Karolo 7
Liphello Tsa Bofetoheli E bile Life?
1-3. Ho feta ha nako ho pakile joang hore Jehova o nepile?
MABAPI le tseko ea tokelo ea Molimo ea ho busa, liphello tsa makholo a lilemo tsa puso ea motho e itokollotseng ho Molimo e bile life? Na batho ba ipakile ho ba babusi ba molemo haholoanyane ho feta Molimo? Haeba re ahlola ka tlaleho e mpe ea motho ea ho busa batho ba bang, ka sebele rea bona hore ha ho joalo.
2 Ha batsoali ba rōna ba pele ba lahla puso ea Molimo ho ile ha latela tlokotsi. Ba ile ba tlisetsa bona hammoho le lelapa lohle la batho le tsoang ho bona bohloko. Ho ne ho se motho eo ba ka mo jarisang molato ha e se bona ka bobona. Lentsoe la Molimo le re: “Ba itšilafalitse ka bobona; hase bana ba oona, molato ke oa bona.”—Deuteronoma 32:5, NW.
3 Histori e bontšitse ho nepahala ha temoso ea Molimo ho Adama le Eva hore haeba ba tsoa tlas’a litokisetso tsa Molimo, ba ne ba tla fokola ’me ba qetelle ba shoele. (Genese 2:17; 3:19) Ba hlile ba tsoa tlas’a puso ea Molimo, ’me ha nako e ntse e tsamaea, ba ile ba fokola le ho shoa.
4. Ke hobane’ng ha kaofela ha rōna re tsoetsoe re sa phethahala, re e-na le tšekamelo ea ho kula le lefu?
4 Se etsahetseng ho bana ba bona ka mor’a moo se hlalosoa ho Ba-Roma 5:12: “Sebe se kene lefatšeng ka motho a le mong [Adama, hlooho ea lelapa la motho], ’me lefu le kene ka sebe, ka mokhoa o joalo lefu le aparetse batho bohle.” Kahoo ha batsoali ba rōna ba pele ba ne ba fetohela bolaoli ba Molimo, ba ile ba fetoha baetsalibe ba nang le sekoli. Tumellanong le melao ea lefutso, ntho eo ba neng ba ka e fetisetsa ho bana ba bona ke ho se phethahale. Ke ka lebaka leo kaofela ha rōna re tsoetsoeng re e-na le sekoli, tšekamelo ea ho kula le lefu le ho shoa.
5, 6. Histori e bontšitse eng ka boiteko ba motho ba ho tlisa khotso ea ’nete le katleho?
5 Ho se ho fetile lilemo tse makholo-kholo. Mebuso e ile ea fihla ’me e fetile. Ho lekiloe ’muso o mong le o mong oo ho neng ho nahanoa ka ’ona. Leha ho le joalo, ka makhetlo a mangata lelapa la motho le etsahalletsoe ke lintho tse tšosang. Ka mor’a lilemo tse likete tse tšeletseng, motho o ne a ka nahana hore batho ba tla be ba hatetse pele ho isa ntlheng ea ho finyella khotso, toka le katleho lefatšeng ka bophara le hore joale ba ne ba lokela hore ebe ba tseba melemo ea bohlokoa ea mosa, kutloelo-bohloko, le tšebelisano-’moho.
6 Leha ho le joalo, ’nete ke hore ho hlile ho etsahetse se fapaneng. Ha ho mofuta leha e le ofe oa ’muso oa batho o kileng oa etsoa o tlisitseng khotso ea ’nete le katleho bakeng sa batho bohle. Lekholong lena la bo20 la lilemo feela, re bone ho bolaoa la rita ha batho ba limillione nakong ea Ho Bolaoa ho Sehlōhō ha Bajode ke Manazi le ho fenethoa ha batho ba fetang limillione tse 100 lintoeng. Mehleng ea rōna ho hlokofalitsoe batho ba bangata, ba bang ba bolailoe le ho kenngoa literonkong ka baka la leeme le liphapang tsa lipolotiki.
Boemo Kajeno
7. Boemo ba lelapa la motho bo ka hlalosoa joang kajeno?
7 Ho phaella moo, nahana ka boemo bohle ba lelapa la batho kajeno. Tlōlo ea molao le pefo li jele setsi. Tšebeliso e mpe ea lithethefatsi e fetohile seoa. Mafu a tšoaetsanoang ka likamano tsa botona le botšehali a atile. Lefu le tšajoang la AIDS le tšoaetsa batho ba limillione. Batho ba limillione tse mashome ba bolaoa ke tlala kapa mafu a mang selemo le selemo ha lenane le fokolang feela le e-na le maruo a mangata. Batho ba silafatsa lefatše le ho inkela lintho ka mahahapa. Hohle bophelo ba lelapa le litekanyetso tsa boitšoaro lia senngoa. Ka sebele, kajeno bophelo bo bontša bobe ba puso ea ‘molimo oa lefatše lena,’ Satane. Lefatše leo e leng ’musi oa lona le hloka botho, le hloka qenehelo, ’me le senyehile ka ho felletseng.—2 Ba-Korinthe 4:4.
8. Ke hobane’ng ha re ke ke ra bitsa seo motho a se finyelletseng tsoelo-pele ea ’nete?
8 Molimo o lumelletse nako e lekaneng bakeng sa batho ho finyella tlhōrō ea bona ea tsoelo-pele ea saense le ea lintho tse bonahalang. Empa na ke tsoelo-pele ea sebele ha seqha le motsu li nketsoe sebaka ke lithunya tsa merathatha, litanka, lifofane tsa li-jet tse akhelang libomo le limisaele tsa nuclear? Na e hlile ke tsoelo-pele ha batho ba khona ho tsamaea sepaka-pakeng empa ba hlōleha ho lula hammoho ka khotso lefatšeng? Na e hlile ke tsoelo-pele ha batho ba tšaba ho tsamaea literateng bosiu kapa esita le motšehare libakeng tse ling?
Seo Nako e se Bontšitseng
9, 10. (a) Makholo a lilemo a fetileng a nako a bontšitse eng ka ho hlakileng? (b) Ke hobane’ng ha Molimo o ke ke oa re amoha boikhethelo?
9 Seo teko ea nako ea lilemo tse makholo e se bontšitseng ke hore ho ke ke ha etsahala hore batho ba itsamaise ka katleho ka ntle ho puso ea Molimo. Ka ho tšoanang, ba ke ke ba khona ho etsa joalo joalokaha ba ke ke ba khona ho phela ka ntle le ho ja, ho noa, le ho phefumoloha. Bopaki bo hlakile: Re etselitsoe ho itšetleha ka tataiso ea ’Mōpi oa rōna joalokaha ka sebele re etselitsoe ho itšetleha ka lijo, metsi le moea.
10 Ka ho lumella bokhopo, Molimo o bontšitse ka ho felletseng liphello tse soabisang tsa ho sebelisa boikhethelo hampe. Boikhethelo ke mpho e hlollang eo Molimo ho e-na le hore o e amohe batho, o ba lumelletse hore ba bone se boleloang ke ho e sebelisa hampe. Lentsoe la Molimo le bua ’nete ha le re: “Motho ea tsamaeang a ke ke a lokisa lika tsa hae.” Le boetse le bua ’nete ha le re: “Motho o busa motho e mong ho mo ntša kotsi.”—Jeremia 10:23; Moeklesia 8:9, NW.
11. Na ho na le mofuta leha e le ofe oa puso ea motho o tsebileng ho felisa bohloko?
11 Ho lumella ha Molimo puso ea motho ka lilemo tse likete tse tšeletseng ka ho hlakileng ho bontša hore motho o hlōleha ho felisa masisa-pelo. Ha ho mohla a tsebileng ho etsa joalo. Ka mohlala, mehleng ea Morena Salomone oa Iseraele, a e-na le bohlale bohle, maruo le matla, o ile a hlōleha ho felisa masisa-pelo a bakiloeng ke puso ea motho. (Moeklesia 4:1-3) Ka ho tšoanang, mehleng ea rōna, baeta-pele ba lefatše, esita le tsoelo-pele ea morao-rao ea saense, ha ba tsebe ho felisa bohloko. Leha ho le joalo, ho hobe ka ho fetisisa, histori e bontšitse hore batho ba itokollotseng pusong ea Molimo ba ekelitse bohloko ho e-na le ho bo felisa.
Pono ea Molimo ea Nako e Telele
12-14. Ho na le melemo efe ea nako e telele e tlileng ka baka la ho lumella ha Molimo bohloko?
12 Ho lumella ha Molimo bohloko ho bile bohloko ho rōna. Empa o bile le pono ea nako e telele ka ho tseba liphello tse molemo tse tla hlaha qetellong. Pono ea Molimo e tla tsoela libōpuoa molemo, eseng ka lilemo tse ’maloa feela kapa tse likete tse ’maloa, empa ka lilemo tse limillione, e, ho isa ka ho sa feleng.
13 Haeba ho ka etsahala hore boemo bo bong bo hlahe nakong efe kapa efe e tlang ba hore motho e mong a sebelise boikhethelo ba hae hampe ka ho belaella tsela eo Molimo o etsang lintho ka eona, ho ke ke ha hlokahala hore a fuoe nako ea ho paka lipono tsa hae. Kaha Molimo o se o lumelletse bafetoheli ka lilemo tse likete, o behile mohlala oa molao o ka sebelisoang hohle ka ho sa feleng bokahohleng.
14 Hobane Jehova o lumelletse bokhopo le bohloko nakong ena, ho tla be ho pakiloe ka ho lekaneng hore ntho leha e le efe e seng tumellanong le eena e ke ke ea atleha. Ntle ho pelaelo ho tla bontša hore ha ho mekhatlo ea batho e ipusang kapa ea libōpuoa tsa moea e ka tlisang melemo ea ka ho sa feleng. Kahoo, nakong eo ho tla be ho loketse hore Molimo o timetse mofetoheli leha e le ofe. “O felisa ba babe kaofela.”—Pesaleme ea 145:20; Ba-Roma 3:4.
[Litšoantšo tse leqepheng la 15]
Ka mor’a hore batsoali ba rōna ba pele ba khethe ho itokolla ho Molimo, qetellong ba ile ba tsofala le ho shoa
[Litšoantšo tse leqepheng la 16]
Puso ea motho ka ntle ho Molimo e ipakile e tletse masisa-pelo
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]
U.S. Coast Guard photo