Bacha Baa Botsa . . .
Na Mosebetsi oa ka Mor’a Sekolo o Tla Nthusa Hore ke Hōle?
BA BABELI ho ba bararo—ke kamoo bacha ba bangata United States ba sebetsang ka teng hona joale. ’Me ka beke e le ’ngoe ba senya lihora tse 16 ho ea ho tse 20 ba sebetsa!a
Ke hobane’ng ha lenane le leholo la bacha le phallela mesebetsing? Brian ea lilemo li 16 oa hlalosa: “Tabeng ea ka ke tlameha ho [sebetsa]. ’Mè le Ntate ba hlalane ’me ke tšoanetse ho thusa ’mè ka tsela leha e le efe eo nka e khonang.” Ka ho tšoanang malapa a mangata a hloka thuso ea chelete. Esita leha mocha a sa tlatsetse ka ho toba litšenyehelong tsa lelapa, haeba a lefella liaparo tsa hae le lintho tse ling tsa botho, hona ho fokoletsa batsoali ba hae khatello ea chelete.
Bonneteng, bacha ba bangata ba sebeletsa ho khotsofatsa takatso ea bona ea liaparo, lieta tse turang kapa lijo tse rekisoang li se li phehiloe. Empa ho bacha ba bang, mosebetsi o bolela mohato o moholo oa ho ba motho e moholo. Makasineng oa Seventeen Suzanne ea lilemo li 19 o ngotse: “Ke sebetsa hobane ke thabela ho iphumanela lintho tseo ke li hlokang. Ha kea lokela ho itšetleha ka batsoali ba ka hore ba lefelle litšenyehelo tsa ka . . . Batsoali ba ka neha bana ba bona chelete, empa ba ke ke ba ba neha boikutlo ba khotsofalo bo tlisoang ke ho fumana moputso o itseng.” Mohlomong u ikutloa ka tsela e tšoanang—hore ho sebetsa e ne e tla ba phihlelo e molemo, hore ho ne ho tla u thusa hore u hōle kapele. Empa na kannete ho ne ho tla etsa joalo?
Ho Sebetsa—Melemo ea Hona
Bibele e nyatsa botsoa. Liproverbia 13:4 e re: “Pelo ea sekhoba e lakatsa ka mehla, leha ho le joalo, ha se rue letho; empa moea oa sekhothali oa nona.” Ka hona haeba ka ’nete u hloka ntho e ’ngoe e turang haholo eo batsoali ba hao ba sa ikemisetsang eona kapa ba ke keng ba khona ho e lefella, mohlomong khopolo ea ho sebetsa ka thata hore u khone ho ithekela eona e ka ba molemo.
Ba bangata ba tsoela pele ho phea khang hore mosebetsi o ka ruta mocha bophelo lefatšeng la sebele. Ellen Greenberger le Laurence Steinberg ba entse phuputso e pharalletseng le e phatlalalitsoeng haholo tabeng ea bacha ba sebetsang. Ba fumane hore bacha ba joalo ba “ithuta kamoo khoebo e tsamaisoang ka teng, ba ithuta tsamaiso ea chelete le ho boloka litlaleho tsa chelete eo bareki ba e kolotang. Mosebetsi o ka pepesetsa mocha, eseng feela phihlelo ea ho sebetsa le batho ba hōlileng, empa hape le khatello ea batho ba hōlileng le boikarabelo. Mohlomong a ka ithuta ho sebetsa ka tlas’a monghali eo ho leng “thata ho mo khotsofatsa” kapa ea bohale, kapa ho ithuta ho sebelisana ka mosa le bareki ba bohale—le basebetsi-’moho. (1 Petrose 2:18) Anthony oa hopola: “E ne e le ’na ea monyenyane ho feta bohle mosebetsing, ’me e mong le e mong o ne a sebelisa monyetla oo hampe. Empa ke ile ka ithuta ho sebelisana le batho.”
Mosebetsi o ka boela oa ruta mocha tsebo ea mosebetsi, mekhoa e metle ea ho sebetsa, joaloka ho boloka nako, eo e ka ipakang e le molemo hamorao bophelong. (Bapisa le Liproverbia 22:29.) Mocha ea bitsoang Eric o re: “Ke ithutile ho ba le boikarabelo.” Duane oa phaella: “Ho sebetsa le malome ho nthutile ho etsa mosebetsi o tsoileng matsoho. O ne a hatella bohlokoa ba bohloeki, ’me ha ntho efe kapa efe e-tsoa e se ea boleng bo phethahetseng, re ne re e pheta-pheta.” Olga, ea neng a etsa mosebetsi oa bongoli ha a sa ntse a le sekolong oa phaella: “Ke ile ka fumana phihlelo e ntle ea mosebetsi. Ho bua nako e telele ka thelefono ho nthutile ho sebelisa puo e loketseng.”
Mosebetsi o ka boela oa u ruta ho ba motlotlo ka seo u se finyelletseng. Morena Salomone ea bohlale o itse: “Ha ke re, ho molemo ho motho ke hore a ’ne a je, a noe, a batlele moea oa hae boiketlo ka ho sebetsa ha hae na? Empa le teng, ke lemohile hobane hoo ho tsoa letsohong la Molimo.”—Moeklesia 2:24.
Motho o Hlile o Ithuta Hakae?
Leha ho le joalo, ba bangata ba lumela hore mesebetsi ea kajeno e etsa ho fokolang feela ho thusa mocha hore a hōle. Linakong tse fetileng, bacha ba sebetsang ba ne ba ithuta mosebetsi o itseng oa matsoho kapa bonyane mesebetsi e itseng e molemo. Leha ho le joalo, kajeno bacha ba bangata (haholo-holo United States) ba sebetsa mabenkeleng a rekisang lijo tse phehiloeng kapa lifemeng moo mosebetsi e leng ho kenya li-hamburger ka mabokoseng kapa ho tlanya mechine ea chelete. Ba bangata ba belaella bohlokoa ba mosebetsi o joalo. Greenberger le Steinberg baa tletleba: “Mocha ea tloaelehileng o senya karolo e ka tlaase ho 10 lekholong ea nako ea hae mosebetsing—hoo e ka bang metsotso e mehlano feela ea hora e ’ngoe le e ’ngoe—ho linthoana tse joaloka ho bala, ho ngola, le lipalo. . . . Mesebetsi e mengata e khetholloa ka ho tšoana ha eona le ho ba le kemiso e rarahaneng, le e pheta-phetoang ka ho tenang.”
Sehlooho se leng ho The Wall Street Journal sea tlaleha: ‘Bongata ba bacha ba kajeno ba sebetsang ha bo ithute letho le molemo ka ho eketsehileng haese feela ho batla ho etsa ‘mponeng.’ Theknologi e ba fetotse ba tšoanang le mechine e itšebetsang. Mechine e lefisang (checkout scanners) le mechine e rarahaneng e kopanyang litheko le ho ba bolella chelete e khutlang. Libakeng tsa ho rekisa lijo tse phehiloeng, mechine e itšebetsang e phehang ka nako e lekantsoeng e hlakola monyetla oa ho qetela oa hore mocha a fumane tsebo e nyenyane ea ho pheha.’ Ntle ho pelaelo, mesebetsi e joalo e fana ka litšebeletso tse hlokahalang le tsa bohlokoa. Leha ho le joalo, e ka etsa ho fokolang feela ho hlomella mocha bakeng sa mosebetsi oa motho ea hōlileng.
Empa ho thoe’ng ka phihlelo ea ho sebetsa le batho ba hōlileng? Greenberger le Steinberg ba re: “Libaka tsa mosebetsi tseo bacha ba hiriloeng ho tsona li arohantsoe ho ea ka lilemo ka ho eketsehileng. Ho e-na le ho sebetsa haufi le batho ba baholo . . . bacha ba bangata kajeno ba rata ho sebetsa haufi le bacha ba bang.” The Wall Street Journal e bitsa libaka tse joalo tsa mosebetsi “libaka tsa bacha.”
“Letlotlo le Tlileng Pele ho Nako”
Bacha ba bangata United States ba fumana chelete e fetang liranta tse 520 ka khoeli mesebetsing ea bona. Na ho tseba ho sebelisa chelete ena e ne e ke ke ea e-ba phihlelo ea bohlokoa? Nahana ka phuputso e entsoeng ho liithuti tse hiriloeng tsa sekolo se phahameng likolong tse fapaneng tse fetang sekete. Ho ile ha fumanoa hore likarolo tse tharo tsa bona ha lia ka tsa tlatsetsa ka letho litšenyehelong tsa lelapa! Hoo e batlang e le karolo ea bona ea 60 lekholong ha ea ka ea boloka letho bankeng! Ba lokolohile tlamong ea ho lefella rente, insurance, le lijo, ba bangata ba ile ba sebelisa chelete ea bona bakeng sa litšenyehelo tsa botho—le ho e sebelisa kamoo ba ratang ka teng.
Jerald G. Bachman oa Lefapha la Phuputso ea Sechaba o bolela hore ha “bacha ba na le chelete e ngata eo ba ka e sebelisang,” ke “letlotlo le tlileng pele ho nako,” kapa leruo. Ke hobane’ng ha ho le joalo? Bachman oa hlalosa: “Liithuti tse ngata tsa sekolo se phahameng li na le boikemisetso ba ho reka lintho tse turang tseo mohlomong ba ke keng ba li bolokela chelete lilemong tse hlano hamorao nakong eo chelete ea bona e tla lokelang ho koahela litšenyehelo tsa lintho tseo eseng tsa bophelo bo mabotho-botho tse kang lijo le rente.” E, ho e-na le ho ruta mocha ho ba le boikarabelo ka chelete, ho ba le chelete e ngata haholo ho ka mo ruta se fapaneng. Ho ka tsosa takatso eo eseng ea sebele ea boiketlo ’me e etse hore a kene boemong ba sebele ba ho ba motho e moholo ea tepelletseng ka ho eketsehileng.
Bibele e boetse e bontša hore ho ikhathatsa ka ho bokella leruo ke ho phehella lefeela. E re: “U se ke ua ikhathatsa ho bokella leruo . . . U le talimela’ng, ha e le moo le tla feta kapele? Le tla mela mapheo ruri, le rurele holimo joaloka ntsu.”—Liproverbia 23:4, 5.
Ebang mosebetsi o ipaka e le phihlelo e bohlokoa ea ho ithuta ho tla itšetleha ka mofuta oa mosebetsi oo u o etsang, batho bao u sebetsang le bona kapa bao u ba sebeletsang, le ka tsela eo u ikitlaetsang ka eona mosebetsing. Sepheo sa ho sebetsa ha hao le tsela eo u sebelisang chelete eo u e amohelang li tla etsa phapang ea hore na ho sebetsa hoa u thusa kapa ho u ntša kotsi.
Empa haeba u thahasella ho hōla kannete, hlokomela qeto ea Greenberger le Steinberg: ‘Ho na le mesebetsi e meng e ka bang molemo hahloanyane ho feta ho sebetsa. Mesebetsi ena e akarelletsa ho bala le ho ithuta ka ntle ho sekolo le boikarabelo ba mosebetsi o sa lefelloeng oa boithaopo kapa tšebeletso ea sechaba.’ Ka mohlala, ka mor’a sekolo Nina o etsa mosebetsi oa bohlokoa ka ho fetisisa sechabeng joaloka mosebeletsi oa nako e tletseng oa Lipaki tsa Jehova. O re: “Ke ile ka bua le moeletsi oa thuto hore ke be le letsatsi le lekhutšoanyane la sekolo hore ke tsebe ho tsoa sekolong ha e batla e le motšehare o moholo. Ho tloha ka ’Mantaha ho fihla ka Laboraro ke ea mosebetsing oa boboleli ba phatlalatsa. Ke rata ho o etsa. Ke fela ke o rata!” Na kemiso ea hao le maemo a botho li ne li tla u lumella ho etsa se tšoanang? Ho hōlisa “boinehelo ba bomolimo” ka tsela ena ntle ho pelaelo ho ne ho tla ipaka ho le molemo ho feta ho sebetsa mosebetsi o itseng!—1 Timothea 4:8, NW.
Empa bacha ba bang ba ka ’na ba batla, kapa ba hloka ho sebetsa ka mabaka a ho fumana chelete. Lihlooho tse latelang li tla tšohla melemo le likotsi tsa ho etsa joalo.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Lenane le eketsehang la liithuti tse sebetsang le ile la bitsoa “ketsahalo e ikhethileng ea Amerika.” (When Teenagers Work, ka Ellen Greenberger le Laurence Steinberg) Moroalo o boima oa thuto o roesoa bacha mafatšeng a mang, ’me hangata mesebetsi ea haella. Leha ho le joalo, ha ho pelaelo hore sehlooho sena se tla hapa thahasello ea bacha ba bangata mafatšeng ao ho nang le menyetla ea mesebetsi ho ’ona. Sehlooho se latelang se tla tšohla boemo linaheng tse tsoelang pele moruong.
[Setšoantšo se leqepheng la 15]
Mosebetsi o ka ruta mocha ho sebelisana le bahiri le basebetsi-’moho joaloka motho ea hōlileng