Se Entseng Hore ke Tlohele ho Rata Ntoa
Joalokaha ho boletse Thomas Stubenvoll
KE HLAHETSE New York City ka la 8 November, 1944. Ke hōletse South Bronx, ’me ka nako eo motse oa heso o ne o arotsoe ka lihlopha tsa merabe. Ha ke ntse ke hōla, ke ne ke qeta nako e ngata ke le literateng, ’me ka mor’a nakoana ke ile ka ithuta ho hlompha meeli ea likenke tsa merabe e meng. Likenke tseo li ne li tšajoa kaha li ne li etsa tlōlo ea molao ’me li le mabifi.
Ha ke le lilemo li 12, ke ne ke se ke tsamaea le kenke e ’ngoe. Re ne re ipitsa The Skulls. ’Na le bo-mphato ba ka re ne re qheketsa makarecheng a terene ’me re utsoa peanut butter le lijo tse ling. Likenke tsa bashanyana ba seng ba habile lilemo tse 20, li ne li tella le ho feta. Likenke tseo li ne li atisa ho loana ’me batho ba bangata ba ile ba shoa lintoeng tseo. Ka lekhetlo le leng, motsoalle e mong oa ka o ile a hlajoa ka thipa a ba a shoa ke ntse ke mo shebile.
Ke Thahasella Ntoa
Bophelo ba likenke bo ne bo hlile bo sa nthabise. Ha nako e ntse e ea, ke ile ka batla ho falla motseng oo. Malome Eddie o ne a bile Ntoeng ea Korea, moo e neng e le setho sa Sesole sa Metsing, e leng lefapha la sesole sa United States. Tsela eo Malome Eddie a neng a hlalosa mosebetsi oa Sesole sa Metsing ka eona e ile ea nthahasellisa. O ile a mpolella hore lesole ka leng la Metsing ke moeta-pele ea laolehileng le hore ke mohlabani ea matla ea koetliselitsoeng ho nka khato a sa tsilatsile. Masole a Metsing a ne a e-na le lepetjo la Selatine le reng, Semper fidelis, le bolelang “lula u tšepahala,” e leng se neng se totobatsa kamoo a latelang molao o thata kateng oa botšepehi le boitlamo. Ka mor’a nakoana, sohle seo ke neng ke se batla e ne e le ho ba lesole le koetlisitsoeng la Metsing.
Ka la 8 November, 1961, ha ke ne ke qeta lilemo tse 17, ke ile ka kenela Sesole sa Metsing. Le pele ho feta likhoeli tse ’nè, ke ile ka qeta koetliso ea motheo ea Sesole sa Metsing. Ke kamoo ke qalileng tšebeletso ea ka ea sesole e nkileng lilemo tse 11.
Ha ke kena sesoleng ho ne ho se na lintoa. Leha ho le joalo, masole a Metsing a lula a koetlisoa nako ena kaofela. Qalong ke ile ka romeloa Oahu, Hawaii, moo ke ileng ka qeta lilemo tse peli ke koetlisoa ka thata ka maqheka a sebelisoang ke masole a tsamaeang ka maoto le ke likhukhuni ntoeng. Ke ne ke ipabola tabeng ea ho korola, ke khona ho korola ntho e boholo ba lisenthimithara tse 25 ke eme sebakeng se bohōle ba limithara tse 460. Ke ne ke koetliselitsoe ho loana ke se na libetsa, ho sebelisa liqhomane, ho bala ’mapa, ho qhaqha mehaho le ho tsamaisa boitsebiso. Seo se ne se ’natefela haholo.
Ha ke tloha Hawaii, ke ile ka qeta likhoeli tse tšeletseng ke le Japane, moo ke neng ke abetsoe ho lebela libetsa tse ka tlas’a metsi, Setsing sa Likepe le Lifofane sa Atsugi. Ka mor’a nakoana, bora bo neng bo le teng pakeng tsa United States le Vietnam Leboea bo ile ba tota, ’me ka abeloa ho tsamaea le masole a Metsing, re tsamaea ka USS Ranger, eo sefofane se neng se ka lula ho eona. Ho tloha Koung ea Tonkin, sekepe sa rōna se ile sa thusa masole a moeeng ho hlasela Vietnam Leboea ka libomo. Qetellong, ke ne ke le ntoeng ea sebele. Leha ho le joalo, ke ne ke nka hore kaha ke ka sekepeng, ke fetoa ke monate oa ntoa.
Seo e Leng ’Nete ka Ntoa
Ka 1966 nakong ea selemo, ha ke ntse ke tsamaea ka Ranger, ke ile ka tlotloa ka ho lokolloa bosoleng, ka mor’a hore ke qete lilemo tse ’nè. Masole a mangata a boemong boo a ne a tla thabela ho khutlela hae, e le hore a qobe ho ba ntoeng e tletseng tšollo ea mali e neng e sokela. Empa ke ne ke se ke inehetse Sesoleng sa Metsing ke bile ke le setsebi sa ntoa ’me ke sa ikemisetsa ho khaotsa. Ke ile ka etsa qeto ea ho ingolisa hape.
Ke ne ke batla ho loana. Ke sona seo ke neng ke se koetliselitsoe. Kahoo ke ile ka ithaopela ho ba lesole le tsamaeang ka maoto. Ke ne ke sa tsotelle hore na ke abeloa eng, hafeela ke ne ke le lesole le tsamaeang ka maoto la Sesole sa Metsing. Ke ne ke ikemiselitse ho ba lesole le hloahloa la Metsing, ’me ntoa e ne e se e fetohile molimo oa ka.
Ka October 1967, ke ile ka isoa Vietnam. Ke ne ke tšohile ke bile ke thabile, ’me hang-hang ka isoa profinseng ea Quang Tri, moo ntoa e neng e kupa teng. Hona letsatsing leo, ke ile ka iphumana ke le ka har’a ntoa e mahlo-mafubelu. Batho ba ne ba bolaoa ba bile ba tsoile likotsi hohle ho mpotoloha. Ke ne ke bona ho qoba lerōle ha likulo tsa ba lireng li otla fatše. Ho ne ho se na moo motho a ka ipatang teng ha e se ka lihlahla tse seng kae. Ke ile ka qala ka thunya. Ho ne ho tšosa. Ke ne ke nahana hore ke tlil’o shoa. Qetellong, ntoa e ile ea emisa. Ke ile ka pholoha, empa ba bangata bao ke ileng ka thusa ho ba jara, bona ha baa ka ba pholoha.
Ka likhoeli tse 20 tse ileng tsa latela, ke ile ka loana ntoa e mahlo-mafubelu Ntoeng ea Vietnam. Ke ne ke qeta boholo ba nako letsatsi ka leng, ke thunya kapa ke leka ho qoba ho thunngoa, ke tsometsa ba lireng kapa bona ba re tsometsa. Boholo ba nako, ke ne ke thunya ba lireng ke le ka mekoting e neng e tlala seretse ha pula e na. Ka linako tse ling ho ne ho bata le maemo e-ba a sa mamelleheng. Ke ne ke ja le ho robala ka mekoting eo.
Mosebetsi oa ka oa ho khoasa ba lireng le ho ba bolaea, o ne o ntsamaisa ka har’a meru e mokhoabong, moo re neng re lula re le kotsing ea ho tsometsoa ke ba lireng ba ipatileng ka morung o teteaneng. Ka linako tse ling, ke ne ke qeta lihora tse ngata ke le sebakeng seo ho sona liqhomane li ntseng li phatloha. Ntoeng e ’ngoe e neng e loaneloa pel’a motse oa Khe Sanh, hoo e ka bang masole a mararo ho a mang le a mang a mane a lebothong la rōna a ile a lemala kapa a bolaoa—’me ra pholoha re le 13 feela.
Ka la 30 January, 1968, ke ne ke le kampong ea masole moo ka lekhetlo la pele ke neng ke ka robala ka tenteng ka mor’a nako e fetang selemo. Boikhutsonyana boo bo ile ba fela mesong ea letsatsi lona leo ha ke ne ke tsosoa ke lerata le koaloang litsebe la sethunya se seholo. Ke ile ka tsoa likotsi. Likotoana tse ’maloa tsa tšepe li ile tsa ntlhaba lehetleng le ka mokokotlong. Hoseng hoo ba lireng ba ne ba qalile ho hlasela ka matla.
Ka lebaka la ho lemala ke ile ka fuoa khau e fuoang masole a lemetseng kapa a bolailoeng ntoeng, empa ke ne ke sa lemala hoo nka khaotsang ho loana. Baoki ba ile ba ntša litšepe tseo ka potlako ’me nakoana ka mor’a moo ka ea motseng oa Hue, moo e ’ngoe ea lintoa tse khōlō e ileng ea loaneloa teng. Ha ke le moo ke ile ka bolaea batho larita. Ho thunya ba lireng e ne e se letho ho ’na. Ke ile ka qeta matsatsi a 32, ke kena ka ntlo le ntlo ke batlana le ba lireng ke bile ke ba bolaea.
Ka nako eo, ke ne ke nka hore ke etsa se loketseng. Ke ne ke ipolella hore ‘etsoe ba lireng ba bolaea banna, basali le bana ba likete ba se nang molato ba motseng oa Hue. Literateng le liphasejeng ho ne ho hasane litopo tse likete. Ho ne ho tletse liqhomane hohle, esita le ka tlas’a litopo tse ling. Re ne re lula re tšohile hore re ka ’na ra tsometsoa ke ba lireng.’ Lintho tsena kaofela ha lia ka tsa ’nyahamisa. Ke ne ke nka hore ho bolaea ba lireng e ne e le ntho e nepahetseng.
Ho Rata Ntoa ka Tsela e Feteletseng
Nakoana ka mor’a ntoa ea Hue, ke ile ka qeta likhoeli tse 13 tseo ke neng ke li abetsoe. Leha ho le joalo, ntoa e ne e ntse e loanoa ’me ke ne ke ntse ke batla ho tsoela pele. Kahoo ke ile ka ithaopela ho lula Vietnam bakeng sa mosebetsi o mong. Ka nako eo ke ne ke le sajene ’me ke ile ka abeloa mosebetsi o khethehileng. O ne o akarelletsa ho etella pele masole a Metsing ha a ea metsaneng ea mahaeng. Ha re le moo re ne re sebelisana le baahi ’me re ba koetlisa hore ba sireletse metse ea bona. Re ne re lula re le hlokolosi kaha hangata ba lireng ba ne ba itsoakanya le baahi ba motse. Bosiu re ne re tsamaea ka lenyele—re batla masole a lireng, re a tšoara le ho a bolaea. Le hoja ho ne ho le thata hakaalo, lerato la ka la ntoa le ne le ntse le hōla.
Nako eo ke e qetileng ke le Vietnam ka lekhetlo la bobeli e ile ea feta kapele. Ke ile ka boela ka kōpa ho tsoela pele ka ntoa. Lekhetlong lena baokameli ba ka ba ile ba hana, mohlomong ba hlokomela hore ke rata ntoa ka tsela e feteletseng. Empa ke ile ka tsoela pele ke le Sesoleng sa Metsing. Ke ile ka khutlisetsoa United States hore ke e’o koetlisa masole a macha. Ke ile ka qeta lilemo tse tharo le halofo ke shebane le ho koetlisa masole a macha. Ke ne ke e-na le lintho tse ngata tseo nka li rutang masole ao, ’me ke ile ka leka ka hohle ho a tiisa lipelo joaloka ’na.
Ke Fumana Morero o Molemo Bophelong
Ke ile ka tloaelana le mokoetlisi e mong oa masole a macha. Mosali oa hae o ne a sa tsoa mo siea. Khaitseli ea hae e leng Christine Antisdel, e neng e sa tsoa ba e mong oa Lipaki Tsa Jehova, e ile ea ithaopela ho tla lula le eena le ho mo thusa ho hlokomela bana ba hae ba babeli ba banyenyane. Leo e ne e le lekhetlo la pele ke utloa ka Lipaki.
Ke hōletse lelapeng la Mak’hatholike ’me ke kene sekolong sa K’hatholike ka lilemo tse robeli. Ke ne ke bile ke le mosebeletsi oa aletare kerekeng. Leha ho le joalo, ke ne ke sa tsebe letho ka Bibele. Christine o ile a fetola seo. O ile a nthuta linnete tsa Bibele tseo ke neng ke qala ho li utloa. Ke ile ka ithuta seo ha e le hantle Bibele e se rutang le seo e sa se ruteng.
Ka mohlala, ke ile ka ithuta hore Bibele ha e rute hore Molimo o hlokofatsa batho mollong oa lihele ha ba shoele. (Moeklesia 9:5, 10) Ha e rute hore Molimo ke karolo ea Boraro-bo-bong. (Johanne 14:28) Leha ho le joalo, Bibele e ruta hore Molimo o tla felisa bokhopo, bohloko le lefu ’me batho ba mamelang ba tla phela lefatšeng la paradeise ka ho sa feleng. (Pesaleme ea 37:9-11; Tšenolo 21:3, 4) Ke ile ka boela ka ithuta ’nete mabapi le melao ea Molimo ea boitšoaro. (1 Bakorinthe 6:9, 10) Ke ile ka ithuta hore Molimo o na le lebitso, e leng Jehova. (Pesaleme ea 83:18) Lintho tsena kaofela li ne li nthahasellisa!
Ka November 1972, ke ile ka isoa kampong e ’ngoe moo ke neng ke lokela ho ruta liofisiri tsa sesole maqiti a ntoa. Ha ke le moo ke ile ka qala ho ithuta Bibele le Lipaki Tsa Jehova. Ke ile ka ea libokeng tsa tsona ’me ka khahloa ke kamoo Lipaki li leng botsoalle li bileng li nang le kameho ea bara ba motho kateng.
Empa ha ke ntse ke ithuta Bibele ka ho eketsehileng, letsoalo la ka le ile la nkhathatsa. Linnete tsa Bibele li ne li hanyetsana le mokhoa oa ka oa bophelo. Ke ne ke ineheletse ho khothalletsa lintoa tsa bochaba le pefo, e leng lintho tseo Molimo a li hloileng.
Ke ile ka etsa qeto ea hore nke ke ka ba lesole la Metsing ka ba ka rapela Jehova Molimo ka nako e le ’ngoe. Ke ile ka tlohela ho rata ntoa ka nako eo. Ke ile ka etsa qeto ea ho tlohela mosebetsi. Ka mor’a hore ke qete likhoeli ke tlatsa lipampiri, ba mosebetsing ba buisana le ’na le lingaka tsa mafu a kelello li ntlhahloba, ke ile ka lokolloa ka tsela e hlomphehang—lekhetlong lena e le hobane letsoalo la ka le nkhanela ho ba sesoleng. Kahoo ke ile ka khaotsa ho ba lesole la Metsing ka mor’a lilemo tse 11.
Joale ke ne ke ka bolella Jehova mantsoe a Esaia 6:8, a reng: “Ke ’na enoa! Roma ’na.” Ha e le hantle, ke ne ke loketse ho sebelisa matla a ka le mafolofolo a ka ho sebeletsa Molimo oa ’nete ho e-na le ho ba lesole la Metsing. Ke ile ka kolobetsoa ke le e mong oa Lipaki Tsa Jehova ka la 27 July, 1973. Likhoeli tse hlano hamorao ke ile ka nyala Christine Antisdel, e leng Paki ea pele eo ke ileng ka kopana le eona.
’Na le Christine re qetile lilemo tse 36 tseo re nyalaneng ka tsona re thusa batho ba bang hore ba ithute Bibele ’me ba atamele haufi le Molimo. Re qetile lilemo tse robeli re le barumuoa naheng ea Dominican Republic. Ho se ho fetile lilemo tse 18 ke le molebeli ea tsamaeang. ’Na le mohatsa’ka re etetse liphutheho tsa Lipaki Tsa Jehova tse makholo tsa puo ea Sepanishe ho pholletsa le United States.
Ho fihlela kajeno ha ke e-s’o ka ke e-ba le bothata leha e le bofe maikutlong le kelellong ka lebaka la lintoa tseo ke li loanneng khale. Ha ke na bothata ba ho ferekana kelellong boo masole a bang le bona ka mor’a ntoa, ha ke lore litoro tse tšosang ’me ha ke be le lipono tsa lintho tse etsahetseng khale. Leha ho le joalo, ka mor’a ho atamela haufi le Jehova Molimo, ke ikoahlaea haholo ka hore ebe ke ile ka bolaea batho ba bang ntoeng.
Ke ile ka etsa liphetoho tse khōlō, empa e le tsa bohlokoa. Hona joale ke nka hore Molimo o ntšoaretse ka lintho tseo ke li entseng nakong e fetileng. Ho e-na le ho bolaea batho, hona joale mosebetsi oa ka ke ho ba fa tšepo ea ho phela lefatšeng la paradeise ka ho sa feleng. Ha ke ne ke le lesole la Metsing ke entse lintho ka ho hloka tsebo le ka ho chesehella se fosahetseng. Kaha ke e mong oa Lipaki Tsa Jehova, ke ithutile seo Bibele e se rutang, ’me ke etsa lintho ke kholisehile hore ho na le Molimo oa ’nete, ea phelang, le ea lerato le hore qetellong batho ba mo ratang le ba mo hlomphang ke bona feela ba tla etsahalloa ke lintho tse molemo.
[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 25]
Ke ne ke qeta boholo ba nako letsatsi ka leng, ke thunya kapa ke leka ho qoba ho thunngoa, ke tsometsa ba lireng kapa bona ba re tsometsa
[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 27]
Ka mor’a ho atamela haufi le Jehova Molimo, ke ikoahlaea haholo ka hore ebe ke ile ka bolaea batho ba bang ntoeng
[Litšoantšo tse leqepheng la 24]
Ha ke ne ke le mokoetlisi oa masole a macha (ka holimo) le ha ke ne ke le lesole le tsamaeang ka maoto Vietnam (ka ho le letšehali)
[Litšoantšo tse leqepheng la 25]
Ka lebaka la ho lemala ke ile ka fuoa khau e fuoang masole a lemetseng kapa a bolailoeng ntoeng, empa ke ne ke sa lemala hoo nka khaotsang ho loana
[Litšoantšo tse leqepheng la 26]
’Na le Christine re qetile lilemo tse 36 tseo re nyalaneng ka tsona re thusa batho ba bang hore ba ithute Bibele