Lintho Tsa Bohlokoa Tse Laolang Bophelo ba Hao ke Life?
PELE u araba potso ena, u lokela ho nahanisisa potso ena: U batla eng bophelong? Maruo, botumo, monyaka, ho leka boemo bo itseng ka boiteko ba ho hlahisa tlhasimoloho, ho thabela kamano ea botona le botšehali? Kapa sepheo sa hao ke ho ba le botumo bo botle ka baka la ho tšepahala, tlhoeko, kutloelo-bohloko, tšebeletso ea phatlalatsa, bomoea? Ho sa tsotellehe hore na ke hofe, molao ona oa Bibele o ipaka o sebetsa: ‘Seo u se jalang, ke seo u tla se kotula.’—Ba-Galata 6:7.
Haeba u lahlela lintho tsa bohlokoa moqomong oa litšila, u lokela ho ikemisetsa ho jara liphello tsa hoo. Moahloli e Moholo oa Lekhotla Paul R. Huot o hlalosa liphello tse ling. U qolla taba ea ho se hlomphe molao, boitšoaro bo botle ba sechaba, le khalemelo, o re: “Hona joale ntho e itseng e lokile ka ho fetelletseng kapa e fosahetse ka ho fetelletseng. Ntho e ’ngoe le e ’ngoe e tlohelletsoe boikahlolelong ba motho. Re lahlehetsoe ke mekhoa metle. Re lahlehetsoe ke botho. Re lahlehetsoe ke bokhabane. Ke batho ba ’maloa haholo ba hlokomelang phapang pakeng tsa ho nepahetseng le ho fosahetseng. Hona joale ntho e talingoang e le sebe ke ha motho a tšoaroa, e seng ha a tlōla molao.”
Ha tsebo e hōla le matla aa hōla, ’me ho hlokahala ka ho eketsehileng hore boitšoaro bo laole tšebeliso ea tsebo le matla. (Liproverbia 24:5) Ka bomalimabe, ho eketseha ha tsebo le matla ho fokolitse boitšoaro. Rahistori Arnold Toynbee o hlalositse sena: “Ho utloisa bohloko ho nahana hore re atlehile haholo litabeng tsa boqapi ba lintho, empa tlaleho ea rōna e bontša ho hlōleha ha rōna ho soabisang tabeng ea boitšoaro.... Haeba sekheo sena sa boitšoaro se eketseha haholoanyane, ke bonela pele nako eo baahi ba tlang ho tsamaea ba jere libomo tsa athomiki lipokothong tsa bona.”
Tšekamelo ea mehleng ena ke ho khella lintho tsa bohlokoa fatše le ho lahlela sebe thotobolong ea lithōle. Boikutlo ba batho bo tšoana le ba mosali oa sehlola ea ho Liproverbia 30:20: “Mokhoa oa mosali oa sehlola o joalo le oona; oa ja, o itlhakola molomo, ’me o re: Ha kea ka ka etsa bokhopo!” Empa sebe se sa ntsane se re aparetse, ’me se ikhakanya ka lipolelo tse kang, ho ba le mohopolo o bulehileng, tokoloho, ho re tsebo e itšetlehile ka kahlolo ea batho, ho hlalosoa ha lintho tsa bohlokoa ka leseli le lecha, ho se ahlole litaba tsa boitšoaro—tsena tsohle li akarelletsoa e le “boitšoaro bo bocha.”
Ho Etsa Hore Phoso e Bonahale e Lokile
Ha ho letho leo ka sebele le fetohileng ho tloha mehleng ea Esaia. Mantsoe a hae a sa ntsane a nepile: “Ho malimabe ba bitsang bobe botle, le botle ba bo bitsa bobe; ba etsang lefifi leseli, le leseli ba le etsa lefifi; ba etsang ho baba monate, le monate ba o etsa ho baba!” (Esaia 5:20) Ka ho etsa hore lintho tse fosahetseng li shebahale li lokile, ba fetola matšoao a thermometer hore feberu e bonahale e se kotsi.
Ke lintho life tsa bohlokoa tse hlahisang liphello tse molemo? Ke life tse u thabisang, tse hlahisang metsoalle e tšepahalang, tse bōpang khotso le khotsofalo ea ka hare? Na u batla botumo bo botle ka ho tšepahala, ho bua ’nete, le ho ameha ka ba bang? Ho ratoa ke ba bang, ho hlomphuoa? Kapa na u nka lintho tsa bohlokoa e le ho ba le phahlo e ngata e bonahalang, ho latsoa matla a ho ba le leruo? Na ho khotsofatsa litakatso tsa nama ke hona habohlokoa haholo? Na u fumana ho le bohlokoa ho tsepamisa mohopolo oa hao mesebetsing eo u atlehileng ho e finyella?
Likamano tse litšila tsa botona le botšehali li ja setsi, li thooletsoa ke phatlalatso ea litaba le batho ka kakaretso. Empa li senya hakaakang manyalo le bophelo ba lelapa le boiketlo ba bana! Ho phaella bolokolohing bona ba likamano tsa botona le botšehali ke mekhoa e sothehileng ea bosodoma e mamelloang haesita le ho buelloa ke malumeli a mang a maholo a Bokreste-’mōtoana. Mabapi le mesebetsi e joalo, Lentsoe la Molimo lea botsa ebile lea araba: “Na ba soabela boitšoaro ba bona bo nyonyehang? Che, ha ba bo soabele ho hang; ebile ha ba tsebe esita le ho soaba.”—Jeremia 6:15, New International Version.
Jesu o ile a hatisa tlhoko ea moea, a re: “Ho thabile ba amehileng ka tlhoko ea bona ea moea, kaha ’muso oa maholimo ke oa bona.” (Mattheu 5:3, NW) Empa ba bangata ba hlokomoloha tlhoko ena ba e talima e le ea boleng bo fokolang ’me ha ba etse letho ho e khotsofatsa; athe bophelo bo se nang tlhoko ena bo qetella e se ba sebele. Esita le haeba motho a finyella katleho e ngata ea lefatše, bophelo bo joalo e ntse e se ba sebele hobane bo hloka thabo ea sebele le moea oa khotsofalo. Ka masoabi, ba elelloang tlhoko ena ’me ba batla ho e khotsofatsa likerekeng tsa Bokreste-’mōtoana ba khutla ba le feela, hobane ho Bokreste-’mōtoana ho na le ‘ho lapa, le lenyora, e seng ho lapela bohobe, leha e le ho nyoreloa metsi empa e le ho lapela mantsoe a Jehova,’ joalokaha ho boletse moprofeta Amose.—Amose 8:11.
Ho feta moo, ba bangata ba leng likerekeng ha ba sekeha litsebe tsa bona thutong e phelisang ea moea, empa ‘ka baka la ho hlohlona ha litsebe tsa bona, ba ipokelletse baruti ba lumellanang le litakatso tsa bona ’me ba khelosa litsebe tsa bona ’neteng, ho li isa litšōmong.’ (2 Timothea 4:3, 4) Baruti hammoho le ba eang likerekeng tsa bona ba ikutloa joalokaha ho entse batho ba mehleng ea Esaia, ba neng ba re ho ba bonang tlhoko ea bona ea moea: “Le se ke la bona! le ho baprofeta: Le se ke la re profetela ’nete, re bolelleng litaba tse khahlisang, le re bonele tse re thetsang! Khelohang tsela, e-eang kathōko, lesang ho bea Mohalaleli oa Iseraele pel’a mahlo a rōna.”—Esaia 30:10, 11.
Lintho tse molemo ka mokhoa oa Molimo li lokela ho tebisoa pelong ea hao. Haeba qeto ea hao e le ho talima lintho tse molemo kannete tse buelloang ke Molimo, kahoo tsela eo u lokelang ho e latela ke e thathamisitsoeng Lentsoeng la Molimo: “Le hlobole motho oa khale le liketso tsa hae; ’me le apare motho e mocha, ea nchafallang tsebong ka setšoantšo sa ea ’mōpileng.”−Ba-Kolosse 3:9, 10.
Leha ho le joalo, mohlomong ha u kholisehe hore Bibele ke Lentsoe la Molimo. Mohlomong u nyahamisitsoe ke lithuto tse kang tlhokofatso ea ka ho sa feleng ea moea o sa shoeng mollong oa lihele, kapa tlhahlobo ea bonnete ba ho ngoloa ha Bibele e fetolang Bibele taba ea litšōmo feela, kapa u nyahamisitsoe ke boikaketsi le boitšoaro bo sa lokang ba baruti ba ipolelang hore ba e emela.
Haeba u etsa tlhahlobo ho sena e tla u bontša hore “moputso oa sebe ke lefu,” e seng tlhokofatso mollong; hore lintho tsa morao-rao tse epollotsoeng li tiisa hore Bibele ke histori e nepahetseng, e seng tšōmo; le hore baruti ba bangata ba Bokreste-’mōtoana ba tšoana le baruti ba bohata ba mehleng ea Bibele, e seng baprofeta le baapostola ba tšepahalang ba mehleng eo.—Ba-Roma 6:23; Mattheu, likhaolo 5-7, 23.
Bibele ke mohloli oa lintho tsa bohlokoa tsa sebele. Ho li lumella hore li laole bophelo ba hao ho tla bolela kamohelo ea Molimo ’me ho tla u tataisetsa bophelong bo sa feleng lefatšeng le lecha la ho loka, moo ‘o tlang ho hlakola meokho eohle mahlong a batho; lefu ha le sa tla hlola le e-ba teng; ’me ha ho sa tla ba masoabi, leha e le ho bokolla, kapa bohloko; hobane tsa pele li fetile.’—Tšenolo 21:4; Johanne 17:3.
Ka hona e se eka lintho tsa bohlokoa tsa sebele tse khothalletsoang ke Lentsoe la Molimo li ka laola bophelo ba hao, ’me u ithuele molemo: “’Na, Jehova, ke Molimo oa hao, Ea u rutang ho itsoela molemo, Ea u etsang hore u tsamaee ka tsela eo u lokelang ho tsamaea ka eona. Ha feela u ka hla ua ela hloko litaelo tsa ka! Ka hona khotso ea hao e tla ba joaloka nōka, ’me ho loka ha hao ho tla ba joaloka maqhubu a leoatle.”—Esaia 48:17, 18, NW.
[Setšoantšo se leqepheng la 9]
Khotso e tšoanang le nōka