Bokhoba ba Crack—Kotsi Baneng ba E-s’o Hlahe
HA COCAINE ea crack e ne e hlahella ponong ea lefatše mathoasong a bo1980, ke basebelisi ba ’maloa ba ileng ba ba sebete ho lumela liphello tse sithabetsang tseo e neng e tla ba le tsona. Na e ne e sa tsujoe ka lipeipi tse ntle tsa galase tse nyenyane kapa e tsoakoa le koae ea sakarete kapa matekoane? Menyenyetsi e ile ea phatlalatsa hore crack e ne e le sethethefatsi se seng kotsi. Ka sebele e ne e le theko e tlaase haholoanyane ho feta heroin kapa mofuta o mong oa cocaine. Batho ba neng ba oela sehlopheng sa batho ba amohelang chelete e tlaase ba ne ba ka e khona. Crack e etsang hore motho a ikutloe eka o phela hantle e ileng ea hlahisoa e ile ea bonahala e tšoaneleha, ho sa tsotellehe hore na theko ea eona e ne e le bokae.
Leha ho le joalo, bopaki bo matla ba likotsi tsa crack bo ile ba hlahella maqepheng a likoranta tsa bongaka ha basebelisi ba immeng ba ne ba qala ho beleha masea a anngoeng ke lithethefatsi. Lingaka li ile tsa qala ho lemosa ka liphello tse nyarosang tseo cocaine ea crack e ka bang le tsona baneng ba e-s’o hlahe. Palo ea masea a holofetseng, a mang e le a holofalletseng ruri, e ile ea qala ho phahama selemo le selemo. Ngaka e ’ngoe e ile ea re: “Ha cocaine ea crack e ne e hlahella, palo ea masea a manyenyane, a kulang e ile ea nyoloha ka sekhahla se tšabehang.”
Moo tšebeliso ea crack e jeleng setsi, lipalo li mo paka a nepile. Ho latela patlisiso e ’ngoe e ileng ea etsoa lipetleleng tse 36 United States ka 1988 ke Mokhatlo oa Sechaba oa Phuputso le Thuto ea Bokhoba bo Amanang le Nako ea Tsoalo, karolo ea 11 lekholong ea masea a U.S. a sa tsoa hlaha, kapa hoo e ka bang masea a 375 000 ka selemo, hona joale a anngoe ke lithethefatsi nakong ea boimana. The New York Times e tlaleha hore mahareng a 1986 le 1988, “palo ea bana ba sa tsoa hlaha New York City bao litlhahlobo li ileng tsa bontša hore ba anngoe ke lithethefatsi—haholo-holo cocaine—e ile ea batla e imena ka makhetlo a mane, e tloha ho 1 325 ho ea ho 5 088.”
Liphello tse Nyarosang
Dr. Richard Fulroth, seithuti sa bongaka sa Univesithi ea Stanford o ile a re: “Bo-’mè ba sebelisang cocaine ea crack ke bona ba kulang ka ho fetisisa bao u ka ba bonang. Ba kena sepetlele hona ha ba le lekhatheng la ho beleha, ’me u haroha letsoalo ha u emetse ho bona seo u tla se fumana.” Khafetsa se ’nileng sa hōla ka pōpelong ea mosebelisi oa crack ha se ratehe. Crack e ka baka ho honyela ha methapo ea mali ea lesea, ho ka thibelang phallo ea bohlokoa ea oxygen le lihaha-’mele ka nako e telele. Ho hōla ha lesea le ntseng le le ka pōpelong, ho akarelletsa le boholo ba hlooho le boko, li ka ’na tsa holofala. Hangata ho ba le stroke le litsitsipano, ho ka ’na ha hlaha ho holofala ha liphio, litho tsa botona kapa botšehali, mala, le mokokotlo. Ho boetse ho na le kotsi ea hore setho se fetisetsang lijo ka ho lesea le ntseng le le ka pōpelong se khaohele ka pōpelong, e leng ho bolaeang lesea le ntseng le le ka pōpelong ’me ho ka ba kotsi ho ’mè.
Ha lesea le anngoeng ke crack le hlaha, lingaka le baoki ba bona bopaki bo hlakileng ba tšenyo e entsoeng ke sethethefatsi seo. Tlaleho e ’ngoe e ile ea hlalosa ngoana ea joalo e le “selapa sa nama se nang le hlooho e nyenyane le liphaka tse kang lithutšoana.” Makasine ea Discover e ile ea tlaleha hore maemong a ’maloa, masea a anngoeng ke cocaine a ile a hlaha a se na menoana e ’meli e mahareng ea letsoho.
Dr. Dan R. Griffith, seithuti sa khōlo ea kelello Univesithing ea Northwestern, o ile a re masea a anngoeng ke cocaine hangata a hlaha a e-na le “tsamaiso ea methapo ea boko e teme-teme haholo, le e imeloang habobebe.” A na le tšekamelo ea ho tšoha habonolo le ho khopeha habobebe, a lla a sa tšelisehe ha a ka khentšoa hanyenyane feela. Ngaka eo e ile ea re: ‘Lerata le itseng le etsahalang ka tšohanyetso kapa ho fetoloa ha le robetse, esita le ho bua le ho sheba lesea le joalo, ho ka qholotsa ho lla ho sa khaotseng.’ Dr. Griffith a hlalosa, ‘Liphello tse ling tse totobetseng ho ngoana ea sa tsoa hlaha tsa ho senya ha sethethefatsi seo, e ka ’na ea ba hore masea ao a robala boroko bo bolelele bo etsang karolo ea 90 lekholong ea nako hore a ipate tšusumetsong e hlahang ka ntle. A ke ke a tsoha esita leha a hlobolisoa, a buisoa, a koietsoa, kapa a tšoaroa ka matsoho.’
Ngaka eo e ile ea bolela hore mathata ana a amanang le tsamaiso ea methapo ea boko a ka tsoela pele ka likhoeli, kahoo ebe a baka hore ’mè a tšoenyehe kelellong le ’meleng ka nako eo ho hlokahalang hore ho be le tlamahano ea lerato le e momahaneng. Ngaka eo e ile ea phaella: “Lesea le bonahala le e-ba le tšekamelo ea ho sitisa ’m’a lona ebe le khopeha haholo ha a leka ho hlokomela litlhokahalo tsa lona. ’Mè eba o ikhula ho lesea le ho le hloea ka baka la ho se amohele lipontšo tsa hae tsa ho le tsotella.” Boitšoaro bona ba lesea le lehloeo lena la ’m’a lona hangata li lebisa tšoarong e mpe ea bana.
Masea a sa Tsoa Hlaha a Lahloang Kherehloa
Kahobane boemo ba masea a joalo a sa tsoa hlaha ha boa tsitsa, a ka lula sepetlele libeke ’me ka linako tse ling likhoeli. Leha ho le joalo, hangata ho lula nako e telele sepetlele hase hakaalo ka baka la boemo ba ngoana joalokaha e mpa e le ka baka la boikutlo ba ’mè ka lesea la hae. Ka makhetlo a mangata ’mè ke eena ea lahlang lesea la hae kherehloa sepetlele, a le siea tlas’a tlhokomelo ea batho ba motse. Ngaka e ’ngoe e amehileng e ile ea tletleba ka hore: “Ha ke utloisise hore na ke hobane’ng ha ’mè a sa botse lipotso leha e le life ka lesea la hae, a bile a sa hlole a khutla hape.” Ba bang ha ba bile ha ba lule nako e telele ka ho lekaneng hore ba ka reha lesea la bona lebitso. Baoki ke bona ba tlamehang ho ba etsetsa hoo. Mooki e mong ea sebetsang sepetlele o ile a re: “Ho bonahala eka tšobotsi e ikhethang ka ho fetisisa le e ipatileng ea tšebeliso ea cocaine ea crack, ke ho khella fatše kelello ea tlhaho eo masea a e futsang ho ’mè.” Sepetlele se seng se ile sa ba sa lokela ho romella lithelekeramo ho batsoali ba se nang thahasello hore ba tekenele litlhahlobo tse entsoeng ka mor’a lefu ha masea a e-shoa. Na u fumana see se nyarosa?
Ka baka la mosebetsi o mongata oa baoki, masea ana ha aa fuoe lerato le tlhokomelo tseo a li hlokang. Maemong a mang ha mahae a ka a hlokomelang a ke ke a fumanoa habobebe, batho ba nang le kutloelo-bohloko ba ratang bana ba ithaopetse ho fana ka nako ea bona, lihora tse seng kae beke e ’ngoe le e ’ngoe, hore ba hlokomele masea ana a lahliloeng kherehloa. Mosebeletsi e mong o ile a re: “Baa a fepa, baa a binela, baa a bapalisa, baa a koietsa le ho ba apesa lintho tse ncha. Ba a tšoara ka tsela eo ba neng ba tla tšoara masea a bona ka eona. Ke ntho e molemo haholo ho bana. Ba bang ba bona ba se ba bile mona nako e telele.”
Bokamoso bo tšoaretse masea aa a sentsoeng ke cocaine eng? Tekanyo ea bona ea bohlale e ka tlaase ho e tloaelehileng e tla fana ka bothata ba ka moso boo ho tla ba thata hore matichere a bo mamelle. Setsebi se seng sa bana se ile sa re: “Ka baka la mefokolo ea ’mele le ea khōlo, masea ana a tla fetoha bothata ho ’ona ka booona le ho mokhatlo oa batho ka lilemo te 40 kapa tse 50.” Ka sebele, crack e entse letšoao le ke keng la lebaleha mokhatlong oa batho.