Ho Sebetsana ka Katleho le ho Khaotsa ho Ilela Khoeli
HO KHAOTSA ho ilela khoeli ke “phihlelo e ikhethang e sa tšoaneng le tse ling” ’me ke “qaleho ea khaolo e ncha le e lokollang bophelong ba hao,” kamoo ho boletseng bangoli ba Natural Menopause—The Complete Guide to a Woman’s Most Misunderstood Passage. Patlisiso e bontša hore haeba u ikutloa hantle ka uena le ka bophelo ba hao—ka boikutlo ba hao ba ho itšepa le seo u leng sona—phetoho e tla ba bobebe.
Ke ’nete hore ho thata haholo nakong ena bophelong ho basali ba bang ho feta ho ba bang. Haeba u e-na le mathata, sena ha se bolele hore u na le mathata ka boikutlo ba hao ba ho itšepa kapa hore u lahleheloa ke kelello, bosali, bohlale, kapa thahasello ea hao likamanong tsa botona le botšehali. Ho e-na le hoo, bothata bo amana le bophelo.
Newsweek e tlaleha hore: “Esita le basali ba bileng le matšoao a seng monate ha ba khaotsa ho ilela khoeli ba bolela hore ba ile ba feta nako eo ba e-na le morero o mocha le matla.” Ho latela mantsoe a mosali e mong ea lilemo li 42: “Ke lebeletse nakong eo ’mele oa ka o ke keng oa hlola o ntlōlisa khati.”
Ha Basali ba Atleha ho Sebetsana le Boemo Hamolemo
Hore na basali ba hōlileng ba nkoa joang ke lebaka la bohlokoa le susumetsang kamoo ba sebetsanang ka katleho le ho khaotsa ho ilela khoeli. Libakeng tseo ho tsona khōlo ea bona e feletseng, bohlale, le phihlelo li nkoang e le tsa bohlokoa, nako ea ho khaotsa ho ilela khoeli e ba le maloetse a fokolang haholo a ’mele le a maikutlo.
Ka mohlala, The Woman’s Encyclopedia of Health and Natural Healing e tlaleha hore merabeng ea Afrika “moo ho khaotsa ho ilela khoeli ho nkoang e le phetoho e amohelehang bophelong, ’me basali ba khaolitseng ho ilela khoeli ba hlomphuoa ka lebaka la phihlelo ea bona le bohlale, ka seoelo basali ba tletleba ka matšoao a ho khaotsa ho ilela khoeli.” Ka ho tšoanang, The Silent Passage—Menopause e re: “Basali ba Maindia ba mofuta oa Rajput ha ba tletlebe ka ho tepella maikutlo kapa ka matšoao a amanang le kelello” nakong ea ho khaotsa ho ilela khoeli.
Le Japane moo basali ba hōlileng ba hlomphuoang haholo, phekolo ea li-hormone bakeng sa ho khaotsa ho ilela khoeli ha e tsejoe ho hang. Ho phaella moo, kamoo ho bonahalang kateng basali ba Asia ba na le matšoao a fokolang le a sa tebang a ho khaotsa ho ilela khoeli ho feta ba mokhoa oa bophelo oa Bophirimela. Ho bonahala lijo tsa bona e le tšobotsi e susumetsang sena.
Ha e le hantle basali ba Mamaya ba ne ba lebella ho khaotsa ho ilela khoeli, ho latela phuputso ea setsebi se seng sa anthropology. Ho basali bana ho khaotsa ho ilela khoeli ho bolela ho phomolela ho beleha ho sa khaotseng. Ntle ho pelaelo, ho boetse ho ba tlisetsa bolokolohi ba ho phehella lithahasello tse ling tsa bophelo.
Ka nako e tšoanang, tšabo e amanang le ho khaotsa ho ilela khoeli ha ea lokela ho hlokomolohuoa habobebe. Meetlong e hatellang bohlokoa ba bocha le ponahalo ea bocha, basali ba e-song ho khaotse ho ilela khoeli hangata baa ho tšaba. Ho ba joalo ho ka etsoa eng ho fokotsa mathata a phetoho ee?
Seo Basali ba se Hlokang
Janine O’Leary Cobb, mongoli le pula-maliboho thutong ea ho khaotsa ho ilela khoeli, oa hlalosa: “Seo basali ba bangata ba se hlokang ke mofuta o itseng oa ho tiisetsoa hore tseleng eo ba ikutloang ka eona—ha ba bang.”
Kutloisiso, haesita le pono e thabileng, ke tsa bohlokoa haholo. ’Mè e mong ea lilemo li 51 ea nakong ea ho khaotsa ho ilela khoeli o itse: “Ka tieo ke lumela hore ke pono ea hao e akaretsang bophelong e tlang ho laola kamoo u tla feta nakong ea ho khaotsa ho ilela khoeli. . . . Kea tseba hore rea tsofala. Ebang re ho rata kapa che, ho tla etsahala. . . . Ke ile ka etsa qeto ea hore [ho khaotsa ho ilela khoeli] hona hase lefu. Ke karolo ea bophelo ba ka.”
Kahoo ha khaolo ena e ncha bophelong ba hao e atamela, iphe nako ea ho nahana ka botebo ka liphephetso tse ncha, tse thahasellisang. Ha rea lokela ho hlokomoloha liphello tsa ’meleng tsa ho khaotsa ho ilela khoeli. Lingaka le balaoli ba bang ba buella ho latela litekanyetso tse akaretsang tsa bophelo bo botle e le ho itokisetsa phetoho ena—lijo tse hahang ’mele, phomolo e lekaneng, le boikoetliso bo leka-lekaneng.
Lijo le Boikoetliso
Ho hloka limatlafatsi (liprotheine, lik’habohaedreite, mafura, livithamine, liminerale) ha ho fokotsehe ha mosali a hōla, empa lik’hilojule tseo a li hlokang lia fokotseha. Ka hona ke habohlokoa hore re je lijo tse nang le limatlafatsi tse ngata le ho qoba lijo tse tsoekere, tse mafura tse “se nang lik’hilojule.”
Boikoetliso ba kamehla bo ntlafatsa matla a ho sebetsana ka katleho le khatello le ho tepella maikutlo. Bo eketsa matla ’me ho thusa hore motho a se eketse boima ba ’mele. Lebelo la motheo la ho eketsa matla ’meleng le theoha butle-butle ha motho a hōla, ’me ntle leha le matlafatsoa ka boikoetliso, tšekamelo ke hore butle-butle motho a eketse boima ba ’mele.
Ho bohlokoa hore basali ba tsebe hore ha boikoetliso bo kopane le k’halesiamo e tlatsetsang li ka fokotsa boteng ba lefu la masapo, boemo ba masapo bo bakang hore lesapo le be masoba-soba ’me le robehe habonolo. Buka Women Coming of Age e bolela hore “boikoetliso bo etsoang hantle bo etsetsoang ka tlung, ho tsamaea, ho matha, ho palama baesekele, le lipapali tse ling, haesita le boikoetliso ba ho phahamisa litšepe,” ho nahanoa hore bo molemo ka ho khethehileng. Ka ho thahasellisang, lefu la masapo ha le fumanoe libakeng tse itseng tseo eseng tsa litoropo moo batho ba lulang ba le matla ’meleng ho fihlela botsofaling bo boputsoa. Libakeng tse joalo basali ka tloaelo ba feta lilemo tse 80 le 90. Leha ho le joalo, pele u qala lenaneo leha e le lefe la boikoetliso, ho bohlale ho buisana le ngaka ea hao.
Ho Sebetsana le Mocheso
Ho basali ba bangata, mocheso oa khathatsa. Leha ho le joalo, ho ba bang o fetoha bothata ba sebele hobane ebang o sa tle khafetsa o ba hlobaetsa boroko joalo-joalo. Ke eng se ka etsoang?
Tabeng ea pele, u se ke ua tšoha. Ho tlatselletsa boemo bona ka ho tšoenyeha ho tla bo mpefatsa feela. Boikoetliso bo matla ba kamehla boa thusa hobane bo thusa ’mele ho ithuta ho sebetsana ka katleho le mocheso o mongata ka ho feteletseng le ho phola ka potlako. Hape leka mokhoa o bonolo oa ho noa khalase ea metsi a batang kapa ho kenya matsoho a hao metsing a batang.
Ho phaella moo, itloaetse ho hlahlamanya liaparo tse sa u tiiseng e le hore li ka hloboloa habonolo kapa tsa eketsoa habonolo. Cotton le line li lumella mofufutso hore o tsoe habonolo ho feta liaparo tsa masela a synthetic. Bosiu leka mokhoa oa liaparo tse hlahlamantsoeng, ’me u be le likobo tse ’maloa tseo u ka li eketsang kapa ua li tlosa ha ho hlokahala. Boloka haufi liaparo tsa ho robala tseo u tla ’ne u li apare.
Leka ho fumana hore na ke eng e bonahalang e u bakela mocheso o tsometsang. Ho noa joala, caffeine, lintho tse tsoekere, le lijo tse nang le linoko tse ngata kapa tse babang li ka o baka, feela joalokaha ho tsuba ho ka o baka. Ho boloka tlaleho ea hore na ke neng hona e le hokae moo mocheso o tsometsang o bang teng ho ka u thusa hore u tsebe lijo le mesebetsi e o bakang. Ebe u qoba lintho tsena.
Lingaka tse nang le tsebo e khethehileng ea moriana o fanang ka phepo e ntle li buella liphekolo tse fapaneng bakeng sa ho fokotsa mocheso o tsometsang, joaloka vithamine E, evening primrose oil, le litlama tsa ginseng, dong quai, le black cohosh. Ho latela lingaka tse ling, meriana e laetsoeng ke ngaka e leng Bellergal le clonidine ea imolla, empa ho boleloa hore estrogen ea lipilisi le e tlotsoang e sebetsa haholo.a
Ho oma ha setho sa botšehali ho ka phekoloa ka ho tlotsa lioli tsa meroho kapa tsa litholoana, oli ea vithamine E, le lintho tse mafura tse tlotsang. Haeba tsena li ipaka hore ha lia lekana, setlolo sa estrogen se tla thusa mabota a setho sa botšehali hore a be matenya ’me a ntše lero. Pele u qala mokhoa leha e le ofe, ho bohlale hore u bone ngaka pele.
Ho Thoe’ng ka Khatello Maikutlong?
Ka nako e tšoanang ea ha mosali a tlameha ho sebetsana le liphetoho tsa li-hormone le tsa ’mele tse tlisoang ke ho khaotsa ho ilela khoeli, hangata o tlameha ho tobana le maemo a mang a bakang khatello, ao a mangata a ’ona a boletsoeng sehloohong se fetileng. Ka lehlakoreng le leng, lintho tse ntle joaloka ho hlaha ha setloholo kapa ho hahamalla mesebetsi e mecha ka mor’a hore bana ba tlohe lapeng ho ka bebofatsa khatello e seng ntle maikutlong.
Bukeng ea bona Natural Menopause, Susan Perry le Dr. Katherine A. O’Hanlan ba fana ka litlhahiso tse sebetsang mabapi le ho atleha ho sebetsana le khatello hamolemo. Ba supa tlhokahalo ea ho tseba mehloli ea khatello le ho ba le khefu nako le nako. Sena se ka bolela ho fumana thuso ea ho hlokomela setho sa lelapa se kulang lefu le sa foleng. Baa khothaletsa: “Iketsetse litekanyetso. Leka ho qoba ho ba le lintho tse ngata haholo kemisong . . . Mamela ’mele oa hao.” Baa eketsa: “Ho etsetsa ba bang lintho . . . e ka ba ntho e khōlō e fokotsang khatello ea maikutlo. . . . Ikoetlise kamehla. . . . Batla thuso ea litsebi haeba khatello ea maikutlo bophelong ba hao e tsoa taolong.”
Litho Tsa Lelapa li ka Thusa
Mosali ea khaotsang ho ilela khoeli o hloka batho ba mo utloisisang le ba mo tšehetsang ka tsela e sebetsang. Ha mosali e mong a hlalosa seo a neng a se etsa ha a hlasetsoe ke linako tsa ho tšoenyeha, o ile a re: “Ke ne ke bua le monna oa ka, ’me ka mor’a kutloisiso ea hae ka ho ipeha boemong ba ka, ke ne ke bona hore mathata ha a maholo joalokaha boemo ba ka ba kelello bo tšoenyehileng bo ne bo etsa eke ho joalo.”
Monna ea khonang ho ameha maikutlo o boetse o hlokomela hore mosali oa hae hase kamehla a tla khona ho etsa lintho ka tsela e tšoanang ha a le nakong ea ho khaotsa ho ilela khoeli. Kahoo o tla falimehela ho nka khato ea pele ho thusa ka boikarabelo ba lelapa, mohlomong ho hlatsoa, ho reka lijo, joalo-joalo. Ka kutloelo-bohloko, o tla beha litlhoko tsa mosali oa hae ka pele ho tsa hae. (Ba-Filippi 2:4) A ka ’na a etsa tlhahiso ea hore ba ee ntlong ea lijo ka linako tse itseng kapa ka tsela e ’ngoe a etse phetoho e thabisang kemisong ea letsatsi le letsatsi. O tla qoba ho se lumellane kahohle kamoo a ka khonang ’me a tšehetse boiteko ba mosali ba hore a be le mekhoa e metle ea ho ja.
Ka holimo ho tsohle, monna o tla khotsofatsa tlhoko ea mosali oa hae ea hore kamehla a tiisetsoe hore o sa ntsane a mo rata. O lokela ho lemoha ’me a hlokomele hore ena hase nako ea ho soma mosali oa hae ka lintho tsa botho. Monna ea tšoarang mosali oa hae ka tsela e lerato o latela keletso ea Mangolo ea ho ‘lula le eena ka tsebo, a mo hlomphe joaloka motho e motšehali.’—1 Petrose 3:7, NW.
Ka ho tšoanang, bana ba lokela ho etsa boiteko bo tiileng ba ho utloisisa lebaka la ho feto-fetoha ha maikutlo a ’mè oa bona. Ba lokela ho lemoha hore o hloka nako ea botho. Ho bontša hore ba nahanela maikutlo a ’mè oa bona ho tla fetisa molaetsa o khothatsang oa hore ehlile baa mo tsotella. Ka lehlakoreng le leng, ho soasoa ka botho ba hae bo feto-fetohang ka tšohanyetso ho tla mpefatsa boemo feela. Botsa lipotso tse loketseng bakeng sa ho utloisisa hamolemo se etsahalang, ’me u thuse ka mesebetsi ea lelapa u sa kōpuoa. Tsena ke tse fokolang feela tsa litsela tseo u ka tšehetsang ’mè nakong ena bophelong ba hae.
Bophelo ka Mor’a ho Khaotsa ho Ilela Khoeli
Ha khaolo ena bophelong ba mosali e fela, hangata ho sa larile lilemo tse ngata ka pele. Bohlale le phihlelo tseo a li fumaneng ke tsa bohlokoa. Liphuputso tsa mongoli Gail Sheehy tsa “Maamerika ao e leng batho ba baholo a likete li mashome a tšeletseng a bontšitse hore basali ba leng mashomeng a mahlano a lilemo, kamoo bona ba bolelang kateng, ba ikutloa ba thabile haholo ho feta leha e le neng bophelong ba bona.”
E, basali ba bangata ba fetileng lilemong tsena tsa phetoho ba fumane moea o mocha. Tsebo ea bona ea ho qapa e nchafalitsoe. Ba tsoela pele ka bophelo, ba etsa hore ba amehe mesebetsing e behang haholo. Mosali e mong ea khaolitseng ho ilela khoeli o re: “Ke boloka kelello ea ka e le mafolo-folo. Ke lula ke batla lintho tse ncha le ho ithuta.” O ile a phaella: “E ka ’na eaba ke etsa lintho butle, empa ha ke ikutloe hore ena ke qetello ea bophelo ba ka. Ke lebelletse lilemo tse ling tse ngata.”
Ka ho hlokomelehang, ha a buisana ka lipotso le basali, Sheehy o ile a fumana hore “ba ikutloang ba tsohile molota ’me ba inka e le ba bohlokoa ka mor’a ho khaotsa ho ilela khoeli ke ba etsang lintho tseo ho tsona ho nkoang bohlale, kahlolo, ho qapa, kapa matla a moea e le tsa bohlokoa haholo-holo.” Ho na le letšoele la basali ba joalo ba inehetseng ka thabo ho eketseng tsebo ea bona le kutloisiso ea Bibele ’me ba ruta ba bang bohlokoa ba eona.—Pesaleme ea 68:11.
Ho phaella tabeng ea ho ba le pono e ntle bophelong le ho etsa mosebetsi o nang le morero, ke hantle ha basali ba lilemo tsohle ba hopola hore ’Mōpi oa rōna ea lerato o tseba maikutlo a rōna ’me ruri oa re tsotella. (1 Petrose 5:7) Ka sebele, Jehova Molimo o entse tokisetso ea hore qetellong bohle ba mo sebeletsang ba thabele bophelo lefatšeng le lecha la ho loka moo ho ke keng ha hlola ho e-ba ho kula, ho utloa bohloko, kapa lona lefu.—2 Petrose 3:13; Tšenolo 21:3, 4.
Ka hona, lōna ba nakong ea ho khaotsa ho ilela khoeli, hopolang hore ke boemo bophelong. Ho tla feta, ho siee lilemo tsa bophelo bo tla putsa ka ho enneng haeba bo sebelisoa hantle ho sebeletsa ’Mōpi oa rōna ea lerato.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Tsoha! ha e buelle mofuta leha e le ofe o itseng oa phekolo ea meriana.
[Lebokose le leqepheng la 16]
Ho Thoe’ng ka Phekolo ea ho Nkela Estrogen Sebaka?
Estrogen e ka fana ka tšireletso khahlanong le lefu la pelo le lefu la masapo, e leng lisosa tse peli tsa sehlooho tsa boloetse basaling ba khaolitseng ho ilela khoeli. Ha litekanyo tsa estrogen li fokotseha, maloetse ana a qala ho ba teng ’me a bonahala ka mor’a lilemo tse hlano kapa tse leshome. Phekolo ea ho nkela estrogen sebaka kapa li-hormone (estrogen le progesterone) e ’nile ea buelloa hore e thibela maloetse ana.
Ho nkela estrogen sebaka ho ka fokotsa tekanyo ea ho lahleheloa ke masapo le ho liehisa ho qaleha ha lefu la pelo. Ho ekelletsa progesterone ha ho nkeloa li-hormone sebaka ho fokotsa ho hlaha ha kankere ea matsoele le ea pōpelo empa ho sitisa phello e molemo ea estrogen lefung la pelo.
Qeto ea hore na u tla sebelisa phekolo ea ho nkela li-hormone sebaka e tlameha ho thehoa tekanyetsong ea maemo a mosali ka mong, bophelo, le histori ea lelapa.b
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
b Bona Awake!, September 22, 1991, maqepheng a 14-16.
[Lebokose le leqepheng la 17]
Ke Lijo Life Tse Molemo?
Litlhahiso tse latelang tse fuoang basali ba khaotsang ho ilela khoeli bakeng sa hore ba je hantle li qotsitsoe bukeng Natural Menopause—The Complete Guide to a Woman’s Most Misunderstood Passage, ea Susan Perry le Dr. Katherine A. O’Hanlan.
Protheine
• Fokotsa lijo tseo u li jang tse nang le protheine hore li se fete karolo ea 15 lekholong ea lik’hilojule tsohle tseo u li jang.
• Fumana boholo ba liprotheine tsa hao merohong ’me tse seng kae li tsoe liphoofolong.
Lik’habohaedreite
• E-ja lik’habohaedreite tse ngata tse momahaneng, tse kang lithollo, mahobe le li-pasta, linaoa, linate, reisi, meroho, le litholoana.
• E-ja tsoekere e fokolang le lijo tse fokolang tse nang le tsoekere e ngata.
• E-ja lijo tse eketsehileng tse nang le litlheferetsi.
Mafura
• Fokotsa lijo tseo u li jang tse mafura hore li se fete karolo ea 25 ho ea ho 30 lekholong ea lik’hilojule tsohle tseo u li jang.
• Ha u fokotsa mafura ao u a jang, eketsa karolo ea ‘mafura a molemo’ (polyunsaturated) ho e-na le ‘mafura a mabe’ (saturated).
Metsi
• Noa likhalase tse tšeletseng ho ea ho tse robeli tsa metsi tsa limililithara tse 250 ka letsatsi.
Livithamine le Liminerale
• E-ja motsoako oa meroho le litholoana letsatsi le letsatsi.
• Lebese, lihlahisoa tsa lebese, broccoli, le meroho e mahaba a matala ke mehloli e metle ea k’halesiamo.
[Setšoantšo se leqepheng la 18]
Seo litho tsa lelapa li ka se etsang ho thusa: Bontša kameho e lerato, thusa ka mosebetsi oa ntlo, e-ba momameli ea ipehang boemong ba e mong, ka linako tse ling u etse ho fapaneng