Ho Thibela—Pelehi ke Mang ea Lokelang ho Etsa Qeto? Uena Kapa Kereke?
Ka mongolli oa Tsoha! Spain
Ngoana ke lengeloi le tsoang ho Molimo. Haeba u na le bana ba bangata, ke bopaki bo bongata ba hore Molimo oa u hlohonolofatsa ’me o u sebelisa bakeng sa morero oa oona.”
Mantsoe ana a moprista a ile a lula Joaquim ha bohloko. O ne a sa sebetse. Eena le mosali oa hae, Lourdes, ba ne ba se ba e-na le bana ba tšeletseng. Ba ne ba tla khona ba bang ba eketsehileng joang? Maikutlo a hae a ile a thōlisoa ke tlhokomeliso ena: “Ho qoba pelehi ke sebe. U tla khaoloa haeba u etsa sena!” Ho sa le joalo, Lourdes o ile a beleha bana ba bang ba leshome, ho sa tsotellehe maemo a mabe a moruo ao sena se ileng sa a hlahisa ao lelapa lena la Mapotoketsi le ileng la tlameha ho a mamella.
Moruti o ne a mpa a pheta hape lithuto tsa motheo tsa K’hatholike, hore lenyalo le tlameha ho hlahisa litholoana le hore banyalani ba lokela ho “ikemisetsa ho amohela bana” bao mohlomong ba ka ’nang ba hlaha. Leha ho le joalo, lilemong tsa morao tjena Mak’hatholike a mangata a boletse ka pelaelo ea ’ona ka litataiso tsa kereke litabeng tsena.
’Mè oa Mok’hatholike oa Fora ea nang le bana ba leshome o ile a bolela: “Ho ’na, thuto ea Roma e K’hatholike ha e sebetse kajeno ho banyalani ba bacha ba ratang ho phela bophelo ba bona ba lenyalo hantle mahlong a Molimo!” Kitty Parker oa California o boletse maikutlo a tšoanang: “’Na le monna oa ka re ile ra khetha ho thibela pelehi ka mor’a puisano ea nako e telele, ho bala le ho rapela. E bile ho ikarola ha rōna ha pele kerekeng.” Judy Ford oa Paignton, Engelane, o ikutloa hore “qeto e lokela ho etsoa ke lelapa le amehang, ntle le ho tšaba ho nyatsoa ke Kereke.”
Mak’hatholike a mangata a tšepahalang a ipotsa: ‘Mehleng ena ea sepenya sa baahi, moo bofutsana bo jeleng setsi, moo mek’huk’hu e eketsehang ka potlako, na e lokela ho ba kereke e etsang qeto mabapi le hore na mekhoa e itseng ea ho thibela pelehi e nepahetse kapa e fosahetse?’ Mak’hatholike a lokela ho mamela mang? Mopapa, moprista, kapa letsoalo la ’ona?
Hase Feela Taba ea Lekholong la Bo20 la Lilemo
Ke khale batsoali ba sebelisa litsela tsa ho fokotsa pelehi. Lilemong tse fetang likete tse peli tse fetileng, Aristotle o buile ka bohlokoa ba ho laola lenane la batho bakeng sa ho fokotsa bofutsana bo eketsehang. O ne a bua ka mekhoa ea ho thibela pelehi e neng e tloaelehile mehleng ea hae. Linaheng tse ngata mokhoa oa ho liehisa ho khoesa ngoana ka lilemo tse ’maloa o boetse o tlatselitse ho fokotseng lenane la bana ba hlahang. Leha ho le joalo, mokhoa o mong o tloaelehileng oa ho laola pelehi, o sa ntseng o sebeiisoa linaheng tse ling kajeno, ke ho bolaea masea. Ngoana ea sa batluoeng, eo hangata e leng ngoanana, o ile a bolaoa ka sehlōhō.
Lilemong tsa morao tjena, ka lebaka la maemo a ntlafalitsoeng a tlhokomelo ea bophelo, linaheng tse ling tsa Afrika ’mè o ba le bana ba ka bang robeli. Haeba palo eo bana ba hlahang ka eona India (bana ba ka bang ba bahlano ho ’mè a le mong) e tsoela pele ka sekhahla joalo, naha eo e tla ba le baahi ba ka bang limillione tse sekete bofelong ba lekholo lena la lilemo.
Malapa a joalo a mangata a phallela metseng ea litoropo e seng e e-na le baahi ba bangata ea linaha tse fokolang moruong joaloka Calcutta le Mexico City. ’Me Mexico e ka ba le batho ba limillione tse 26 ho ea ho ba limillione tse 36 selemong sa 2000. Ka lebaka leo, batho ba bangata ba lichaba tsena tse futsanehileng ba sebelisa mokhoa o mong o itseng oa thero ea malapa.
Ho sa le joalo, linaheng tse ngata tsa Bophirima, moo likliniki tsa thero ea malapa li leng ngata, lenane la masea a hlahang le theohile haholo. Lithibela-pelehi li sebelisoa ke banyalani ba bangata, ho sa tsotellehe bolumeli ba bona. Hangata likereke tsa Boprotestanta li tlohela taba ea ho thibela pelehi letsoalong la banyalani. Leha ho le joalo, ka 1930, Mopapa Pius XI o ile a tiisa ka molao boemo ba hona joale ba molao oa K’hatholike, bo ileng ba toboketsoa ke Mopapa Paul VI le ho hatisoa ke mopapa oa hona joale, John Paul II.
Qaka ho Mak’hatholike a Tšepahalang
Molao oa ’muso oa K’hatholike oa ho thibela pelehi o hlalosoa joang? Ka mantsoe a bonolo, o bolela hore ke feela mekhoa ea “tlhaho” ea ho thibela pelehi e amohelehang. Mokhoa oa “tlhaho” o ile oa hlalosoa ke Mopapa John Paul II e le “ho lemoha maikutlo le tataiso ea kemolo . . . ho ba motsoali ho ea ka maikutlo ana.” Mekhoa e meng ea ho thibela pelehi e thibetsoe.
Ka ho hlakileng, Mak’hatholike a fumana mokhoa ona oa ho thibela pelehi e le o sa sebetseng. Ka hona, a tlamehile ho latela matsoalo a ’ona kapa thuto ea kereke ea oona. Linaheng tse ngata tsa Bophirima, Mak’hatholike a amohelang likhopolo tse ling a sekamela ho hlokomoloha likeletso tsa mopapa, le hoja e se ka maikutlo ’ohle. Hona ho joalo le linaheng tseo boholo e leng Mak’hatholike.
Moprista oa Fora oa hlalosa: “Ho beha litekanyetso tse phahameng haholo, e seng joaloka tataiso, empa e le molao o feletseng, ho lebisa mefuteng e ’meli e bapileng ea kereke: Ka lehlakoreng le leng ke ba bang ba etsang melao bakeng sa batho ’me ba ’maloa baa mamela. Ka lehlakoreng le leng, boholo ba batho bo etsa seo bo se ratang esita le ho tlōla melao eohle e joalo.’ Spain karolo e fetang 60 lekholong e hlokomoloha lithuto tsa kereke tabeng ea ho thibela pelehi le hoja karolo e fetang halofo ea batho bana e ipolela e le Mak’hatholike. Tlhahlobo ea morao tjena ea Italy e bontšitse hore karolo e ka tlaase ho 2 lekholong e lumellana le boemo ba molao ba kereke.
Ho se lumellane hona ho hoholo mahareng a seo kereke e se rutang le seo Mak’hatholike ka kakaretso a se etsang ha ho makatse ka baka la lipono tse loantšanang tsa babishopo, baprista, le baruti tabeng ena. Le hoja lipolelo tsa mopapa li ne li hlakile, banna ba bangata ba baholo kerekeng ha ba bone taba ena ka tsela e hlakileng, ’me ba bang ba ipelaetsa ka eona pepeneneng. Leha ho le joalo, baprista ba lokelang ho laea banyalani, hangata ha baa ikemisetsa ho etsa likahlolo tsa boitšoaro tabeng ena. Kahoo potso ea bohlokoa ke hore, Na ho na le litaelo tsa Molimo tse tobileng mabapi le ho thibela pelehi?
Pono ea Bibele ke Efe?
Haegata ba hanyetsang tšebeliso ea lithibela-pelehi ba qotsa taelo ea Bibele e nehiloeng Adama le Eva: “Ngatafalang, le ate, le tlale lefatše.” (Genese 1:28) Ho joalokaha mongoli oa Spain Ricardo Lezcano a ile a hlokomela ka ho nepahetseng: “Ho bonahala e le taba e loantšanang ho sebelisa mokhoa o tšoanang ho batho ba limillione tse 4 000 o ileng oa sebelisoa feela ho batho ba babeli lefatšeng.” Ka ho hlakileng ho bonahala molao ona o ne o amana le maemo a khethehileng a neng a le teng nakong eo.
Ha ho kae kapa kae ka Bibeleng moo ho buuoang ka ho thibela pelehi kapa thero ea malapa. Le hoja Bibele e nyatsa boitšoaro bo bobe ba botona le botšehali, ha e rute hore ho hlahisa bana feela ho ka lokafatsa likamano tsa botona le botšehali pakeng tsa monna le mosali. (Bapisa Liproverbia 5:15-20; 1 Ba-Korinthe 7:2, 3.) Ka lebaka leo, tabeng ena, joaloka maemong a mang moo ho seng tataiso e tobileng ea Mangolo, banyalani ba lokela ho iketsetsa qeto tumellanong le letsoalo la bona. Ho beha litekanyetso tse sa utloahaleng tsa se nepahetseng le se fosahetseng e tla be e le “ho fetelletsa se ngotsoeng.”—1 Ba-Korinte 4:6, The New American Bible, phetolelo ea K’hatholike.
Sena hase bolele hore mokhoa o mong le o mong oa ho thibela pelehi oa amoheleha mahlong a Molimo. Bibele e bolela ka ho hlakileng hore Molimo o nka bophelo ba ngoana ea e-song ho tsoaloe e le ba bohlokoa le hore o tsotella lesea le e-song ho hlahe. (Pesaleme ea 139:13-16; Jeremia 1:5) Tlas’a Molao oa Moshe, motho eo ka boomo a neng bolaea ngoana ea e-song ho hlahe o ne a tšoaneloa ke kahlolo e boima. (Exoda 21:22, 23) Ka lebaka leo, ponong ea Molimo, ho ntša mpa ha ho amohelehe, ’me ho joaloka mokhoa kapa meriana e felisang bophelo ka mor’a hore kemolo e qalise.a
Ka hona, seo Mak’hatholike a mangata a se lumelang—hore thero ea malapa e molemo ha e tlohelletsoe ho banyalani—ke sona seo Bibele e se bontšang.
Joaquim, ntate oa Mopotoketsi ea boletsoeng pelenyana, o ile a fihlela qeto eo ka mor’a hore a bone mathata le masisa-pelo a ho khomarela thutong ea K’hatholike mabapi le ho thibela pelehi. O ile a qala ho hlahloba Bibele ho bona haeba lithuto tse ling tsa kereke le tsona e se feela “litaelo tsa batho” ho e-na le ho ba “molao oa Molimo.”—Mattheu 15:3, 9, Dy.
Hona joale, e le e mong oa Lipaki tsa Jehova, o leka ka matla ho se latele litaelo tsa batho empa tsa Jesu Kreste. (1 Ba-Korinthe 2:16) Ke hobane’ng ha u sa etse patlisiso e tšoanang, Lipaki tsa Jehova sebakeng sa heno li tla thabela ho u thusa.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Ke liketsahalong tse fokolang haholo moo mehato e matla ea meriana e bontšang hore ho etsa hoo ho boloka bophelo ba ’mè.—Bona Molula-Qhooa oa September 15, 1975, maqephe 431-2.
[Lebokose le leqepheng la 12]
Likhopolo tse sa Lumellaneng
◼ Humanae Vitae (Encyclical of Pope Paul VI, 1968). Kopano ea banyalani e lokela ho ba “ea botho ka ho felletseng,” e bulehiling ka ho felletseog ho phethahatsa bophelo bo bocha.”
◼ Mopapa John Paul II. “Ho thibela pelehi, ha ho hlahlojoa, ke boitšoaro bo litšila hampe, boo ka lebaka leha e le lefe bo ke keng ba lokafatsoa. Ho nahana kapa ho bua ka tsela e fapaneng le ena ho tšoana le ho bolela hore ho na le maemo a mang moo ho Ioketseng ho se nke Molimo e le Molimo.”
◼ Mok’halinale oa Spain Narcisso Jubany Arnau. “[Ke] sebe se tebileng haholo ho qoba kemolo ka boomo.”
◼ Babishopo ba Fora ba K’hathotike lengolong le eang ho moprista (1968). “Bohlale ba tlhaho bo lekanyetsa hore na ke mosebetsi ofe oa bohlokoahali pel’a Molimo tabeng ena. Banyalani ba lokela ho iketsetsa qeto ka mora nako e telele ea ho lumellana.”
◼ Moruti oa Chatkolike Charles Curran. Ka mor’a lengolo la mopapa le eang ho babishopo la 1968 le buang ka ho thibela pelehi, Curran le liithuti tse ling tsa K’hatholike tse 600 hammoho le litsebi tsa kereke ba fane ka molaetsa o bolelang hore banyalani ‘ba entse ho lokiieng ka hore ba latele letsoalo la bona.’
◼ Moprsita oa Fora ea hōlileng. “Kereke e hatella ho bua ka mantsoe a etsang hore e lahleheloe ke bopaki ha eona kaofela . . . E tsoela pele ho thatafatsa melao.”