Ho Etsahala Eng ka Lintho Tsa Bohlokoa?
Puong e entsoeng ka 1948 Letsatsing la Peo ea Libetsa fatše ka nakoana, Molaoli oa Litaba tsa Ntoa Omar N. Bradley o itse: “Re na le banna ba bangata haholo ba ithutileng tsa mahlale, empa re na le banna ba fokolang haholo ba Molimo. Re se re utloisisa haholo sephiri sa athomo ’me re latola Thuto ea Thabeng.. . . Lefatše la rōna ke la linatla tse tsebang ka nuclear le la masea melaong e amang toka. Re tseba haholo ka ntoa ho feta kamoo re tsebang kateng ka khotso, re tseba haholo ka ho bolaeana ho feta kamoo re tsebang ka litaba tsa bophelo.” O itse: “Batho ba kotsing ea ho tšoasoa lefatšeng lena ke ho se hōle boitšoarong.”
KA NAKO e ’ngoe e fetileng ho bile le lintho tsa bohlokoa tsa setho tse theiloeng mehloling ea Bibele. Empa ha ho sa le joalo. Lintho tsena li qheletsoe thōko joaloka tse siiloeng ke nako. Mekhoa e mecha ea bophelo ke eona e jang setsi. “’Nete” e se e le taba e itšetlehileng ka maemo. Ha ho sa hlola ho e-na le ntho e nepahetseng kapa e fosahetseng. Ha ho hlokahale hore motho a ahlole e mong. Motho e mong le e mong o na le lintho tsa hae tsa bohlokoa, o iketsetsa qeto tabeng ea hore na ke hofe ho nepahetseng ho eena, o iketsetsa seo a se ratang. Bofebe ha bo phoso. Bohlola ha bo phoso. Tlhalo ha e phoso. Ha ho na phoso ka ho lahla bana. ’Me ha ho ea ka qosoang ka liphello leha e le life tsena—ho phahama ha manane a bacha ba imang, ho ntšoa ha limpa ha ba limillione, ho senngoa ha bophelo ba bana. ’Me kaha ha ho na phoso ’me hape ha ho ea ka qosetsoang sena, ha ho na kahlolo ea molato. Ka litsela tsena lefatše le lahlela lintho tsa bohlokoa moqomong oa litšila.
Batho ba pele ba babeli ba ile ba iketsetsa qeto tabeng ea hore na ke eng se nepahetseng le se fosahetseng. (Genese 2:17; 3:5) Kajeno batho ba limillione ba iketselitse qeto ea hore ha ho na ntho e nepahetseng le e fosahetseng. Ka ho susumetsoa ke takatso ea ho etsa seo ba se ratang, ba qhelela thōko lintho tsa bohlokoa tsa setho ’me ba hoeletsa lipolelo tsena: “Ra tla ra lokoloha qetellong! Ntho e ’ngoe le e ’ngoe ea amoheleha!” Ntho e suthang tseleng ea bona ke lithibelo−’me sebakeng sa tsona ho kena bomalimabe!
Sehlooho sa makasine o tsebahalang se ile sa botsa potso ena, “Na ke Sechaba sa bo-Raleshano?” ’me potso eo ea lateloa ke mantsoe ana: “Matona a ’muso a pata seo a leng sona ka leshano. Boramahlale ba shanofatsa lipatlisiso. Basebetsi ba fetola mangolo a bona a lithuto e le hore ba fumane mesebetsi. Ho etsahala’ng? Karabo potsong ena, ke ho theoha ho hoholo ha botšepehi, ’me bafuputsi ba bangata ba sechaba ba tšaba hoo.”
Makasine o mong o ka sehloohong o ile oa phatlalatsa letoto la lihlooho litabeng tse amang melao ea motheo ea boitšoaro, ’me ho tsona ho ne ho ena le lipoleloana tsena: Tšebeliso e mpe ea chelete e sentse litšebelisano tsa khoebo, tšepo ea sechaba e felile, litlōlo tsa molao tse thathamisang ho hlōleha ha motho. Liphoso lia amoheloa, empa e seng liphoso tse mpe, ’me ha ho letho le talingoang e le sebe.
Letoto leo la lihlooho le ile la qetella ka mantsoe ana: “Haeba Maamerika a batla ho fumana tekatekano ea sebele melaong e metle ea boitšoaro, a lokela ho hlahlobisisa lintho tsa bohlokoa tseo mokhatlo oa batho o li etellelitseng pele: mosebetsi o phahameng, matla a lipolotiki, khohelo ea likamano tsa botona le botšehali, ho thabela lijo tse monate ntlong e hahuoeng marulelong kapa ho thabela lijo lebopong la leoatle, phaello 8 ea kapelepele khoebong. Phephetso ea sebele e tla ba ho hlalosa hape lintho tseo batho ba li batlang e le hore li ka sebeletsa mokhatlo oa batho haesita le motho ka mong, ho hlalosa molao o le mong oa boitšoaro o tataisang litsela tsa ho finyella lipheo tse nepahetseng.”
Sehlooho se latelang se ne se hatisitsoe ho The New York Times: “Matona a ’Muso a Amohetse Limpho tsa Qeko tse 105 ho tse 106, ho Boletse F.B.I.” Na ebe mpho ea qeko ea bo106 e ile ea nehoa monna ea tšepahalang? Che, “o ne a lekanya hore chelete eo ha ea lekana.”
Matthew Troy, eo pele e neng e le Setho sa lekhotla la motse le moeta-pele oa mokha oa puso ea batho ka batho oa Queens, Motseng oa New York, ha a bua sehloohong “Tšenyeho le Botšepehi ’Musong” o bolelletse klase ea univesithi hore limpho tsa qeko li tloaelehile haholo. Likhetho tsa Lekhotla la Naha li bapatsoa bakeng sa litulo tsa boahloli. “Chelete eo hangata e lefuoang bakeng sa setulo sa boahloli Lekhotleng le Phahameng la Naha ke [R210 000] ’me bakeng sa litulo tsa boahloli lekhotleng le tlaasana ke [R98 000].”
Mongoli oa libuka James A. Michener o totobatsa mekhoa e meng e joalo ea ho amohela limpho tsa qeko: ho tlotlisa batho ba ithuisang ka lichelete tse limillione tse makholo tsa batho ba bang, tšenyo e etsoang ke basebetsi ba phahameng, ho lihuoa ha mebuso ho hlophisitsoeng, tšenyo ea bolumeli e hlohlelletsoang ke ho batla chelete, lefu la AIDS le beileng baahi ba bangata tšabong, batšosi ba senyang tsamaiso e ntle ea sechaba, bo-ralipolotiki ba senyang lirapa tse ntle tsa sechaba le ba lumellang likotsi tsa tikoloho, tsamaiso ea ’muso e rekisetsang lira libetsa ’me ka ntle ho tumello ea molao ho nkuoa phaello e kenngoa morerong oa ho ntšetsa pele liphutuhelo tsa ’muso Amerika Bohare.
Qetello e akarelletsang ea Michener ke ena: “Lilemo tsa bo-1980 li tlameha ho hopoloa e le Lilemo tse Mpe tse Leshome, hobane ho etsahetse lintho tse ngata tse hlabisang lihlong.” ’Me sena sohle se baketsoe ke lebaka le bonolo: Lintho tseo ka sebele e leng tsa bohlokoa li lahletsoe moqomong oa lithōle.
William J. Bennett, eo e neng e le Mongoli Lefapheng la Thuto U.S., o ile a nyatsa haholo ho hlōleha ha likolo ho ruta lintho tsa bohlokoa tse amang boitšoaro ’me a qolla bothata ba bacha bo hlahisitsoeng ke khaello ena:
“Bothata: Karolo ea 40 lekholong ea banana ba lemo li 14 e tla ima bonyane hang pele ba e-ba lilemo li 20, ’me masea a ka holimo ho halofo a tla beleheloa matšehong.
“Bothata: Ho ipolaea ha bacha ho phahame ho feta leha e le neng pele, ’me ke boemo ba bobeli lisoseng tse ka sehloohong tsa mafu a bacha.
“Bothata: United States ke eona e itlhommeng ka pele linaheng tsa khoebo tabeng ea bacha ba sebelisang lithethefatsi.
“Na likolo tsa rōna li ka ‘rarolla’ mathata ana? Che. Na li ka thusa? E. Na li nka mehato e lekaneng ea ho thusa? Che.
“Hobane’ng ho se joalo? Hobane li le monyebe ho sebetsana le se seng sa lipheo tse khōlō tsa thuto: thuto ea boitšoaro. Ka mohlala, sehlooho sa morao-rao se qotsitse matichere a ’maloa a sebaka sa New York a bolelang hore a ‘qoba ka boomo ho bolella liithuti se nepahetseng le se fosahetseng litabeng tsa boitšoaro.’
“Sehlooho se pheta lenaneo la keletso le neng le ama liithuti tse leshome le metso e mehlano tsa sekolo se tlaase le se phahameng. Nakong ea lenaneo liithuti li boletse hore seithuti se bile bothoto ka ho khutlisa $1 000 [R2 800] eo se e fumaneng mokotlaneng oa chelete sekolong.” Moeletsi haa ka a ahlola qeto ea liithuti tseo, o hlalositse: “Haeba ke ne nka ba bolella se nepahetseng le se fosahetseng, ka hona ke ne nke ke ka amoheleha ke le moeletsi oa bona.”
Tlhaloso ea Bennett: “Ka nako e ’ngoe, moeletsi o ne a ka fana ka keletso. O ne a eletsa liithuti ka lintho tse ngata−’me har’a tsona, e ne e le ka se nepahetseng le se fosahetseng.”
Ho Hlōleha ha Mahae, Likolo, Likereke
Ka potlako lehae le fetoha sebaka se sa khotsofatseng tabeng ea ho ruta lintho tsa bohlokoa. Ho qhalana ha malapa ho etsa hore lehae le fetohe sebaka se fokolang haholo sa thuto—batsoali ba sebetsa ka bobeli, litlhalo, malapa ao motsoali a le mong a hōlisang bana ’me a sebetsa, bana ba sala le motho e mong kapa ba isoa libakeng tsa tlhokomelo ea bana motšehare kapa ba siuoa ba le bang le TV e ba qobellang ho shebella litšoantšo tsa botona le botšehali e le boithabiso le e ba rutang pefo e le tharollo ea mathata. Mongoli ea tsebahalang Norman Podhoretz o hlalosa phello ea sena: “Liphello tsa sena li akarelletsa ho phahama ha boitšoaro ba tlōlo ea molao; ho phahama ha tšebeliso ea lithethefatsi le joala; ho phahama ha bacha ba imang, ho ntšuoa ha limpa le mafu a tšoaetsanoang ka likamano tsa botona le botšehali, le ho phahama ha lefu la bacha le bakoang ke lisosa tse mabifi (polao, likotsi tsa makoloi, ho ipolaea). Ntho e le ’ngoe e bonahalang e fokotsehile haholo ke ho atleha ha bona lithutong tsa sekolo.”
Podhoretz o tsoela pele: “Litsebi tse peli tsa kahisano li fumana ho le thata ho fumana lipalo tse bontšang bopaki ba seo re se tsebang ka hore feela re shebe ho re potoloha. Ba fumane batho ba bangata ba etelletsang pele ‘lithahasello tsa bona’ ho feta lintho tsohle tse ling tsa bohlokoa. Ba fumane batho ba ’maloa haholo ba ithaopelang ho itela, kapa esita le ho itima ho itseng, e le hore ba phethahatse litlhoko tsa bana ba bona. Palo e tšosang ea likarolo tse peli ho tse tharo ea batsoali bohle ba Amerika ba ikutloa hore ‘batsoali ba tlameha ho lokoloha ho iphelela bophelo ba bona esita leha e-ba hoo ho bolela hore ba be le nako e fokolang haholo le bana ba bona.’”
John D. Garwood, ha e ne e le hlooho lefapheng la thupelo la Univesithi ea ’Muso ea Fort Hays, Kansas, o ile a hlalosa ka ho lahleha ha lintho tsa bohlokoa: “Ho hlōleha ha mahae a rōna, likolo le likereke ho fetisetsa tsamaiso e tiileng ea lintho tsa bohlokoa ho bao li ba susumetsang, ho tlisitse mathata a mangata kajeno. Rahistori ea ka sehloohong oa Brithani Arnold Toynbee o bona Lefatšeng la Bophirimela la kajeno ho theoha ha botšepehi, ho haella ha morero oa sechaba le ho hatisoa ho kotsi ha lintho tse bonahalang, ho theoha ha boikutlo ba ho ba motlōtlō ka mosebetsi o entsoeng, ho inehela haholo tšebelisong ea lintho tse hlahisitsoeng ka morero oa ho hatisa boikhotsofatso. Mekhoeng ea rōna ea bophelo ba sechaba o bona litšobotsi tse ngata tse lebisitseng ho oeng ha ’muso oa Roma.”
Ho lahloa ha lintho tsa bohlokoa ho siile lefatše lena ka boikutlo bo se nang kelello ba ho phehella ntho e ’ngoe le e ’ngoe ho feta tekano. Kahobane motho a ruile lintho tsohle empa a futsanehile moeeng, o tlohetsoe a phopholetsa lefifing ’me a se na tataiso. A ka fumana thuso feela ka hore a khutlele mohloling oa lintho tsa bohlokoa.