Ho Nyarela ka Litabeng
Na ke Senotlolo se Isang Thabong?
“Sebetsa ka thata ka lilemo tse peli, hamorao ke thabo ea ka ho sa feleng.” Lena, ho ea ka koranta ea Japane Yomiuri Shimbun, ke lepetjo le sebetsang har’a liithuti tsa Machaena Japane. Ka tebello ea ho rua, liithuti tsena li kalima lichelete tsa ho tla Japane, moo li lumelang hore chelete ke matletse-tletse. Li tšepa hore ka ho sebetsa lilemo tse peli mosebetsing oa nakoana ha li ntse li kena sekolo, li ka boloka li-yen tse limillione tse peli (e ka ba liranta tse 39-200) ’me e be joale li khutlela hae ho ea phela ka thabo ka mehla.
Ho tšepa chelete ho joalo e le sona senotlolo se isang thabong ho atile lefatšeng lohle. Tlhahlobong ea haufinyane har’a bacha linaheng tse 9 ho tse 11 e senotse hore “‘chelete’ e ile ea hlahella ka holimo lenaneng” la lintho tseo ba tšoenyehileng ka tsona le tseo ba amehileng ka tsona, ho bolela Asahi Evening News.
Na ka sebele ho tšepa maruo ho tla bula monyako o isang thabong? Morena Salomone ea bohlale o ile a lemosa hore “ea ratang silevera e ke ke ea mo khorisa.” (Moeklesia 5:10; 7:12) Ho beha chelete sebakeng sa pele ha ho tlise khotsofalo ea ’nete, kapa ho tiisa tšireletso nakong e tlang. Ka mohlala, Bibele e re: “Leha e le silevera ea bona, leha e le gauda ea bona, li ke ke tsa tseba ho ba namolela tsatsing la khalefo ea Jehova.” (Sofonia 1:18) Leha ho le joalo, ka ho fapaneng, mopesaleme Davida o ngotse: “Ho lehlohonolo, [“ho thabile,” NW] motho ea beang tšepo ea hae ho Jehova.” Ho tšepa Jehova e seng chelete, ke sona senotlolo sa ho ba le thabo e sa feleng.—Pesaleme ea 40:4; Esaia 30:18.
Qaka ea Kolobetso
Haufinyane ho sa tsoa hlaha mathata a mabeli ka kolobetso ea masea Kerekeng ea Chache. Bothata ba pele bo amana le kolobetso “e sa khetheng,” eo moruti e mong a e hlalositseng e le mofuta o mong oa “moento oa moea.” Bothata ba bobeli ke lenane le eketsehang la baruti ba hanang ho kolobetsa masea ao batsoali ba ’ona ba sa tšehetseng Kereke ea Chache.
Baruti ba bangata ba elelloa hore hangata batsoali ha ba na takatso ea ho ea kerekeng ’me ha ba rate ha bana ba bona ba sa ee. Joale ke hobane’ng ha ba kolobetsa masea? “Ba batla hore masea a bona a reoe lebitso la kolobetso, feela joalokaha ba batla ho fa kapa ho amohela limpho tsa letsatsi la tsoalo, ho khabisa mahae a bona ka Keresemese . . . Hona ke karolo ea setso sa bona: ha ho hlokahale lebaka,” ho hlalosa The Times.
Moruti e mong o ile a itokolla mosebetsing hobane a ile a fihlela qeto ea hore kolobetso ea masea ha ea lokela ho etsoa. O itse: “Motho feela ea ka etsang boitlamo bo joalo ho Kreste ke motho eo ka boeena.” Mohlomong a ka be a phaelletse ka hore Jesu Kreste o ne a le lilemo li 30 ha a ne a kolobetsoa le hore lentsoe la Segerike bakeng sa kolobetso, ba·ptiʹzo, le bolela ho tipa kapa ho qoelisoa.” Ka mor’a hore Jesu a kolobetsoe Nōkeng ea Jordane, o ile a “tsoa metsing.” (Mareka 1:10; Mattheu 3:13, 16) Ha ho moo Bibele e buang ka ho fafatsoa ha masea ka metsi. Le hoja kolobetso e le pontšo ea motho ea boinehelo ho Molimo e le molateli oa mohlala oa Kreste, hase qeto eo lesea le ka e etsang.
Lithibela-pelehi le Mak’hatholike
Ho hanyetsa ho thibela pelehi ha Kereke ea K’hatholike ho ile ha tiisoa ke John Paul II Sebokeng sa Bobeli sa Machaba Thutong ea Bolumeli ea Boitšoaro se neng se tšoaretsoe Roma ka Pulungoana selemong se fetileng. Ho ea ka koranta ea Motse oa Vatican, L’Osservatore Romano, o itse: “Hase molao o qapiloeng ke motho. O ngotsoe ke letsoho la Molimo ka setšoantšo sa motho. Ho o belaella ho tšoana le ho hana ho utloa Molimo likelellong tsa rōna,” ’me ka baka leo, o eketsa ka ho re, “o ke ke oa belaelloa ke baruti ba K’hatholike.”
Empa lengolo la mopapa le eang ho babishopo bohle Humanae Vitae leo Mopapa John Paul a buileng ka lona ’me le ngoliloe lilemo tse 20 tse fetileng ke Paul VI “ka potlako le ile la belaelloa ke baruti ba bangata,” ho hlokometse koranta ea Italy La Stampa, ’me la hlokomolohuoa ke “Mak’hatholike a mangata.”
Ka ho hlakileng, ho se fetohe ha kereke tabeng ea ho laola pelehi ho arohantse baruti ’me ho ferekantse haholo Mak’hatholike a tšepahalang. Ho se lumellane ho tsoelang pele mabapi le tšebeliso ea lithibela-pelehi tsa mofuta leha e le ofe ho khannetse John Paul ho phehella baruti bohle ho bua “puo e tšoanang.” Empa, ho fapana le polelo ea Mopapa ea hore boemo ba kereke mabapi le ho thibela-pelehi bo “ngotsoe ka letsoho la Molimo,” koranta ea Italy La Repubblica e hlokometse hore “ha ho temana Lievangeling kapa Testamenteng ea Khale e qotsitsoeng ho tiisa molao ona.”
Ha ho moo Bibele e buang ka ho sebelisa lithibela-pelehi kapa ho laola ho beleha bana lenyalong, leha e le hore e bolela ka hore Bakreste ba tlamehile ho beleha bana. Lentsoe la Molimo le siea taba ea thero ea lelapa letsoalong la banyalani ba Bakreste. Ka ho ntša molao oa eona mabapi le ho laola pelehi, Kereke e K’hatholike e se e ‘tlolisitse se ngoliloeng.’—1 Ba-Korinthe 4:6.