Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w86 3/15 maq. 4-7
  • Na Masea a Lokela ho Kolobetsoa?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Na Masea a Lokela ho Kolobetsoa?
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1986
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Na ke Neano ea Molimo kapa ea Batho?
  • ‘Meeling ea Lihele’
  • Tsekisano e Qalisa Hape
  • Ho Kolobetsoa ha Masea le Ngoana oa Hao
  • Kolobetso ea Masea—Lebaka Leo Baruti ba Bang ba e Hanyetsang!
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1986
  • Na Masea a Lokela ho Kolobetsoa?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2011
  • Kolobetso e Bolela’ng?
    Lipotso Tsa Bibele Lia Arajoa
  • Ho Kolobetsoa ke Qeto e Molemo eo U ka e Etsang
    U ka Thaba ka ho sa Feleng!—Lenaneo la ho Ithuta Bibele
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1986
w86 3/15 maq. 4-7

Na Masea a Lokela ho Kolobetsoa?

Ho hang lesea ha le shebahale e le moetsalibe. Empa leha ho le joalo tloaelo ena ea boholo-holo ke ea ho hlatsoa sebe. Ka makhetlo a mararo ntate ea ikarabellang ka ho kolobetsoa ha lesea o latola Satane le mesebetsi ea hae. Joale moprista o nka moritšoana ’me habonolo o fafatsa metsi phatleng ea lesea ka makhetlo a mararo, “Ke u kolobetsa ka lebitso la Ntate, le la Mora, le la Moea o Halalelang.”

KA LILEMO tse likete tse peli masea a ile a kolobetsoa ka tsela ena. Mohlomong batsoali ba hlalosa hoo e le phihlelo e susumetsang maikutlo. Leha ho le joalo, na mokhoa ona o simolohile Lentsoeng la Molimo? Baruti ba Katholike ba re ha ho joalo—Bona New Catholic Encyclopedia, Moqolo 2, leqephe 69.

Ipalle buka ea Bibele ea Liketso, ’me kapele u tla hlokomela hore har’a Bakreste ba pele, kolobetso e ne e le ea batho ba ‘mamelang’ ka kutloisiso le ba “bakang.” (Liketso 2:14, 22, 38, 41) Ho hang lesea le ke ke la etsa lintho tseo! Ke ’nete hore Bibele e bua ka ho kolobetsoa ha malapa, joaloka tabeng ea Kornele.a Empa le moo, ho ile ha kolobetsoa “ba utloang lentsoe”—e seng masea.—Liketso 10:44-47.

Na ke Neano ea Molimo kapa ea Batho?

Hlaloso ea Vatican e hlōlehang ho qotsa tšehetso ea Bibele e re, “Kolobetso ea masea ke molao oa neano oo ho sa hopoloeng tšimoloho ea oona.” Empa na neano ena e theiloe ke Jesu Kreste? Che, kahobane ho kolobetsoa ha masea ho bile teng lilemo tse telele kamor’a lefu la baapostola. Qetellong ea lekholo la bobeli la lilemo, mongoli ea hlomphuoang oa bolumeli Tertullian o itse, “[Bana] e be Bakreste ha ba se ba tseba Kreste.”

Moapostola Pauluse o lemositse hore hamorao ho ne ho tla fihla nako ‘eo batho ba sa tlong ho mamela thuto ea ’nete.’ (2 Timothea 4:3, TLP) Kamor’a lefu la baapostola mekhoa e nyatsoang ke mangolo ea qala ho khukhunela borapeli ba Bokreste kaha ho ne ho se letho le sebeletsang e le ‘thibelo.’ (2 Ba-Thessalonika 2:6) Har’a mekhoa eo ke ho kolobetsoa ha masea. Empa ho kolobetsoa ha masea ha ea e-ba molao ho fihlela lekholong la bohlano la lilemo. Nakong eo ha hlaha le tsekisano e khōlō e ileng ea fetola Bokreste-’motoana ka ho sa feleng.

Lintho li qalile ha momonke oa Brithani Pelagius a etela Roma. Ka baka la ho nyonya bobe boo a neng a bo bona har’a batho ba neng ba ipitsa Bakreste, a ikemisetsa ho susumelletsa batho “boitšoarong bo molemo.” Motho a ke ke a bolela hore mefokolo ea hae e bakoa ke ‘sebe sa tšimolohong,’ ha bua Pelagius. “Ntho e ’ngoe le e ’ngoe e molemo le ntho e ’ngoe le e ’ngoe e mpe . . . e etsoa ke rōna, che, ha ea tsoaloa le rōna.” Thuto ea Pelagius ea fetoha taba e khōlō ea Bokreste-’motoana.

Empa ha hoa ba joalo ka nako e telele. Baetapele ba kereke ba talima ho beeloa thoko ha ‘sebe sa tšimolohong’ e le bokoenehi. Ka ho se tsebe Pelagius o ne a buella tloaelo e neng e atile nakong eo—ho kolobetsoa ha masea. Mobishopo Augustine a bona seo e le boikhanyetso. Augustine a re, ‘Haeba masea a tlameha ho kolobetsoa, ho thoe’ng ka a sa kolobetsoang?’ Karabelo ea e-ba hore masea ao a tla hlokofatsoa mollong oa lihele kahobane ha a kolobetsoa. Ntlha eo ea Augustine ea qeta litaba: Kaha masea a sa kolobetsoang a hlokofatsoa, ke eng se ikarabellang ka kahlolo eo ha e se ‘sebe sa tšimolohong’?

Thuto ea Pelagius ea felisoa joalo. Lekhotla la kereke le neng le tšoaretsoe Carthage la ntša phatlalatso ea hore lithuto tsa Pelagius ke bokoenehi. ‘Sebe sa tšimolohong’ sa fetoha karolo ea boipolelo ba Katholike. Joale kereke ea ntšetsa pele tšokoloho ea matšoele—hangata ka ho a qobella—ho a sireletsa ‘mollong oa lihele.’ Kolobetso ea masea ea khaotsa ho ba mokhoa feela o tloaelehileng empa kofuto ea poloko, kofuto eo likereke tsa Boprotestanta li ileng tsa e amohela.

‘Meeling ea Lihele’

Thuto ea Augustine ea hlahisa lipotso tse bohloko: Ho tla joang hore Molimo oa lerato o hlokofatse masea a se nang molato liheleng? Na masea a sa kolobetsoang a tla otluoa joaloka baetsalibe? Ha hoa ba bonolo hore baruti ba fane ka karabelo. Moprista oa Katholike Vincent Wilkin o itse: “Ba bang ba behile masea a bona a sa kolobetsoang malakabeng a chesang a mollo oa lihele, ba bang ba lumela hore ha a chesoe ke malakabe a mollo empa a hlokofatsoa ke mocheso; ba bang ba etsa hore hlokofatso ea lihele e be bobebe haholo . . . Ba bang ba a bea sebakeng sa paradeise.”b

Thuto e atileng ke e bolelang hore meea ea masea a sa kolobetsoang e bolokiloe limbo. Lentsoe lena le bolela “meeling” (joaloka ’menong oa kobo) ’me ba hlalosa hore sebaka seo se meeling ea lihele. Liithuti tsa bolumeli li amohela maikutlo a joalo. Bonyane a bebofatsa bobe ba hlokofatso ea masea.

Thuto ea limbo e na le mathata a eona, joaloka lithuto tse ling tse entsoeng ke batho. Ke hobane’ng ha ho sa boleloe ka eona Mangolong? Na masea a tla ke a tsoe limbo? ’Me ke ka lebaka la’ng ha masea a se nang molato a tlameha ho isoa moo? Ke taba e khahlisang hore kereke e boletse hore limbo “hase thuto ea molao ea Katholike.”c—New Catholic Encyclopedia.

Tsekisano e Qalisa Hape

Ka makholo a lilemo Makatholike a ile a khomarela maikutlo a Augustine a ho kolobetsa bana ba bona ho ba ‘sireletsa ho kena limbo.’ Leha ho le joalo, ho tloha ka bo-1950 ha qala tsekisano e ncha ea ho kolobetsoa ha masea. Liithuti tsa Katholike tsa qala ho belaela haeba mokhoa ona o tšehetsoa ke Bibele. Tse ling tsa hana ho amohela thuto ea Augustine ea lihele le ea limbo.

Lekhetlong la pele, baetapele ba khomaretseng melao ea kereke ba hana ho sekisetsa. Ka 1951 Mopapa Pius XII a buisana le sehlopha sa babelehisi. A tiisa tumelo ea hore “mohau o-oa hlokahala nakong ea lefu bakeng sa poloko,” a khothaletsa babelehisi ho etsa kolobetso ka bobona haeba ho bonahala hore lesea le sa tsoa hlaha le tla shoa. “Le se hlōlehe ho etsa tšebeletso eo e lerato.” Ka ho tšoanang, ka 1958 Vatican ea ntša temoso ea hore “masea a tlameha ho kolobetsoa kapele-pele ha ho khoneha.”

Empa leha ho le joalo, tsekisano ea hlaha kamor’a lekhotla le tsebisahalang la Vatican II. Ka tsela e makatsang, kereke ea leka ho amohela maikutlo a baetapele ba khomaretseng melao ea kereke le ba bontšang bolokolohi. ‘Kolobetso e hlokahala ka ’nete bakeng sa poloko,’ ke mantsoe a lekhotla. Empa leha ho le joalo, poloko e teng ea “ba sa tsebeng molaetsa oa Kreste empa e se ka molato oa bona.”d

Kamor’a moo, kereke ea hlahloba hape tšebeletso ea ho kolobetsoa ha masea. Har’a lintho tse ling, baprista ba ne ba e-na le khetho ea ho hana ho kolobetsa lesea haeba batsoali ba lona ba hlōleha ho tšepisa hore ba tla le hōlisa e le Mokatholike. Na e be kereke e qeteletse e suthetse hōle le thuto ea Augustine? Ba bang ba ne ba nahana joalo ’me ba qala ho belaela kolobetso ea masea.

Vatican ea ntša “Taelo ea Kolobetso ea Masea,” e reng: “Kereke . . . ha e tsebe tsela e ’ngoe ntle ho ho kolobetsa bana ho ba kenya thabong ea ka ho sa feleng.” Babishopo ba laeloa “ho khutlisa neano ea khale . . . eo ba e tlohetseng.” Empa ho thoe’ng ka masea a shoang a sa kolobetsoa? “Kereke e ka tšepa hore a mohaung oa Molimo.”

Ho Kolobetsoa ha Masea le Ngoana oa Hao

Ha ho pelaelo hore Makatholike a mangata a tšepahalang a tsielehisoa ke taba ena. Empa a mang a ka ’na a re, ho sa tsotellehe hore na thuto ea Katholike tabeng ena e tšehetsoa hakae, bonyane kolobetso e qalisa ngoana hantle tseleng ea bolumeli. Empa na ho joalo? ’Mè e mong oa Mokatholike o itse: “Ke na le bana ba banyenyane haholo ba babeli, ’me ha ke bone letheba la mohau ho bona, ba fapane ka sebele.”

Ho kolobetsa ngoana ha ho mo thuse ho hōlisa tumelo. Ha e le hantle, ho hlokomoloha taelo ea Jesu: “E-eang ke hona ’me le etse barutuoa [kapa “le etse baithuti”] . . . le ba kolobetse.” (Mattheu 28:19, NW) Kolobetso ha e bolele letho ntle le haeba motho a hōlile ka ho lekaneng ho ba morutuoa. Ke ’nete hore ‘ha ho hopoloe tšimoloho ea neano’ ea ho kolobetsa masea. Empa na Jesu ha a ka a nyatsa ‘ba neng ba fetotse molao oa Molimo lefeela ka mokhoa oo ba o neanang’?—Mattheu 15:6.

Bibele e khothaletsa batsoali ho ruta bana ba bona litaba tsa moea ho tloha “bonyenyaneng.” (2 Timothea 3:14-17) Ka baka lena Lipaki tsa Jehova li amohela ka botebo keletso ea Bibele ea ho holisa bana ba bona ‘taelong ea Jehova.’ (Ba-Efese 6:4, NW) Hangata sena se etsoa ka ho ba le lenaneo la kamehla la thuto ea Bibele ea lelapa. Batsoali ba joalo ba ruta bana ba bona ho ba libokeng tsa Bokreste le ho kopanela ho tsona. (Ba-Heberu 10:24, 25) Ba khothaletsa bacha ba bona “ho bolela ka molomo” tumelo ea bona. (Ba-Roma 10:10) Hamorao, bana ba bona ba ka susumeletseha hore ba inehele ho Jehova Molimo ’me ba bonahatse boinehelo boo ka ho kolobetsoa metsing. Ho etsa joalo ho tumellanong le Mangolo ’me ho utloahala haholo le ho khotsofatsa haholo ho feta ho sheba tšebeletso ea ho kolobetsoa ha lesea le se nang kutloisiso.

Haeba ngoana oa Mokreste a ka shoa pele a kolobetsoa, ha ho hlokahale hore batsoali ba tšohe hore o tla cha liheleng kapa o tla leta limbo. Bibele e ruta hore bafu ha ba utloe letho. (Moeklesia 9:5, 10) Batsoali ba ka tšelisoa ke tšepiso ea Jesu ea hore “nako ea tla, eo bohle ba mabitleng ba tla utloa lentsoe la hae; ’me ba tla tsoa ho oona” ka tebello ea ho phela Paradeiseng e tsosolositsoeng. (Johanne 5:28, 29; Luka 23:43) Tšepo eo e theiloeng Bibeleng e tšelisa haholo ho feta lineano tsa batho tse fetohang—le tse tsielehileng.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Ka linako tse ling mantsoe “lelapa” ka Bibeleng ha a akarelletse masea. Ka mohlala, Tite 1:11 (TLP) e bua ka hore bokoenehi “ba qhala malapa.”—Bona hape 1 Samuele 1:21, 22.

b Augustine o boletse hore masea a sa kolobetsoang a “tla amohela tlhokofatso e bonolo.”

c Ha lekhotla la kereke la lekholong la bo18 la lilemo le ne le leka ho bolela hore limbo ke “tšōmo ea Pelagius,” Mopapa Pius VI a ntša lengolo la bopapa le neng le nyatsa lekhotla leo ka hore ke bokoenehi. Le hoja lengolo leo la bopapa le sa ka la tiisa ka ho feletseng limbo, empa le ile la boloka thuto eo e phela.

d Moruti oa Katholike Tad Guzie o hlalositse boemo bo bocha ba kereke e le “tšebeletso ea bohlanya e talimang kolobetso ea metsi e le bohato ba pele ba bohlokoa ba poloko, e seng bohato ba ho qetela ba khōlo ea motho leha e le ofe.”

[Chate e leqepheng la 7]

Likarolo tse Khōlō tsa Histori ea Kolobetso ea Masea

Letsatsi (C.E.) Ketsahalo

c. 193 Tertullian o phea khang ka ho

kolobetsoa ha batho ba

baholo

253 Lekhotla la Carthage le ntša phatlalatso

ea hore ‘masea a tlameha

ho kolobetsoa kapele-pele’

412-417 Tsekisano pakeng tsaPelagius le

Augustine ka ‘sebe sa tšimolohong’

417 Lekhotla la Carthage le nyatsa

maikutlo a Pelagius e le bokoenehi.

Ho kolobetsoa ha masea ha

fetoha thuto ea Katholike

1201, 1208 Mopapa lnnocent lll o buella

kolobetso ea masea

1545-1563 Lekhotla la Trent le bolela

hore “anatema” e be holim’a motho

leha e le mang ea hanang

kolobetso ea masea

1794 Lengolo la bopapa

Auctorem Fidei le nyatsa Seboka

sa Jansenist, se neng se

bitsa limbo bokoenehi

1951 Mopapa Pius Xll a

hatella bohlokoa ba ho

kolobetsoa ha masea ka

ho khothaletsa babelehisi hore ba etse

tšebeletso ena maemong a tšohanyetsang

1958 Vatican ea ntša molao

oa hore ‘masea a tlameha

ho kolobetsoa kapele-pele

kamoo ho ka khonehang kateng’

1963-1965 Lekhotla la Bobeli la

Vatican le ntša molao oa

hore poloko e ka khoneha

ntle ho kolobetso.

Litaelo tsa ho kolobetsoa

ha masea lia hlahlojoa

1980 Vatican e tiisa tloaelo

ea ho kolobetsoa ha masea,

e bolela hore ‘ha e tsebe

tsela e ’ngoe eo bana ba ka kenang

thabong e sa feleng’ ka eona

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela