Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g89 8/8 maq. 6-7
  • Mohloli oa Lintho Tsa Bohlokoa ka ’Nete

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Mohloli oa Lintho Tsa Bohlokoa ka ’Nete
  • Tsoha!—1989
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Bohlale Tšimolohong ea Bophelo
  • Mohloli oa Litekanyetso tsa ’Nete tsa Boitšoaro
    Tsoha!—1992
  • Ho ba le Mekhoa e Metle
    Tsoha!—2019
  • Ho Tšehetsoa ke Melao ea Boitšoaro e sa Siuoeng ke Nako
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2007
  • Boitšoaro bo Lebile Kae?
    Tsoha!—1993
Bala Tse Ling
Tsoha!—1989
g89 8/8 maq. 6-7

Mohloli oa Lintho Tsa Bohlokoa ka ’Nete

MOLAO oa boitšoaro o teng mekhatlong eohle ea batho. Ebang batho bohle ba lumela kapa che, ba ikutloa ba hloka tataiso e ka holim’a matla a bona. Ka tlhaho ba talima matleng a phahameng ho a rapela kapa ho a sebeletsa. Matla ao e ka ’na ea ba letsatsi, khoeli, naleli, thaba, nōka, phoofolo, motho, kapa mokhatlo. Ho ka etsahala hore molao oa bona oa boitšoaro o ngotsoe ho le leng la mangolo a mangata a halalelang a litso tse fapaneng. Tlhoko ena e fumanoa ho batho ba libaka tsohle. Ke ea tlhaho ho motho.

Ho ea ka ngaka e tsebahalang haholo ea mafu a kelello C. G. Jung, “Bolumeli ke boikutlo ba tlhaho bo khethollang feela motho, ’me ponahatso ea bona e ka lateloa historing eohle ea motho.” Seithuti se tsebahalang haholo sa mahlale Fred Hoyle se ngotse ka “molao oa boitšoaro o fumanoang mekhatlong eohle ea batho” ’me sa phaella ka hore: “Ho ne ho tla ba bonolo ho hōlisa tsekisano e khōlō ea ho bontša hore boikutlo ba boitšoaro ho motho boa phehella ho sa tsotellehe liteko [le mahloriso] tse bo loantšang ka mehla.”

Mangolo a halalelang a tsebahalang haholo le a atileng ka ho fetisisa, Bibele, a hlokomela boikutlo ba boitšoaro bo leng ho motho. Ho Ba-Roma 2:14, 15 e re: “Hobane balichaba ba se nang molao, ha ba etsa, ka ho itsebela ha bona, taba tseo e leng tsa molao, bona ba se nang molao ba na le molao ka ho bona. Ba bonahatsa hobane mosebetsi oa molao o ngoliloe lipelong tsa bona ba ntse ba pakeloa ke letsoalo le ke mehopolo ea bona, e ba khalemelang, kapa e ba emelang.”

Hoyle o talima thuto ea ho iphetola ha lintho “e le motheo o lumellang boitšoaro leha e le bofe bo iketsahallang,” ’me o tsoela pele: “Ka ho toba, ke khathatsoa ke tumelo e nyatsang litekanyetso tsa boitšoaro eo ba bitsoang litsebi ba khethileng ho e latela ho ea ka buka The Origin of Species ’me e kentse batho tseleng ea ho ipolaea. Mochine oa Letsatsi la Kahlolo o ile oa chehoa ’me o emetse ho qhoma leha e le neng. . . . Palo ea batho bao kajeno ba nang le boikutlo ba hore ho na le ntho e fosahetseng ka mokhatlo oa batho e khōlō, empa ka masoabi, ba senya matla a bona ba ipelaetsa ka litaba tse se nang thuso.”

Bohlale Tšimolohong ea Bophelo

Joale, ka ho nepahala ha lipalo, Hoyle o tsoela pele ho bontša hore menyetla ea hore bophelo lefatšeng bo ka be bo simolohile ka kotsi ha e teng. O bolela hore liithuti tsa mahlale tsa Orthodox li khelositsoe tlalehong ea pōpo ke “lithuto tsa bolumeli tse fetellelitsoeng tsa nakong e fetileng.” Empa Hoyle o lumela hore bophelo bo entsoe ke matla a bohlale a leng sebakeng. O lumela hore se neng se ke ke sa etsahala lefatšeng se ne se ka etsahala sebakeng se ka ntle—empa o nahana hore le hona moo sebakeng bohlale ba mofuta o itseng bo ne bo sebetsa. Ekasita le sebōpuoa se senyenyane haholo, kokoanyana, se rarahane ka ho makatsang hoo bohlale bo lokelang ho ameha pōpong ea sona, empa ha ho mo susumelletse ho bitsa bohlale boo Molimo.

Ba bang ba “nang le boikutlo ba hore ho na le ntho e fosahetseng ka mokhatlo oa batho” ha ba monyebe ho lumela Molimo. E mong ea joalo ke ngaka ea mafu a kelello Jung, ea qotsitsoeng pelenyana: “Motho ea sa itšetlehang ka Molimo, a ke ke a itšireletsa ka matla a hae litšusumetsong tsa ’mele le tsa boitšoaro tsa lefatše. Ho etsa sena o hloka bopaki ba phihlelo ea ka hare, eona feela e ka mo sireletsang hore a oele bothateng bo ke keng ba qojoa.”

Moahloli e Moholo Francis T. Murphy oa Lekhotla la Linyeoe la Boipelaetso o boletse hore motho oa mehleng ena “ha a tsebe morero o moholo oa bophelo ’me o belaela hore bophelo bo na le morero. Ho sa tsotellehe hore na boikhakanyo ba hae ba boitšoaro ke bofe, o lelekile Molimo bophelong ba hae, ka ofising ea hae, ka tlung ea hae. Ka lebaka leo o haelloa ke molao o tiileng oa boitšoaro.” Ho tsoa lipapaling, Howard Cosell o boletse khopolo e tšoanang ha a ne a hlalosa bothata ba limathi tse sebelisang lithethefatsi hampe. O itse: “Ha ho sa na molao o tiileng oa boitšoaro Amerika . . . ’me boo ke bothata ba setso sohle.”

Mongoli oa likoranta Georgie Anne Geyer o re: “Ha ho bonolo ho ba le mokhatlo oa batho o phelang ka boitšoaro kapa sechaba se se nang tumelo ho Molimo, hobane ntho e ’ngoe le e ’ngoe e potlakela ho tla ho ‘’na,’ ’me ‘’na’ feela hase letho. . . . Ha ‘’na’ e fetoha tekanyetso ea lintho tsohle—sebakeng sa Molimo, kereke, lelapa le litekanyetso tse amohelehang tsa sechaba le boitšoaro ba batho—re bothateng.”

Aleksandr Solzhenitsyn o boletse hore haeba a ne a ka botsoa ho khetholla tšobotsi e khōlō ea lekholo la bo20 la lilemo ka mantsoe a makhutšoanyane, o ne a tla re: “Batho ba lebetse Molimo.” O tsoetse pele: “Lekholo lohle la mashome a mabeli la lilemo le qoetse bolibeng ba ho se lumele ho Molimo le ba ho ipolaea.... Boiteko bohle ba ho fumana tsela ea ho tsoa bomalimabeng ba lefatše lena la kajeno ha bo na thuso ntle le haeba re ka fetola boikutlo ba rōna, ka pako, ra khutlela ho ’Mōpi oa lintho tsohle: ka ntle ho sena, ha ho na tsela ea ho tsoa eo re tla e khantšetsoa, ’me re ke ke ra e fumana.”

Ka lilemo tse likete tse tšeletseng, motho o ile a leka tsela ea hae, a iketsetsa qeto ea se nepahetseng le se fosahetseng. Tšekamelo e leng teng hona joale ke ea ho etsa seo motho a se ratang—ha ho na se nepahetseng le se fosahetseng. Histori e na le tlaleho e bohloko ea liphello tsa litsela tseo tse peli, ho paka ’nete ea hore motho a ke ke a tataisa mehato ea hae. “Ho na le tsela e bonahalang e lokile ho motho, empa qetello ea tsela eo ke lefu.” (Liproverbia 14:12, Revised Standard Version; Jeremia 10:23) Jehova Molimo o entse motho, o mo tseba ka hare le ka ntle, ’me o fane ka ’mapa o ka isang thabong: “Lentsoe la hao ke lebone la maoto a ka, ke leseli tseleng ea ka.” (Pesaleme ea 119:105) Lentsoe la Hae, Bibele, le qolla lintho tsa bohlokoa kannete bakeng sa tlhohonolofatso ea motho. Lebokoso le mona le thathamisa lintho tse ling tse etsoang le tse sa lokelang ho etsoa.

[Lebokose le leqepheng la 7]

Lintho Tsa Bohlokoa Tseo ho ka Pheloang ka Tsona

▸ Rata Jehova Molimo ka pelo ea hao eohle, kelello, moea, le matla.

▸ Rata moahisani oa hao joalokaha u ithata.

▸ Tšoara ba bang ka tsela eo u batlang ho tšoaroa ka eona.

▸ Latela Jesu joaloka Mohlala oa hao.

▸ Tšoarela ba bang joalokaha u batla ho tšoareloa.

▸ Hlonepha ntat’ao le ’m’ao.

▸ Ka tlhompho etelletsa ba bang pele.

▸ Tšepahala litšebelisanong tsohle tsa hao.

▸ Phehella khotso le bohle.

▸ Batla bonolo, mosa, boitšoaro.

▸ U se iphetetse.

▸ Hlōla bobe ka botle.

▸ U se rapele melimo ea bohata.

▸ U se khumamele litšoantšo.

▸ U se bolaee.

▸ U se utsoe.

▸ U se be paki ea bohata.

▸ U se sebelisetse lebitso la Molimo lefeela.

▸ U se lakatse thepa ea moahisani oa hao.

▸ Letsatsi le se phirimele bohale ba hao.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela