Ho Etsa Liphuputso ka Liphoofolo—Tlhohonolofatso kapa Thohako?
HAEBA u le har’a batho ba limillione ba hlahileng qalong ea lekholo lena la lilemo, mohlomong u tseba hantle hore bophelo ba hao bo bolelele ho feta hōle litebello tsa batsoali ba hao le tsa ngaka kapa ’melehisi. Haeba u hlahetse United States, Canada, kapa Europe, bolelele ba bophelo ba hao ka selemo sa 1900 e ne e ka ba lilemo tse 47. Linaheng tse ling lilemo tsa bophelo li khutšoaane haholo. Kajeno, linaheng tse ngata batho ba phela ho feta lilemo tse 70.
Ho sa tsotellehe hore u lilemo li kae, u phela nakong e bohloko. Baholo-holo ba hao ke lipaki tsa liphello tse sa laoleheng tsa mafu a mangata a ileng a bolaea moloko oa bona. Ka mohlala, lefu la sekholopane le ile la bolaea batho ba limillione selemo le selemo ’me la siea ba bang ba limillione mahoabali bophelo bohle ba bona. Mokakallane o ile oa eketseha—lefu lena le le leng la seoa le ile la bolaea batho ba fetang limillione tse 20 ka selemo se le seng (1918-19). Ka mor’a Ntoa ea I ea Lefatše, feberu ea typhus e ile ea bolaea batho ba limillione tse tharo Russia. Seoa sena sa feberu se ile sa qhoma linaheng tse ling tse ngata nakong ea Ntoa ea II ea Lefatše. Ho lekanyetsoa hore batho ba 25 ho ba bang le bang ba 100 ba neng ba tšoaelitsoe ke feberu ena ba ile ba shoa.
Lefu le tšajoang haholo la masea, leo hamorao le ileng la tsejoa e le poliomyelitis, le ile la fokotsa palo ea batho ka batho ba ka bang 30-000 selemo le selemo ’me la holofatsa ba bang ba likete, haholo-holo bana. Ho na le bana ba sa kang ba phela lilemo tsa bona tsa pele tsa bongoana ka lebaka la feberu ea mala kapa diphtheria, maselese, mokhokhothoane kapa letsoejane. Ho bonahala lenane lena e le le sa khaotseng. Ho bana ba bang le ba bang ba 100 000 ba hlahileng ka 1915, ba ka bang 10 000 ba ile ba shoa pele ho selemo sa bona sa pele sa tsoalo. Hlahala ea boko e ne e sa phekolehe. Tsebo ea ho thibolla methapo e koalehileng e ne e se teng. Lingaka li ne li hlōleha ho pholosa bahlaseluoa ba lefu la pelo, ’me kankere e ile ea bolaea batho ba bangata.
Ho sa tsotellehe seoa se bolaeang se ileng sa hlasela lefatše ho tloha bofelong ba lekholo la lilemo le pele ho moo, bolelele ba bophelo ba batho ba bangata kajeno bo eketsehile ho fihlela lilemong tse ka bang 25. Kahona, likarolong tse ngata tsa lefatše, ngoana ea hlahang kajeno o na le tebello ea ho phela lilemo tse ka bang 70.
Litšenyehelo tse Lefiloeng ho Pholosa Bophelo
Ka lehlohonolo, bacha ba bangata ba phelang kajeno ba pholohile mafu a mangata a bolaileng baholo-holo ba bona ba bangata. Empa mohlomong ba ke ke ba thabela ho tseba hore metsoalle ea motho e nang le boea—lintja, likatse, mebutla, litšoene, le tse ling—li ile tsa bolaoa ka bongata bo tšosang lebitsong la saense ea meriana ‘e le hore mohlomong kajeno batho ba ka phela halelele le ka thabo,’ joalokaha litsebi tsa saense li bolela.
Qetellong mafu ’ohle a ne a phekotsoe kapa a le tlas’a taolo lekholong lena la lilemo—komello ea litho, feberu ea mala, manketea, maselese, rubella, sekholopane, le a mang—a ile a phekoloa ka liphuputso tse entsoeng ho liphoofolo. Metsoako ea phekolo le meriana e fokotsang mahlaba, ho fepa ka methapo le phekolo ea meriana, phekolo ka mahlaseli, le phekolo ka lik’hemikhale bakeng sa kankere, tsohle li ile tsa lekoa ’me tsa ipaka li sebetsa hantle ka lekhetlo la pele liphoofolong. Ena e mpa e le mehlala e ’maloa feela.
“Ho bonahala ho se phekolo kapa mehato ea phekolo ea ho buuoa e ka beng e finyeletsoe tsebong ea joale ea meriana hoja ho sa etsuoa liphuputso ka liphoofolo,” ho boletse ngaka e ’ngoe ea methapo, Dr. Robert J. White. “Ho sebelisa lintja le liphoofolo tse ling ho lebisitse tšibollong ea motsoako oa insulin le taolo ea lefu la tsoekere, ho buuoa pelo, ho kenya mochine o thusang pelo le ho kenngoa litho tse ling. Komello ea litho . . . e fentsoe ka ho felletseng United States ka mehato ea thibelo ea ho enta e entsoeng ka litšoene. Ka ho sebelisa liphoofolo, bafuputsi ba fumane pheko ea bana ba khathatsoang ke letsoejane ho tloha ho karolo ea 4 lekholong ka 1965 ho ea karolong ea 70 lekholong kajeno,” ho boletse ngaka eona eo.
Karolo ea liphoofolo liphuputsong e lumetsoe ke eo e bileng motlatsi oa liphuputso Harold Pierson, ea sebelitseng tlas’a Dr. F. C. Robbins Univesithing ea Western Reserve, Cleveland, Ohio, U.S.A. O bolelletse Tsoha! hore lenaneo la bona la ho sibolla ente ea komello ea litho le akareletsa ho sebelisa liphio tsa tšoene. Lisele tsa phio e le ’ngoe li ka sebelisoa litekong tse likete. O hlalositse: “Litšoene tsena li ne li bolokiloe boemong ba batho ’me kamehla li ne li ilibatsoa ha li buuoa. Ka sebele sena e ne e se sehlōhō sa ka boomo. Leha ho le joalo, ka ho buuoa ha tsona, ho bile le bahlaseluoa ba se nang boikhethelo ba sehlōhō ba saense.”
Ho Buuoa Pelo le Lefu la Alzheimer
Ka lebaka la phello e tobileng ea phuputso ka liphoofolo, ho ile ha qapuoa mekhoa e mecha ea bongaka ho thibolla methapo e thibiloeng ke mafura, ’me ha thibeloa mafu a mangata a pelo—e leng sesosa se seholo sa mafu linaheng tsa Bophirima. Ka ho etsa liteko tsa pele ka liphoofolo, lingaka li ithuta kamoo li ka tlosang lihlahala ka katleho bokong ba motho le ho khutlisetsa litho tse khaohileng—matsoho, maoto, le menoana. Dr. Michael DeBakey, ea ileng a buoa pelo ka lekhetlo la pele, o itse: “Tsebong ea ka ea liphuputso tsa bongaka, hoo e ka bang mekhoa eohle e qapiloeng bocha ea ho buoa pelo e ile ea sibolloa ka hore ho etsoe liphuputso ka liphoofolo.”
Ka lefu la Alzheimer, Dr. Zaven Khachaturian oa Mokhatlo oa Sechaba oa Maqheku oa U.S. o re: “Lilemo tse robeli tse fetileng re ne re sa tsebe letho. Ho bile le tsoelopele e babatsehang phuputsong ea lefu la Alzheimer hobane phuputso ea rōna ea motheo mabapi le ho sebetsa ha boko ke ea morao lilemong tsa bo1930.” Mosebetsi o moholo o ne o akareletsa liphoofolo, ’me lingaka li na le tšepo ea ho tsoela pele.
AIDS le Lefu la Parkinson
Hona joale phuputso ea bohlokoa ka ho fetisisa e etsang hore lingaka tse thibelang tšoaetso li sebetse nako e eketsehileng, ke ea ho etsa motsoako oa ente ho loantša lefu le bolaeang la AIDS, leo litsebi li lekanyetsang hore le tla bolaea batho ba ka bang 200 000 ka 1991 United States feela. Ka 1985 litsebi tsa saense Setsing sa New England Regional Primate li ile tsa atleha ho behela kokoana-hloko ea STLV-3 ka thōko (SAIDS, mofuta o mong oa AIDS) litšoeneng le ho o kenya ho tse ling. Dr. Norman Letvin, ngaka ea thibelo ea tšoaetso Setsing sa New England Regional Primate o itse: “Ha e le mona kokoana-hloko ena e behetsoe ka thōko, re na le phoofolo eo re ka etsang motsoako oa ente ka eona bakeng sa litšoene le batho. Ho bonolo ho ithuta ho hongata ka lenane le fokolang la liphoofolo phuputsong e leng tlas’a taolo ho e-na le ho shebella bakuli ba makholo ba bolaoa ke AIDS.”
Lingaka Setsing sa Liphuputso sa Yerkes Regional Primate sa Univesithi ea Emory ea Atlanta ebile tsona tsa pele ho bontša ka lithuto tsa tsona ka ho sebelisa litšoene ka katleho ho kenya lisele tse hlahisang dopamine bokong e le phekolo ea lefu la Parkinson. Ho tloha ka 1985 lingaka tsa methapo li ’nile tsa buoa batho Sepetleleng sa Univesithi ea Emory. Lingaka li ikutloa hore sena se ka lebisa katlehong e khōlō ea ho fumana pheko ea mafu.
Motho o retelehetse liphoofolong bakeng sa ho fumana likarabo lipotsong tsa hae tse tsietsang mabapi le kamoo a ka ntlafatsang bophelo ba hae bo sa phethahalang le ho bo boloka leha e le ka nakoana feela. Leha ho le joalo, ho sebelisa liphoofolo liphuputsong tsa meriana ho hlahisa litseko tsa bohlokoa tsa boitšoaro tseo ho seng bonolo ho li rarolla.
“Tsebong ea ka ea liphuputso tsa bongaka, hoo e ka bang mekhoa eohle e qapiloeng bocha ea ho buoa pelo e ile ea sibolloa ka hore ho etsoe liphuputso ka liphoofolo . . . Ho batla hose mekhoa e meng ea ho sebelisa liphoofolo bakeng sa ntšetso-pele ea liphuputso ntle le ho sebelisa liphoofolo.”—Dr. Michael DeBakey
[Lebokose le leqepheng la 5]
Liphuputso ka Liphoofolo Mokhoa oa Boholo-holo
TŠEBELISO e pharalletseng ea liphoofolo ke lingaka le litsebi tsa saense bakeng sa ho utloisisa sebōpeho sa motho ha se ntho e makatsang lekholong lena la bo20 la lilemo. Liphoofolo li ’nile tsa sebelisoa liphuputsong tsa bongaka bonyane lilemo tse 2 000. Lekholong la boraro la lilemo B.C.E., Alexandria, Egepeta, litlaleho li bontša hore mofilosofi le setsebi sa saense Erasistratus se ile sa sebelisa liphoofolo ho ithuta tšebetso ea ’mele ’me sa fumana tšebetso ena e tšoana le ea batho. Lekholong la bone la lilemo, setsebi sa saense sa Mogerike Aristotle se ile sa fumana boitsebiso ba bohlokoa ka ho sebelisa liphoofolo mabapi le sebōpeho le ho sebetsa ha ’mele oa motho. Makholo a mahlano a lilemo hamorao, ngaka ea Mogerike Galen e ile ea sebelisa litšoene le likolobe tekong ea eona ea hore methapo e tsamaisa mali ho e-na le moea.