Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • yp2 khao. 25 maq. 208-214
  • Na Nka Thaba ha ke Hōlisoa ke Motsoali a le Mong?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Na Nka Thaba ha ke Hōlisoa ke Motsoali a le Mong?
  • Lipotso—Bacha Baa Botsa—Likarabo Tse Sebetsang, Buka ea 2
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Loantša Maikutlo a Fosahetseng
  • Qoba ho ’na U re, “Hoja Ebe”
  • Na U Phetha Boikarabelo ba Hao?
  • Na ke Tla ba ea Itekanetseng ha ke na le Motsoali a le Mong?
    Tsoha!—1990
  • Ke Joang Nka Thabang ke E-na le Motsoali a le Mong Feela?
    Tsoha!—1991
  • Ke Joang Nka Thusang Motsoali oa ka Ea se Nang Molekane?
    Tsoha!—1991
  • Malapa a Motsoali a le Mong a ka Atleha!
    Lekunutu la Thabo ea Lelapa
Bala Tse Ling
Lipotso—Bacha Baa Botsa—Likarabo Tse Sebetsang, Buka ea 2
yp2 khao. 25 maq. 208-214

Khaolong ea 25

Na Nka Thaba ha ke Hōlisoa ke Motsoali a le Mong?

“Bana ba nang le batsoali ba babeli ba ka khona ho ba le likamore tsa bona ’me ba fumana liaparo tse ncha. Empa ’na ha ke na kamore ea ka ke le mong; ha ho mohla ke fumanang liaparo tseo ke li ratang. ’Mè o re a ke ke a li khona. Kaha ke tlameha ho etsa mesebetsi eohle ea lapeng ha a ile mosebetsing, ekare ke hiretsoe ho etsa mosebetsi oa lapeng—ke utloa eka ke amohuoa nako ea ka ea bongoana.”—Shalonda, ea lilemo li 13.

HA HO pelaelo hore ho molemo ha lelapa le e-na le batsoali ba babeli ba nang le lerato. Ha bana ba e-na le batsoali ba babeli, ka tloaelo ba fuoa tataiso, tšireletso le tšehetso e eketsehileng. “Ba babeli ba molemo ho feta a le mong, hobane ba na le moputso o molemo bakeng sa mosebetsi oa bona o boima.”—Moeklesia 4:9.

Le hoja seo e le ’nete, haeba malapa a nang le batsoali ba babeli a ne a ka tšoantšoa le liphoofolo, mohlomong a ka be a kentsoe lethathamong la liphoofolo tse kotsing ea ho fela. Ka mohlala, bana ba fetang halofo United States, ba tla qeta nako e itseng ba lula le motsoali a le mong pele ba e-ba lilemo li 18.

Leha ho le joalo, bacha ba bang ba hōlisoang ke motsoali a le mong ba hlabisoa lihlong ke seo. Ba bang ba sithabetsoa ke likhatello le mathata ao ba tobanang le ’ona bophelong. Haeba u hōlisoa ke motsoali a le mong, ke mathata afe ao u tobanang le ’ona? Moleng o ka tlaase, ngola bothata bo u tšoenyang ka ho fetisisa.

․․․․․

Na taba ea hore motsoali oa hao e mong ha a u bontše lerato le tlhokomelo ka linako tsohle e bolela hore u ke ke ua thaba bophelong? Che! Seo se itšetlehile haholo ka hore na u talima lintho joang. Liproverbia 15:15 e re: “Matsatsi ’ohle a ea hlorileng a mabe; empa ea [“thabileng,” Bibele—Phetolelo e Ncha] o ba le mokete kamehla.” Joalokaha maele ana a bontša, tsela eo motho a itšoarang ka eona hangata e laoloa ke boikutlo ba hae eseng maemo ao a leng ho ’ona. U ka etsa’ng e le hore u ‘thabe’ ho sa tsotellehe maemo ao u leng ho ’ona?

Loantša Maikutlo a Fosahetseng

Ntlha ea pele, leka hore u se ke ua lumella lipuo tse nyahamisang tsa ba bang hore li u sithabetse. Ka mohlala, matichere a mang a ’nile a bua mantsoe a hlabang habohloko ka liithuti tse hōlisoang ke motsoali a le mong. A mang a bile a nahana hore ho itšoara ka tsela leha e le efe e makatsang ho bakoa ke hore li tsoa malapeng ao maemo a ’ona a sa tloaelehang. Empa ipotse: ‘Na batho ba buang lintho tsee ba hlile baa ntseba le ho tseba lelapa leso? Kapa na ba mpa ba pheta feela seo ba utloileng ba bang ba se bua ka malapa a motsoali a le mong?’

Ke habohlokoa ho elelloa hore poleloana e reng “moshanyana ea se nang ntate” e hlaha ka makhetlo ka Mangolong. Ha ho mohla poleloana eo e sebelisoang ka tsela e phoqang. Ha e le hantle, hoo e batlang e le hohle moo e hlahang teng, Jehova o senola kamoo a amehileng kateng ka ho khetheha ka bana ba hōlisoang ke motsoali a le mong.a

Ka lehlakoreng le leng, e le ka sepheo se setle, batho ba bang ba ka ’na ba khetha mantsoe ka hloko ka tsela e feteletseng ha ba bua le uena. Ka mohlala, ba ka ’na ba tsilatsila ho sebelisa mantsoe a kang “ntate,” “lenyalo,” “tlhalo,” kapa mohlomong “lefu,” moo ba tšabang hore mantsoe ao a tla u khopisa kapa a u hlabise lihlong. Na see sea u tšoenya? Haeba sea u tšoenya, ba bontše ka tsela e bohlale hore ha ho hlokahale hore ba tšoenyehe ka ho feteletseng ha ba bua le uena. Tony ea lilemo li 14, ha a tsebe ntate oa hae. O re batho ba bang ba itoma maleme ha ba tlameha ho bitsa mantsoe a itseng. Leha ho le joalo, Tony ha a tsilatsile, o sebelisa ’ona mantsoe ao ha a bua le bona. O re: “Ke batla ba tsebe hore ha ke soabisoe ke boemo boo ke leng ho bona.”

Qoba ho ’na U re, “Hoja Ebe”

Ke ’nete hore ke ha tlhaho ho sareloa le ho ikutloa u lahlehetsoe haeba batsoali ba hao ba hlalane kapa haeba u shoetsoe ke motsoali eo u mo ratang. Leha ho le joalo, u lokela hore qetellong u amohele boemo boo u leng ho bona. Bibele e fana ka keletso ena: “U se ke ua re: ‘Ke hobane’ng ha matsatsi a pele a bile molemo ho feta aa?’” (Moeklesia 7:10) Sarah ea lilemo li 13, eo batsoali ba hae ba ileng ba hlalana ha a le lilemo li 10, oa eletsa: “U se ke ua lula u ikutloisitse bohloko ka boemo ba hao, u ntse u re ‘hoja ebe’, kapa u nahana hore mathata ao u nang le ’ona a bakoa ke ho ba lelapeng la motsoali a le mong, kapa hore bana ba malapeng a nang le batsoali ba babeli ba phela hamonate.” Ena ke keletso e ntle. Etsoe, esita le malapa a nang le batsoali ba babeli a ntse a e-ba le mathata.

Ke hobane’ng ha u sa nke hore lelapa leno le tšoana le batho ba sokang seketsoana? Seketsoana se ne se tla tsamaea hantle haeba batho ba se sokang ba ne ba feletse. Kaha lelapa la motsoali a le mong ha le na setho se seng, litho tse ling li lokela ho sebetsa ka thata haholoanyane. Na see se bolela hore lelapa leo le ke ke la atleha? Che! Hafeela litho tse ling li sebelisana hammoho, seketsoana se tla fihla moo se eang teng.

Na U Phetha Boikarabelo ba Hao?

U ka etsa’ng ka ho khetheha ho tiisa hore u sebelisana le litho tse ling tsa lelapa ho phetha boikarabelo ba hao? Nahana ka litlhahiso tse tharo tse latelang:

Ithute ho baballa lintho. Ntho eo malapa a mangata a motsoali a le mong a amehileng haholo ka eona ke chelete. U ka etsa’ng ho thusa? Tony, eo ho builoeng ka eena pejana, o re: “Bana bao ke kenang sekolo le bona ba batla hore batsoali ba bona ba ba rekele liteki le liaparo tsa mabitso. Ba hana ho ea sekolong ha ba se na tsona. Ha ke na liaparo tsa morao-rao tsa mabitso, empa liaparo tsa ka li makhethe ebile li hloekile, ’me ke baballa tseo ke nang le tsona. ’Mè o etsa sohle seo a ka se khonang; ha ke batle ho mo thatafalletsa lintho.” Ka ho ikitlaetsa ho se hokae, le uena u ka etsisa moapostola Pauluse, ea ileng a re: “Ke ithutile ho khotsofalla seo ke nang le sona . . . , e le hore maemong ’ohle le kamehla, ke khotsofale.”—Bafilipi 4:11, 12, Today’s English Version.

Tsela e ’ngoe eo u ka baballang lintho ka eona ke ka ho qoba ho senya. (Johanne 6:12) Rodney e mocha o re: “Ha ke le lapeng, ke leka ka hohle ho ba hlokolosi hore ke se ke ka roba lintho kapa ka li beha moo li sa tšoanelang, kaha ho li lokisa kapa ho reka tse ling ho hloka chelete. Ke leka ho tima lisebelisoa tsa motlakase kapa mabone a sa sebelisoeng. Sena se theola litšenyehelo tsa motlakase.”

Ithaopele ho thusa. Batsoali ba bangata ba se nang balekane ba ka ’na ba e-ba leqe ho tiisa hore melao e behiloeng ka lapeng ea lateloa kapa ho laela bana ba bona hore ba etse mesebetsi ea lapeng. Hobane’ng? Ba bang ba nka hore ba tlameha ho koala sekheo sa motsoali ea sieo ka hore ba etse hore bana ba bona ba phele hamonate. Ba ka ’na ba ipehela lebaka la hore ‘ke batla hore bana ba ka ba thabe.’

Joale u ka ’na ua batla ho sebelisa hampe tsela ena eo motsoali oa hao a ikutloang ka eona. Empa ho etsa seo, ho tla thatafalletsa motsoali oa hao lintho le ho feta, ho e-na le ho mo thusa. Ho e-na le ho etsa seo, ke hobane’ng ha u sa ithaopele ho thusa? Nahana ka seo Tony a neng a ikemiselitse ho se etsa. O re: “’Mè o sebetsa sepetlele, ’me junifomo ea hae ea mosebetsi e lokela ho aenoa. Kahoo ke mo aenela eona.” Empa na oo hase mosebetsi oa basali? Tony o re: “Ba bang ba nahana joalo, empa hoo ho thusa ’Mè, kahoo kea ho etsa.”

Bontša kananelo. Ntle le ho mo thusa ka ho etsa lintho tse itseng, u ka etsa ho hongata ho hlasimolla motsoali oa hao ka ho bontša kananelo. Motsoali e mong ea se nang molekane o ile a ngola a re: “Ke atisa ho hlokomela hore ha ke tsoa mosebetsing ke nyahame kapa ke halefisitsoe ke lintho tse etsahetseng motšehare—ke letsatsi leo morali oa ka a khethileng ho teka tafole le ho lokisa lijo tsa mantsiboea ka lona.” O boetse o re: “Mora oa ka oa ntšoara ebe o nkopa ka matsoho.” O ikutloa joang ka liketso tse joalo tse bontšang ho mo nahanela? O re: “Ka mor’a moo ke ikutloa ke hlasimolohile.”

Lintlheng tse tharo tse boletsoeng ka holimo, ngola eo u lokelang ho ntlafatsa haholo ho eona. ․․․․․

Ho hōlisoa ke motsoali a le mong ho u fa monyetla oa ho hlaolela litšobotsi tse kang ho ba le qenehelo, ho ba motho ea se nang boithati le ea ka tšeptjoang. Ho phaella moo, Jesu o ile a re: “Ho fana ho tlisa thabo e khōlō ho feta ho amohela.” (Liketso 20:35) U tla thaba haholo haeba u itella ho thusa motsoali oa hao ea se nang molekane.

Ke ’nete hore ka linako tse ling u tla lakatsa eka u ka be u e-na le batsoali ba babeli. Empa u ntse u ka ithuta ho etsa hore boemo boo u leng ho bona bo u tsoele molemo. Ke seo ngoanana e mong ea bitsoang Nia a ileng a se hlokomela. O re: “Ka mor’a hore ke hlokahalloe ke Ntate, motho e mong o ile a re ho ’na, ‘ho atleha bophelong ho itšetlehile ka hore na u bo talima joang,’ ’me mantsoe ao a ile a thopothela pelong. A ile a nkhopotsa hore boemo boo ke leng ho bona ha bo bolele hore ha ho letho leo nka le etsang ka bona.” Le uena u ka sheba lintho ka tsela e tšoanang. Hopola hore hase maemo ao u leng ho ’ona a etsang hore u thabe kapa u se ke ua thaba. Ke tsela eo u a talimang ka eona—le seo u se etsang ka ’ona.

BALA HO EKETSEHILENG KA TABA ENA BUKENG EA 1, KHAOLONG EA 4

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Ka mohlala, bona Deuteronoma 24:19-21 le Pesaleme ea 68:5.

LENGOLO LA SEHLOOHO

“U batle lithahasello tsa ba bang, eseng tsa hao feela.”—Bafilipi 2:4, Today’s English Version.

KELETSO

Haeba u nka hore u fuoa mosebetsi o mongata ho feta oo u ka khonang ho o etsa, ka bohlale khothalletsa motsoali oa hao hore a leke ho etsa se latelang:

● A thathamise mesebetsi eohle eo setho ka seng sa lelapa se lokelang ho e etsa.

● Haeba ho hlokahala, a abele litho tse ling tsa lelapa tse ka khonang ho etsa mesebetsi e meng ea lelapa eo a neng a u file eona.

NA U NE U TSEBA . . .  ?

Ho jara boikarabelo lapeng ho ka u thusa hore u hōle ka potlako ho feta bacha ba bang ba hōlisoang ke batsoali ba babeli, bao hangata ba se nang boikarabelo bo bokaalo.

SEO KE RERANG HO SE ETSA!

Ke tla loantša maikutlo a fosahetseng ka ho ․․․․․

Haeba batho ba sa phutholohe ha ba e-na le ’na, ke tla re ․․․․․

Lintlha tseo ke tla rata ho li botsa motsoali oa ka tabeng ena ke ․․․․․

U NAHANA’NG KA SEE?

● Ke hobane’ng ha batho ba bang ba khetholla bana ba hōlisoang ke motsoali ea se nang molekane?

● Ke hobane’ng ha motsoali oa hao a ka ’na a ba leqe ho u kōpa hore u mo thuse ka mesebetsi e itseng ea lapeng?

● U ka etsa’ng ho bontša hore u ananela motsoali oa hao?

[Ntlha e qolotsoeng leqepheng la 211]

“Haesale batsoali ba ka ba hlalana, re khona ho phetlelana sefuba le ’Mè; re fetohile metsoalle ea hlooho ea khomo.’’—Melanie

[Setšoantšo se leqepheng la 210, 211]

Lelapa la motsoali a le mong le tšoana le seketsoana seo e mong oa batho ba se sokang a leng sieo—ba setseng ba lokela ho sebetsa ka thata haholoanyane, empa ba ka atleha hafeela ba sebelisana hammoho

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela