Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g90 10/8 maq. 8-9
  • Lebaka Leo Molimo

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Lebaka Leo Molimo
  • Tsoha!—1990
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Tšebeliso e Mpe ea Boikhethelo
  • Seo ho Feta ha Nako ho se Rutang
  • Liphello Tsa Bofetoheli E bile Life?
    Na Ruri Molimo oa re Tsotella?
  • Lebaka Leo ka Lona Molimo o Lumelletseng Bohloko
    Na Ruri Molimo oa re Tsotella?
  • Ho Lumella ha Molimo Mahlomola ho Haufi le ho Fela
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2001
  • Ke Hobane’ng ha ho E-na le Bohloko le ho Hloka Toka ho Hongata Hakaale?
    Morero oa Bophelo ke Eng? U ka o Fumana Joang?
Bala Tse Ling
Tsoha!—1990
g90 10/8 maq. 8-9

Lebaka Leo Molimo

O Lumelletseng Bohloko ka Lona

“Motho ea tsamaeang a ke ke a lokisa lika tsa hae. Jehova, u nkhalemele.”—Jeremia 10:23, 24.

MANTSOE ao a ile a ngoloa lilemong tse likete hoba batho ba bōptjoe. Jeremia o ile a hlokomela hore ho fihlela mehleng ea hae, histori ea motho e bile tlokotsi ha e bapisoa le tšimoloho e molemo eo Molimo o e nehileng batsoali ba rōna ba pele.

Ho falimeha ha Jeremia ho ile ha matlafatsoa ke tlaleho ea histori ea lilemo tse fetang 2 500 tse eketsehileng ho tloha mehleng ea hae. Tlokotsi ea batho e mpefetse le ho feta. Phoso e hlahile kae?

Tšebeliso e Mpe ea Boikhethelo

Batsoali ba rōna ba pele ba ile ba lahleheloa ke pono ea hore ba ne ba sa boptjoa hore ba atlehe ka ntle ho Molimo le melao ea oona. Ba ile ba iketsetsa qeto ea ho itokolla ho Molimo, ba nahana hore seo se tla ntlafatsa bophelo ba bona. Empa sena e ne e le tšebeliso e mpe ea tokoloho ea bona. Ba ile ba tšela litekanyetso tse hlomamisitsoeng ke Molimo tsa boikhethelo.—Genese, khaolo 3.

Ke hobaneˈng ha Molimo o sa ka oa timetsa Adama le Eva le ho bōpa batho ba bang ba babeli? Ke hobane borena ba hae ba bokahohle le tsela ea hae ea ho busa li ile tsa belaelloa. Hoba ha oona Molimo o Matla ˈOhle le ˈMōpi oa libōpuoa tsohle ho o neha tokelo ea ho li busa. Kahobane o na le Bohlale Bohle, puso ea oona ke e molemohali bakeng sa libōpuoa tsohle. Empa joale puso ea Molimo e ne e phephelitsoe.

Na batho ba ne ba ka sebetsa hamolemo ka ntle le ho busoa ke Molimo? Ka sebele ˈMōpi o ne a tseba karabo ea potso eo. Tsela e tiileng bakeng sa batho hore ba fuputse e ne e le ho ba neha tokoloho e hlokang meeli eo ba neng ba e lakatsa. Harˈa mabaka a mang, lebaka le leng leo Molimo o lumelletseng bokhopo le ho utloa bohloko ka lona ke ho bontša ntle ho pelaelo hore puso ea motho e itokollotseng ho oona e ke ke ea atleha.a

Adama le Eva ba ile ba itlisetsa bohloko hammoho le bana ba bona. Ba ile ba ˈkotula seo ba se jetseng.ˈ (Ba-Galata 6:7) “Ba itšentse pelˈa oona; ke bana ba litšila; ke mofuta o khelohileng, o nang le mano.”—Deuteronoma 32:5.

Batsoali ba rōna ba pele ba ile ba lemosoa hore ho itokolla pusong ea Molimo ho tla qetella ka hore ba shoe. (Genese 2:17) Seo se ipakile e le ˈnete. Ka ho lahla Molimo, ba ile ba lahla mohloli oa bona oa bophelo. Ba ile ba fokola ho fihlela ba hlaseloa ke lefu.—Genese 3:19.

Ka morˈa moo, Molimo o ile oa lumella nako e lekaneng bakeng sa lelapa la motho ho bontša ka botlalo hore na tsamaiso leha e le efe ea lipolotiki, ea sechaba, kapa ea moruo eo ba e qapang ka ho itokolla pusong ea oona e ne e tla ipaka e le e khotsofatsang ka ho felletseng. Na leha e le efe ea litsamaiso tsena e ne e tla tlisa lefatše le thabileng, le nang le khotso le le hlokang tlōlo ea molao kapa ntoa? Na tsamaiso leha e le efe e ne e tla hōlisa tsoelo-pele ea lintho tse bonahalang bakeng sa bohle? Na tsamaiso leha e le efe e ne e tla fenya ho kula, botsofali, le lefu? Puso ea Molimo e ne e reretsoe ho finyella lintho tsena tsohle.—Genese 1:26-31.

Seo ho Feta ha Nako ho se Rutang

Kapele-pele histori e ile ea netefatsa BaRoma 5:12: “Lefu le aparetse batho bohle.” Temana ena e hlalosa hore “sebe se kene lefatšeng ka motho a le mong, ˈme lefu le kene ka sebe.” Ha batsoali ba rōna ba pele ba ne ba fetohela puso ea Molimo, ba ile ba fetoha ba sa phethahalang. Ho se phethahale hona e bile lefa leo ba ileng ba le fetisetsa ho bana ba bona. Ka lebaka leo, kaofela ha rōna re hlahile re sa phethahala, rea kula le ho shoa.

Ho feta ha nako ho boetse ho senotse kamoo batho ba imelitsoeng ke sebe ba itšoarang ka teng mabapi le ba bang. Ho bile le lintoa tse sehlōhō tse hlokang palo, lehloeo la bochaba le bolumeli, makhotla a otlang bakhelohi, tlōlo ea molao ea mefuta eohle, le liketso tsa boithati le meharo. Ho phaella moo, bofutsana le tlala li bolaile batho ba limillione.

Lilemong tse fetileng tse sekete, batho ba lekile mefuta eohle ea mebuso eo ba ka e nahanang. Leha ho le joalo, ˈmuso o mong le o mong o hlōlehile ho khotsofatsa litlhoko tsa batho. Haufinyane lipuso tsa Bokomonisi li ˈnile tsa hanoa linaheng tse ngata. Linaheng tsa puso ea sechaba ka sechaba ho boetse ho na le tlōlo ea molao e ngata, bofutsana, ho se tsitse ha moruo, le tšenyeho. Ka sebele, mefuta eohle ea puso ea batho e ipakile e fokola.

Ho feta moo, Molimo o lumelletse batho ho finyella tlhōrō ea saense le lintho tse bonahalang. Empa na ke tsoelo-pele ea sebele ha seqha le motsu li nketsoe sebaka ke li-missile tsa nuclear? ha batho ba tseba ho tsamaea sepaka-pakeng empa ba hlōleha ho phela ka khotso lefatšeng? ha batho ba limillione ba tšaba ho tsoela ka ntle bosiu ka lebaka la tlōlo ea molao?

Seo teko ea nako e se bontšang ke hore ho ke ke ha etsahala ka ho eketsehileng hore batho ba ˈlokise lika tsa bonaˈ ka katleho joalokaha ba ke ke ba phela ka ntle ho lijo, metsi, le moea. Re bōpiloe hore re itšetlehe ka tataiso ea Moetsi oa rōna joalokaha a re bōpetse hore re itšetlehe ka lijo, metsi le moea.—Mattheu 4:4.

Ka ho lumella bokhopo le ho utloa bohloko, Molimo o bontšitse liphello tse mpe tsa ka ho sa feleng tsa ho sebelisa tokoloho hampe. Ena ke mpho ea bohlokoa eo ho e-na le hore Molimo o ba amohe boikhethelo, o ba lumelletse hore ba bone se boleloang ke ho e sebelisa hampe.

Mabapi le boikhethelo, buka “Statement of Principles of Conservative Judaism” e re: “Ka ntle ho monyetla oa hore batho ba etse khetho e fosahetseng ha ba tobane le botle le bobe, khopolo eohle ea ho ba le khetho ha e na moelelo. . . . Bohloko bo bongata ba lefatše ke phello e tobileng ea tšebeliso e mpe ea tokoloho eo re e filoeng.”

Ka sebele Jeremia o ne a nepile ha a re: “Motho ea tsamaeang a ke ke a lokisa lika tsa hae.” ˈMe Salomone le eena o ne a nepile ha a re: “Motho o busa motho e mong ho mo ntša kotsi.”—Moeklesia8:9, AW.

Ka matla, seo se bontša bofokoli ba motho bakeng sa ho fenya ho utloa bohloko. Esita le Salomone, ka bohlale ba hae bohle, maruo, le matla o ile a hlōleha ho felisa masisa-pelo a puso ea motho.

Joale, ke joang Molimo o tlang ho felisa ho utloa bohloko? Na o tla ke o putse batho bakeng sa bohloko ba bona ba nakong e fetileng?

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Bakeng sa tlhaloso e eketsehileng ea litseko tsohle tse amehang, bona buka U ka Phela ka ho sa Feleng Paradeiseng Lefatšeng, likhaolo 11 le 12, e hatisitsoeng ke Watch-tower Bible and Tract Society of New York, Inc.

[Setšoantšo se leqepheng la 9]

Molimo o tile batho qalo e phethahetseng, empa histori e bontša hore batho ba ke ke ba iokisa lika tsa bonaˈ ka katleho ntle ho Molimo

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela