Bacha Baa Botsa . . .
Ke Hobane’ng ha Sena se Etsahala ’Meleng oa Ka?
BOCHA—ena e ka ba nako e thabisang bophelong ba hao. Butle-butle o tsoa bongoaneng ho ba motho e moholo!
Leha ho le joalo, mohlomong batsoali ba hao ha baa ka ba buisana le uena e sa le pele ka seo u lokelang ho se lebella. Esita le hoja ba buisane le uena ka sena, bohlankana kapa boroetsana ka bohona e ka ba ho fetang hoo u neng u ho lebelletse. Ho ka etsahala lintho tse ling tse etsang hore u ipotse haeba ho na le phoso e tebileng ka uena. Ho ka etsahala hore ha ho letho le phoso!
Nako ea ho Ilela Khoeli—Na ke Tlhohonolofatso Kapa Thohako?
Lilemo tse ka bang peli ka mor’a hore boroetsana bo qalise, ngoanana o ba le ketsahalo ea bohlokoa—ho qala nako ea ho ilela khoeli. Leha ho le joalo, ka ntle ho tokisetso e lekaneng, phetoho ena ea bohlokoa e ka ba e tšosang le e sisimosang.a Ngoanana ea bitsoang Paula o ngotse: “Ka sebele ke ne ke tšaba. Likhoeling tse ka bang tharo tse fetileng, ke ile ka qala ho tsoa mali matsatsi a ’maloa ka khoeli. Na sena se bolela hore ke na le kankere? . . . Ke ne ke halefa haholo ha ke nahana ka ho tsoa mali hona hoo ke neng ke lla le ho thothomela.”
Buka Adolescents and Youth e tlaleha hore banana ba bang ba ka ikutloa ba le lihlong ebile ba le molato ha ho ilela khoeli ho qalisa. Ha ho makatse ha banana ba bangata ba boloka sena e le lekunutu. Ngoanana e mong o itse: “Ke ne ke le lihlong ho bolella ’mè oa ka. Le ka mohla o ne a e-so ho buisane le ’na ka sena ’me ke ne ke tšohile haholo.”
Empa ho e-na le hore e be ntho e hlabisang lihlong, ho ilela khoeli ke bopaki ba hore matla a hao a ho beleha bana aa hōla. Joale ’mele oa hao o se o loketse ho emola le ho beleha ngoana. Ho sa tla feta lilemo tse ngata pele u ba motsoali. Empa boemo bona boo u leng ho bona, bo u bea lintšing tsa ho ba mosali. Na sena ke seo u lokelang ho ba lihlong le ho soaba ka sona? Che!
Ntle ho moo, sena ke seo basali ka kakaretso ba bang le sona. Bibele e bua ka ho ilela khoeli e le “seo basali ba nang le sona.” (Genese 31:35) Ho fapana le pono ea batho ba bang, hase thohako.b Mohlomong ho tla fokotsa tšabo ea hao haeba u utloisisa hamolemo lebaka le ka moo ho ilela khoeli hona ho etsahalang kateng.
“Mohlolo oa Khoeli le Khoeli”
Lentsoe la Senyesemane menstruation (ho “ilela khoeli,” ka Sesotho) le tsoa lentsoeng la Selatine le bolelang “khoeli le khoeli.” Hanngoe ka khoeli ’mele oa hao o ba boemong ba ho ka emola ngoana. Pele, ho phahama tekanyo ea maro a ’mele ho susumetsa pōpelo ea hao. E itokisetsa ho amohela lehe le emotsoeng le ho le fepa; lera la eona le tlala mali le lijo. Haufi le eona ho na le litho tse peli tse bōpehileng joaloka tholoana ea almond tse bitsoang ntloana ea pokello ea mahe, ’me ntloana ka ’ngoe e na le mahe a manyenyane a likete-kete. Lehe ka leng ke ngoana ’me le hloka feela ho nontšoa ke peō e tona. Hanngoe ka khoeli, lehe lena lea butsoa ho tsoa pōpelong.
“Menoana” e bonolo e nka lehe lena le ho le kenya ka ho e ’ngoe ea litselana tse peli tseo lehe le tsamaeang ka tsona. Lehenyana lena le qalisa leeto la matsatsi a mane ho isa ho a tšeletseng ka tselaneng ena ho leba ka pōpelong. Haeba mosali a sa ime nakong ena, lehenyana lena lea thubeha. Lera la pōpelo le tletseng mali le lona lea thubeha. Pōpelo e qalisa ho honyela ’me butle-butle e ntša lera lena ka tselana e isang molomong oa bobeli.
Ho tloha nakong ea matsatsi a mabeli ho isa ho a supileng (ho fapana ho ea ka basali) o tla ilela khoeli. Ketsahalo ena e ipheta khoeli le khoeli ho fihlela ho ilela khoeli ho khaotsa.c Ke kahoo mongoli e mong a ho hlalositseng e le “mohlolo oa khoeli le khoeli”! Ke ketsahalo e bontšang ho se fose ha Moqapi e Moholo. Ho na le lebaka le leng la ho bua joaloka mopesaleme: “Ke u boka ka baka la mohlolo oa pōpeho ea ka”!—Pesaleme ea 139:13.
Ho Fumana Thuso
Leha ho le joalo, ho ilela khoeli ho u tlisetsa mathata a mangata ao u amehileng ka ’ona. Ka mohlala, banana ba bangata baa tšoenyeha, ‘Ho thoe’ng ha ho ka qaleha sekolong?’ Ke ’nete, sena se ka silafatsa liaparo tsa hao ’me ha u bakela lihlong. Leha ho le joalo, morupeli oa thuto ea botona le botšehali Lynda Madaras o re tiisetsa hore “banana ba bangata ha ba tsoe mali ka ho lekaneng qalong feela hoo a bonahalang liaparong tsa bona.”
Libuka tse ngata li fana ka keletso e molemo ea meriana. Empa ke hobane’ng ha u sa abelane maikutlo a hao le ’mè oa hao? Ntle ho pelaelo o tla ba le litlhahiso tse ngata tse sebetsang. Ngoanana e mong o re: “’Mè o ne a tšoana le motsoalle ho ’na. Re bile le lipuisano tsa nako e telele, ’me o ile a araba lipotso tsa ka.”
Ke ’nete, bo-’mè ba bang ba thatafalloa ho bua ka litaba tse kenelletseng joalo. Empa haeba u mo atamela ka tlhompho le ho mo tsebisa hore sena se bohlokoa ho uena, a ka ’na a tseba ho hlōla ho tsila-tsila ho bua ka sena. Haeba seo se sa atlehe, ke hobane’ng ha u sa buisane le ’mè oa Mokreste ea hōlileng eo u ikutloang u lokolohile ho eena?
Le hoja basali ba bangata ba tseba ho sebetsa mesebetsi ea bona e tloaelehileng nakong ena, buka Changing Bodies, Changing Lives e re hopotsa hore basali ba bang ba khathatsoa ke “ho opa ha hlooho, mahlaba a mokokotlo, mathata a letlalo, liphetoho tsa maikutlo, ho tepella maikutlong, lihlabi maleng, ho feroha libete le ’mele o bolokang metsi a mangata haholo.” Hangata pilisi ea aspirin e ka fokotsa matšoao ana a bohloko. (Ngaka ea hao e ka lekanyetsa haeba ho hlokahala meriana e matla haholoanyane.) Haeba ho ka etsahala, u ka qoba ho tepella ho sa hlokahaleng nakong eo ka ho hlophisa mesebetsi ea hao u hopotse le nako eo u ilelang khoeli ka eona.
Ho Tsoa ha Peō ea Botona Bosiu
Bashemane ba na le mathata a mangata ao ba lokelang ho sebetsana le oona ha tsamaiso ea bona ea ho ikatisa e hōla. Ka mohlala, litho tsa hao tsa botona li qala ho etsa lero le bitsoang mohlapo. Lero lena le na le likarolo tse nyenyane tse limillione tsa peō ea botona, ’me peō ka ’ngoe e ka emōlisa lehe la mosali le ho etsa ngoana haeba e ntšuoa nakong ea likamano tsa botona le botšehali.
Kaha ha ua nyala, peō ena ea bokellana. E ’ngoe ’mele oa hao o e monya butle-butle. Empa nako le nako, e ’ngoe e tla tsoa bosiu ha u robetse. Sena se tsebahala e le ho tsoela ha peō ea botona likobong ka baka la toro ea ho tsoheloa ke takatso ea botona le botšehali. Leha ho le joalo, lebitso le molemonyana ke ho tsoa ha peō ea botona bosiu kahobane hona iketsahalla ka bohona ntle ho toro e mpe e tsosang takatso ea botona kapa botšehali.
Phihlelo ea moshemane ea ho tsoa ha peō ea botona bosiu ka lekhetlo la pele e ka ba e ferekanyang. Mocha e mong o sa hopola: “Ke ile ka ntša peō ea botona bosiu ka lekhetlo la pele ha ke batla ke le lilemo tse 12 le halofo. Ke ne ke sa tsebe se etsahalang. . . . Ke ile ka tsoha ’me bethe e ne e batla e le metsi. Ke ile ka nahana hore ke ntšelitse metsi likobong kapa ho etsahetse ntho e ’ngoe.” Leha ho le joalo, kholiseha hore ho ntša peō ea botona ho joalo ke ha tlhaho. Esita le Bibele e bua ka hona. (Levitike 15:16, 17) Ke pontšo e hlakileng ea hore tsamaiso ea hao ea ho ikatisa e-ea sebetsa le hore u tseleng ea ho ba monna.
Ke ’nete, ho nahana hore ’mè oa hao a ka fumana likobo tse metsi ho ka ’na ha u tšosa. Empa mohlomong sena se ka mo makatsa kapa hona ho mo tšosa. Leha ho le joalo, ho ka thusa ho buisana taba ena le ntate oa hao kapa motho e mong ea hōlileng. Sena se u imolla lipelaelong tse sa feleng tseo u ka bang le tsona. U ka tseba le ho fumana tsela ea ho boloka lekunutu la hao tabeng ena.
Ho Mamella ho Tsoheloa
Ha tsamaiso ea ho ikatisa e hōla, hangata bashemane le banana ba tsoheloa haholo. Ha sena se etsahala ho moshemane, setho sa botona se tlala mali, e leng ho se etsang hore se tsohe kapa se otlolohe. The New Teenage Body Book, ea hopotsa: “Empa ho tsoheloa ho hongata ho iketsahalla feela—’me ka linako tse ling ka ntle ho mabaka! Ho sisinyeha ha bese, liaparo tse penyang, mohatsela, tšabo, le litšusumetso tse ling li baka ho tsoheloa hona.” Ka ho tšoanang banana ba banyenyane ba ka iphumana ba tsohetsoe ntle ho lebaka.
Ho tsoheloa ho sa batleheng ho ka khopisa le ho soabisa. Empa ke karolo ea ho hōla ’me ho ka etsahala nako le nako. Bacha ba bang ba bapala ka litho tsa bona e le hore takatso ea bona e fokotsehe. Sena ke phoso ’me ha nako e ntse tsamaea se ka baka mathata a mang hape.d Ho molemo ho lula u lokolohile le ho tlosa taba eo monahanong oa hao. Kapele ho tsoheloa ho tla fela. Ha u ntse u hōla tekanyo ea hao ea maro a susumetsang ’mele e khutlela boemong bo tloaelehileng, u tla fumana hore ho tsoheloa ho iketsahallang feela ho se ho fetoha ntho ea seoelo.
Nako ea bohlankana kapa boroetsana ha e lule ka ho sa feleng. Mohlomong ka letsatsi le leng u tla be u tšeha lintho tse u tepeletsang hona joale. Ho sa le joalo, ikhothatse ka ’nete ea hore u phela hantle.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Phuputsong e ’ngoe, karolo ea 20 lekholong ea bo-’mè bao ho buisanoeng le bona ba ne ba sa bolella barali ba bona ka ho ilela khoeli. Karolo e ’ngoe ea 10 lekholong e ile ea fana feela ka boitsebiso bo fokolang.
b Ke ’nete hore Molao oa Moshe o ile oa bua ka mosali ea ilelang khoeli e le ea “sesila.” (Levitike 15:19-33) Empa sena e ne e le ka kutloisiso ea litšebeletso. Ka ho hlakileng, melao ena e ne e sebeletsa ho ruta tlhompho ea khalalelo ea mali. (Levitike 17:10-12) Ka nako e tšoanang, melao e sebelelitse ho hopotsa sechaba sa Bajode hore motho o tsoaletsoe boemong ba sebe le hore o hloka molopolli.
c Ho ka ’na ha nka likhoeli kapa lilemo pele sena se etsahala ka mehla.
d Bona lihlooho tse mabapi le ho pholla litho tsa botona kapa botšehali ho li khotsofatsa lihloohong tsa Tsoha! tsa September 8, 1987, November 8, 1987, le March 8, 1988.
[Setšoantšo se leqepheng la 23]
Batsoali ba ka u thusa ho ikamahanya le liphetoho tsa nako ea bohlankana kapa boroetsana