Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g92 8/8 maq. 9-11
  • AIDS—Boemo bo Tla Qetella bo le Joang?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • AIDS—Boemo bo Tla Qetella bo le Joang?
  • Tsoha!—1992
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Karabelo ea Motheo
  • Ho Fela ha AIDS
  • Ke Hobane’ng ha Afrika e le Mahlomoleng a Makaale?
    Tsoha!—1992
  • Kamoo AIDS e ka Qojoang Kateng
    Tsoha!—1988
  • Ho Thusa ba Nang le AIDS
    Tsoha!—1994
  • Lipalo-palo Tse Tšosang Tsa ba Tšoeroeng ke AIDS!
    Tsoha!—2001
Bala Tse Ling
Tsoha!—1992
g92 8/8 maq. 9-11

AIDS—Boemo bo Tla Qetella bo le Joang?

“KE KHOLISEHILE ka ho felletseng hore re tla ba le ente nakong ea joale ea lilemo tse leshome.”—Jorg Eichberg, hlooho ea liphuputso tsa ente Setsing sa Liphuputso sa Wyeth-Ayerst, Philadelphia, U.S.A.

Nahana haeba ho ne ho ka fumaneha pheko kapa ente e thibelang AIDS. Seo e ne e tla ba thuso e kaakang! Ho litsebi tsa AIDS tse 9 000 tse neng li kopane Florence, Italy, selemong se fetileng ho buisana ka sehlooho se reng “Saense e Phephetsa AIDS,” ntle ho pelaelo takatso ea hore ho fumanoe pheko e joalo ke eona ntho ea bohlokoa eo li neng li nahanne ka eona.

Ha litšoaetso tse ncha tse 9 ho tse 10 li etsahala linaheng tse tsoelang pele moruong, khatello ea ho fumana tharollo e sebetsang e ntse e tsoela pele. Leha ho le joalo, ho latela makasine oa New Scientist, ho bonahala ba bangata sebokeng se neng se tšoaretsoe Florence “ba ne ba lahlehetsoe ke boikutlo ba hore ho potlakisoe lintho.” Makasine ona o etsa tlhahiso ea hore: “Mohlomong tlokotsi ena ke e pharalletseng hoo ba bangata ba tlohetseng bothata bona.”

’Nete e bohloko ke hore bo-rasaense ba na le lipotso tse ngata ho feta likarabo. New Scientist e hlalosa hore “nakong ea lilemo tse 10 tsa tlokotsi, mathata a tobaneng le litsebi tsa saense ea likokoana-hloko le litsebi tsa metsoako e sireletsang ’mele mafung a bonahala a le maholo ho feta leha e le neng pele.” Setsebi sa Brithane sa AIDS Ian Weller se hlokomelisitse: “Phekolo ea ho qetela ea meriana e sebetsang hantle khahlanong le tšoaetso ea likokoana-hloko e ke ke ea ba teng haufinyane.”

Empa haeba ente e thibelang AIDS e fumaneha, e tla fumaneha habonolo hakae? Dr. Dennis Sifris, ngaka e nang le phihlelo ea botho ea ho sebetsana le linnete tsena Afrika, oa hlalosa: “Re na le ente e sebetsang hantle haholo bakeng sa TB [lefuba] ’me ho latela mehopolo ea batho, TB e lokela hore ebe e phekotsoe ka ho felletseng [joaloka tabeng ea] ’maselese le Lefu la Sebete la mofuta oa B. Leha ho le joalo mafu ao a mararo . . . ke oona a ka sehloohong a bolaeang kajeno Afrika. Kahoo esita leha ho ka etsoa ente, bothata bo boholo ke hore batho ba e fumane habonolo.”

Ha e le mona ho na le tšepo e fokolang ea phekolo, seo Afrika e se khethileng e bile feela ho phehella batho hore ba fetole tsela ea bona ea boitšoaro ba botona le botšehali. Empa potso ke hore—joang?

Karabelo ea Motheo

Karabelo ea motheo bakeng sa ho rarolla bothata ba AIDS Afrika ke ho fana ka li-condom tse eketsehileng. Bakhanni ba literaka ba li fumana mahala meeling ea linaha. Likoranta li fana ka tsona ka lienfelopong. Litliliniki le basebeletsi ba bophelo bo botle ba li boloka ka bongata.

Le hoja mohlomong mehato eo e amme ho jaleha ha AIDS ka tsela e itseng, e boetse e na le mathata a eona—haholo-holo Afrika. Mosebeletsi oa bophelo bo botle Stefan van der Borght oa Medecins Sans Frontieres Angola oa hlalosa: “Haeba u fana ka li-condom tse limillione tse tharo profensing ea Huambo, . . . sena se bonahala e le ntho e ntle. Empa seo se bolela hore batho ba millione le halofo ba leng profensing eo ba ka kopanela likamano tsa botona le botšehali ka makhetlo a mabeli pele li-condom li fela.”

Empa ka ntle le mathata a amehang bakeng sa tlhophiso le kabo, ke phello efe eo kabo e sa khetheng joalo ea li-condom e bang le eona boitšoarong bo bobe ba botona le botšehali—e leng sona sesosa se seholo sa AIDS Afrika? Sena sohle se bontša hore mehato e joalo e khothalletsa boitšoaro bo bobe ba botona le botšehali ho e-na le ho bo felisa. Esita le bahlanka ba ’muso ba qala ho hlokomela ’nete ena. Naha e ’ngoe ea Afrika e se e laetse mecha ea litaba e laoloang ke ’muso hore e khaotse liphatlalatso tsa li-condom kaha li khothalletsa boitšoaro bo bobe ba botona le botšehali. Mongoli Keith Edelston o hlalosa sena ka ho eketsehileng bukeng ea hae AIDS—Countdown to Doomsday: “Ka baka la likotsi . . . tse leng teng tšebelisong ea li-condom, ho hlakile hore ho ba le molekane a le mong ke eona feela tsela ea ho sireletseha ka ho felletseng.”

Empa na ho ba le molekane a le mong lenyalong ke khetho e loketseng?

Ho Fela ha AIDS

Moprofesa Reuben Sher, setsebi sa AIDS Afrika o re: “Haeba batho ba ka khaotsa ho kopanela boitšoarong bo bobe ba botona le botšehali hosane, kokoana-hloko ena e ne e tla fela. Batho ba nang le eona ba ne ba tla shoa ’me e ne e tla ba ho fela ha kokoana-hloko ena.” Ka ho tšoanang, mohlophisi oa The Star, e leng koranta e hatisoang Johannesburg, Afrika Boroa, o bolela hore “ho motho ea sa kopaneleng boitšoarong bo bobe ba botona le botšehali kapa ea sa sebeliseng nalete ea motho e mong ho entela lithethefatsi ’meleng oa hae kapa ea sa tšeloeng mali, ho thata hore kokoana-hloko ea [HIV] e ka mo tšoaetsa.”

Hona joale Lipaki tsa Jehova tse fetang 450 000 Afrika li qoba lintho tseo. Li lumela ka tieo hore boitšoaro bo botle bo theiloeng Bibeleng bo molemo. Nahana ka mabaka a tsona: Kaha ’Mōpi, Jehova Molimo, e le eena ea bōpileng batho, joale ke ho utloahalang ho hlokomela melao ea boitšoaro eo a e behileng. Molao-motheo o ngotsoeng ho Ba-Heberu 13:4 ke mohlala o motle: “Lenyalo a le ke le hlomphehe har’a batho bohle, le liphate li hloke litšila.” Ho e-na le ho ikutloa hore ba amohiloe thabo, ba sebelisitseng mangolo a joalo ba ipolokile mahlomolemg a mangata a ’mele le a maikutlo.—Bapisa le Liketso 15:29; 2 Ba-Korinthe 7:1; Ba-Efese 5:3-5.

Ka ho thahasellisang, hangata mecha ea litaba e buile hantle ka boitšoaro ba Lipaki tsa Jehova Afrika. Daily Telegraph ea London, Engelane e ile ea re: “[Lipaki] li iponahalitse . . . e le tse hlomphehang, baahi ba nang le tlhophiso le ba phelang ka melao ea boitšoaro e phahameng.” E phaelletse ka ho re: “Boitšoaro bo bobe ba botona le botšehali le sethepu tse khethollang sechaba sa Maafrika ha bo amoheloe har’a Lipaki.” Ka ho tšoanang, mongoli oa buka Contemporary Transformations of Religion, Bryan Wilson o hlalosa hore “sechabeng sa Maafrika, Lipaki . . . ke mekhelo” le hore “phello ea . . . melao ea [tsona] ea boitšoaro ke e hlakileng.”

Sena ha se bolele hore Lipaki tsa Jehova li sireletsehile ka ho felletseng liphellong tsa AIDS. Tse ling li tšoaelitsoe ke molekane ea sa khomareleng melao-motheo ea Bokreste e tšoanang le eo li e khomarelang, ’me ba bang ba tšoaelitsoe lefu lena pele e e-ba Lipaki. Hape, tse seng kae li khethile ho khutlela morao litseleng tsa boitšoaro bo hlephileng tsa lefatše la kajeno, ’me ba seng bakae ho tsona ba ile ba tšoaetsoa AIDS e le karolo ea litholoana tsa litsela tsa bona. (Ba-Galata 6:7) Leha ho le joalo, bao ka manganga ba phehellang mokhoa oa bophelo oa boitšoaro bo bobe ba boetse ba lahlehetsoe ke tokelo ea bona ea ho lula phuthehong ea Bokreste. (1 Ba-Korinthe 5:13; 6:9, 10) Empa bongata ba Lipaki tsa Jehova tse fetang limillione tse ’nè ho potoloha lefatše li thabela boiketlo ’meleng, maikutlong le moeeng ka baka la ho khomarela melao-motheo ea ’Mōpi mabapi le boitšoaro.

Ho thabisang ke hore Bibele e bontša hore tharollo ea ka ho sa feleng tlokotsing ea AIDS e haufi. (Tšenolo 21:1-4) Jehova Molimo o tšepisa lefatše le lecha le se nang lisosa tsohle tsa mafu a kang AIDS. Ho ke ke ha hlola ho e-ba le mohlaseluoa ea se nang molato ea tla utloa bohloko hobane motho e mong le e mong o tla phehella ho loka, mekhoa e metle ea bophelo e ntšetsang thabo ea ’nete pele.—Esaia 11:9; 2 Petrose 3:13.

[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 9]

“Ha ho hlokahale hore re senye liranta tse libillione ho etsa liphuputso le tsoelo-pele . . . Ho hlokahala hore re khutlele boitšoarong bo botle.”—Dr. Mark Hendricks, Setsebi sa Afrika Boroa sa saense ea likokoana-hloko

[Setšoantšo se leqepheng la 9]

Molao o thata oa ho ba le molekane a le mong ke tsela ea bohlokoa ea ho qoba seoa sa AIDS

[Setšoantšo se leqepheng la 10]

Molimo o tšepisa lefatše le lecha ka ho felletseng le hlokang mafu a kang AIDS

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela