Kamoo AIDS e ka Qojoang Kateng
MEBUSO e mengata le mekhatlo e ikemetseng e na le matšolo a thuto a ho thusa batho ho ithuta tsela ea ho qoba AIDS. Leha ho le joalo, se haellang hangata keletsong e joalo ke ho nahanela boitšoaro. Ha se kamehla ho etsoang boipiletso ba ho qoba boitšoaro bo itseng hobane bo fosahetse.
Mabapi le sena, mohlalosi oa TV Ted Koppel o boleletse sehlopha se ithutelang likhau sa univesithi: “Ha e le hantle re ipoleletse hore mapetjo ke ’ona a tla re boloka. Entela [lithethefatsi] methapong haeba u batla, empa sebelisa nalete e hloekileng. Thabela ho robala le mang kapa mang ka nako leha e le efe, empa sebelisa condom. Che! Karabo ke che. E seng hobane ha se ntho e ntle kapa e nang le kelello kapa hobane u ka ’na ua qetella u koalletsoe chankaneng kapa ua shoela ka kamoreng ea sepetlele ea bakuli ba AIDS, empa re re che hobane ho fosahetse, hobane re qetile lilemo tse 5 000 re le moloko oa batho o nang le kelello . . . re batla ’nete le melao ea tsa boitšoaro. ’Nete ha e sa tsoakoa ha e thabise. Ke thohako. Seo Moshe a theohileng le sona Thabeng ea Sinai e ne e se Litlhahiso tse Leshome.”
Tsela ea ho Qoba AIDS
Koluoa ea AIDS e ka be e qobiloe. Joaloka ha The New York Times Magazine e boletse: “Ke koluoa ea pele historing ea motho eo litaelo tsa eona li itšetlehileng feela ka hore re tsebe ho itšoara.”
Ho qoba AIDS, molao o moholo e tlameha ho ba: Phela ka boitšoaro bo botle. Sena se bolela ho se be le likamano ka ntle ho lenyalo le ho se sebelise lithethefatsi tse sa lumelloang ke molao. E, ho lokela ho ba le phetoho mokhoeng oa boitšoaro, hobane, joaloka ha Science News e tlalehile, “ho hlakile hore ke boitšoaro bo fetisang kokoana-hloko e bakang AIDS.”
Ke ba seng bakae ba phelang ka boitšoaro bo botle ba fumanang AIDS. Ke ’nete, molekane e mong oa lenyalo a ka itšoara hantle, empa e mong a ka itšoara hampe ’me a tšoaetsoa ke AIDS ’me kahoo a ka fetisetsa lefu lena ho molekane ea se nang molato. Ho hlakile hore molekane ea se nang molato ea belaellang hore e mong o itšoere hampe kapa o sebelisa lithethefatsi hampe o na le tokelo ea ho nka mehato ea ho itšireletsa. Balekane ba se nang molato ha ba lebelloa ho ipolaea.
Koranta ea Tokyo Asahi Shimbun e qotsa balaoli ba bophelo bo botle ba bolela: “Haeba u iphelela bophelo bo tloaelehileng, u ke ke ua tšoaetsoa ke lefu lena. Kahoo ha ho hlokahale hore u ikhathatse ka ho feteletseng ka boloetse bona. Empa haeba u batla ho ‘bapala,’ ipee kotsing e joalo ka bouena, kotsing ea ho ipolaea.” Shoko Nagaya oa lefapha la bophelo bo botle o elelitse: “Tseba molekane oa hao.”
Leha ho le joalo, na ho hlile ho ka etsahala ho “tseba molekane oa hao” lefatšeng lena le lumellang ntho e ’ngoe le e ’ngoe le le iphoufaletsang boitšoaro bo bobe? U ka kholiseha joang hore molekane oa hao ha a e-s’o be le likamano tse litšila kapa ha a e-s’o sebelise lithethefatsi hampe ’me kahoo a pepesehela ho AIDS?
Se hlokahalang ke thuto e susumeletsang batho ho hloea boitšoaro bo bobe. ’Me ho sa tsotellehe maikutlo a kajeno a lumellang ntho e ’ngoe le e ’ngoe, likamano ka ntle ho lenyalo ke boitšoaro bo bobe, joaloka tšebeliso eo e seng ea molao ea lithethefatsi. Liketso tse joalo li ka lebisa ho kuleng le lefung pele ho nako.
Hase Tiiso
Naheng e ’ngoe, karolo ea 93 lekholong ea banna le basali ba lilemo tse 18 le 19 bao ho buisanoeng le bona ba kopanetse likamano tse litšila tsa botona le botšehali. Ke feela karolo ea 25 lekholong ea banna le 20 lekholong ea basali eo ho boletsoeng hore e sebelisitse condom—sesebelisoa sa meriana se bueletsoeng ke balaoli ba bang ba meriana e le se thibelang AIDS. Naheng e ’ngoe, tlhahlobo e senotse hore kamor’a hore banna ba nang le AIDS ba basodoma ba hlahlojoe, likhoeling tse tšeletseng ba fokotsa palo ea balekane ba bona ho tloha ho 12 ho isa ho 5. Ba bangata ba bona ba ikutloa ba sireletsehile ka baka la tšebeliso e eketsehileng ea condom.
Empa na tšebeliso ea condom ke tiiso? Balaoli ba fapaneng ba bophelo bo botle ba lekanyetsa ho hlōleha ha li-condom ka makhetlo a 2 ho ea ho a 10 lekholong kapa ho feta, ’me li-condom tse nang le lera la tlhaho li fokola ho feta tse entsoeng ka latex. The Financial Post ea Canada ea tlaleha: “Jack Layton, molula-setulo oa Lekhotla la Toronto la Bophelo bo Botle, o bolela hore li-condom tse thibelang mafu li hlōleha ka makhetlo a 30 lekholong ho thibela ho ima.”
Beth Aub, ha a ngola ho The Daily Gleaner ea Jamaica, oa bolela: “Condom ha e sa sireletsehile kajeno joaloka pele. Ha e le hantle, ha ea sireletseha ho-hang, hobane kokoana-hloko ea AIDS e nyenyane ho feta peō ea monna ’me kahoo ho tla ba bonolo ho phonyohela kahare, ’me ereka ha mosali a ka ima matsatsing a ’maloa a khoeli o pepesehetse ho AIDS neng kapa neng ha a e-ba le likamano tsa botona le botšehali le monna ea tšoaelitsoeng. Condom ha ea sireletseha.” ’Me Ngaka e Buoang e ka Sehloohong Koop, o lemosa hore li-condom li na le ho hlōleha ho “phahameng ka tsela e sa tloaelehang” ha li sebelisoa ke basodoma.
Kahoo, lisebelisoa tsena ha se tiiso khahlanong le AIDS. Ho e-na le hoo, ho phela ka litekanyetso tse phahameng tsa Bibele ke tšireletso e molemohali.
Na Tšelo ea Mali e Sireletsehile?
Kamor’a hore liteko tsa mali li qalisoe ka 1985, likete (mohlomong makholo a likete ha ho kopanyelletsoa le Afrika) tsa batho li fumane AIDS maling a silafetseng. Libakeng tse ling palo ena e ntse e phahama. Tlaleho ea selemo sena ea Afrika e boletse: “Tlhahlobo e ncha e fumane hore hoo e batlang e le ngoana a le mong ho ba 15 ba Afrika Bohareng ba amohelang tšelo ea mali ho loantša lefu la ho fokola ha lisele tse khubelu tsa mali le amanang le malaria a ka tšoaetsoa ke kokoana-hloko ea AIDS. Ha joale litšelo tsa mali ke mohloli oa Bobeli o fetisang AIDS naheng ena.”
Linaheng tsa Bophirimela ho boletsoe hore tšelo ea mali hajoale e bonahala e sireletsehile. Empa e sireletsehile hakae? Litekong tsa kamehla tsa AIDS, ke lisele tse sireletsang ’mele mafung tse senolang ho ba teng ha kokoana-hloko. Empa, joaloka ha The Economist e bolela, “Lisele tse sireletsang ’mele mafung tse bonoang litekong li nka nako ho hlaha.” Batho ba fanang ka mali ba ka ba le kokoana-hloko ea AIDS empa ba e-s’o ho be le lisele tse sireletsang ’mele mafung. Kahoo leha ba ka boleloa ba se na AIDS, ba na le kokoana-hloko ena ’me ba ka e fetisa ha mali a bona a sebelisoa litšelong tsa mali. ’Me Setsi sa Mali sa New York se lekanyetsa hore hoo e ka bang 90 lekholong ea ba amohelang tšelo ea mali a tšoaelitsoeng hanyenyane ke AIDS ba tla tšoaetsoa ke kokoana-hloko ena.
Dr. Harvey Klein oa Sepetlele sa Sechaba sa Bophelo bo Botle sa U.S. o bolela hore ho ka nka libeke tse tšeletseng ho isa ho likhoeli tse tharo hore lisele tse sireletsang ’mele mafung li hlahe. Nakong eo, mali a motho ea sa tsoa tšoaetsoa a ka se be le lisele tse sireletsang ’mele mafung, kapa a ba le tse haellang hore li ka bonahala litekong.
The Medical Post ea Canada ea bolela: “Lisele tse sireletsang ’mele mafung, tse bonahalang litekong tsa kajeno li ka nka likhoeli tse tšeletseng hore li hōle.” Tlhahlobo ea Sepetlele sa Sechaba sa Kankere sa U.S. e bontšitse hore batho ba bang ha ba hōlise lisele tse sireletsang ’mele mafung tse ka lekoang ho fihlela kamor’a likhoeli tse 14 ba tšoaelitsoe ke kokoana-hloko ea AIDS. Litšibollo tse ncha tse tlalehiloeng ke The Lancet, koranta ea bongaka ea Brithani li ntse li bontša hore kokoana-hloko ea AIDS e ka ikatisa ka hare ho motho nako e telele pele e bonahala litekong. Leha ho le joalo ho etsoa liteko tsa ho fumana likokoana-hloko tsa lefu lena le pele ’mele o qalisa ho hlahisa lisele tsa oona tse o sireletsang mafung, empa mothating ona liteko tse joalo li sa le tšimolohong ea tsona.
Tlaleho ea meriana e entsoeng ke lingaka tse phekolang mafu a mofuta o itseng ka ho khethehileng tsa Univesithi ea Mainz Rephabliking e Kopaneng ea Jeremane li tlalehile: “Lekala la tsa meriana le lokela ho amohela ’nete ea hore mali a se nang kokoana-hloko ea HIV ha a sa le eo.”
Mafu a Mang a Mali
Ho hobe le ka ho fetisisa ke hore mafu a mang ka ntle ho AIDS a fetisoa haholo ke litšelo tsa mali. Dr. Klein oa bolela: “AIDS e teng bathong bohle. Empa lilemong tse ka holimo ho 25 tse fetileng, bothata bo boholo tšelong ea mali e ne e le lefu la sebete le fetisoang ka litšelo tsa mali. ’Me le kajeno, lebaka le ka sehloohong la lefu le amanang le tšelo ea mali ke lefu la sebete.”
Mofuta o mong oa boloetse bona o bitsoa lefu la sebete la nonA/nonB. United States, batho ba fetang 190 000 ba bo fumana litšelong tsa mali selemo le selemo. Ho bana, ba ka bang 10 000 ba shoa kapa ba tsoa kotsi e feletseng. Kokoana-hloko ena ha e-s’o ka e khetholloa ka ho feletseng, ’me ha ho e-s’o ho be le teko e tiileng e etsoang bakeng sa eona hajoale.
Ka baka leo, koranta ea letsatsi le letsatsi ea meriana ea Fora Le Quotidien du Mèdecin ea bolela: “Mohlomong Lipaki tsa Jehova li nepile ka ho hana tšebeliso ea lintho tse etsoang ka mali, hobane ke ’nete hore palo e hlokomelehang ea lintho tse bakang maloetse li ka fetisoa ka tšelo ea mali.”
U na le Khetho
Motho e mong le e mong o tlameha ho etsa khetho tabeng ena. Haeba khetho e le ho tsoela pele ka boitšoaro bo litšila kapa tšebeliso eo e seng ea molao ea lithethefatsi, joale u lokela ho talimana le liphello: ho kotula bohloko ka baka la ho hasa hohle boitšoaro bo sa nepahalang.
Empa ke mang ea tla hloma litekanyetso tse nepahetseng tsa boitšoaro? Koana, ke mang ea tsebang ho bōptjoa ha rōna hamolemohali le hore liphello ke life tsa ho tlōla litekanyetso tse joalo tsa boitšoaro? Ka sebele, ke ’Mōpi oa batho. ’Me Lentsoeng la hae le bululetsoeng, Bibele, o boletse ka ho hlakileng: “Molimo ha o songoe; hobane seo motho a se jalang, o tla se kotula le hona. Ea jallang nama ea hae, o tla kotula nameng ho bola.”—Ba-Galata 6:7, 8.
Ha ho pelaelo hore ’Mōpi oa batho o entse qeto ea hore bosodoma, bofebe, le bohlola ke boitšoaro bo sa nepahalang, joaloka tšebeliso eo e seng ea molao ea lithethefatsi. Lentsoe la hae lea re bolella: “Le se ke la lahleha: Ha e le baboki, le bafebi, leha e le basodoma” ba ke ke ba lebella kamohelo ea Molimo.—1 Ba-Korinthe 6:9; hape bona 2 Ba-Korinthe 7:1.
Bibele ea lemosa: “E leng ho tela tse hlabetsoeng melimo, le tse fenethiloeng, le bofebe.” (Liketso 15:29, NW) Lentsoe la Segerike le sebelisitsoeng mona e le “bofebe” le kopanyeletsa mofuta leha e le ofe oa likamano tsa botona le botšehali tseo e seng tsa molao, ebang li etsoa le molekane eo e seng oa lenyalo. ’Me na u kile ua hlokomela hore molao ona o kopanyeletsa ho tela mali?
Mantsoe a latelang a lengolo lena kajeno a sebetsa ka matla a maholoanyane. A bolela: “Haeba ka hloko le ikarola linthong tsena, le tla atleha. Le be le bophelo bo botle!” Nahana hore na ke ba bakae ba shoeleng le ba tla bolaoa ke AIDS ka baka la boitšoaro bo bobe le lithethefatsi, le likete (mohlomong makholo a likete Afrika) ka lebaka la mali a silafetseng. Hape, nahana ba makholo a limillione bao bophelo ba bona ba ’mele bo sentsoeng ke mafu a mang a tšoaetsanang a likamano tsa botona le botšehali, le mathata a litšelo tsa mali le tšebeliso ea lithethefatsi.
Ha lipalo-palo tsena li kopantsoe kaofela, li etsa palo e khōlō ea bophelo bo fokolang le lefu la pele ho nako. Ha re sheba liphello, re ka bona bohlale ba ’Mōpi ba ho thibela liketso tse joalo.
Moprofesara Vicente Amato Neto, setsebi sa Brazil sa mafu a tšoaetsanoang, o re: “Hangata ke ee ke re thibelo e molemohali ea AIDS ke hore motho e be Paki ea Jehova, hobane litho tsa bolumeli bona ha se basodoma kapa batho ba nang le litho tse peli tse sa tšoaneng, ba tšepahala lenyalong la bona—ba le amahanya le litholoana—ha ba sebelise lithethefatsi ’me, ho qetella taba ena, ha ba amohele litšelo tsa mali.”
Makasine oa Toronto Life oa bolela: “Karabo e hlakileng feela ea AIDS ke bosoha bo lebisang ho beng le molekane a le mong feela oa lenyalo.” ’Me Valentin Pokrovsky, mopresidente oa Sekolo sa Mahlale sa Meriana sa Soviet Union, o lumetse: “Ho loantša AIDS ho ke ke ha lekanyetsoa feela boitekong ba meriana. Tsela e ntle ea bophelo, ho hloeka ha likamano pakeng tsa monna le mosali le likamano tse tšepahalang tsa lenyalo ke litsela tse molemohali tsa ho thibela AIDS.”
E, ho amohela litekanyetso tsa ’Mōpi bakeng sa boitšoaro ba batho ke tsela e molemohali ea ho thibela AIDS.
[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 13]
“Seo Moshe a theohileng le sona Thabeng ea Sinai e ne e se Litlhahiso tse Leshome”
[Setšoantšo se leqepheng la 13]
Litšelo tsa mali li jetse AIDS—’me li ntse li etsa joalo
[Setšoantšo se leqepheng la 15]
Bohloeki bo lebisang lenyalong bo ka thibela likhathatso tse ngata, ho kopanyelletsa le AIDS