Ho Khaotsa ho Ilela Khoeli—Ho Koaholla Liphiri Tsa Hona
HA BASALI ba hōla, ho khaotsa ho ilela khoeli ke ketsahalo e bang teng bophelong ba bona. Leha ho le joalo, ho ’nile ha se utloisisoe haholo. Ho latela buka The Silent Passage—Menopause, lingaka tse belehisang tsa lekholong la bo19 la lilemo li ne li lumela hore ho khaotsa ho ilela khoeli “ho ferekanya tšebetso ea methapo ea kutlo ea mosali ’me ho amoha basali botle ba bona.”
Likhopolo tse joalo tse fosahetseng lia phehella. Ka lebaka leo, basali ba bangata ba na le tšabo ’me ba lula ba tšohile monyetla oa hore ba tla khaotsa ho ilela khoeli. Ho hlōla mathata a amanang le kelello a amahanngoang le hona ho boletsoe e le “o mong oa mesebetsi e thata ka ho fetisisa bophelong ba mosali,” bukeng ea Natural Menopause—The Complete Guide to a Woman’s Most Misunderstood Passage.
Lichabeng tseo ho tsona ho phahamisoang bocha le chebahalo ea bocha, ho qaleha ha matšoao a ho khaotsa ho ilela khoeli ho ka bolela likhopolo tse fosahetseng: ho fela ha bocha ka tšohanyetso le ho qaleha ha botsofali. Ka hona, basali ba bang ba tšaba ho khaotsa ho ilela khoeli hobane ho bonahala ho bolela hore motho o lintšing tsa nako e ncha ea bophelo, e sa rateheng haholo. Ba bang ba ’nile ba e nka e le “ho shoa ka ’moho.”
Ha ho hlokahale hore basali ba kajeno ba utloe bohloko ke ho hloka tsebo ha ba feta nakong ena ea bophelo. Liphiri tsa ho khaotsa ho ilela khoeli lia koaholloa. Ho ntse ho ntšetsoa pele lipatlisiso tse eketsehileng, ’me ho etsoa liphekolo bakeng sa ho bebofatsa phetoho ena. Limakasine, likoranta, le libuka li lebisa tlhokomelo tabeng ena, li fana ka litlhaloso bakeng sa lipotso tseo ba bang pele ba neng ba le lihlong ho li botsa. Le ba lefapha la bongaka, ba na le boitsebiso bo eketsehileng ka mathata ao basali ba ka tobanang le ’ona.
Ke hobane’ng ha re lebisa tlhokomelo e khōlō hakaale tabeng ee? Hobane kutloisiso e molemo ea ho khaotsa ho ilela khoeli e ka tlosa tšabo, litumela-khoela, le pherekano tseo basali ba bangata ba bang le tsona. Linaheng tse ngata basali ba phela halelele, ’me ba batla ho felisa ho bonahetseng e le morero oa ho khutsa ka bolotsana ka taba ena le ho fumana boitsebiso. Ba batla likarabo tse bonolo, tse tobang taba. Ke ho nepahetseng kaha ba bangata ba bona ba phela ho fetang karolo ea boraro ea bophelo ba bona ka mor’a ho khaotsa ho ilela khoeli.
Litsamaiso tsa palo eohle ea batho United States li bolela esale pele hore ho tla ba le keketseho ea 50 lekholong lilemong tse leshome tse tlang palong ea basali ba lilemong tsa ho khaotsa ho ilela khoeli. Basali ba joalo ba lakatsa ho tseba ka likotsi bophelong bo botle ba ’mele, mocheso, ho ba le maikutlo a feto-fetohang, ho se ikutloe hantle, le liphetoho ’meleng le maikutlong. Ke hobane’ng ha lintho tsee li etsahala? Na matla a mosali a ho phela bophelo bo putsang aa fela ha a khaotsa ho ilela khoeli? Na ho khaotsa ho ilela khoeli ho fetola botho ba mosali? Lihlooho tse latelang li tla hlahloba lipotso tsena.