Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g90 6/8 maq. 3-5
  • Na Boitšoaro bo Botle Boa Khutla?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Na Boitšoaro bo Botle Boa Khutla?
  • Tsoha!—1990
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Na Boitšoaro bo Botle Boa Khutla?
  • Ho Fetohile Mekhoa—Eseng Boitšoaro
  • Na Thuto ea Boitšoaro bo Botle e Ithutiloe?
  • Kamoo AIDS e ka Qojoang Kateng
    Tsoha!—1988
  • Nka Qoba ho Tšoaroa ke AIDS Joang?
    Tsoha!—1993
  • Ke Hobane’ng ha AIDS e Atile Hakana?
    Tsoha!—1988
  • AIDS—Boemo bo Tla Qetella bo le Joang?
    Tsoha!—1992
Bala Tse Ling
Tsoha!—1990
g90 6/8 maq. 3-5

Na Boitšoaro bo Botle Boa Khutla?

MATLO ha a na batho. Matšoao a bontša hore a hirisoa. Matlo a Hamburg, Jeremane, a kile a fetoha karolo e khōlō ka ho fetisisa ea litsi tsa botekatse lefatšeng. Ke hobane’ng a ile a koaloa?

Ka lebaka le tšoanang le la ho koaloa ha libaka tse tsebahalang tse fapaneng tsa San Francisco tsa basodoma. Hohle United States, li-club tse ngata le li-sauna tsa basodoma li koetsoe.

Ke eng se ikarabellang ka liphetoho tsena? Ho ata ha AIDS, e leng kokoanahloko e bolaeang e fetohileng seoa se sebe ka ho fetisisa sa lekholong la bo20 la lilemo.

AIDS e se e bolaile batho ba likete tse mashome. Haeba litekanyetso tsa hona joale li nepahetse, e ka boela ea bolaea batho ba eketsehileng ba millione nakong e tlang.

Na Boitšoaro bo Botle Boa Khutla?

Lilemong tsa bo1960 le bo1970, seoa sa phetoho ea likamano tsa botona le botšehali se ile sa thefula linaha tse ngata tsa Bophirima. Ho ratana ka bolokolohi ebile ntho e amoheloang ka ho pharalletseng. Lenane la bana ba matšeo le eketsehile. Lilemo tsa ba e-song ho kopanele likamano tsa botona le botšehali ka lekhetlo la pele le ntse le fokotseha haholo. Lintho tsa bohlokoa tsa moetlo li felile bophelong ba batho ba limillione, ’me lenane la bona le eketseha ka sekhahla.

Makasine oa Canada L’Actualité, ha o bua ka moea o neng o tletse hohle nakong eo, o boletse: “Kamano ea botona le botšehali e ile ea fetoha papali e se nang molato.” Ka nako e tšoanang, ka lebaka la ho eketseha ha mekhatlo e loanelang “litokelo” tsa basodoma, bosodoma e bile khang e hlahelletseng, ’me ho ile ha etsoa liphetoho melaong eo pele e neng e thibela likamano tsa bosodoma.

Joale AIDS e ile ea hlahella boemong ba lefatše. Ha mafu a seoa sena sa mehleng ea joale a eketseha ’me ho se pheko, boikutlo ba batho mabapi le botona le botšehali bo fetohile ka potlako. Ho joalokaha L’Actualité e hlalositse: “Hammoho le AIDS, lipapali tsa lerato li fetohile tse kotsi ka ho fetisisa.” Moqolotsi oa litaba oa Amerika Ellen Goodman o buile ka phetoho eo sena e se bolelang: “Eseng haeba, empa joalokaha AIDS e ata sechabeng sohle, ‘che’ e tla fetoha karabo e tloaelehileng haholoanyane bakeng sa likamano tsa botona le botšehali.”

Ho Fetohile Mekhoa—Eseng Boitšoaro

Na sena se bolela hore re bona bopaki ba ho sokoloha ho itseng mabapi le ho khutlela boitšoarong bo botle? Joalokaha ka linako tse ling khaso e ile ea phatlalatsa, na ke “ho tsosolosoa ha melao e tšoanang ea boitšoaro” kapa “melao e thata-thata ea boitšoaro”?

Mekhoa e meng e fetohile hobane ho hlokahala, empa monahano oa motheo ha oa latela mohlala ona. Ka mohlala, basodoma ba khaolitseng ho ba le likamano le batho ba bangata empa ba na le “molekane a le mong” ho ke ke ha boleloa e le ho khutlela boitšoarong bo botle. Ho phaella moo, ho ne ho tla etsahala eng haeba moriana oa ente o thibelang AIDS o ne o ka fumanoa? Ha ho pelaelo hore ba bangata ba ne ba tla khutlela mekhoeng ea bona ea pele ’me meaho e khethehileng e ne e tla bula menyako ea eona hape.

Lefatšeng la botona le botšehali, liphetoho boitšoarong, empa e seng monahanong oa motheo, li ka boela tsa hlokomeloa. Felice, seithuti Univesithing ea California Los Angeles, U.S.A., o ikoahlaea ka hore ha a ka a latsoa tokoloho ea botona le botšehali e kileng ea ja setsi moo liithuti li lulang teng. O re: “Boikutlo bona bo tsosa bohale. . . . Ke lakatsa eka nkabe ke na le bolokolohi ba ho iketsetsa liqeto.” Moqolotsi oa litaba oa Amerika o hlalositse hore litekanyetso tsa boitšoaro tsa pele li ne li ke ke tsa khutla, o ile a re: “Le hoja seoa sa likamano tsa botona le botšehali se ka ’na sa fokotseha, ha ho se ka khutlisoang monahanong oa likamano tsa botona le botšehali pele ho lenyalo oa lilemong tsa bo1940 le bo1950.”

Ka mohlala, Canada, makasine oa Maclean’s o tlalehile se latelang mabapi le phuputso e tšehetsoang ke ’muso ea liithuti tsa koleche: “Bacha ba tsebisoa e sa le pele ka mafu a tšoaetsanoang ka likamano tsa botona le botšehali, ho kopanyeletsa le AIDS, mokaola, le gonorrhea. Empa ho bonahala tsebo eo e hlōlehile ho li etsa tse seli ka ho eketsehileng. Liithuti tse ngata tseo ho ileng ha buisanoa le tsona li boletse hore li ile tsa ameha likamanong tsa botona le botšehali, empa li lumeletse hore li ne li sa tsotelle ka ho sebelisa mohato o le mong oa thibelo ea lefu lena: ho sebelisa condom.”

Tlaleho e boetse e re: “Lingaka tse ngata li bolela hore li amehile hore, ho sa tsotellehe phatlalatso eohle ka botona le botšehali e sireletsehileng, molaetsa ona ha o ame karolo e khōlō ea baahi e amehang liketsong tsa botona le botšehali.” Ngaka Noni MacDonald, setsebi sa mafu a tšoaetsanoang sa Ottawa, o itse: “Letšolo le leholo la thuto le phtlalatso mabapi le ho eketsa tšebeliso ea condom le hlōlehile haholo.”

Maclean’s ea phaella: “Phuputso likolong tse 54 e fumane hore likotara tse tharo tsa liithuti li se li ile tsa kopanela liphate. Hoo e ka bang halofo ea ba batona e boletse hore e ne e-na le balekane ba bahlano kapa ho feta, ’me kotara ea bolela hore e ne e-na le balekane ba ka bang 10 kapa ho feta. Har’a liithuti tsa banana tseo ho buisanoeng le tsona, karolo ea 30 lekholong e boletse hore ebile le likamano tsa botona le botšehali bonyane le balekane ba bahlano, karolo 12 lekholong e boletse hore e entse joalo bonyane le banna ba 10. Leha ho le joalo, li-condom li ne li sa tloaeleha. . . . Ba leng kotsing ba ne ba sa sebelise li-condom.”

Na Thuto ea Boitšoaro bo Botle e Ithutiloe?

Ba bangata ba hana ho ithuta thuto ea boitšoaro bo botle ho tsoa ho se etsahalang. Lingaka tse ling li buella phetoho litloaelong, ho ba le molekane a le mong le ho sebelisa li-condom ho qoba AIDS. Empa ha li khaotse ho nyatsa boitšoaro bo hlephileng. Alan Dershowitz, moprofesa oa molao Harvard, ke moemeli oa tloaelo ena ha a ne a etsa tlhahiso ea hore bafuputsi ba se belaelle karolo ea boitšoaro ba botona le botšehali e jalang AIDS. O boletse: “Boramahlale ba lokela ho itšoara joalokaha eka lefu lena le tšoaetsanoa ka boitšoaro bo tloaelehileng.”

Leha ho le joalo, koranta ea Fora Le spectacle du monde e ikutloa hore sena ha se ea lekana. E itse: “Ha ho mokhoa ofe kapa ofe oa ho loantša AIDS o tlang ho atleha ntle le haeba ho khutleloa kapele-pele le ka boithaopo litekanyetsong tse phahameng tsa boitšoaro lefatšeng lohle. (Ha hoa lokela ho lebaloa hore ho lumella likamano tsa botona le botšehali, bootsoa, le tšebeliso e mpe ea lithethefatsi ke tsona litšobotsi tsa bophelo tse ikarabellang ka seoa sa lefu lena.) Ho khutla hona ha boitšoaro ho ka tla feela haeba mokhoa o mocha oa bophelo o ka hlaha. . . . Boitšoaro bo botle ha se sehlahisoa sa balateli ba ikhethileng ba khopolo e itseng. Kaha bo tobane le tšokelo ea AIDS, bo lokela ho hlalosoa e le tlhoko e tebileng ea bophelo bo botle eo ho phonyoha ha moloko oa batho ho itšetlehileng ka eona.”

Na boitšoaro bo botle bo lokela ho tsosolosoa e le ‘tlhoko ea bophelo bo botle’? Na ho amohela tsamaiso ea boitšoaro bo botle ho lokela ho buelloa feela ke maemo? Na melao eohle ea boitšoaro e na le molemo o tšoanang? A re hlahlobeng seo histori e ka re rutang sona.

[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 5]

“HA HO SE KA KHUTLISANG MONAHANO OA LIKAMANO TSA BOTONA LE BOTSĚHALI OA LILEMONG TSA BO-1940 LE TSA BO-1950”

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela