Bokamoso ba Bolumeli ha ho Talingoa Liketsahalo Tsa Bona Tse Fetileng
Karolo 21: 1900 ho ea pele—Liaparo Tse Tletseng Mali
“Ha ho na motheo oa sebele o theiloeng holim’a mali.”—Shakespeare, sengoli sa lipale le Lithothokiso sa Lenyesemane (1564-1616)
NA U sa hopola Jonestown, Guyana, tlokotsi ea lilemo tse 11 tse fetileng khoeling ee? Litho tse fetang 900 tsa sehlopha sa bolumeli se tsejoang e le People’s Temple li ile tsa ipolaea, tse ngata ka ho ithatela, ka ho noa seno-mapholi se nang le chefu ea cyanide.
Batho ba tšohileng, ba ile ba botsa: ‘Ke bolumeli ba mofuta ofe bo etsang mahlabelo ka bophelo ba litho tsa oona?’ Leha ho le joalo, mali a se nang molato a ’nile a tšolloa lebitsong la bolumeli hoo e ka bang lilemo tse 6 000. Lekholong la bo20 la lilemo, mali a ile a tšolloa ka bongata ka litsela tse ngata ho feta nako leha e le efe historing. Ak’u nahane ka karolo ea bopaki.
Mahlabelo a Batho ho Molimo oa Bohata
Ho tloha ka 1914, lintoa tse peli tsa lefatše le liqhoebeshano tse nyenyane tse fetang lekholo li tšolotse mali a mangata haholo. Lekholong la lilemo le fetileng, mongoli oa Lefora Guy de Maupassant o boletse hore “mohloli oa lintoa” ke lerato la naha, leo a le bitsitseng “mofuta oa bolumeli.” Ha e le hantle, The Encyclopedia of Religion e bolela hore motsoal’a moea oa ho rata naha, e leng bocha, “o fetohile mofuta oa bolumeli o busang lefatše la joale, ’me o leka ho nka sebaka se feela se siiloeng ke ho theoha ha lintho tsa bohlokoa tsa meetlo ea bolumeli. “(Mongolo o tšekaletseng ke oa rōna.) Ka ho hlōleha ho ntšetsa pele borapeli ba ’nete, bolumeli ba bohata bo siile sebaka se feela sa moea e le moo bochaba bo tsebileng ho kena teng.
Ha ho moo sena se ileng sa bontšoa hantle teng ho feta Nazi ea Jeremane, eo baahi ba eona qalong ea Ntoa ea II ea Lefatše ba ipoletseng hore karolo ea 94,4 lekholong ke Bakreste. Libakeng tse ling kaofela, Jeremane—moo Boprotestanta bo tsoaletsoeng teng le ho thoholetsoa teng ka 1914 ke Mopapa Pius X e le lehae la “Mak’hatholike a molemo ka ho fetisisa lefatšeng”—bo ne bo tlameha ho emela se molemohali seo Bokreste-’mōtoana bo neng bo tlameha ho fana ka sona.
Habohlokoahali, Adolf Hitler oa Mok’hatholike o ile a fumana tšehetso e khōlō har’a Maprotestanta ho feta har’a Mak’hatholike. Libaka tsa Boprotestanta li ile tsa mo neha karolo ea 20 lekholong likhethong tsa 1930, ’me libaka tsa K’hatholike karolo ea 14 lekholong. Karolo e khōlō ea Mokha oa Nazi likhethong ebile ka 1932 Oldenburg, e leng sebaka seo karolo ea 75 lekholong e leng Maprotestanta.
Ka ho hlakileng, “sebaka se feela se siiloeng ke ho theoha ha lintho tsa bohlokoa tsa bolumeli” se bile seholoanyane ho Boprotestanta ho feta ho Bok’hatholike. ’Me ho bile joalo ka ho utloahalang. Bolumeli ba tokoloho le ho nyatsa Bibele ho matla ebile haholo-holo ka baka la baruti ba Protestanta ba buang Sejeremane.
Habohlokoa ka ho tšoanang ebile ho matlafatsoa ha tšehetso ea K’hatholike ho Hitler. Rahistori oa Jeremane Klaus Scholder o hlalosa hore “ka moetlo Mak’hatholike a Jeremane ka ho khethehileng a bile le maqhama le Roma.” Ha Vatican e bona tšehetso ea Bonazi ho Bokomonisi, e ile ea rata ho sebelisa tšusumetso ea eona ho matlafatsa puso ea Hitler. Scholder o re: “Liqeto tsa motheo li ’nile tsa sekamela haholo ho Roma e K’hatholike, ’me ha e le hantle boemo ba Bok’hatholike le bokamoso Pusong ea Jeremane li ile tsa behoa ka ho felletseng Roma.”
Karolo eo Bokreste-’mōtoana bo bileng le eona lintoeng tse peli tsa lefatše e lebisitse tahlehelong e sehlōhō ea botumo. Ho joalokaha Concise Dictionary of the Christian World Mission e hlalosa: “Ka pel’a batho bao e neng e se Bakreste . . . ho ne ho hlakile ’nete ea hore lichaba tse nang le thuto ea Bokreste ea lilemo tse sekete li ne li hlōlehile ho laola litakatso tsa tsona ’me li ne li sentse lefatše lohle bakeng sa takatso ea tsona ea bophahamo.”
Ha e le hantle, lintoa tse susumelitsoeng ke bolumeli hase ntho e ncha. Empa ho fapana le nako e fetileng ha lichaba tsa bolumeli bo fapaneng li ne li loantšana, lekholo la bo20 la lilemo ka ho eketsehileng le fumane lichaba tsa bolumeli bo tšoanang li loantšana. Ka ho hlakileng molingoana oa bochaba o ’nile a laola melingoana ea bolumeli. Ka hona, nakong ea Ntoa ea II ea Lefatše, ha Mak’hatholike le Maprotestanta Brithani le United States a ne a bolaea Mak’hatholike le Maprotestanta Italy le Jeremane, Mabuddha Japane a ne a etsa ntho e tšoanang ho baena ba oona ba Mabuddha Asia e boroa bo bochabela.
Leha ho le joalo, ka lebaka la liaparo tsa bona tse tletseng mali, ka ho loketseng Bokreste-’mōtoana bo ke ke ba supa malumeli a mang. Ka ho buella, ho tšehetsa, ’me ka linako tse ling le ho khetha mebuso ea batho ba sa phethahalang, batho ba ipolelang e le Bakreste le bao e seng Bakreste ka ho tšoanang ba tlameha ho arolelana boikarabelo ba mali ao mebuso ena e a tšolotseng.
Empa ke bolumeli ba mofuta ofe bo phahamisang ’muso ho feta Molimo le ho etsa litho tsa oona mahlabelo a bopolotiki lialetareng tsa molimo oa ntoa?
“Ba Tšolla Mali a se Nang Molato”
Mantsoeng ao, a boleletsoeng Baiseraele ba bakoenehi makholo a lilemo a fetileng, a sebetsa ho malumeli ’ohle a bohata ’me ka ho khethehileng ho Bokreste-’mōtoana. (Pesaleme ea 106:38) U se ke ua lebala bophelo ba batho ba limillione bo ileng ba timetsoa nakong ea Polao e Sehlōhō, tlokotsi eo likereke tsa Bokreste-’mōtoana li bileng le molato.—Bona Tsoha! ea April 8, 1989.
Baruti ba Jeremane ba ile ba lula ba thōtse ka litaba tse ling, tse tsebahalang ka ho fokolang, empa tse kotsi ka ho tšoanang. Ka 1927, lilemo tse peli ka mor’a hore Hitler a thathamise mehopolo ea hae ea puso ho Mein Kampf, mongoli oa K’hatholike ebile e le moruti Joseph Mayer o ile a hatisa buka e nang le kamohelo ea kereke e boletseng hore: “Batho ba kulang kelellong, batho ba boitšoaro bo bobe, le ba bang ba tlaasana, ba ne ba se na tokelo ea ho ba le bana.” Moruti oa Luthere Friedrich von Bodelschwingh o ile a fumana ho inyopisa ha batho ho lumellana le thato ea Jesu.
Boikutlo bona bo tšehelitsoeng ke bolumeli bo ile ba thusa ho lokisetsa tsela ea Hitler ea “polao e mohau,” ka 1939 e ileng ea lebisa lefung la batho ba fetang 100 000 ’me ea qobella ho inyopisa ha batho ba lekanyetsoang ho ba 400 000.a
Ha ea ka ea e-ba ho fihlela ka 1985, lilemo tse 40 ka mor’a hore ntoa e lale, ha bahlanka ba Kereke ea Luthere Rhineland ba ne ba lumela phatlalatsa: “Kereke ea rōna ha ea ka ea hanyetsa ka matla ho inyopisa, ho bolaoa ha batho ba kulang, le ba holofetseng, le mosebetsi o khopo oa liteko tsa meriana bathong. Re kōpa tšoarelo ho bahlaseluoa ba ntseng ba phela le ho beng ka bona ba ileng ba phonyoha.”
Ke ’nete hore letšolo la ’muso ka polao e mohau le ile la fokotseha haholo ka mor’a hore mobishopo oa K’hatholike oa Münster a ipelaetse ka matla ka la 3 Phato 1941 ka ho bitsa mokhoa oo polao. Empa ke hobane’ng ha sena se ile sa nka likhoeli tse 19 le mafu a 60 000 pele ho nyatsuoa ha sona phatlalatsa ho utloahala?
Molato oa Mali oa Bolumeli
Malumeli a mangata a bolela hore a hlonepha bophelo ’me a thahasella ho sireletsa batho kotsing. Empa na baruti ba hlokomelisa mehlape ea bona ka likotsi tsa ’mele tse amehang ho tsubeng; tšebelisong e mpe ea lithethefatsi, ho kopanyelletsa joala; litšelo tsa mali ’meleng; le boitšoaro bo bobe ba botona le botšehali? Ha bohlokoa ka ho fetisisa, na ba nyatsa mesebetsi ea nama joalokaha Bibele e etsa, ’me ba hlalose hore mesebetsi ee e ka etsa hore re se amoheloe ke Molimo?—Liketso 15:28, 29; Ba-Galata 5:19-21.
Ha e le hantle, ba bang ba etsa joalo. Kereke ea K’hatholike esita le likereke tse ngata tsa Protestanta li bontša ho hlompha bophelo ho isa bohatong ba ho nyatsa ho ntša mpa haesita le ho tšolla mali a se nang molato. Leha ho le joalo, molao oa K’hatholike oa Italy oa ho ntša mpa ke o moholo oa tokoloho Europe.
Bobuddha bo boetse bo nyatsa ho ntša mpa. Empa Japane ka selemo se le seng feela, ho ile ha tlalehoa ho ntšoua ha limpa tse 618 000 le hoja karolo ea 70 lekholong ea baahi e khomaretse Bobuddha. Sena se phahamisa potso: Re lokela ho ahlola bolumeli motheong ofe, ka seo baeta-pele ba bona le baruti ba se bolelang kapa seo lenane le leholo la litho tsa bona tse boemong bo botle li se etsang?
Mohlala o mong hape oa ho hlōleha ho hlokomelisa ba khopo o amana le ho baloa ha Bibele linako le ho phethahala ha boprofeta ba Bibele. Ka bobeli li bontša hore ka 1914 ’Muso oa Molimo o ile oa hlongoa maholimong matsohong a Jesu Kreste.b Le hoja Bokrestre-’mōtoana bo keteka letsatsi leo bo nahanang hore ke tsoalo ea Kreste ka Tšitoe ea selemo le selemo, baruti ha ba bitse Jesu Morena ea busang joalokaha baeta-pele ba Bojode ba ile ba hlōleha ho mo amohela e le Morena Ea Khethiloeng makholo a lilemo a 19 a fetileng.
Baruti, ho sa tsotellehe phehello ea bona ea ho hlōleha ho hlokomelisa ka liphello tsa ho hlokomoloha melao ea Molimo boitšoarong le ho hana ho ikokobeletsa ’Muso oa Molimo o busang, ho ea ka Ezekiele 33:8, ba ipokella molato oa mali. Ho thōla ha bona ho tšoana le ho ema ba sa etse letho ha mehlape ea bona e limillione e e-ba le molato oa mali.
Ka hona, ka ho tlatsa liaparo tsa bona ka mali a se nang molato, bolumeli ba bohata bo latotse mali a fanang ka bophelo a tšolotsoeng a Kreste Jesu. (Bona Mattheu 20:28 le Ba-Efese 1:7.) Ka lebaka leo, mali a tletseng liaparong tsa bolumeli ba bohata kapele—kapele haholo—a tla phetetsoa!—Tšenolo 18:8.
“Bolumeli ba Bohata—Bo Fetiloe ke Nako ea Bona!” bo ke ke ba phonyoha. Tokolo ea rōna e latelang e tla hlalosa.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Sena se re hopotsa ka lenane la batho le lekanyetsoang ho 300 000 ho ea ho 3 000 000 la “baloi” bao qalong ea lekholo la bo15 la lilemo, ba ileng ba bolaoa ka sehlōhō ka tlhohonolofatso ea mopapa.
b Bona U ka Phela ka ho sa Feleng Paradeiseng Lefatšeng, likhaolo 16-18, e hatisitsoeng ka 1982 ke Watchtower Bible and Tract Society of New York, Inc.
[Lebokose le leqepheng la 28]
“Bolumeli, joaloka likarolong tse ngata tsa lefatše kajeno, bo fetohile mothusi oa phetohelo ea ’muso . . . Bo tsoela pele ho hlohlelletsa lipolao Ireland Bophirima joaloka India le Philippines.”—The Encyclopedia of Religion
[Setšoantšo se leqepheng la 27]
Melato ea tšollo ea mali ea bolumeli ba bohata nakong e fetileng joalokaha bo tšoantšetsoa ke polao e sehlōhō ea lekholong la bo15 la lilemo ea ho chesoa ha bakoenehi ba bangata, e pupelitsoe ke tlaleho ea bona ea lekholong la bo20 la lilemo
[Litšoantšo tse leqepheng la 28]
Litšepe tsa kereke ea Jeremane li ile tsa nyamela ka mabaka a ntoa nakong ea Ntoa ea I ea Lefatše
.[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]
Bundesarchiv Koblenz