Sehlomathiso
Lipaki tsa Jehova—Phephetso ea ho Buuoa Kapa ea Litekanyetso tse Amoheloang tsa Boitšoaro
Se kopilitsoe ka tumello ea American Medical Association se nkiloe ho The Journal of the American Medical Association (JAMA), November 27, 1981, Buka ea 246, No. 21, maqephe 2471, 2472. E hatisitsoe ka 1981, ke American Medical Association.
Lingaka li talimana le phephetso e khethehileng ha li phekola Lipaki tsa Jehova. Litho tsa tumelo ena li na le litumelo tsa bolumeli tse tebileng tse khahlanong le ho amohela mali a felletseng a motho e mong kapa a mokuli ka boeena, li-RBC [“red blood cells” (lisele tse khubelu tsa mali)] tse pakiloeng, li-WBC [“white blood cells” (lisele tse tšoeu tsa mali)], kapa “platelets.” Lipaki tse ngata li tla lumela hore ho sebelisoe mochine oa pelo le matšoafo (o qalang ho sebetsa ka lero le se nang mali), mochine o hloekisang mali, kapa mochine o tšoanang le eo haeba phallo ea mali ka ntle ho ’mele e sa emisoe. Ha ho hlokahale hore basebetsi ba phekolo ea meriana ba amehe ka molato, hobane Lipaki li tla nka mehato ea molao e lekaneng ho ba lokolla molatong mabapi le ho hana mali ha tsona li e-na le tsebo. Li amohela maro a sa etsoang ka mali a nkelang mali sebaka. Ka ho sebelisa mahlale ana hammoho le a mang a sebelisoang ka hloko e khōlō, lingaka li etsa tšebetso e khōlō ea ho buoa ea mefuta eohle ho bakuli ba Lipaki, batho ba baholo le bana. Ka hona ho hlahile mokhoa o ka lateloang o sebelisoang ho bakuli ba joalo o lumellanang le molao-motheo oa ho phekola “motho kaofela.” (JAMA 1981;246:2471-2472)
LINGAKA li talimane le phephetso e ntseng e hōla eo e leng phehisano e khōlō tabeng ea bophelo bo botle. United States ho na le Lipaki tsa Jehova tse ka holimo ho halofo ea millione tse sa amoheleng litšelo tsa mali. Lenane la Lipaki le ba kopanelang le tsona le ntse le hōla. Le hoja pele lingaka le liofisiri tsa lipetlele tse ngata li ne li talima ho hana tšelo ea mali e le bothata ba molao ’me li batla tumello ea lekhotla bakeng sa ho tsoela pele ka tsela eo li neng li nahana hore ho bohlale ho tsoela pele ka eona phekolong ea meriana, lingoliloeng tsa morao tjena tsa phekolo ea meriana li senola hore boikutlo bo ntse bo fetoha haholo. E ka ’na eaba sena se bakoa ke phihlelo e eketsehileng ea ho buoa bakuli ba nang le hemoglobin e tlaase haholo ’me e ka ’na eaba se boetse se senola kelo-hloko e eketsehileng ea molao-motheo oa molao oa ho fana ka tumello u e-na le tsebo.
Hona joale, ho sebetsanoa le maemo a mangata haholo a tšebetso ea ho buoa e lokisetsoang hantle nako e sa le teng le likotsi tse amang batho ba baholo le bana ba Lipaki ka ntle ho litšelo tsa mali. Haufinyane tjena, baemeli ba Lipaki tsa Jehova ba ile ba kopana le basebetsi ba buoang batho le ba lefapha la tsamaiso litsing tse ling tse khōlō ka ho fetisisa ka har’a naha. Liboka tsena li ile tsa ntlafatsa kutloisisano ’me tsa thusa ho rarolla lipotso tse neng li le teng ka ho sebelisoa ha mali a tsoileng ’meleng, ho kenya batho litho tsa batho ba bang, le ho qoba likhohlano tsa phekolo ea meriana kapa tsa molao.
BOEMO BA LIPAKI PHEKOLONG
Lipaki tsa Jehova li amohela phekolo ea meriana le ea ho buuoa. Ha e le hantle, tse ngata haholo ho tsona ke lingaka, esita le lingaka tse buoang batho. Empa Lipaki ke batho ba sekametseng bolumeling haholo ba lumelang hore ba thibetsoe ho tšeloa mali ke likarolo tsa Bibele tse kang: “Feela nama e nang le sephefumolohi sa eona—mali a eona—le se ke la e ja” (Genese 9:3-4); “[Le tlameha ho] tšolla mali a eona, [le] a koahele ka mobu” (Levitike 17:13-14); le “Telang . . . bohlola le se fenethiloeng le mali” (Liketso 15:19-21).1
Le hoja litemana tsena li sa behoa ka mantsoe a senolang likhopolo tsa phekolo ea meriana, Lipaki li li talima e le tse qhelelang ka thōko tšelo ea mali a felletseng, li-RBC tse pakiloeng, le lero la mali le se nang ’mala (plasma), hammoho le ho tšeloa li-WBC le platelets. Leha ho le joalo, kutloisiso ea Lipaki ea bolumeli ha e thibele ka ho felletseng tšebeliso ea metsoako e kang albumin, li-globulin tse thusang ’mele ho itšireletsa mafung, le meriana e etsang hore mali a khone ho etsa mahloele; Paki ka ’ngoe e tlameha ho iketsetsa qeto ea botho ea hore na e ka amohela metsoako ena.2
Lipaki li lumela hore mali a ntšitsoeng ’meleng a lokela ho qhaloa, kahoo ha li amohele tšelo ea mali a mokuli ka boeena kapa mali a neng a bolokiloe pele. Ha li amohele mahlale a ho bokella mali nakong ea tšebetso ea ho buoa le ho hlapolloa ha mali e akarelletsang ho boloka mali. Leha ho le joalo, Lipaki tse ngata li tla lumela hore ho sebelisoe mochine o hloekisang mali le mochine oa pelo le matšoafo (o qaloang ka lero le se nang mali) hammoho le ho sebelisoa ha mali a tsoileng ’meleng nakong ea tšebetso ea ho buuoa moo phallo ea mali ka ntle ho ’mele e sa emisoeng; ngaka e lokela ho buisana le mokuli ka mong mabapi le hore na ke sefe seo letsoalo la hae le se lumellang.2
Lipaki li ikutloa hore Bibele ha e hlalose ka ho toba taba e amang ho kenya motho setho sa motho e mong; kahoo, liqeto tse mabapi le ho fetisetsa lera le koahetseng leihlo, phio, kapa nama e ’ngoe ho motho e mong ho tsoa ho e mong li tlameha ho etsoa ke Paki ka ’ngoe.
TŠEBETSO E KHŌLŌ EA HO BUUOA E-EA KHONEHA
Le hoja hangata lingaka tse buoang batho li ’nile tsa hana ho phekola Lipaki ka lebaka la hore ho ne ho bonahala eka khato ea tsona tabeng ea ho sebelisa lihlahisoa tsa mali “e sitisa ngaka ho sebetsa,” hona joale lingaka tse joalo li se li khethile ho talima boemo boo e mpa e le bothata bo bong feela bo phephetsang botsebi ba tsona. Kaha Lipaki ha li hane maro a mofuta oa colloid kapa crystalloid a nkelang mali a lahlehileng sebaka, esita le ho chesoa ha linama ka tšepe ea motlakase ho thibela mali ho tsoa, ho robatsoa ka lithethefatsi ka mokhoa o theolang matla a ho phalla ha mali ’meleng,3 kapa ho theola mocheso ’meleng, mekhoa ena e ’nile ea sebelisoa ka katleho. Ho sebelisoa ha hetastarch,4 ho tšela dextran e nang le tšepe e ngata methapong,5,6 le “maqhubu a molumo a sebelisoang ho buoa batho”7 hona joale le nakong e tlang ho fana ka tšepo ’me hoa amoheleha bolumeling. Hape, haeba motsoako o entsoeng morao tjena o nang le fluorine o nkelang mali sebaka (Fluosol-DA) o ipaka o sireletsehile o bile o atleha,8 ho sebelisoa ha oona ho ke ke ha hohlana le litumelo tsa Lipaki.
Ka 1977, Ott le Cooley9 ba ile ba tlaleha ka litšebetso tse 542 tsa ho buoa pelo tse ileng tsa etsoa ho Lipaki ka ntle le ho sebelisa mali ’me ba fihlela qeto ea hore mokhoa ona oa tšebetso o ka etsoa “ka kotsi e fokolang ka tsela e amohelehang.” Ha Cooley a arabela kōpo ea rōna, haufinyane tjena o ile a etsa tlhahlobo e bontšang lipalo litšebetsong tsa ho buuoa tse 1 026, tseo 22% ea tsona e neng e le tse entsoeng ho bana ba tlaase lilemong, ’me a etsa qeto ea “hore kotsi ea ho buoa bakuli ba sehlopha sa Lipaki tsa Jehova ha ea ka ea ba e phahameng hakaalo ho feta kotsi ea ho buoa bakuli ba bang.” Ka ho tšoanang, Michael E. DeBakey, MD, o ile a bolela “hore maemong a mangata haholo [a amang Lipaki] kotsi ea ho etsa tšebetso ea ho buoa ka ntle le ho sebelisa litšelo tsa mali hase e khōlō ho feta kotsi e teng ho bakuli bao re sebelisang litšelo tsa mali ho bona” (puisano ea botho, March 1981). Lingoliloeng le tsona li tlaleha ka tšebetso e khōlō ea ho buuoa litho tse sebetsanang le ho ntša metsi10 le ho buuoa ka lebaka la ho holofala ’meleng.11 G. Dean MacEwen, MD, le J. Richard Bowen, MD, ba ngola ka hore tšebetso ea ho kopanya masapo a mokokotlo “e ile ea etsoa ka katleho ho bana ba 20 ba tlaase lilemong [ba Lipaki]” (boitsebiso bo sa kang ba hatisoa, August 1981). Baa phaella: “Ho hlokahala hore ngaka e buoang batho e thehe filosofi ea ho hlompha tokelo ea mokuli ea tšebetso ea ho hana tšelo ea mali empa e ’ne e nke mehato ea ho buoa ka mokhoa o etsang hore mokuli a sireletsehe.”
Herbsman12 o tlaleha katleho e ileng ea ba teng maemong a akarelletsang a amang bacha, “ao ho ’ona ho neng ho bile le tahlehelo e khōlō ea mali ka lebaka la kotsi.” Oa lumela hore “Lipaki li batla li le boemong bo bobe ha ho tluoa litlhokahalong tsa mali. Leha ho le joalo ho hlakile hape hore re na le mekhoa e meng ea phekolo e ka nkelang mali sebaka.” Ha a hlokomela hore lingaka tse ngata tse buoang batho li ’nile tsa ikutloa li sitoa ho amohela Lipaki e le bakuli ka lebaka la “tšabo ea liphello tse ka hlahang molaong,” o bontša hore ena hase kameho e utloahalang.
LIKAMEHO TSA MOLAO LE BANA BA TLAASE LILEMONG
Lipaki ha li tsila-tsile ho saena foromo ea American Medical Association e lokollang lingaka le lipetlele molatong,13 ’me Lipaki tse ngata li tsamaea ka karete ea Medical Alert eo ho bontšitsoeng hore na e saennoe ka letsatsi lefe, e saenetsoeng ke lipaki e lokisitsoeng ka mor’a ho kopana le litsebi tsa phekolo ea meriana le tsa molao. Litokomane tsena ke tse tlamang ho mokuli (kapa lelapa la hae) ’me li sireletsa lingaka, hobane Moahloli Warren Burger o ile a lumela hore nyeoe e etsoang ka lonya “e ne e tla bonahala e se na bopaki bo e tšehetsang” moo ho saennoeng tumellano e joalo ea molao. Hape, ha Paris14 a bua ka sena ka mor’a tlhahlobisiso e ’ngoe ea “phekolo e tlamang ea meriana le tokoloho ea bolumeli,” o ile a ngola: “Mohlalosi e mong ea ileng a etsa phuputso lingoliloeng tseo o ile a tlaleha, ‘Ha kea ka ka khona ho fumana boitsebiso leha e le bofe bo tšehetsang polelo ea hore ngaka e ne e tla ba le . . . molato oa tlōlo ea molao . . . ka baka la ho hlōleha ha eona ho qobella mokuli ea sa batleng tšelo ea mali hore a e amohele.’ Ho bonahala kotsi ea hore seo se ka etsahala e hlahisoa haholo ke monahano o inahanelang litaba tsa molao ho fapana le ntho ea sebele e ka etsahalang.”
Tlhokomelo ea bana e baka kameho e khōlō ka ho fetisisa, hangata e fella ka hore ho nkoe khato ea molao khahlanong le batsoali tlas’a melao ea ho hlokomolohuoa ha ngoana. Empa lingaka le babuelli ba molao ba bangata ba tloaelaneng le linyeoe tse qosang Lipaki ba na le pelaelo e khōlō ka mehato e joalo, kaha ba lumela hore batsoali ba Lipaki ba batlela bana ba bona tlhokomelo e ntle ea phekolo ea meriana. Kaha Lipaki ha li batle ho qoba boikarabelo ba tsona ba botsoali kapa ho bo fetisetsa ho moahloli kapa motho leha e le ofe e mong oa boraro, li phehella hore ho nahanoe ka melao-motheo ea lelapa ea bolumeli. Dr. A. D. Kelly, eo pele e neng e le Mongoli oa Canadian Medical Association, o ile a ngola15 ka hore “batsoali ba bana ba tlaase lilemong le motho ea amanang haufi-ufi le batsoali ba ileng le maili-ili ba na le tokelo ea ho hlalosa thato ea mokuli. . . . Ha ke rate linyeoe tsa lekhotla la liithuti tsa molao le lulang ka 2:00 ka meso e le hore le tlose ngoana tlhokomelong ea batsoali ba hae.”
Ke ’nete e totobetseng hore batsoali ba na le lentsoe tlhokomelong ea bana ba bona, joaloka ha ho talimanoe le taba ea hore na ho buuoa, ho phekola kankere ka mahlaseli a bohale a motlakase, kapa ho phekola lefu ka lik’hemik’hale ho ka ba le likotsi le melemo efe. Ka mabaka a litekanyetso tsa se nepahetseng kapa se fosahetseng a fetelang ka ’nģane ho taba ea kotsi ea tšelo ea mali,16 batsoali ba Lipaki ba kōpa hore ho sebelisoe liphekolo tseo bolumeli ba bona bo sa li thibeleng. Sena se lumellana le molao-motheo oa phekolo ea meriana oa ho phekola “motho kaofela,” ho se hlokomolohe kotsi e sa feleng ea mokhoa oa tšebetso o hlaselang o bileng o sebetsang khahlanong le litumelo tsa motheo tsa lelapa e ka bang teng kelellong e bileng e ka amang tulisano. Khafetsa, litsi tse khōlō naheng ka bophara tse nang le phihlelo ka Lipaki joale li se li amohela bakuli ba tlohang litsing tse sa batleng ho phekola Lipaki, esita le maemo a amang bana.
PHEPHETSO E TALIMANENG LE NGAKA
Ka ho utloahalang, ho hlokomela Lipaki tsa Jehova ho ka ’na ha bonahala eka ho baka bothata bo boholo ho ngaka e iteletseng ho boloka bophelo esita le bophelo bo botle ka ho sebelisa mahlale ’ohle a tšebetso ao e ka a fumanang. Ha Harvey17 a ngola selelekela sa letoto la lihlooho tsa mohlophisi oa koranta tse buang ka tšebetso e khōlō ea ho buoa Lipaki, o ile a lumela: “Ke fumana litumelo tse ka ’nang tsa kena-kenana le mosebetsi oa ka e le tse khathatsang.” Empa o ile a phaella: “Mohlomong re lebala habobebe haholo hore ho buoa ke mokhoa oa botsebi o itšetlehileng ka bohlale ba mosebetsi ba batho ka bomong. Bohlale ba mosebetsi bo ka ntlafatsoa.”
Moprofesa Bolooki18 o ile a hlokomela tlaleho e ferekanyang ea hore se seng sa lipetlele tsa likotsi se maphathe-phathe ka ho fetisisa sa Dade County, Florida, se ne se e-na le “leano le akaretsang la ho hana ho phekola” Lipaki. O ile a bontša hore “boholo ba mekhoa ea tšebetso ea ho buoa e sebelisoang sehlopheng sena sa bakuli e amahanngoa le kotsi e fokolang ho feta kamoo ho tloaelehileng ka teng.” O ile a phaella: “Le hoja lingaka tse buoang batho li ka ’na tsa ikutloa hore li amohuoa kofuto ea phekolo ea kajeno ea meriana . . . ke kholisehile hore ka ho buoa bakuli bana li tla ithuta ho hoholo.”
Ho fapana le ho talima mokuli oa Paki e le khathatso, lingaka tse ngata ka ho eketsehileng li amohela boemo boo e le phephetso ea phekolo ea meriana. Ha li ntse li thulana le phephetso eo li hlahisitse mokhoa oa tšebetso o ka lateloang o sebelisoang sehlopheng sena sa bakuli se amoheloang litsing tse ngata tsa phekolo ea meriana ka har’a naha ka bophara. Ka nako e tšoanang lingaka tsena li fana ka tlhokomelo e molemohali e tlisetsang mokuli molemo o felletseng. Joalokaha Gardner et al19 a hlokomela: “Ke mang ea neng a tla rua molemo haeba ho ne ho ka phekoloa lefu le tšoereng mokuli ’meleng empa ha sekisetsoa bophelo ba hae ba moea pel’a Molimo, kamoo a bo bonang ka teng, e leng ho lebisang bophelong bo se nang morero le boo mohlomong e leng bo bobe ho feta lefu ka bolona.”
Lipaki lia hlokomela hore phekolong ea meriana, tumelo ea tsona eo li kholisehileng ka tieo ka eona e bonahala e eketsa kotsi ka tsela e itseng le hore e ka ’na ea thatafatsa tlhokomelo ea tsona. Ka lebaka leo, ka kakaretso li bontša kananelo e sa tloaelehang bakeng sa tlhokomelo eo li e amohelang. Ho phaella tabeng ea ho ba le likarolo tsa motheo tsa tumelo e tebileng le takatso e matla ea ho phela, ka thabo li sebelisana ’moho le lingaka le basebetsi ba phekolo ea meriana. Ka hona, mokuli hammoho le ngaka ba sebetsa ba kopane ho talimaneng le phephetso ena e ikhethang.
LITŠUPISO
1. Jehovah’s Witnesses and the Question of Blood. Brooklyn, NY, Watchtower Bible and Tract Society, 1977, maq. 1-64.
2. Molula-Qhooa 1979;26 (June 1):22-24.
3. Ho robatsoa ka lithethefatsi ka mokhoa o theolang matla a phallo ea mali ’meleng ho nolofatsa ho buoa manonyeletso a noka, MEDICAL NEWS (Litaba tsa Phekolo ea Meriana). JAMA 1978;239:181.
4. Hetastarch (Hespan)—motsoako o mocha o eketsang lero la mali le se nang ’mala (plasma). Med Lett Drugs Ther 1981;23:16.
5. Hamstra RD, Block MH, Schocket AL:Dextran e nang le tšepe e tšeloang methapong phekolong ea meriana e sebelisoang litleleniking. JAMA 1980;243:1726-1731.
6. Lapin R: Tšebetso e khōlō ea ho buoa Lipaki tsa Jehova. Contemp Orthop 1980;2:647-654.
7. Fuerst ML: ‘Maqhubu a matla a molumo a sebelisoang ho buoa motho’ a sireletsa methapo ea mali. Med Trib 1981;22:1,30.
8. Gonzáles ER: Pale e telele ea ‘mali a maiketsetso’: Fluosol tlhohonolofatso e khethehileng ho Lipaki tsa Jehova. JAMA 1980;243:719-724.
9. Ott DA, Cooley DA: Ho buoa lipelo tsa Lipaki tsa Jehova. JAMA 1977;238:1256-1258.
10. Roen PR, Velcek F: Tšebetso e pharalletseng ea ho buoa litho tse sebetsanang le ho ntša metsi e etsoang ka ntle ho tšelo ea mali. NY State J Med 1972;72:2524-2527.
11. Nelson CL, Martin K, Lawson N, et al: Tšebetso ea ho kenya hloohoana ea maiketsetso lesapong la lenonyeletso la noka e etsoang ka ntle ho tšelo ea mali. Contemp Orthop 1980;2:655-658.
12. Herbsman H: Ho phekola Paki ea Jehova. Emerg Med 1980;12:73-76.
13. Medicolegal Forms With Legal Analysis. Chicago, American Medical Association, leq. 83.
14. Paris JJ: Phekolo e tlamang ea meriana le tokoloho ea bolumeli: Ke molao oa mang o tla hlōla? Univ San Francisco Law Rev 1975;10:1-35.
15. Kelly AD: Aequanimitas Can Med Assoc J 1967;96:432.
16. Kolins J: Liphello tse bolaeang tsa tšelo ea mali. JAMA 1981;245:1120.
17. Harvey JP: Taba ea botsebi ba mosebetsi. Contemp Orthop 1980;2:629.
18. Bolooki H: Ho phekola Lipaki tsa Jehova: Mohlala oa tlhokomelo e ntle. Miami Med 1981;51:25-26.
19. Gardner B, Bivona J, Alfonso A, et al: Tšebetso e khōlō ea ho buoa Lipaki tsa Jehova. NY State J Med 1976;76:765-766.