsebang hamolemo se amana le mathata a meriana, empa bakuli ke batho bao lintho tsa bona tsa bohlokoa le lipheo li ke keng tsa hlokomolohuoa. Ba tseba hamolemohali ka lintho tsa bohlokoa, boitšoaro ba bona le letsoalo, tse etsang hore bophelo ba bona e be bo nang le morero.
Ho hlompha letsoalo la bolumeli la mokuli oa Paki ho ka ’na ha phephetsa tsebo ea rōna. Empa ha re tobana le phephetso ena re hatisa litokoloho tsa bohlokoa tseo kaofela ha rōna re li ananelang. Joalokaha John Stuart Mill a ngotse ka nepo: “Ha ho sechaba seo litokoloho tsena li sa hlomphuoeng, kaofela li lokolohile, ho sa tsotellehe mofuta oa tsona oa puso . . . motho ka mong ke molebeli ea loketseng oa bophelo ba hae, ebang ke ba ’mele, kapa ba kelello le ba moea. Batho ke bona ba fumanang molemo ka ho lumella e mong ho utloa bohloko hore a phele kamoo ho leng molemo bakeng sa hae, ho e-na le ho mo qobella ho phela ka tsela e bonahalang e le molemo ho ba bang kaofela.15
[References]
1. Appelbaum PS, Roth LH: Bakuli ba hanang phekolo ea meriana lipetlele. JAMA 1983; 250:1296-1301.
2. Macklin R: Tšebetso ea ka hare ea komiti ea melao-metheo ea boitšoaro: Ntoa ea morao-rao ka Lipaki tsa Jehova. Hastings Cent Rep 1988; 18(1): 15-20.
3. Bouvia v Superior Court, 179 Cal App 3d 1127, 225 Cal Rptr 297 (1986); In re Brown, 478 So 2d 1033 (Miss 1985).
4. In re Storar, 438 NYS 2d 266, 273, 420 NE 2d 64, 71 (NY 1981).
5. Rivers v Katz, 504 NYS 2d 74, 80 n 6, 495 NE 2d 337, 343 n 6 (NY 1986).
6. Dixon JL, Smalley MG: Lipaki tsa Jehova. Phephetso ea bongaka/boitšoaro. JAMA 1981; 246:2471-2472.
7. Kambouris AA: Ho buuoa ho hoholo ho Lipaki tsa Jehova. Am Surg 1987; 53:350-356.
8. Jehovah’s Witnesses and the Question of Blood. Brooklyn, NY, Watchtower Bible and Tract Society, 1977, maq. 1-64.
9. Mopapa o nyatsa ho oa ha Poland. NY Times, January 11, 1982, leq. A9.
10. Ofisi ea Seboka sa Kakaretso. Medicolegal Forms with Legal Analysis. Chicago, Lekhotla la Meriana la Amerika, 1973, leq. 24.
11. Kleiman D: Mofilosofl oa sepetlele o hanyetsana le liqeto tsa bophelo. NY Times, January 23, 1984, maq. B1, B3.
12. Vercillo AP, Duprey SV: Lipaki tsa Jehova le lihlahisoa tsa litšelo tsa mali. NY State J Med 1988; 88:000-000.
13. Wons v Public Health Trust, 500 So 2d 679 (Fla Dist Ct App) (1987); Randolph v City of New York, 117 AD 2d 44, 501 NYS 2d 837 (1986); Taft v Taft, 383 Mass 331, 446 NE 2d 395 (1983).
14. In re Osborne, 294 A 2d 372 (DC Ct App 1972).
15. Mill JS: On liberty, in Adler MJ (ed): Great Books of the Western World. Chicago, Encyclopaedia Britannica, Inc, 1952, moq. 43, leq. 273.