Kolobetso ea Masea—Lebaka Leo Baruti ba Bang ba e Hanyetsang!
ALAN le Sonia ba ne ba ipatlela feela hore lesea la bona le kolobetsoe. Ka hona ba utloa ba tšeloa ka metsi a batang ha moprista oa bona oa Chache a sa hane feela ho etsa tšebeletso empa a bile a fana ka keletso ena: “Ikolobelletseng eena.” Ka lebaka la’ng Hobane ka bobeli Alan le Sonia ba ne ba sa tsamaee kereke ka mehla.—The Christian Century, June 3-10, 1981.
Banyalani ba seng ba kae ba sa tsoa hanyetsoa joalo—letsoao le hlakileng la hore likereke tse ling li ntse li fetola pono ea tsona ea kolobetso ea masea. Nahana Kereke ea Roma e K’hatholike, kereke e ile ea tsosolosa litšebeletso tsa eona tsa kolobetso ea masea. E, kereke e ntse e kolobetsa masea, empa joale batsoali ba tšoanela hore pele ba itlame hore ba tla holisa ngoana e le Mok’hatholike. Botsamaisi ba Kereke bo ile ba laela: ‘‘Haeba boitlamo bona bo hlile bo sa tiea, ho ka ba le mabaka a ho liehisa tšebeletso ena; ‘me haeba bo hlile bo le sieo, tšebeletso ena e ka ba ea hanoa” (Mongolo o tšekaletseng ke oa rōna.)—L’Osservatore Romano, “Instruction on Infant Baptism,” Tšitoe 1, 1980.
Ona ke mohoo oa khale matsatsing ao, ho ea ka moprista oa K’hatholike Joseph M. Champlin, “baruti ba mafolo-folo [ba neng] ba kolobetsa bana ba bahetene ba lahluoeng tseleng,” ‘me baprista “ba ne ba phehella batsoali ho se liehise Kolobetso ea lesea nako e fetang khoeli ka lebaka la bohloko ba sebe se bolaeang.”
Ke eng e susumelitseng litšekamelo tsee tse fetohileng? Ka lebaka le leng, baetapele ba kereke joale baa hlokomela hore kolobetso ha e etse Mokreste. Ho ameha ho bakuoe haholo ke lenane le qephang la ba eang kerekeng le khaello e akaretsang ea boinehelo har’a Bak’hatholike ba kolobelitsoeng. Sehlooho se ho U.S. Catholic se phea khang tjena, “Ke hobane’ng ha kereke e tšoanela ho thatafatsa bothata ka ho kolobetsa bana bao ho nang le bopaki bo hlakileng ba hore e tla ba batho ba baholo ba sa etse letho?”
Leha ho le joalo, pono ena e ncha e sa sekisetseng ka kolobetso e boetse e pepesa karohano e tebileng har’a liithuti tsa bolumeli. Joalokaha mongoli oa Mok’hatholike Joseph Martos a hlokomela, baruti ba bangata ha ba lumele hore kolobetso ea masea ke “tšebeletso ea mohlolo e nang le liphello tse sa bonahaleng moeeng.” Ho bona, pono e joalo ke ea khale le e fetiloeng ke nako.
Ha ho makatse hee hore e be Bak’hatholike ba bangata ba tšepahalang ba ferekane. Na kereke ha e ea ka ea ruta ka mehla hore masea a sa kolobetsoang a ka ’na a oela liheleng tse tukang malakabe kapa a solla pelekatoring? Haeba hona ke ’nete, ba bang baa ipotsa, ke hobane’ng ha kolobetso e ka hanoa tlas’a maemo afe kapa afe. Tsena ke lipotso tsa bohlokoa. Joalokaha moprista oa K’hatholike a ile a hlokomela, kakaretso ea ba shoeleng ba sa kolobetsoa ke “letšoele le palo e sa baleheng ruri, eo ho leng bonolo hore ho nahanoe hore e etsa boholo ba moloko ’ohle oa motho.” (Mongolo o tšekaletseng ke oa rōna.) Ka hona, ha re ke re hlahlobeng kolobetso ea masea—ho ea ka histori le ka Bibele.