Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g89 10/8 maq. 7-9
  • Ntoa—Ho Mamella Liphello Tse Bokhloko

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ntoa—Ho Mamella Liphello Tse Bokhloko
  • Tsoha!—1989
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ho Tsoa Kotsi Kelellong
  • Liphello Tse Bohloko Tsa Ntoa
  • Ho Fumana Tharollo
  • Haha Tšepo Litšepisong Tsa Molimo
  • Maikutlo a Molimo ka Ntoa Mehleng ea Kajeno
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2015
  • Ntoa e Tla Felisa Lintoa
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1988
  • Ntoa—Letšoho le ho Tsoa Kotsi Kelellong
    Tsoha!—1989
  • Se Entseng Hore ke Tlohele ho Rata Ntoa
    Tsoha!—2009
Bala Tse Ling
Tsoha!—1989
g89 10/8 maq. 7-9

Ntoa—Ho Mamella Liphello Tse Bokhloko

KE JOANG batho bao ntoa e ba ntšitseng kotsi kelellong ba tsebang ho mamella? Ho utloisisa taba ena, Tsoha! e ile ea buisana le bahlaseluoa ba bang ba ntoa.

Bob Honis o bile har’a Masole a Lebotho la Leoatleng la U.S. a likete tse mashome a ileng a loana ntoeng ea bobeli ea lefatše ea Iwo Jima Pacific e ka bophirima. Histori ha ea ngolloa ho tšosa batho empa ho bontša hore ba bang ba ka hlaphoheloa esita le liphihlelong tse bakiloeng ke kotsi ea ntoa kelellong.

Ho Tsoa Kotsi Kelellong

“Re ile ra qala ho atamela Iwo Jima ka 8:30 hoseng ka la 19 Tlhakubele, 1945. Lithunya tse khōlō tsa sekepe sa ntoa Tennessee li ile tsa khutsa, ’me sefofane sa rōna se ile sa thunngoa ke sera se lebōpong. Ka matsoalo a phahameng, a letetseng ketsahalo e larileng ka pele, ke ile ka hoeletsa, ‘Re pholose!’ ka mor’a tlhaselo ea pele.

“Hang ha re fihla lebōpong, ke tsebile feela ho fofonela monko o mobe oa phofo ea sethunya, molora o motšo oa mollo, le thepa e tukang.

Sefofane sa rōna se ile sa thunngoa. Mokhanni o ile a shoa hang feela, ’me thepa ea rōna kaofela e ile ea senngoa.

“Nke ke ka lebala pono ea masole a shoeleng. E mong sefahleho sa hae se ne se shebile lehlabatheng. Lieta tsa hae tsa ntoa, tse se nang mohato oa leoto, li ne li tlanngoe ho fihlela mangoleng, likutung tsa maoto a kileng a ba macha, le ho ba matla. Ha ke talima ka letsohong la ka le letona nakong eo ke khasetsang ka potlako mokoting oo masole a itšireletsang ho ’ona, ke ile ka bona lesole le leng le itšetlehile ka sethunya sa lōna le se tšoarelletse sefubeng, le khaotsoe hlooho. Lebōpo le ile la silafatsoa ke masole a shoeleng, a mangata a ponngoe likoto hoo a neng a ke ke a hlalosoa. E ne e sa le linyane.

“Letsatsing la bobeli ke ile ka rongoa ho ea hlahloba sebaka se seng sa rōna. Ke ile ka bona boemo bo tsitsipanyang hakaakang! Bomo e ileng ea qhoma e ile ea khaola maoto le matsoho a lesole la pele leo ke ileng ka le bona. Katiba ea lona ea ntoa le lebanta le tlangoang ka tlas’a selelu li ne li ntse li le boemong ba tsona. Le ne le tonne mahlo, le talimme pele joalokaha eka le nahana ka ho tebileng. Le ne le tsekollotsoe likoto joaloka lipopi, ’me masole a mang e ne e le likotoana tsa nama tse hasaneng har’a molora o motšo.

“Polao ena e sehlōhō e ile ea tsoela pele ka matsatsi a mararo. Litopo li ile tsa qala ho bola kapele. Monko oa tsona o mobe o ile oa qala ho ba matla. O ne o tletse hohle. Ho ne ho se tsela ea ho o balehela.

“Ka mor’a matsatsi a mane a ntoa e mahlo-mafubelu, ka la 23 Tlhakola joale ho ne ho phahamisoa folaga ea Amerika Thabeng ea Suribachi. Ho e-na le hore ke thabe, ke ile ka soaba. Litopo li ne li tletse hohle. Ho ne ho bonahala bophelo e le ntho e nkuoang habobebe. Ntoa e sehlōhō e ile ea tsoela pele ho fihlela ka la 26 Tlhakubele, ha qetellong Iwo Jima e ne e hapiloe, ka mor’a polao e sehlōhō e sa khaotseng. E bile tšollo e khōlō hakaakang ea mali—lenane la Maamerika le Majapane a 26 000 a ile a bolaoa sehleke-hlekeng se boholo ba lik’hilomithara tse tse 20 feela!

Liphello Tse Bohloko Tsa Ntoa

“E ne e tlameha ebe ebile nako ea thabo e khōlō ha ke ne ke lokolloa Sesoleng le ho kopana hape le lelapa la ka. Ho e-na le hoo, se ’nileng sa phaellana ka hare ho ’na joale se ile sa hlahella—boikutlo ba ho ba feela le ba ho hloka thuso.

“Lipotso li ’nile tsa ntlhokofatsa. Haeba bophelo e le ntho e sa reng letho hakana, molemo oa ho phela ke ofe? Na ruri ho na le Molimo o tsotellang? Na liphihlelo tsa ka li tla ntlhokofatsa bophelo ba ka bohle? Esita le ka mor’a hore ke nyale Mary, tlhokofatso e ’nile ea tsoela pele. Ke ne ke sa bone tebello ea ka ho sa feleng ea bokamoso bo thabileng, ke ne ke bona feela ntoa le polao e hlokang kelello ho fihlela nakong eo, ’me qetellong timetso ea lefatše lohle le bophelo bo leng holim’a lona.

Ho Fumana Tharollo

“Nakoana ka mor’a hore re nyalane, ’na le mosali oa ka, re ile ra eteloa ke Lipaki tsa Jehova tse peli. Sena se ile sa ’neha monyetla oa ho botsa lipotso tse ling tse batlisisang ka ntoa, bohloko, le morero oa bophelo. Likarabo lipotsong tsa ka li ile tsa hlaha kapele ka Bibeleng.

“E, ho teng Molimo o lerato o tsotellang le oo kapele o tlang ho felisa bohloko bohle le masoabi. (Pesaleme ea 83:18; Tšenolo 21:1-4) Che, Molimo ha o khothalletse lintoa ka sepheo sa ho phehella lipakane tsa batho tsa bopolotiki. (Pesaleme ea 46:9; Esaia 2:4; Johanne 18:36) Che, lefatše le ke ke la senngoa ka koluoa ea nuclear. Le tla hlola ka ho sa feleng, joaloka lehae la paradeise bakeng sa bohle ba finyellang litlhokahalo tsa Molimo.—Pesaleme ea 37:29; Esaia 45:18; Tšenolo 11:17, 18.

“Ha thuto ea ka ea litšepiso tse futhumatsang pelo tsa Bibele e ntse e tsoella, boikutlo ba ho ba lefeela le ho hloka morero ha bophelo butle-butle bo ile ba feela. Ke ile ka kholiseha hore ’Muso oa Molimo ke ’ona feela pheko ea sebele e tlang ho tlisa khotso le tšireletso lefatšeng. Ntoa ea Molimo ea Armageddone e tla felisa bobe bohle lefatšeng.—Daniele 2:21, 22; Mattheu 6:10; Tšenolo 16:14-16.”

Haha Tšepo Litšepisong Tsa Molimo

Ba bang ba lumela hore ho ithuta ’nete ka merero ea Molimo ka lefatše le mabaka a ho lumella ha Oona bobe ka nakoana ebile lebaka le matla ka ho fetisisa le ba thusitseng ho mamella liphello tse bohloko tsa ntoa.

Sena hase bolele hore phekolo ea meriana ha e hlokahale ka linako tse ling. Empa tšepo ea sebele, e theiloeng litšepisong tse tšepahalang tsa Molimo ka Bibeleng, e fana ka matla a ka hare bakeng sa ho mamella mathata a tebileng.

Leha ho le joalo, mohlomong ha u angoe ka ho toba ke liphello tse bohloko tsa ntoa. Empa u ka ’na ua tseba ka e mong ea amehang. Ke’ng seo u ka se etsang? “E-ba ea utloisisang le ea khothatsang ba hlokofalitsoeng ka tsela ena,” ho bolela mohlaseluoa e mong oa liphello tsa ntoa,Mary C——. O elelitse: “Thusa batho ba joalo ho talima bokamoso, ho nahana ka litšepiso tsa Molimo, e seng ka litlokotsi tsa nako e fetileng.” E, e-ba mosa ’me u nahanele. Amohela maikutlo a bona. Leka ho ba thusa ho haha tšepo ea bokamoso.

U ka ’na ua re, ‘Empa ho ka boleloa joang hore ba ileng ba hlokofatsoa ke liphello tse bohloko tsa ntoa, ntoa e ’ngoe hape, ea Armageddone, e tla ba tharollo?’ Armageddone, ntoa ea Molimo khahlanong le bobe bohle, e tla ba ntoa ea Molimo e ke keng ea e-ba le bahlaseluoa ba se nang molato. E ke ke ea tlōla melao-motheo ea toka le molemo. E tla loanoa “ka ho loka,” e leng moo ho tla timela ba khopo feela.—Tšenolo 19:11; Liproverbia 2:20-22.

Armageddone e ke ke ea eba le liphello tse bohloko, esita le mehopolo e tšoenyang kapa maqeba a mang a maikutlo. Lefatše le lecha la Molimo le tla phethahatsa mantsoe a boprofeta a ngotsoeng ho Esaia 65:17-19: “Tse fetileng ha li sa tla hlola li hopoloa, li ke ke tsa khutlela mehopolong. . . . Lentsoe la lillo ha le sa tla hlola le utloahala teng, leha e le lentsoe la pokollo.”

Bahlaseluoa bohle ba nakong e fetileng ba ntoa le pefo, esita le bafu ba tla rua molemo ntoeng ena. (Pesaleme ea 72:4, 12-14; Johanne 5:28, 29) Nahana ka eona—ho tsosolosoa ha Paradeise ea khotso eo pele e neng e le morero oa Molimo.

Bob Honis o re, “Tšepo ena eo Bibele e fanang ka eona ke senotlolo sa ho mamella liphello tse bohloko tsa ntoa. Bohle ba ntšitsoeng kotsi ke liphello tse bohloko tsa ntoa ba ka rua molemo tšepong e joalo. Tšepo ena, ke ‘ankora ea moea, joalokaha Bibele e bolela.’”—Ba-Heberu 6:19.

[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 8]

“Se ’nileng sa phaaella ka hare ho ’na joale se ile sa hlahella—boikutlo ba ho ba feela le ho hloka thuso”

[Litšoantšo leqepheng la 7]

Ha re le tseleng ho ea Iwo Jima, re ile ra hlahloba lihlekehleke

Honis o bonahala ka holimo ka letsohong le letona

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]

U.S. Marine Corps

[Setšoantšo se leqepheng la 9]

Bob le Mary Honis kajeno

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela