Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g95 3/8 maq. 13-14
  • Ho Fumana Kutloisiso e Molemo

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ho Fumana Kutloisiso e Molemo
  • Tsoha!—1995
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Seo ho Leng Sona
  • Ho Etsahala Neng Hona Hobane’ng
  • Liphetoho Tsa Bohlokoa Bophelong
  • Linako Tsa ho Tepella Maikutlo
  • Boemo ba Bophelo
  • Ho Sebetsana ka Katleho le ho Khaotsa ho Ilela Khoeli
    Tsoha!—1995
  • Ho Sebetsana le Mathata a ho Khaotsa ho Ilela Khoeli
    Tsoha!—2013
  • Ho Khaotsa ho Ilela Khoeli—Ho Koaholla Liphiri Tsa Hona
    Tsoha!—1995
  • Ke Hobane’ng ha Sena se Etsahala ’Meleng oa Ka?
    Tsoha!—1990
Bala Tse Ling
Tsoha!—1995
g95 3/8 maq. 13-14

Ho Fumana Kutloisiso e Molemo

“NKE ke ka re ke nako e monate haholo bophelong ba mosali,” kamoo ho ileng ha lumela mosali e mong ea ileng a feta nakong ea ho khaotsa ho ilela khoeli, “empa ke nahana hore u ka ithuta ho itseng ho eona. Ke ithutile ho nahanela meeli ea ka. Haeba ’mele oa ka o hloka tlhokomelo e eketsehileng kapa phomolo, kea mamela ’me ke o fa seo o se hlokang.”

Phuputso basaling e ileng ea tlalehoa makasineng ea Canadian Family Physician e senotse hore “ho se tsebe se tla etsahala” ke ntho e mpe ka ho fetisisa mabapi le ho khaotsa ho ilela khoeli. Leha ho le joalo, basali ba ileng ba utloisisa hore ho khaotsa ho ilela khoeli ke phetoho ea tlhaho ba ile ba ikutloa “ba sa tšoenyeha haholo, ba sa tepella maikutlo haholo, ’me ba sa khopisehe habonolo ba bile ba e-na le tšepo haholoanyane ka bophelo ba bona.”

Seo ho Leng Sona

Webster’s Ninth New Collegiate Dictionary e hlalosa ho khaotsa ho ilela khoeli ka tsela ena: “Nako ea ho emisa ha tlhaho ha lehatlelo ho bang teng hangata pakeng tsa lilemo tse 45 le 50.” Ho khaotsa ho ilela khoeli ho boetse ho tsebahala ka ho fapa-fapana e le ho emisa ha lehatlelo ka ho feletseng.

Ho basali ba bang, ho khaotsa ho ilela khoeli ho etsahala ka tšohanyetso; nako e ’ngoe ea ho ilela khoeli ea fela ’me e ’ngoe ha ho mohla e etsahalang. Ho ba bang, linako tsa ho ilela khoeli li fetoha tse sa tsitsang, li ba teng ka mor’a libeke tse tharo ho isa likhoeling tse ’maloa. Ha ho feta selemo sohle mosali a sa ilele khoeli, a ka etsa qeto ea hore ho khaotsa ho ilela khoeli ho etsahetse mohlang a neng a ilela khoeli ka lekhetlo la ho qetela.

Ho Etsahala Neng Hona Hobane’ng

Boikutlo bo futsitsoeng, ho kula, khatello, meriana, le ho buuoa li ka susumetsa nako eo ho etsahalang ka eona. Amerika Leboea nako eo ho tloaelehileng hore ho khaotsa ho ilela khoeli ho etsahale ka eona ke ea ha motho a le lilemo li ka bang 51. Hangata nako eo ho etsahalang ka eona e tloha mathoasong a lilemo tsa bo-40 ho ea lilemong tse bohareng tsa bo-50 ’me ka seoelo pejana kapa hamorao. Lipalo-palo li bontša hore basali ba tsubang ba sekamela ho qalella ho khaotsa ho ilela khoeli le hore basali ba batenya ba sekamela ho lieha ho khaotsa ho ilela khoeli.

Tsoalong matlo a mahe a mosali a na le mahe ’ohle ao a tla ba le ’ona, makholo a ’maloa a likete ka palo. Lekhetlong ka leng la ho ilela khoeli, mahe a 20 ho ea ho a 1 000 a ba boemong bo loketseng. Joale le le leng, kapa ka linako tse ling a fetang le le leng, le lokolloa ntlong ea mahe ’me le ka emolisoa. Mahe a mang a boemong bo loketseng aa shoa. Hape, tumellanong leha lehe le e-ba boemong bo loketseng, litekanyo tsa li-hormone tsa estrogen le progesterone li lula li eketseha le ho theoha.

Ha mosali a feta lilemong tsa hae tsa bo-30 tse qetellang, litekanyo tsa estrogen le progesterone li qala ho theoha, mohlomong butle-butle kapa ka tšohanyetso, ’me lehe le ka ’na la se hlole le e-tsoa lekhetlong le leng le le leng. Linako tsa ho ilela khoeli li fetoha tse sa tsitsang, hangata li ba teng ka mor’a nako e telele; mali a tsoa ka mokhoa o feto-fetohang. Qetellong ha ho sa na mahe a ntšoang, ’me linako tsa ho ilela khoeli lia khaotsa.

Ho ilela khoeli ka lekhetlo la ho qetela ke boemo bo qetellang tšebetso ea liphetoho litekanyong tsa li-hormone le ho sebetsa ha matlo a mahe boo e ka ’nang eaba bo nkile lilemo tse ka bang leshome. Leha ho le joalo, estrogen e nyenyane e tsoela pele ho hlahisoa ke matlo a mahe ka lilemo tse 10 ho ea ho tse 20 ka mor’a ho khaotsa ho ilela khoeli. Adrenal gland le lisele tsa mafura le tsona li hlahisa estrogen.

Liphetoho Tsa Bohlokoa Bophelong

Sehlopha sa lisele tse susumetsoang ke estrogen kapa se itšetlehileng ka eona se angoa ke ha tekanyo ea estrogen e theoha. Ho nahanoa hore mocheso o tsometsang o bakoa ke liphello tsa li-hormone karolong ea boko e ikarabellang tabeng ea ho laola mocheso oa ’mele. Mokhoa oa sebele oo sena se etsahalang ka oona ha o tsejoe, empa ho bonahala eka selaola mocheso sa ’mele se theoleloa tlaase hoo mocheso oo pele o neng o ntse o lekane ka tšohanyetso o seng o utloahala o le matla haholo, ’me ’mele o tsoela pele ho fubela le ho fufuleloa e le ho ipholisa.

Bukeng ea hae, The Silent Passage—Menopause, Gail Sheehy o re: “Halofo ea basali bohle ba nang le mocheso o tsometsang ba tla qala ho o utloa ba sa ntse ba ilela khoeli ka mokhoa o tloaelehileng, ho tloha hoo e ka bang ha ba le lilemo li mashome a mane. Liphuputso li bontša hore basali ba bangata ba ba le mocheso o tsometsang ka lilemo tse peli. Kotara ea basali e ba le oona ka lilemo tse hlano. ’Me karolo ea bona e etsang 10 lekholong e ba le oona bophelo bohle ba bona.”

Bophelong ba mosali nakong ena, lisele tsa setho sa botšehali lia sesefala ’me ha se be mongobo kaha litekanyo tsa estrogen li theohile. Matšoao a mang ao basali ba bang le ’ona, kamoo ho bolelang Gail Sheehy, a ka kopanyelletsa “ho fufuleloa bosiu, ho hlobaela, ho ithōtela, ho pharalla thekeng ka tšohanyetso, pelo e otlang ka potlako, ho lla feela, ho halefa feela, hlooho e opang habohloko, letlalo le hlohlonang, leo e kang ho tsamaea likokoanyana, [le] bolebali.”

Linako Tsa ho Tepella Maikutlo

Na ho fokotseha ha estrogen ho baka ho tepella maikutlo? Ho ’nile ha phehoa khang e khōlō ka taba ena. Ho bonahala karabo e le hore ho joalo ho basali ba bang, joaloka ba neng ba e-ba le maikutlo a feto-fetohang pele ba ilela khoeli le ba hlobaelang ka lebaka la ho fufuleloa bosiu. Basali ba leng sehlopheng sena ho bonahala ba angoa habonolo ke liphello tsa maikutlo tsa ho feto-fetoha ha li-hormone. Ho ea ka Gail Sheehy, hangata basali bana ba “utloa le litsebeng ha ba fihla nakong ea ka mor’a ho khaotsa ho ilela khoeli” ’me litekanyo tsa li-hormone li tsitsa.

Matšoao a boima ka ho fetisisa ho ka etsahala hore a utluoe ke basali ba khaotsang ho ilela khoeli ka tšohanyetso ka lebaka la phekolo ea X-ray kapa mahlaseli a lintho tse ling, phekolo ea lik’hemik’hale, kapa ho tlosa matlo a mahe ka bobeli ka ho buuoa. Litšebetso tsena li ka baka ho theoha ka sekhahla ha litekanyo tsa estrogen ka hona ha qalisa matšoao a ho khaotsa ho ilela khoeli. Ho ka ’na ha buelloa phekolo ea ho nkela estrogen sebaka kaha e se e le sieo ’meleng maemong ana, ho itšetlehile ka bophelo ba mosali.

Botebo le mofuta oa matšoao a utluoang li fapana ho ea ka basali, esita le ho basali ba amanang. Ke kahobane litekanyo tsa li-hormone li fapana ho ea ka basali ’me li fokotseha ka litsela tse sa tšoaneng. Ho phaella moo, basali ba na le maikutlo a khatello, ho khona ho sebetsana ka katleho le mathata le litebello tse sa tšoaneng ha ba atamela ho khaotsa ho ilela khoeli.

Hangata nako ea ho khaotsa ho ilela khoeli e tsamaisana le maemo a mang a bakang khatello bophelong ba mosali, joaloka ho hlokomela batsoali ba hōlileng, ho sebetsa, ho bona bana ba hōla ’me ba tloha lapeng, le liphetoho tse ling tsa bophelo ba lilemo tse mahareng. Likhatello tsena li ka baka matšoao ’meleng le maikutlong, ho kopanyeletsa le bolebali, ho sitoa ho tsitsisa mohopolo, ho tšoenyeha, ho khopeha feela, le ho tepella maikutlo, tseo ka phoso li ka amahanngoang le ho khaotsa ho ilela khoeli.

Boemo ba Bophelo

Ho khaotsa ho ilela khoeli hase qetello ea matla a mosali a ho phela bophelo bo putsang—ke feela qetello ea bophelo ba hae ba ho ba le bana. Ka mor’a ho ilela khoeli ha mosali ka lekhetlo la ho qetela, maikutlo a hae hangata a tsitsitse, ha a feto-fetohe le makhetlo a hae a ho tlala li-hormone.

Le hoja re behile tlhokomelo ho emiseng ha lehatlelo hobane e le phetoho e totobetseng, empa feela e le ponahatso ea mohato oa phetoho ha mosali a tsoa nakong ea ho ba le bana bophelong ba hae. Ho kena bohlankaneng kapa boroetsaneng, ho ima, le ho beleha le tsona ke linako tsa phetoho e tsamaisanang le liphetoho tsa li-hormone tsa ’mele le maikutlo. Joale, ho khaotsa ho ilela khoeli ke nako ea ho qetela, empa ese eona feela nako ea liphetoho tse bakoang ke li-hormone bophelong ba mosali.

Ka hona, ho khaotsa ho ilela khoeli ke boemo ba bophelo. “Mohlomong,” ho ngotse eo e neng e le mongoli oa Journal of the American Medical Women’s Association, “batho ba tla khaotsa ho nka ho khaotsa ho ilela khoeli e le tlokotsi, kapa eona ‘phetoho,’ ’me ba ho talime ka ho loketseng haholoanyane e le ‘phetoho e ’ngoe hape.’”

Ka ho khothatsa, buka Women Coming of Age e bolela hore ho fela ha matla a mosali a ho ba le bana “ke ha tlhaho ebile ho ke ke ha qojoa joalokaha ho le joalo ka tšimoloho ea hona e hlotsoeng esale pele. Ha e le hantle ho khaotsa ho ilela khoeli ke pontšo ea bophelo bo botle ba ’mele—pontšo ea hore oache ea ’mele [oa hae] e ka hare e ntse e otla.”

Leha ho le joalo, ho ka etsoa eng ho etsa hore phetoho e be bonolo kamoo ho ka khonehang? Hona molekane le litho tsa lelapa ba ka tšehetsa joang nakong ee ea phetoho bophelong? Sehlooho se latelang se tla tšohla litaba tsena.

[Setšoantšo se leqepheng la 14]

Hangata ho khaotsa ho ilela khoeli ho tsamaisana le maemo a mang a bakang khatello, ho kopanyeletsa ho hlokomela batsoali ba hōlileng

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela