Ho Etsa Liphuputso ka Liphoofolo—Pono e Leka-lekaneng
LE HOJA litšenyehelo tse hlahang li ka ’na tsa hanyetsoa, batho ba bangata ba lumela hore liphuputso tse etsoang ka liphoofolo li tsoetse batho molemo o moholo. Esita le batho ba buellang pefo khahlanong le ho sebelisoa ha liphoofolo liphuputsong ba ’nile ba rua molemo tsebong e ncha ea meriana le litsela tsa ho buuoa le lithethefatsi tse thibelang mafu.
Martin Stephens oa Mokhatlo oa Lithahasello tsa Batho United States o itse: “Re tlameha ho tšepahala le ho hopola hore ho na le melemo e fumanoeng liphuputsong tse entsoeng ka liphoofolo. Empa pakane ea rōna ea ho qetela ke ho fumana ntho tse tla nka sebaka sa liphoofolo.” (Parade Magazine, October 9, 1988) Vicki Miller, mopresidente oa Mokhatlo oa Lithahasello tsa Batho oa Toronto o itse: “Ke ea lumela hore ho na le molemo o fumanoeng ka ho etsa liphuputso ka liphoofolo bofelong ba lekholo lena la lilemo. Ho laola lefu la tsoekere ho fumanoe liphuputsong tse entsoeng ka liphoofolo. Empa seo ha se sa hlokahala joale hobane re na le mekhoa e mengata ea tsebo ea mahlale.”—The Sunday Star, Toronto, Canada.
Motho enoa o ile a botsoa hore na o tla arabela ba botsang potso eo joang: Haeba toeba e tlameha ho shoa ho pholosa bophelo ba ngoana, ho lokile. Haeba ho sa etsoe liphuputso ka liphoofolo, masea a shoa ho pholosa litoeba. Karabo ea hae ho Globe and Mail ea Toronto ebile ena: “Ke taba e sebetsanang le maikutlo haholo, ka baka leo ha ho bonolo ho e lokisa . . . Ho na le taba ea toeba kapa ngoana ’me ke uena ea lahleheloang ka linako tsohle.”
Ho ile ha botsoa potso ena sehloohong se ka pele ho sena: “Haeba teko e etsoang ka phoofolo e ne e ka u pholosa kapa ea pholosa moratuoa oa hao boloetseng kapa lefung, na u ne u tla hana teko eo?” John Kaplan, moprofesa oa molao Univesithing ea Stanford, California, o ngotse karabo tokollong ea makasine oa November 1988 oa Science: “Ke ka seoelo ba hanyetsang ho etsuoa ha liphuputso ka liphoofolo ba khomarelang melao ’me ba laela lingaka tsa bona hore li se sebelise phuputso ea liphoofolo ha seo se tla tsoela bona kapa baratuoa ba bona molemo. Kapa hore ba ne ba ikemiselitse ho hana melemo leha e le efe ea nakong e tlang e etsoang ka liphuputso tsa liphoofolo. Re lumela molao-motheo o susumetsang Lipaki tsa Jehova ho hana litšelo tsa mali . . . le ba hanang ho tsongoa ha liphoofolo tse boea hore batho ba se apare liaparo tse nang le boea. Empa re tlameha ho loantša ka matla khopolo e etsang hore baloaneli ba tokoloho ea liphoofolo ba phehelle tsela ea bona eseng ka mohlala empa ka ho loana ka liphehisano tse bolotsana ho amoha motho e mong le e mong melemo.”
“Sechaba se lokela ho bolelloa hore phuputso e etsoang ka liphoofolo e boetse e tsoela liphoofolo tse ling molemo. Ha e le hantle, moriana oa ente oa rinderpest, e leng kokoana-hloko e bolaeang likhomo tse limillione butle-butle habohloko, o ile oa etsoa ka liphuputso tsa liphoofolo; hona joale moriana ona oa ente o sebelisoa ke Mokhatlo oa Lefatše oa Bophelo bo Botle bakeng sa likhomo tse limillione Afrika,” ho ngotse mohlophisi oa makasine oa Science oa la 10 March 1989.
Pono ea Bibele
Ka mor’a Moroallo oa lefatše lohle mehleng ea Noe, Jehova Molimo o ile a neha Noe le bana ba hae molao o akareletsang moloko oa rōna: “Lintho tsohle tse tsamaeang, tse phelang, e tla ba lijo tsa lōna; ke le neile tsona tsohle, joale ka ha ke le neile limela tse tala. Empa le se ke la ja nama e nang le bophelo ba eona, ke hore, mali a eona.” (Genese 9:1, 3, 4) Matlalo a liphoofolo a ne a boetse a ka sebelisoa e le liaparo. Sena se ne se ke ke sa hanyetsana le matla ao Molimo o a nehileng motho liphoofolong.—Genese 3:21.
“Ha liphoofolo li ka sebelisoa e le lijo ho boloka bophelo ba batho bo tsoela pele, ho bonahala ho utloahala ho li sebelisa litekong tsa meriana bakeng sa ho boloka bophelo. Leha ho le joalo, sena ha se re fe tumello ea ho etsa liteko tse sa laoleheng le tseo hangata li se nang molemo oa letho, le tse pheta-phetoang hangata e le tse akarelletsang ho utloisa liphoofolo bohloko bo boholo,” ho ngotse makasine oa Tsoha! oa December 8, 1980. Ka ho hlakileng, ka pono ea Bibele, sehlōhō se etsuoang liphoofolong se ke ke sa lokafatsoa.—Exoda 23:4, 5, 12; Deuteronoma 25:4; Liproverbia 12:10.
Lingaka tse ngata le litsebi tsa saense lia lumela hore ho na le molemo o itseng o fumanoeng mekheng ea boipelaetso ea batho ba hanyetsanang le liphuputso tse etsoang ka liphoofolo. “Lintlha tse ngata tse tšosang tse builoeng ke mekha e buellang boiketlo ba liphoofolo e fetelletse empa e nepahetse,” ho lumetse setsebi se seng sa saense. “Bophelo le ho utloa bohloko ha liphoofolo ho tlameha ho lefuoa,” ho boletse setsebi sa saense sa Amerika Jeremy J. Stone. “Tsebo e ’ngoe e fumaneha ka theko e phahameng haholo,” ho boletse ngaka ea Brithani Dr. D. H. Smith. “Re lumellana le takatso ea ho etsa hore liphuputso li se be bohloko haholo, ho hlokomela liphoofolo le ho fokotsa lenane la liphoofolo tse sebelisoang litekong,” ho boletse Dr. J. B. Wyngaarden oa Setsi sa Sechaba sa Bophelo bo Botle sa U.S. E mong oa babuelli ba tokelo ea liphoofolo o lumetse: “Ebile sehlōhō ho sebelisa liphoofolo ’me ho sa nahanoe letho ka tsona. Kajeno, ho nahanoa ka mekhoa e meng e ka sebelisoang.”
“Mekhoa e meng” ke lentsoe le ka sehloohong. Litsebi tsa saense li lumela hore li ke ke tsa khaotsa ho etsa liphuputso ka liphoofolo, empa moo ho ka etsahalang li tla batla mekhoa e meng. Ka mohlala, mebutla ha e sa sebelisoa ho tiisa ho ima ha motho, kaha hona joale mekhoa ea lik’hemikhale ea fumaneha. Litoeba ha li sa sebelisoa ho khetholla kokoana-hloko ea lefu la matšoafo. Mekhoa ea botho joale e sireletsa bophelo ba liphoofolo tsena tse boea tseo mohlomong li neng li tla bolaoa. Mekhoa e meng ea ho hōlisa lisele kantle ho ’mele e nkile sebaka sa liteko tse neng li etsoa ka litoeba. Mebutla e mengata e neng e bolaoa ka sehlōhō litekong tse bohloko tsa Draize joale e ka sireletsoa ka lebaka la mekhoa e meng ea ho sebelisa lera la lehe e le sebaka sa liteko. Ka sebele, batho ba leng hlokolosi ka tšoaro e mpe ea liphoofolo ba tšepa hore haufinyana ho tla fumanoa mekhoa e meng e mecha.
Leha ho le joalo mokhoa o mong o molemo ka ho fetisisa oa liteko tse etsoang ka liphoofolo etlaba Paradeise ea lefatšeng eo e leng khale e letetsoe eo Bakreste ba ’nete ba ’nileng ba e rapella. Jehova Molimo, ’Mōpi ea lerato, o tšepisitse hore bohloko le lefu ka botsona li tla felisoa ka ho sa feleng. Lefatšeng lecha la Molimo le tšepisitsoeng, motho le liphoofolo ba tla lula ka khotso ka ho sa feleng, ha ho ntho e tla ba tšosa. Ho ke ke ha hlola ho e-ba le mafu kahoo ho ke ke ha hlokahala liphuputso tse etsoang ka liphoofolo. Sehlōhō etlaba ntho ea nakong e fetileng.—Esaia 25:8; 33:24; 65:25; Mattheu 6:9, 10.