Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g90 7/8 maq. 21-23
  • Na ke Tla ba ea Itekanetseng ha ke na le Motsoali a le Mong?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Na ke Tla ba ea Itekanetseng ha ke na le Motsoali a le Mong?
  • Tsoha!—1990
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Lebaka Leo ho Nang le Malapa a Motsoali a le Mong
  • Na Malapa a Senyehileng a Bolela Bophelo bo Senyehileng?
  • Ho Hlōla Maikutlo a Mabe
  • Ho Bona Melemo
  • Na Nka Thaba ha ke Hōlisoa ke Motsoali a le Mong?
    Lipotso—Bacha Baa Botsa—Likarabo Tse Sebetsang, Buka ea 2
  • Ke Joang Nka Thabang ke E-na le Motsoali a le Mong Feela?
    Tsoha!—1991
  • Malapa a Motsoali a le Mong a ka Atleha!
    Lekunutu la Thabo ea Lelapa
  • Mathata a Mangata a Tobaneng le Batsoali ba se Nang Balekane
    Tsoha!—2002
Bala Tse Ling
Tsoha!—1990
g90 7/8 maq. 21-23

Bacha Baa Botsa . . .

Na ke Tla ba ea Itekanetseng ha ke na le Motsoali a le Mong?

PELE ho letsatsi la bona la tsoalo la bo18, bana bohle ba fetang halofo United States ba tla qeta lilemo tse ling tsa bona lelapeng la motsoali a le mong. Hona joale, bacha ba fetang limillione tse 12—a le mong ho ba bahlano United States—ba se ba lula lelapeng la motsoali a le mong. Ka baka leo lelapa la motsoali a le mong le ile la bitsoa “mokhoa oa lelapa o hōlang ka potlako” United States. Hammoho le manane a joalo a lichaba tse ling, sena se ka ipaka e le ’nete lefatšeng lohle.

Ho ata ha malapa a nang le motsoali a le mong ho entse ho hoholo ho fokotsa “senyama” seo a neng a e-na le sona pele. Ho sa le joalo, joalokaha mocha e mong a bolela, bacha ba bangata ba tlameha ho “hlōla maikutlo a mangata” hore ba tsebe ho sebetsana le bophelo lelapeng la motsoali a le mong. Ba bang ba bile ba ikutloa hore ba tla holofala kapa e be ba sa phelang hantle ka lebaka la ho ba le motsoali a le mong. Na tšabo e joalo e lokafalitsoe?

Lebaka Leo ho Nang le Malapa a Motsoali a le Mong

Ke ba ’maloa ba neng ba tla latola hore ho ba le ntate le ’mè ba lerato lapeng ke boemo bo molemo. ’Mōpi oa rōna o ile a rera hore ho be ka tsela ena. (Genese 1:27, 28) Ba-Efese 6:1 e tsoela pele ho totobatsa sena ka hore: “Bana, utloang batsoali ba lōna Moreneng; hobane ke ntho e lokileng. Hlonepha ntat’ao le ’m’ao.”

Empa ka lebaka le itseng, e ka ’na eaba u ’nile ua thibeloa boemo bona bo molemo. Ka baka la ketsahalo e sa lebelloang, mohlomong e mong oa batsoali ba hao o shoele. (Moeklesia 9:11, NW) Masetla-pelo a joalo a ile a etsahala esita le mehleng ea Bibele, kahona lentsoe “khutsana” le hlaha ka makhetlo a 40 ka Mangolong. (Bapisa Deuteronoma 24:19-21.) Mohlomong e mong oa batsoali ba hao o tsamaile ka nakoana ka baka la ho sebetsa hōle le hae. Ka lehlakoreng le leng, maemo a itseng, a kang ho se tšepahale litlamong tsa lenyalo, mohlomong a entse hore batsoali ba hao ba arohane kapa ba hlalane. (Mattheu 19:3-6, 9) Mohlomong pele ’mè oa hao a fetoha e mong oa Lipaki tsa Jehova, o ile a ima a e-so nyaloe ’me a khetha ho u hōlisa a le mong.

Leha ho le joalo, ha u na taolo boemong ba lenyalo la batsoali ba hao, ’me ha u na lebaka la ho ikutloa u le molato joalokaha eka ke uena ea molato; kapa leha e le hore ho hlokahala hore u ikutloe u soabile haeba u le ngoana oa matšeo. Haeba ’mè oa hao ke mohlanka ea inehetseng oa Jehova Molimo, liphoso tsa hae tsa nakong e fetileng o li tšoaretsoe. (Bapisa Ba-Efese 2:2, 4.) Esita le haeba a sa kōpa tšoarelo ho Molimo, tsena ha li u thibele ho ba ea hloekileng mahlong a Molimo.—1 Ba-Korinthe 8:3.

Ke ’nete, ka ho hōlela lelapeng la motsoali a le mong u ka ’na ua talimana le mathata a khethehileng le liphephetso. Empa joalokaha buka How to Live With a Single Parent e bolela: “Mathata a mangata ao bana [ba motsoali a le mong] ba nang le ’ona . . . e ka ’na eaba a simolohile ponong e fosahetseng le e kotsi eo ba nang le eona ka bobona.” Mohopolo o joalo o fosahetseng o tsoa kae, ’me u ka o felisa joang?

Na Malapa a Senyehileng a Bolela Bophelo bo Senyehileng?

‘Liphello tsa lelapa le senyehileng,’ ‘lelapa le arohaneng.’ ‘lelapa le sa fellang,’ ‘lelapa le qhalaneng’—mohlomong u ’nile ua utloa litlhaloso tsena tse fosahetseng li sebelisoa lelapeng la heno. ’Me le hoja li se li se matla ka lebaka la ho sebelisoa khafetsa, li ka ’na tsa u utloisa bohloko haholo.

Tsela eo ba bang ba u tšoarang ka eona e ka boela ea tsosa maikutlo a fosahetseng ka lelapa la heno. Ka mohlala, matichere a mang a ’nile a se utloele liithuti tsa motsoali a le mong bohloko. A mang a ’nile a ba a tsejoa a hakanya hore bacha ba joalo ba phela bophelo bo sa tloaelehang ’me a potlakela ho beha boitšoaro leha e le bofe ba tikoloho ea lehae la bona molato. Ho hopotsoa ka linako tsohle hore lelapa la heno le phela bophelo bo sa tloaelehang ka ho utloahalang ho tlatsa lipelaelo mabapi le boiketlo ba hao ba moea.

Empa na ka tloaelo u kotsing ea ho ba ea nyenyefetseng kelellong le maikutlong feela ka hobane u lula lelapeng la motsoali a le mong? Che! Journal of Marriage and the Family e lumela hore “ho lahleheloa ke motsoali ho ka fokolisa khōlo” qalong. Leha ho le joalo, hangata sena “se lateloa ke nako eo ho eona ngoana a lekanang le lithaka tsa hae, kapa esita le ho li feta.” (Mongolo o tšekaletseng ke oa rōna.) Sehlooho se phetha ka hore: “Monahano o akaretsang oa hore lelapa la motsoali a le mong hangata le na le liphello tse mpe tsa nako e telele ho bana ha o lokafatsoe.” Sehlooho se seng hona koranteng eo se ile sa tlaleha hore phuputso “ha e tšehetse khopolo ea hore ‘malapa a senyehileng a hlahisa bophelo bo senyehileng ba bacha.’”

Leha linnete tse joalo e ka ba khothatso, maikutlo a fosahetseng a ka ’na a hlaha nako le nako. U ka a loantša ka katleho joang?

Ho Hlōla Maikutlo a Mabe

Bohato ba pele e tla ba ho ithuta ho amohela boemo ba hao. Ke ’nete, masoabi le boikutlo ba ho lahleheloa ke tsa tlhaho haeba feela batsoali ba hao ba ile ba hlalana kapa haeba motsoali oa hao eo u mo ratang a shoele. Sarah ea lilemo li 13, eo batsoali ba hae ba ileng ba hlalana ha a le lilemo li leshome, oa eletsa: “U se ke ua lula u nahana ka boemo ba hao, u e-na le menahano ea hore ‘hoja’, kapa u ikutloa hore mathata ao u nang le ’ona ke a lelapa la motsoali a le mong, kapa hore bana ba malapa a batsoali ba babeli a phela habonolo.”

Ntho e ’ngoe ke hore, esita le lelapeng le “molemo” ho na le mathata. ’Me ho e-na le ho talima lelapa la heno e le le phelang bophelo bo sa tloaelehang, u ka le talima e le phapang, ntho eseng mpe haholo empa e le le fapaneng. Ho bohlokoa ka ho tšoanang ke ho se lumelle lipuo—kapa ho haella ha tsona—tse etsoang ke batho ba nang le maikutlo a matle ho tsosa maikutlo a mabe. Ka mohlala, ba bang ba ka ’na ba tsila-tsila ho sebelisa mantsoe a joaloka “ntate,” “lenyalo,” “tlhalo,” kapa mohlomong “lefu” pel’a hao, ba tšaba hore mantsoe ana a tla u khopisa kapa ho u hlabisa lihlong. Hana ho ba etsisa. Tony ea lilemo li 14, eo a neng a sa tsebe hantle hore ntat’ae ke mang o re: “Ha ke le har’a bao ba bonahalang ba itoma maleme ka mantsoe a itseng, ’na ke tla hle ke a sebelise.” Oa phaella: “Ke batla ho ba tsebisa hore ha ke soabele boemo ba ka.”

Ho Bona Melemo

Hape ho bohlokoa ho qoba ho nahana haholo ka se neng se ka etsahala kapa ka se neng se etsahala. (Moeklesia 7:10) Ho e-na le hoo nahana ka lintho tse ntle bophelong ba hao. Ka mohlala, mohlomong ’mè oa hao o tlameha ho ea mosebetsing.a Ka baka leo, mohlomong u na le boikarabelo bo bongata lapeng. Melanie ea lilemo li 17 oa bolela: “Ho ba le boikarabelo lapeng, ho tlatsetsa khōlong ea hao ka potlako ho feta bana ba bang ba lilemong tsa hao ba malapa a batsoali ba babeli, bao mohlomong ba nang le boikarabelo bo fokolang.” Litsebi li lumellana le seo. Robert S. Weiss seithuti sa kahisano Univesithing ea Harvard o bolela hore bacha ba tsoang malapeng a motsoali a le mong “ba atisa ho hōla ka ho eketsehileng,” le “ho ba ba nang le boikarabelo,” le “ba nang le mekhoa e metle.” Tsena ke litšobotsi tsa bohlokoa, ’me boemo ba lelapa la heno bo ka u thusa hore u be le tsona.

Hape u ka ’na ua thabela ho ba le lentsoe le matla liqetong tsa lelapa, kaha hangata batsoali ba bang lapeng ba talima bana ba bona e le ba nang le sefuba sa ho boloka makunutu. Leha ho le joalo, ka linako tse ling, u tla lokela ho hopotsa motsoali oa hao hore u sa ntse u le monyenyane ’me litaba tse tebileng li tla ba molemo hore a li bue le e mong ea nang le phihlelo e khōloanyane joaloka moholo oa Mokreste. Ho sa na le litaba tse ngata tse loketseng tseo le ka buisanang ka tsona, ho kopanyelletsa mathata a botho ao u ka thulanang le ’ona. Ho etsa joalo ho tla u thusa ho u atametsa haufi le batsoali ba hao ’me ho ka tlosa maikutlo a mabe. Melanie, ea boletsoeng pelenyana, o re: “Haesale batsoali ba ka ba hlalana, ’na le ’mè ka sebele re tseba ho buisana; re fetohile metsoalle e haufi.”

Sena hase bolele hore u ke ke ua tobana le mathata. Empa u ka ithuela molemo ka ho tobana le bomalimabe. Bibele e re: “Ho molemo ho motho [monna kapa mosali] ha a jara joko bocheng ba hae.” (Lillo tsa Jeremia 3:27) Ho jara joko ea hao, kapa meroalo ea mathata, ho ka kopanyelletsa ho sebetsana le bomalimabe boo u talimaneng le bona lelapeng la motsoali a le mong. Leha ho le joalo, hopola hore ha u mong ha u jere joko ena. Morena Davida ea tšepahalang o itse: “Leha ntate le ’mè ba ka ntahla, Jehova o tla nthola.”—Pesaleme ea 27:10.

Leha ho le joalo, ka ho thahasellisang, thuso e joalo ea Molimo e fanoa hantle ka motsoali oa hao ea setseng. Ka ho arabela boitekong bo joalo, u ka hōla hantle ’me ua phela bophelo bo putsang ba Bokreste. Wayne, eo hona joale e leng moholo oa Mokreste, oa hopola: “Ke ne ke le lilemo li robeli ha ntate a e-shoa, ’me ’Mè o ile a tlameha ho ea sebetsa. Hangata o ne a fihla hae a khathetse haholo. Empa ka mehla o ne a tiisa hore re na le thuto ea ka mehla ea lelapa ea Bibele le ho ba teng libokeng tsa Bokreste hammoho. Ha ke hetla morao, ke leboha Jehova ka ’mè ea intšang sehlabelo joalo.”b

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Lihlooho tsa malapa a motsoali a le mong a fetang karolo ea 90 lekholong United States ke bo-’mè.

b Lihlooho tse latelang li tla hlahloba liphephetso tse ling tseo lelapa la motsoali a le mong le thulanang le tsona.

[Setšoantšo se leqepheng la 22]

Ha ho hlokahale hore lelapa la motsoali a le mong e be le hlonameng

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela