Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g90 3/8 leq. 30
  • Ha AIDS e se e sa Tšajoe

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ha AIDS e se e sa Tšajoe
  • Tsoha!—1990
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Mosebetsi—Na ke Tlhohonolofatso Kapa ke Thohako?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2005
  • “Liqeto Tsa Molao ka Phekolo ea Tšelo ea Mali”
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1986
  • Sireletsa Ngoana oa Hao Tšebelisong e Mpe ea Mali
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1993
  • Mpho ea Bophelo Kapa Sesosa sa Lefu?
    Tsoha!—1990
Bala Tse Ling
Tsoha!—1990
g90 3/8 leq. 30

Ha AIDS e se e sa Tšajoe

Bosiung bo bong ba la 3 Mphalane, 1984, Kyle Bork e monyenyane o ile a hlaha libeke tse supileng pele ho nako. Matšoafo a hae a manyenyane a ne a e-s’o hōle ka ho lekaneng hore a sebetse hantle, kahoo o ile a isoa Sepetleleng sa Bana sa Orange County, se bohole ba lik’hilomithara tse 56 moo ho neng ho na le thepa ea ho hlokomela bana ba kulang haholo.

Ngaka e ile ea hlalosa hore Kyle o lokela ho tšeloa mali; ho seng joalo o tla shoa. Le hoja ho ne ho le boima ho batsoali, ba ile ba ema ba tiile qetong ea bona e theiloeng Bibeleng ea ho hanela lesea la bona hore le tšeloe mali. (Genese 9:4, 5; Levitike 17:10-14; Liketso 15:28, 29) Ngaka e ne e utloisisa esita le ho ba le tšebelisano ’moho. Leha ho le joalo, e ile ea bolela hore haeba boemo bo ka ba bobe haholo, o tla batla lengolo la lekhotla la molao le ho tšela lesea mali.

Ka ho hlokomelehang, Kyle a bontša ho hlaphoheloa butle-butle, ’me letsatsing la borobong, o ile a ntšuoa ka mochining o thusang ho phefumoloha. Matsatsi a mabeli hamorao batsoali ba hae ba ile ba mo nka ba mo isa hae, ’me o ile a hōla a ba ngoana ea thabileng le ea phetseng hantle joalokaha u ka bona setšoantšong sena. Empa hoo e ne e se qetello ea litaba.

Selemong se fetileng moqolotsi oa litaba tsa thelevishine oa Los Angeles o tlalehile hore bana ba bangata ba bileng Sepetleng sa Bana sa Orange County nakong eo Kyle a neng a le sepetlele ka eona ba tšoaelitsoe ke AIDS ka ho tšela mali a silafetseng. Sepetlele se ne se leka ho ikopanya le malapa a bana ba ka bang 3 000 bakeng sa liteko tsa hore na ha ba na kokoana-hloko ea AIDS.

Hang-hang batsoali ba Kyle ba ile ba ea sepetlele ho ea tiisa hore sepetlele ha se ea tšela lesea la bona mali ntle ho ho ba tsebisa. Nakoana ka mor’a moo, sepetlele se ile sa araba ’me sa tiisa hore ngoana oa bona ha a tšeloa mali le hore o ne a se kotsing ea ho tšoaetsoa ke AIDS. “Re ile ra khumama ka mangole ra leboha Jehova kahobane a re neile melao ea hae e lokileng le matla a ho boloka botšepehi ba rōna nakong ea teko e joalo,” ho boletse batsoali.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela