Polao e Sehlōhō—Ke Hobane’ng ha u Lokela ho Tsotella?
‘NA POLAO e sehlōhō e ile ea fela ea etsahala? Na hoa tsotelleha? Ke hobane’ng ha ke lokela ho itšoenya ka hoo?’ ba bang ba ka ’na ba botsa.
Lebaka le leng leo motho a lokelang ho tšoenyeha ka lona ke ho tiisa hore histori ha e iphete. Mophonyohi oa kampo ea mahloriso Primo Levi o ile a ipotsa ka pelaelo hore na ebe monahano oa likampo tsa mahloriso o hlile o shoele. O botsitse: “Ke [monahano] o mokae o khutlileng kapa o khutlang? Ke eng seo e mong le e mong oa rōna a ka se etsang lefatšeng lena le tletseng tšabo hore tšabo ena e felisoe?”
Ka hona, Levi o buile ka kameho ea ba bangata ba ipotsang hore ebe masetla-libete ao a ka boela a etsahala hape na. Histori ea joale e arabela joang? Histori ea bokhopo, ho bolaoa ha sechaba, litlhokofatso, mabotho a bolaeang, le batho ba “nyametseng” le ba “bolailoeng” ho tloha ka 1945 linaheng tse ngata ke bopaki ba hore monahano o lokafatsang likampo tseo tsa mahloriso o sa ntse o le teng ebile o sebetsa ka matla.
’Me ho ba pholohileng—bana, beng ka motho, le metsoalle ea bafu—bonnete ba histori bo hlile boa tsotelleha. Histori e itšetlehile liketsahalong tsa sebele le ka batho ba sebele. Na ke ntho e tsotellehang hore ebe Jesu e ne e le tšōmo? Kapa hore Napoleon kapa Muhammad, moprofeta oa Boiselamo, e ne e le batho ba sebele kapa tšōmo? Ho hlile hoa tsotelleha. Tsela ea histori e fetotsoe ke banna bana.
Ka ho tšoanang, ho rinngoa ha batho ka sehlōhō ke Manazi e bile ho utloisang bohloko ka ho fetisisa ho batho ba iphahamisang ka tsoelo-pele ea bona historing eohle. Joalokaha Primo Levi a hlalosa: “Ha ho mohla batho ba kileng ba bolaoa ka sehlōhō le ka bongata bo joalo ka nako e khutšoaane hakana, ho kopantsoe bohlale ba boqapi, cheseho e fetisisang, le sehlōhō.”
Empa ho na le ba belaellang polao eo. Ba belaela hore ho bolaoa ha batho ka sehlōhō ke ’nete ea histori.