Bokhoba Ba Crack—Seoa sa Bona sa Pefo
CRACK, e bitsoa joalo ka baka la molumo oo e o etsang ha e chesoa nakong ea ha e etsoa kapa ha e ntse e tsujoa, ke mofuta oa cocaine o bakang bokhoba ka mokhoa o phahameng, o matla ka ho fetisisa. Seithuti se seng sa liphello tsa lithethefatsi kelellong le boitšoarong sa sepetlele se seng se ile sa e bitsa “sethethefatsi se bakang bokhoba ka ho fetisisa seo batho ba kileng ba se tseba hona joale. Ke bokhoba bo batlang bo etsahala ka ho panya ha leihlo.” Ofisiri e ’ngoe ea sepolesa e ile ea e bitsa “sethethefatsi se sebe ka ho fetisisa se kileng sa e-ba teng. Ha ho na ntho e ’ngoe e joalo e kang motho ea ikhathollang ka ho sebelisa cocaine ea crack.”
Kaha cocaine ea crack ea tsujoa ho fapana le ho enteloa methapong kapa ho huloa ka linko, batho ba e sebelisang bao pele ba neng ba tšaba ho sokeloa ke AIDS e ka fumanoang linaleteng tse tšoaelitsoeng ba fumane hore “menyetla” ea crack e imenne hararo—“ha e na kotsi,” liphello tsa eona li matla haholoanyane, mosi oa eona o sebetsa ka potlako haholoanyane. E mong eo pele e neng e le lekhoba la eona o itse: “E fetela ka ho toba hloohong. E na le lebelo le potlakang. E utloahala eka hlooho ea hao e tlil’o phatloha ka lehare.” Ho ba ‘plakeng’ ho tšoarella metsotso e 5 ho ea ho e 12 feela empa khafetsa ho lateloa ke ho tepella ho sithabetsang maikutlong ho ka ’nang ha siea batho ba e sebelisang ba le pelo e khutšoanyane, ba tepelletse maikutlo, ba tšohile, kapa ba na le lipelaelo ka baka la ho se tšepe ba bang ’me ba na le takatso e sa khaotseng ea ho fumana crack e eketsehileng. Dr. Arnold Washton, motsamaisi oa Setsi se Phekolang Bokhoba sa Sepetlele sa Regent New York oa hlalosa: “Kotsi e ka sehloohong ea crack, ke hore e ka laola boko ba hao nakong ea matsatsi a seng makae ho isa libekeng tse seng kae—le bophelo ba hao.”
Bokhoba ba crack bo ntse bo ata joaloka seoa likarolong tse ngata tsa lefatše. Crack e kenelletse hoo e ka bang karolong e ’ngoe le e ’ngoe ea mokhatlo oa batho, ka ho khetheha United States, ho feta Canada, Engelane, ha ho bapisoa le linaha tsa Europe—barui, mafutsana, ba nang le katleho e khōloanyane, ba hiriloeng moo ho lefuoang hamolemonyana. Ka baka la ho fumaneha ha eona le bolokolohi ba ho e sebelisa le liphello tsa ho ikutloa motho a phela hantle, e batloa haholo le hona ka ho eketsehileng. Ba kenellang bocha, ba ka ’nang ba fetoha makhoba, ba batloa likhutlong tsa literata, likolong, le mesebetsing. Basali ke bona bao ho nang le monyetla oa hore ba kenelle ’me likarolong tse ling tsa mekhatlo ea batho palo ea bona e le basebelisi e feta ea banna hōle. Bana—bacha ba ka tlaase ho lilemo tse 20—ba batlang menyaka ea kapele, ba ke keng ba hana lithethefatsi, ba fetoha liphofu tsa barekisi ba crack—hangata e le banab’abo bona kapa litho tse ling tsa lelapa kapa metsoalle ea bohlokoahali.
Bokhoba bo Tlisa Pefo
The Wall Street Journal ea la 1 August, 1989, e ile ea tlaleha: “Crack e ka lokolla letoto la pefo e sehlōhō ho motho ea e sebelisang hampe ho feta motsoako ofe kapa ofe.” Koranta eo e ile ea re: “Haufinyane motsaneng o mong oa Boston [U.S.A.], ’mè e mong e mocha ea neng a tepellelitsoe ke crack o ile a ratlanya lesea la hae leboteng ka matla hoo ngoana eo a ileng a shoa ka baka la ho robeha molala.” ’Mè eo o ile a hlalosoa a tsoa “lelapeng le hlomphehang la boemo bo mahareng sechabeng.”
Ka baka la liphello tse mabifi tsa boitšoaro tseo crack e ka bang le tsona ho batho ba e sebelisang, bafuputsi ba kahisano le lingaka tsa mafu a bana ba kholisehile hore sethethefatsi sena se tlatsetsa ka ho eketsehileng tšoarong e mpe ea bana. Ho ka tsoha qhoebeshano e mabifi ha ’mè ea leng tlas’a tšusumetso ea crack a lokela ho sebelisana le ngoana ea hlonameng le ea llang. Mofuputsi e mong o ile a re: “Ha ho hotle haholo hore u be le ngoana ka pel’a hao, ha u hloname kapa u tepelletse maikutlo ’me u na le takatso e matla ea cocaine. U tla etsa eng ka lesea leo? Ka sebele u ke ke ua etsa seo u tšoanetseng ho se etsa.”
Ka bomalimabe, hangata liphello e ’nile ea e-ba tse kotsi. Ke ntho e tloaelehileng ho bala kapa ho utloa ka bacha bao e leng makhoba a crack ba bolaeang batsoali ba bona kapa bahlokomeli ba bona hobane ba ile ba hana ho ba fa chelete hore ba reke crack kapa hobane makhoba ana a ile a tšoaroa a ntse a e tsuba. Sepolesa sa New York City se ’nile sa beha molato oa lenane le ntseng le e-ja setsi la litlōlo tsa molao tse sehlōhō ho bacha bao e leng makhoba ba batlang ba hlantšoa ke crack.
Leha ho le joalo, pono e khōlōhali le e sehlōhō ka ho fetisisa ea pefo, e hlahella literateng tsa motse. Kaha chelete e fumanoang ho rekisoeng ha crack e le khōlōhali ka baka la tlhokahalo e ntseng e hōla ka mehla, barekisi ba eona ba ikutloa hore ho bolaea ka baka la eona ho lokile. Ba hlometse ka ho felletseng ka libetsa tse tsoetseng pele tsa morao-rao—lithunya tse ntšang letoto la likulo ka nako e khutšoanyane, merathatha ea sesole e sebelisoang bakeng sa ho hlasela, lithunya tse sa etseng lerata, le liaparo tseo kulo e sa keneng ho tsona—ba lebela libaka tsa bona ba ntse ba batla barekisi ba bang ba bacha hore ba etse mohlala oa ba ka utsoang bareki ba bona kapa ba sa tliseng chelete eohle e tsoang thekisong ea letsatsi. Barekisi ba ikemiselitse ho lokisa liphapang tsa bona khoebong ka tšollo e mabifi ea mali. Motsamaisi e mong oa baoki ba sebetsang phaposing ea maemo a tšohanyetso o ile a re: “Haeba motho e mong a thunngoa leotong kapa a hlajoa ka thipa letsohong, e ne e mpa e le temoso ho ngoana ea neng a bolokile chelete e itseng kapa lithethefatsi tse tsoang ho morekisi e mong eo a neng a mo sebeletsa. Haeba ngoana a thunngoa hloohong kapa sefubeng, ke hobane ba ne ba rerile hona ho ’molaea.”
Seithuti se seng sa kahisano New York City se itse: “Hona joale babolai ba mabifi haholoanyane. Ha hoa lekana ho bolaea. U tlotlolla ’mele. O se a ntse a shoele ke likulo tse peli, empa u mo thunya ka tse tšeletseng. U mo khaola hlooho, kapa ntho e ’ngoe e joalo.” Ofisiri e ’ngoe ea khale ea molao e itse: “Ka ntle ka moo ho na le limillione tsa bana ba se nang tsebo leha e le efe haese ho loana. Ha ba tšabe mapolesa kapa teronko kapa ho shoa,” leha e le hona hore ba amehile ka tšireletseho le bophelo ba batho ba ikemetseng ka thōko ba se nang molato bao ebileng liphofu nakong ea ho thunyana. Makasine ea Time e tlaleha hore lipolaong tsa batho tse 387 tse amanang le lihlopha tsa merusu Naheng ea Los Angeles ka selemo se le seng, halofo ea bona e ne e le ea batho ba ikemetseng ka thōko ba se nang molato.
Likhama tsa Gauta, Makoloi a Theko e Boima
Ka baka la pefo e amanang le bokhoba ba crack, barekisi ba bacha ba crack ba ke ke ba bona bophelo ba bona bo tsoela pele. Ka sebele, ba shoa ba sa le banyenyane. Filosofi ea bona e fetohile “Ke tla phela bophelo bo molemo pele ke shoa.” Ba bangata ba etsa sona seo. Ofisiri e ’ngoe ea lithethefatsi ea Detroit e itse: “Letsatsi le leng le le leng u ka ea sekolong se phahameng ’me ua bona Li-mercedes le Li-jeep le Li-cadillac le Li-volvo tse ncha. Makoloi ana ke a bana, eseng a batsoali.” Bana ba sa ntsaneng ba le banyenyane haholo hore ba ka khanna ba hira ba bang hore ba ba khannele. Ba bang ba nka menyetla ’me ba khanna ba se na mangolo a ho khanna. Ba khona ho lefella makoloi a bona. Haeba ba hlaheloa ke kotsi, ba tlohela makoloi ao ’me baa baleha.
Tichere e ’ngoe e itse: “Liithuti li apara liphahlo tseo mohlomong theko ea tsona e leng lidolara tse 2 000 ka letsatsi lefe kapa lefe.”a Tichere eo e ile ea re: “U bona bacha ba bangata ba apereng lijase tse entsoeng ka boea ba liphoofolo le likhama tse tenya tsa gauta.” Makasine ea Time ea la 9 May, 1988 e ile ea tlaleha: “Ha e le hantle, Gauta ke tšusumetso e phehellang e atileng bacheng ba phelang metseng e nang le sepenya sa baahi. Likhama tse tenya tse boima tsa gauta tseo theko ea tsona e leng lidolara tse 20 000 ke tloaelo e phehelloang ka matla a maholo.” Bahoebi ba lefa barekisi ba bona ba se nang phihlelo hantle. Ka mohlala, bana ba lilemo li robong le leshome, ba ka etsa lidolara tse 100 ka letsatsi ka ho lemosa barekisi ka boteng ba mapolesa. Bohato bo latelang ba ho phahama ke ho ba semokolara, kapa motho ea tsamaisang sethethefatsi ho tloha setsing sa sona ho ea ho morekisi, e leng mosebetsi o ka mo lefang ka holimo ho lidolara tse 300 ka letsatsi. Litlhoeli le limokolara li hahamalla ho finyella sehlohlolo seo se seng se ntse se le haufinyane le bona—morekisi. Na u ka inahanela feela ka mocha ea ka tlaase ho lilemo tse 20, eo mohlomong a sa rutehang, a kiba-kiba ka meputso e meholohali e fihlang ho lidolara tse 3 000 ka letsatsi? Ka sebele, menyetla ea katleho e mengata empa bokamoso bona ke ba nakoana.
Khafetsa litlōlo tsa bacha ba rekisang crack li na le mahlakore a mabeli a sehang. Ka lehlakoreng le leng le sehang, ba rekisa lithethefatsi tse kotsi tse ka ’nang tsa senya bophelo ba batho ba li sebelisang hammoho le ho tlatsetsa pefong, hangata e bile e le bona ba angoang ke eona ka bobona. Ka lehlakoreng le leng le sehang, maemong a mangata, batsoali ba khothalletsa bana ba bona hore ba rekise crack. Khafetsa, morekisi eo e monyenyane ke eena feela ea phelisang lelapa, o sebelisa karolo e khōlō ea liphaello tseo a li fumaneng ho phelisa lelapa. Ha batsoali ba hana ho lokisa boemo boo ’me ho fapana le hoo ba iphapanyetsa bona, ba kopanela ho khothalletseng tsela ea tlōlo ea molao.
Ho sithabetsang le ho feta ke ha lerato la crack le feta lerato la ’mè ho bana ba hae, esita le ngoana ea e-s’o hlahe eo a ntseng a mo jarile. Nahana ka kotsi baneng ba e-s’o hlahe sehloohong se latelang.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a $1=R2,60
[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 22]
“Crack ke Ntoa e Ncha ka ho Felletseng”
Kaha crack e ile ea etsoa e le hore e tle e ipiletse ho bacha le mafutsana, theko ea eona e qalang e ka ’na ea bonahala e le tlaase haholo. Barekisi ba eona ba rekisa likotoloana tse lekanang le kulo ka likomaneng tsa polasitiki ka chelete e tlaase joaloka lidolara tse hlano ho isa ho tse leshome. Leha ho le joalo, ho ba ‘plakeng’ hoo ho hokhutšoanyane empa e le ho matla, ho batla ho hloka hore ho ’ne ho phetoe khafetsa. Motsamaisi-kakaretso oa setsi sa Florida se fanang ka boitsebiso bo amanang le lithethefatsi o ile a re: “Crack ke ntoa e ncha ka ho felletseng. Ke sethethefatsi se phehellang ka ho fetisisa, ho feta cocaine e tloaelehileng. Monyaka oa eona o matla haholo le liphello tse tepelletsang li matla haholo hoo li bolokang basebelisi ba eona—esita le ba e sebelisang ka lekhetlo la pele—ho se ntho eo ba nahanang ka eona haese feela ho boela ba e fumana hape.”