Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g91 1/8 maq. 19-21
  • Ke Joang Nka Thabang ke E-na le Motsoali a le Mong Feela?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ke Joang Nka Thabang ke E-na le Motsoali a le Mong Feela?
  • Tsoha!—1991
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Boleng—Eseng Bongata
  • Ho Atleha ho Phela ka se Senyenyane se Fumanehang
  • Kamoo o ka Sebetsanang le Moroalo o Fetisisang
  • Na Nka Thaba ha ke Hōlisoa ke Motsoali a le Mong?
    Lipotso—Bacha Baa Botsa—Likarabo Tse Sebetsang, Buka ea 2
  • Na ke Tla ba ea Itekanetseng ha ke na le Motsoali a le Mong?
    Tsoha!—1990
  • Ke Joang Nka Thusang Motsoali oa ka Ea se Nang Molekane?
    Tsoha!—1991
  • Nka Sebelisana Joang le Motsoali oa ka ea Tlohileng Hae?
    Tsoha!—1990
Bala Tse Ling
Tsoha!—1991
g91 1/8 maq. 19-21

Bacha Baa Botsa . . .

Ke Joang Nka Thabang ke E-na le Motsoali a le Mong Feela?

“Bana ba nang le batsoali ba babeli ba ka ba le likamore tsa bona ’me ba reka liaparo tse ncha. Empa ’na ke tlameha ho kopanela kamore le e mong; ha ho mohla ke fumanang mofuta oo ke o ratang oa liaparo. ’Mè o re a ke ke a li khona. Ka baka la mesebetsi eohle ea lelapa eo ke lokelang ho e etsa ha a ile mosebetsing, ke ikutloa eka ke mosebeletsi ea hiriloeng—ke ikutloa eka ke qhekelletsoe karolong ea ka ea ho ba ngoana.”—Shalonda, ea lilemo li 13.

LELAPA la batsoali ba babeli le khona ho finyella litakatso le litlhoko tsohle. Batsoali ba babeli ba lerato ka tloaelo ba fana ka tataiso, tšireletso, le tšehetso tse fetang tseo a le mong a ka fanang ka tsona. Bibele e re, “Ba babeli ba feta a le mong, hobane ha ba sebetsa ’moho ba ka hlahisa litholoana tse molemo.”—Moeklesia 4:9, Today’s English Version.

Ha ho makatse, he, hore ho sa tsotellehe ho eketseha ho sa khaotseng ha malapa a motsoali a le mong, bacha ba bangata ba hlabisoa lihlong ke ho phela malapeng a joalo. Ba ka ’na ba ikutloa hore ha ba e-s’o lokele ho loana ka katleho le likhatello le mathata tseo bophelo bo joalo bo ba tlisetsang tsona. Ho thoe’ng, he, haeba maemo ao u ke keng oa a qoba a u amoha lerato le tlhokomelo tsa e mong oa batsoali ba hao? Na u ahloletsoe mahlomola? Le hanyenyane.

Ho hongata ho itšetlehile ka pono ea hao ka boemo bona. Liproverbia 15:15 e re: “Ho motho ea hlomohileng matsatsi a ba mabe kaofela; empa pelo e tšoeu ke mokete oa ka mehla.” Tumellanong le molao-motheo ona, Dr. Helen Mendes o re: “Malapa a motsoali a le mong a tlameha ho inka e le lihlopha tse sebelisanang ’me a amohele hore ke malapa a felletseng,” eseng a arohaneng. Oa eketsa: “Malapa a joalo a na le boikutlo le pono tse fapaneng ka ho felletseng ka bophelo ha a qala ho lemoha hore aa amoheleha sechabeng.” Empa na ho talima maemo ka kholiseho e joalo ke ntho ea sebele?

Boleng—Eseng Bongata

Bafuputsi ba koranta ea Family Relations baa re hopotsa: “Ho ba teng ha batsoali ba babeli ka lapeng ha ho tiise hore lerato, tlhokomelo e loketseng le tataiso e bohlale lia fanoa.” Ba boetse baa hlokomela: “Motsoali ea leng teng ka lapeng ka ’mele a ka ’na a ba sieo ka kelello [maikutlo] ka nako e telele.” Kahoo, thabo ea hao ha ea itšetleha ka palo ea batsoali bao u phelang le bona, empa e itšetlehile ka mofuta oa motsoali kapa batsoali bao u nang le bona lapeng le thahasello le kameho tseo ba li bontšang bakeng sa boiketlo ba hao. Joalokaha setsebi sa kelello Richard A. Gardner a ile a lemoha: “Batsoali ba babe, ebang o mong kapa ba babeli, ba etsa hore bana ba se ke ba thaba; ’me batsoali ba molemo, ebang o mong kapa ba babeli, ba thusa bana hore ba hōle ba phela hantle ’meleng ba bile ba thabile haholoanyane.” ’Me batsoali ba se nang balekane hangata ba etsa boiteko bo babatsehang ba ho fa bana ba bona tlhokomelo e hlokahalang.

Melanie ea lilemo li 17 o re: “Ha hoa ka ha ba bonolo haesale ntate a re siea. Ka sebele ho bile thata ho ’mè hobane joale oa sebetsa. Empa re ea libokeng tsa Bokreste re bile re na le lithuto tsa ka mehla tsa Bibele, e leng seo re neng re se etsa seoelo ha ntate a ne a lula le rōna.” Oa eketsa: “Re etsa lintho tse ngata re le lelapa, ’me re momahane haholo. Ke ’nete hore ke hlōloheloa ntate, empa ke thabela ho phela le ’mè haholo.” Haeba motsoali a le mong oa hao a etsa boiteko bo tšoanang ho u hōlisa ka ‘ho u laea le ka ho u rutela moreneng,’ u ka ’na ua atleha le ho tsoela pele esita leha boemo ba lelapa leno bo sa khone ho finyella litakatso le litlhoko tsohle.—Ba-Efese 6:4.

Ho Atleha ho Phela ka se Senyenyane se Fumanehang

Leha ho le joalo, ho ka ’na ha hlaha tlhokahalo ea hore lintho tse itseng li hlokomeloe. Phuputso e ’ngoe e ile ea bontša hore hang ka mor’a tlhalo, lelapa la motsoali a le mong le ka ’na la hlokofatsoa ke ho theoha boemong ba bophelo ka karolo ea 73 lekholong. Hoa utloahala hore chelete ke kameho e khōlō malapeng a mangata a motsoali a le mong.a

U ka etsa’ng? Mohlomong u na le taolo e nyenyane licheleteng tsa lelapa leno. Empa u ka thusa ho boloka le ho baballa lintho tse sebelisoang ka ho qoba tšenyo. (Bapisa le Johanne 6:12.) Rodney ea mocha o re: “Ke leka ka hohle ho ba hlokolosi hore ke se robe kapa ho beha lintho moo li sa tšoanelang, kaha ho li lokisa kapa ho reka tse ling ho hloka chelete. Ke leka ho tima lisebelisoa tsa motlakase kapa mabone a sa sebelisoeng. Sena se thusa ho theola litefello tsa motlakase.”

Tony ea lilemo li 14 o leka katamelo e ’ngoe. O re: “Bana ba sekolo seo ke kenang ho sona ba batla hore batsoali ba bona ba ba rekele liteki le liaparo tsa mabitso. Ba hana ho ea sekolong ha ba li hloka.” Tony oa eketsa: “Ha ke na liaparo tsa morao-rao tsa mabitso, empa ke makhethe ebile ke hloekile, ’me ke baballa seo ke nang le sona. ’Mè o etsa sohle seo a ka se khonang; ha ke batle ho mo thatafalletsa lintho.” Kutloelo-bohloko e joalo hase feela hore e baballa lisebelisoa tse lekanyelitsoeng empa ke mohloli oa sebele oa khothatso ho motsoali.—1 Petrose 3:8, NW.

Ho fokotsa kapa ho se je lijo tse bobebe le lijo tse se nang molemo ’meleng le hona ho ka ’na ha thusa. Rita e mocha oa lemoha: “Ho ja lapeng ho ka ’na ha se ke ha ipiletsa joaloka ho jela lebenkeleng la lijo, empa ho boloka chelete.” Ke kahlolo e bohlale ruri! Bacha ba bang ba nehelana ka karolo ea moputso oa bona oa mosebetsi oa nakoana cheleteng ea lelapa. Danny ea lilemo li 13 o fa ’m’ae chelete eo a e fumanang ha a rekisa likoranta. ’M’ae oa hlalosa: “Ka mor’a hore ke lefelle rente, petrole, thelefono, lijo, le ho reka liaparo, eo ke chelete eo re lokelang ho phela ka eona. ’Me Danny ka sebele ke ngoana ea molemo ka ho fetisisa; ha a hlile ha a tsotelle leha re e sebelisa ka tsela eo.” Ho sebelisana le motsoali tabeng ena ke tsela e ’ngoe ea ho ‘hlompha motsoali oa hao.’—Mattheu 15:4.

Leha ho le joalo, pele o batla mosebetsi oa nakoana, buisana le motsoali oa hao ka hona.b Mosebetsi oa nakoana o ka ’na oa u sitisa mosebetsing oa hao oa sekolo, mesebetsing ea lelapa, le libokeng tsa Bokreste. (Ba-Heberu 10:24, 25) Hangata batsoali ba khona ho etsa litokisetso tse itseng tsa ho phelisa bana ba bona ntle ho hore bana ba jare karolo e khōlō ea boikarabelo. Ho ntse ho le joalo, u ka ’na ua tlameha ho tloaelana le ho ba le chelete e nyenyane. Empa hopola hore le hoja lintho tse bonahalang le chelete li le molemo, Bakreste ba khothalletsoa ho khotsofalla “lijo le liaparo.”—1 Timothea 6:8-10; Luka 12:15.

Ka mohlala, lelapa leno le ka ’na la tlameha ho tloha ntlong e khōlō la fallela ho e nyenyane, e hlokang hore u sebelise kamore e le ’ngoe ea ho robala le setho se seng sa lelapa. Empa u sa ntsane u ka khotsofala. ’Me ka ho sebelisa bohlalenyana bo itseng, u ka khona ho ba le sebaka se itseng sa ho ba mong. Ka mohlala, malapa a mang, a hahile libaka tsa ho robala ka liraka tsa libuka ka kamoreng ea ho lula. Ho hlophisa sebaka se leng teng kapa ho sebelisa raka e arolang kamore ka ho tšoanang ho ka lekana ho u fa bonyane bophelo ba ho ba le nako ea ho ba mong.

Leha ho le joalo, setsebi sa kelello Richard A. Gardner o hopotsa bacha ba nang le motsoali a le mong hore: “Ke ha bohlokoa ho hopola hore chelete—le lintho tseo e ka li rekang—hase lintho tsa bohlokoa ka ho fetisisa bophelong. Ke . . . lintho tse kang mofuta oa motho oo u leng oona le tsela eo u tšoarang batho ba bang ka eona tse tla rera hore na u tla thaba hakae bophelong.” (Bapisa le Liketso 20:35.) Tumellanong le sena, moapostola Pauluse o ile a re: “Ke ithutile ho khotsofalla seo ke nang le sona . . . hore libakeng tsohle, ka linako tsohle, ke khotsofale.”—Ba-Filippi 4:11, 12, TEV.

Ho ka ’na ha hlokahala hape hore u be le karolo e khōloanyane boikarabelong le tsamaisong ea lelapa leno ho feta ha u ne u phela lelapeng la batsoali ba babeli. Empa ho e-na le ho ba le pono e fosahetseng ka sena, leka ho se talima e le monyetla oa ho thusa motsoali oa hao le ho ikoetlisetsa boikarabelo ba kamoso.

Kamoo o ka Sebetsanang le Moroalo o Fetisisang

Leha ho le joalo, ka linako tse ling, mocha o qetella a na le boikarabelo bo bongata ho feta boo a ka bo jarang. Sena se ka ’na sa etsahala haholo-holo haeba u le letsibolo. U lokela ho etsa’ng? Leka ho buisana le motsoali oa hao ’me u mo hlalosetse kamoo bothata bona bo u amang ka teng. Mohlomong u ka etsa tlhahiso ea hore mesebetsi ea lelapa e abjoe ka ho lekana. Ka mohlala, malapa a mang a etsa lethathamo le bontšang mesebetsi eo setho ka seng se lokelang ho e etsa. E le hore ho se be le ea lokelang ho etsa mesebetsi e eketsehileng e sa thabiseng ka linako tsohle, malapa a mang a fetola mesebetsi joalo-joalo pakeng tsa litho tsa lelapa tse khonang ho sebetsa.

Litlhahiso tse ka holimo li ka ’na tsa ipaka li thusa ho u fumantšeng molemo o fetisisang boemong ba hao. Leha ho le joalo, hona ha ho bolele hore, nako le nako u ke ke ua ba le takatso ea ho ba le motsoali oa bobeli lapeng. Empa mocha ea bitsoang Carrie o beha taba ka tsela ena: “Ha u hlile ha u felise bohloko, empa boa fokotseha. Bo tšoana le matheba a maholo a masootho letsohong la hao. Le hoja a ntse a le teng ka mehla, empa ka linako tse ling ha u a lemohe.”

Boiteko ba hao ba ho loana ka katleho le boemo ba hao bo etsa ho hongata. Hobane le ka har’a mathata a ho phela lelapeng la motsoali a le mong, u ka khona ho atlehisa bophelo ba hao moo le ho bo etsa bo thabileng!

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Malapa a motsoali a le mong a bo-ntate a eme hantle haholoanyane licheleteng ho feta a bo-’mè hobane (1) banna ba amohela chelete e ngata haholoanyane ’me (2) bo-ntate ba se nang motho eo ba mo hlokomelang ba atisa ho hlōleha ho lefa chelete ea ho phelisa mosali kapa ea khōliso ea bana.

b Tokollo ea December 8, 1990, ea Tsoha! e tšohla haholoanyane taba ea mosebetsi oa ka mor’a sekolo.

[Setšoantšo se leqepheng la 20]

Ho iketsetsa lijo tsa motšehare ke tsela e ’ngoe ea ho boloka nako le chelete ea motsoali oa hao

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela