Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • dg karolo 6 maq. 13-14
  • Lebaka Leo ka Lona Molimo o Lumelletseng Bohloko

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Lebaka Leo ka Lona Molimo o Lumelletseng Bohloko
  • Na Ruri Molimo oa re Tsotella?
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Tseko ea Bobusi ba Bokahohle
  • Bofetoheli ba Libōpuoa tsa Moea
  • Litseko tse Peli
  • Lebaka Leo Molimo
    Tsoha!—1990
  • Tseko e U Amang
    Khotso ea ’Nete le Tšireletseho—U Ka Li Fumana Joang?
  • Ho Utloa Bohloko ha Batho—Ke Hobane’ng ha Molimo a ho Lumella?
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1994
  • Tseko eo Kaofela re Lokelang ho Talimana le Eona
    Rapela Molimo a le Mong Feela oa ’Nete
Bala Tse Ling
Na Ruri Molimo oa re Tsotella?
dg karolo 6 maq. 13-14

Karolo 6

Lebaka Leo ka Lona Molimo o Lumelletseng Bohloko

1, 2. Batsoali ba rōna ba pele ba ile ba senya qalo e ntle eo Molimo o ba fileng eona joang?

PHOSO e hlahile hokae? Ke eng se ileng sa etsahala ho senya qalo eo e babatsehang eo Molimo o e nehileng batsoali ba rōna ba pele Paradeiseng Edene? Ke hobane’ng ho e-na le hore ho rene khotso le bonngoe tsa Paradeise, bokhopo le bohloko li ile tsa tsoela pele ka lilemo tse likete-kete?

2 Lebaka ke hore Adama le Eva ba ile ba sebelisa boikhethelo ba bona hampe. Ha ba ka ba hlokomela taba ea hore ba ne ba sa bōpeloa ho atleha ho itsamaisa ka ntle ho Molimo le melao ea oona. Ba ile ba ikhethela ho itsamaisa ka ntle ho Molimo, ba nahana hore sena se tla ntlafatsa bophelo ba bona. Kahoo ba ile ba tšela meeli e behiloeng ke Molimo ea boikhethelo.—Genese, khaolo 3.

Tseko ea Bobusi ba Bokahohle

3-5. Ke hobane’ng ha Molimo o sa ka oa timetsa Adama le Eva ’me oa bōpa batho ba bang hape?

3 Ke hobane’ng ha Molimo o sa ka oa timetsa Adama le Eva ’me oa bōpa batho ba bang ba babeli hape? Ke hobane bobusi ba hae ba bokahohle, ke hore, tokelo ea oona ea ho busa, e ile ea phephetsoa.

4 Potso e bile ena: Ke mang ea nang le tokelo ea ho busa, hona ke puso ea mang e lokileng? Kaha o na le matla ’ohle le hore hape ke ’Mōpi oa libōpuoa tsohle, Molimo o na le tokelo ea ho li busa. Kaha o na le bohlale bohle, puso ea oona ke e molemo ka ho fetisisa bakeng sa libōpuoa tsohle. Empa joale puso ea Molimo e ne e phephelitsoe. Hape, na ho ne ho e-na le phoso ka pōpo ea oona—motho? Hamorao re tla hlahloba kamoo taba ea botšepehi ba motho e amehang ka teng.

5 Ho itsamaisa ha motho ka ntle ho Molimo ho ile ha boela ha phahamisa potso e ’ngoe: Na batho ba ka etsa hamolemo haeba ba sa busoe ke Molimo? Ka sebele ’Mōpi o tseba karabo, empa tsela ea sebele ea hore batho ba fumane karabo e ne e le ho ba lumella ho ba le bolokolohi bohle boo ba neng ba bo batla. Ba ile ba ikhethela tsela eo ba e batlang, kahoo Molimo o ile oa e lumella.

6, 7. Ke hobane’ng ha Molimo o lumelletse batho ho ba le tokoloho e felletseng ka nako e telele hakaale?

6 Ka ho lumella batho nako e lekaneng hore ba latsoe bolokolohi bo felletseng, Molimo o ne o tla bolela ka ho sa feleng haeba batho ba ka tsoela pele hamolemo ka ntle ho puso ea Molimo kapa ba ka tsoela pele hantle ha ba itsamaisa. ’Me nako e lumelletsoeng e ne e lokela ho ba e ngata ka ho lekaneng bakeng sa ho lumella batho ho finyella seo ba se nahanang e le tlhōrō ea bona ea lipolotiki, khoebo, ea saense le ea meriana.

7 Kahoo, Molimo o lumelletse motho ho ba le monyetla o felletseng ho tla fihlela mehleng ea rōna ho bontša ka ntle ho pelaelo hore na puso ea motho ka ntle ho oona e ka atleha kapa che. Ka hona motho o tsebile ho khetha pakeng tsa mosa le sehlōhō, pakeng tsa lerato le lehloeo, pakeng tsa ho loka le ho hloka toka. Empa hape o ne a tla boela a tobane le liphello tsa khetho ea hae: molemo le khotso kapa bokhopo le bohloko.

Bofetoheli ba Libōpuoa tsa Moea

8, 9. (a) Bofetoheli bo qalile joang sebakeng sa moea? (b) Ka ntle ho Adama le Eva, ke bo-mang hape bao Satane a ileng a ba susumelletsa bofetoheling?

8 Ho boetse ho na le lebaka le leng leo re lokelang ho nahana ka lona. Hase batsoali ba rōna ba pele feela ba ileng ba fetohela puso ea Molimo. Empa ke bo-mang hape ba neng ba le teng ka nako eo? Libōpuoa tsa moea. Pele Molimo o bōpa batho, o ile oa bōpa libōpuoa tsa boemo bo phahameng, mangeloi a mangata-ngata hore a phele sebakeng sa leholimo. Le oona a bōpiloe a e-na le tokelo ea boikhethelo le bohlokoa ba ho ikokobelletsa puso ea Molimo.—Jobo 38:7; Pesaleme ea 104:4; Tšenolo 5:11.

9 Bibele e bontša hore bofetoheli ba pele bo simolohile sebakeng sa moea. Sebōpuoa se seng sa moea se ne se batla tokoloho e felletseng. Se ne se bile se batla hore batho ba se rapele. (Mattheu 4:8, 9) Mofetoheli enoa oa moea o bile a susumelletsa Adama le Eva, ’me ka bohata a bolela hore Molimo o ne o ba patetse ntho e ’ngoe e molemo. (Genese 3:1-5) Ka hona o bitsoa Diabolose (Moetselletsi) le Satane (Mohanyetsi). Hamorao, o ile a susumelletsa libōpuoa tse ling tsa moea hore e be bafetoheli. Libōpuoa tseo li ile tsa tsebahala e le bademona.—Deuteronoma 32:17; Tšenolo 12:9; 16:14.

10. Phello ea bofetoheli ba batho le libōpuoa tsa moea e bile efe?

10 Batho, ka ho fetohela Molimo, ba ile ba ipepesetsa tšusumetso ea Satane le bademona ba hae. Ke ka baka leo Bibele e bitsang Satane “molimo oa tsamaiso ena ea lintho,” ea “foufalitseng likelello tsa ba sa lumeleng.” Kahoo, Lentsoe la Molimo le bolela hore “lefatše le pusong ea E Mobe.” Jesu ka boeena o ile a bitsa Satane “morena oa lefatše lena.”—2 Ba-Korinthe 4:4, NW; 1 Johanne 5:19; Johanne 12:31, BPN.

Litseko tse Peli

11. Satane o ile a phephetsa Molimo ka tseko efe e ’ngoe?

11 Satane o ile a boela a phahamisa tseko e ’ngoe e ileng ea phephetsa Molimo. Ha e le hantle, o ile a ipelaetsa ka hore Molimo o entse phoso ka tsela eo O bōpileng batho ka eona le hore ha ho motho ea neng a tla batla ho etsa se lokileng ha a le tlas’a khatello. Bonneteng, o ile a bolela hore tlas’a teko batho ba ka rohaka Molimo. (Jobo 2:1-5) Ka tsela ena Satane o ile a belaella botšepehi ba pōpo e batho.

12-14. Ke joang nako e neng e tla senola seo e leng ’nete ka litseko tse peli tseo Satane a ileng a li phahamisa?

12 Kahoo, Molimo o lumelletse nako e lekaneng bakeng sa libōpuoa tsohle tse bohlale ho bona kamoo tseko ena esita le tseko ea bobusi ba bokahohle ba Molimo li tla rarolloa ka teng. (Bapisa le Exoda 9:16.) Qetellong liketsahalo tsa histori ea motho li tla senola seo e leng ’nete ka litseko tsena tse peli.

13 Pele, ke eng seo nako e neng e tla se senola mabapi le tseko ea bobusi ba bokahohle, tokelo ea Molimo ea ho busa? Na batho ba ne ba ka ipusa hamolemonyana ho feta Molimo? Na tsamaiso leha e le efe ea puso ea batho e itsamaisang ka ntle ho Molimo e ne e tla tlisa lefatše le thabileng le se nang ntoa, tlōlo ea molao, le ho hloka toka? Na ho na le e ka felisang bofutsana le ho tlisetsa bohle katleho? Na ho na le e ka tsebang ho hlōla ho kula, botsofali, le lefu? Puso ea Molimo e ne e reretsoe ho etsa lintho tseo kaofela.—Genese 1:26-31.

14 Mabapi le tseko ea bobeli, ke eng seo nako e neng e tla se senola mabapi le molemo oa ho bōptjoa ha batho? Na Molimo o ne o entse phoso ha o bōpa batho ka tsela eo o ba bōpileng ka eona? Na leha e le ofe ho bona o ne a tla etsa ntho e nepahetseng tlas’a teko? Na batho leha e le bafe ba ne ba tla bontša hore ba batla puso ea Molimo ho e-na le puso ea batho ka ntle ho Molimo?

[Setšoantšo se leqepheng la 13]

Molimo o lumelletse nako e lekaneng hore batho ba finyelle tlhōrō ea tsoelo-pele ea bona

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]

Shuttle: Based on NASA photo

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela