Bacha Baa Botsa . . .
Nka Itokisetsa Mosebetsi oa Boipheliso Joang?
HA MAUREEN ea lilemo li 16 a botsoa hore o ikutloa joang ka hore o tla kena mosebetsing oa boipheliso ka letsatsi le leng, o ile a re: “Ke ikutloa ke tšohile ebile ke thabile ka nako e le ’ngoe.” Ke ho utloahalang hore bonyane u ikutloe u tšohile hanyenyane ha u nahana ka ho batla mosebetsi—esita le ho lebella phephetso ea ’ona. Pele René e mocha a qeta sekolong, o itse: “Ka mor’a lilemo tse 12 tsa ho imeloa ke sekolo, ho sebetsa e tla ba ntho e thabisang.”
Ho sa tsotellehe hore na maikutlo a hao ke afe, mohlomong ka letsatsi le leng u tla fumana mosebetsi sebakeng se itseng. U ka itokisetsa letsatsi leo joang? Ho kena sekolo ho u neha monyetla oa ho hlaholela mekhoa e metle, joaloka ho boloka nako. Ho feta moo, bacha ba sa ntseng ba le sekolong ba ka fumana phihlelo ka ho sebetsa mesebetsing ea nakoana. Leha ho le joalo, hore u itokisetse hamolemo bakeng sa mosebetsi oa boipheliso, ke habohlokoa haholo hore u nahane ka botebo ka lithuto tseo u li khethang sekolong.
Pono e Leka-lekaneng ka Mosebetsi
Pele, u tlameha ho tseba seo u se batlang mosebetsing o itseng. Bacha ba bang ba talima boholo ba moputso oa bona oa chelete feela. Ke ’nete, “chelete ke tširelo” ’me e bohlokoa bophelong. (Moeklesia 7:12) Empa Bibele e bua ’nete ha e re “bophelo ba motho bo ke ke ba tsoa bongateng ba lintho tseo a li ruileng, leha li mo atetse haholo.” (Luka 12:15) Bukeng Yes—I Can!, e ngotsoeng ke Barkai, Barkai, le Yeo, bangoli ba fana ka keletso ena: ‘U se ke ua oela lerabeng la ho talima moputso o mongata oa chelete feela.’ Baa phaella: “Ho khotsofatsoa ke mosebetsi ke habohlokoa bakeng sa thabo ea hao ea nakong e tlang.” Kahoo Paulo ea lilemo li 17 o ile a bontša ho leka-lekana ha a re: “Ke mpa ke rata ho iphelisa ka mokhoa o itekanetseng ha ke ntse ke thabela seo ke se etsang.”
Leha ho le joalo, haeba u Mokreste, ho na le lintho tse ling tseo u lokelang ho li nahanela. Esita le mosebetsi o thabisang ka ho fetisisa, o phephetsang o ke ke oa khotsofatsa tlhoko ea hao ea moea. Etsoe “tlamo eohle ea motho” ke ho “tšaba Molimo oa ’nete le ho boloka litaelo tsa oona.” (Moeklesia 12:13, NW) Kaha taelo ea Molimo ho Bakreste ke ho “etsa barutuoa,” bacha ba bangata ba Lipaki tsa Jehova ba rera ka bokamoso ba ho ba bo-pula-maliboho, kapa baboleli ba litaba tse molemo ba nako e tletseng. (Mattheu 28:19, 20) Ngoanana oa Afrika Boroa ea bitsoang Shulamite o hlile a etsa joalo. ’Me o re sena se mo tlisetsa “khotsofalo e khōlō ka ho thusa ho khotsofatsa tlhoko ea batho ea moea.”
Mohlomong le uena u lakatsa ho nka karolo mosebetsing oa boboleli oa nako e tletseng. Ho ntse ho le joalo, mohlomong u tla tlameha ho sebetsa hore u tsebe ho itjara. Mohlomong ka letsatsi le leng u tla tlameha ho hlokomela lelapa. Ka lehlakoreng le leng, maemo a ka ’na a se u lumelle hore u be pula-maliboho, ’me u ka tlameha ho batla mosebetsi oa nako e tletseng. Boemong leha e le bofe, na u ne u ke ke ua batla ho fumana mosebetsi o neng u tla u lumella ho ba le karolo e tletseng tšebeletsong ea Molimo kamoo u ka khonang ka teng? Ho hongata ho tla itšetleha ka lithuto tseo u li khethang sekolong.
Khetha Lithuto tse Nepahetseng
Linaheng tse ling, mocha a ka khetha mahareng a thuto e phahameng, thuto ea khoebo le thuto ea mosebetsi oa matsoho. Hangata ke bohlale ho hlahloba mefuta ea mesebetsi e leng teng sebakeng sa heno. Ka nako e tšoanang, u ka hlahloba talente ea hao le lithahasello. Joang? Ka ho etsa lethathamo la lintho tsohle tseo u li thahasellang kapa tseo u li etsang hamolemo. Na ke lipalo? Na ke saense ea li-computer? Na ke ho lokisa makoloi? Akarelletsa mesebetsi ea hao ea boikhathollo le lithahasello tse ling. Bonyane sena se tla u fa khopolo e itseng ea mofuta oa mosebetsi o u loketseng ka ho fetisisa le lithuto tse ka u lebisang mosebetsing oo. Ho buisana le batsoali ba hao kapa batho ba bang ba baholo ba hōlileng tsebong ho boetse ho ka u thusa ho hlahlobisisa litalente tsa hao le litšekamelo ka tsela ea sebele.—Bapisa le Liproverbia 15:22.
Ka mohlala, na u motho ea nang le botsoalle? Joale mohlomong u tla batla ho nahanela lithuto tse tla etsa hore u fumane mosebetsi oa ho rekisa kapa mesebetsi e meng e hlokang hore motho a sebetse haufi-ufi le batho. Ka lehlakoreng le leng, haeba u na le talente ea ho sebetsa ka matsoho, u ka ’na ua batla ho nka thuto ea mosebetsi oa matsoho. Leha ho le joalo, baboleli ba bangata ba nako e tletseng ba itjara ka thuso ea tsebo eo ba qalileng ho ithuta eona sekolong se phahameng. Ba bang ba fumane mesebetsi ea nakoana ea ho haha, ho lokisa lisebelisoa, ho betla, ho etsa lijana tsa letsopa le ho li rekisa, ho ngola ka computer, kapa ho sebeletsa joaloka mongoli.
Bakeng sa Damaris, mosali e mocha ea tsoang Colombia, Amerika Boroa, ho nka mosebetsi oa ho tlanya ka mochine le ho boloka litlaleho ho ile ha mo putsa. O ile a fumana mosebetsi oa ho sebeletsa joaloka mongoli halofo ea letsatsi o tsebang ho mo tšehetsa mosebetsing oa hae oa boboleli. Bakreste ba bang ba ile ba hlokomela litlhoko tsa bona ka mesebetsi ea ho hloekisa, ho khabisa mabala le e meng.
Ha Likhetho li Fokola
Leha ho le joalo, hase likolo tsohle tse fanang ka thuto e lekaneng ea koetliso ea mosebetsi; ebile tse ling li hlōleha ho ruta liithuti tsa tsona tsebo ea ho bala le ho ngola. Libakeng tse ling ho ka ’na ha hlokahala thuto e eketsehileng hore motho a fumane mofuta leha e le ofe oa mosebetsi. Tlas’a maemo a joalo, u ka ’na ua batlisisa haeba ho na le mananeo a koetliso ea mosebetsi sebakeng sa heno. Khetho e ’ngoe ke koetliso ea nakoana e rutang tsebo ea mosebetsi. Ka ho thahasellisang, ba bang ba ile ba nka koetliso e joalo ho phaella mosebetsing oa bona joaloka baboleli ba nako e tletseng.
Bacha ba lulang linaheng tse tsoelang pele ba ka ’na ba fumana taba ea ho khetha lithuto le likolo e le e lekanyelitsoeng haholo. Katiti, monna e mocha ea tsoang toropong ea mahaeng e ka boroa ho Afrika, o ne a se na khetho e ’ngoe ha e se ho ithuta Selatine, lipalo, le physical science le hoja lithuto tse joalo li na le bohlokoa bo fokolang libakeng tsa mosebetsi. Leha ho le joalo, Katiti o ile a atleha ho fumana mosebetsi. Joang? Ka ho etsa hore tsebo ea hae e lumellane le litlhoko tsa sebaka sa habo. Ha Katiti a qeta sekolong, o ile a khona ho itjara ka ho jala le ho rekisa meroho, ho roka le ho rekisa lik’hafo le likepisi tsa boea, esita le ho aba meriana e iketselitsoeng ea mahaeng. Ka baka la hobane sekolo se ile sa mo hlomella ka tsebo e hlokahalang ea ho buisana le batho, o ne a khona ho sebetsana le mesebetsi ena e fapa-fapaneng ka katleho.
Buka Choosing Your Career and Your Higher Education e bolela hore tsebo ea ho “buisana, ho utloisisa le ho utloisisoa e bohlokoa haholo” mosebetsing. Libakeng tse ngata, ebang ke thutong ea mosebetsi oa matsoho, ea khoebo kapa ea thuto e phahameng, ho hlokahala tsebo ea ho buisana le batho. Kahoo esita leha sekolo sa heno se sa fane ka lenaneo le khethehileng la koetliso ea mosebetsi, sebetsa ka thata hore u tsebe ho ngola, ho bua le ho mamela. Maikutlo ao o a fang mohiri oa ka moso a tla itšetleha haholo ka tsebo ea hao ea ho buisana le eena; ’me sena e ka ’na ea ba lebaka le ka etsang hore u fumane mosebetsi oo u o batlang. Har’a Lipaki tsa Jehova, bacha ba bangata ba ile ba khona ho ba le tsebo ea ho buisana ka ho nka karolo Sekolong sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo phuthehong ea Bokreste.
Ho Itela
Buka Your Child at School ea hlokomela: “Ha re batho ba bōpiloeng ka tsela e tšoanang kaofela.” Bacha ba bang ba sekametse mosebetsing oa matsoho, ha ba bang ba le bohlale lithutong tsa sekolo. Leha ho le joalo, ba bang ba na le litalente ea ’mino, e ho tšoantša kapa ea lipapali. Ho itjara ka ho ba sebini se lefshoang kapa morupeli oa ’mino ke taba e ’ngoe, empa ho phehella leruo kapa botumo ka lintho tse joalo ho ka tlisa likotsi tsa moea ho Mokreste. Ho phaella moo, kaha mesebetsi ena e ka u neha nako e lekanyelitsoeng haholo bakeng sa mesebetsi ea Bokreste, e kang ho ba teng libokeng le ho kopanela mosebetsing oa boboleli, na e tla ba ntho e bohlale ho qeta lilemo tse ngata u ntse u ithuta le ho ntlafatsa tsebo hore u atlehe ho eona?—1 Ba-Korinthe 7:29.
Mocha e mong oa Paki ea bitsoang Philip o ile a leka ho phehella mosebetsi o putsang oa ho bapala tenese. Philip oa lumela: “Qetellong ke ile ka tlameha ho khetha mahareng a Bokreste le tenese. Ho ne ho mpa ho se na nako e lekaneng hore nka ikakhela ka setotsoana mesebetsing ena e ’meli. Ke ile ka etsa qeto ea ho tlohela tenese, le hoja ho ne ho le thata ka nako eo, ha ho mohla nkileng ka ikoahlaea.”
Moapostola Pauluse o ile a etsa qeto e tšoanang. Le hoja a ne a e-na le thuto ea molao, o ile a khetha ho phehella tšebeletso ea Bokreste, a itjara ka khoebo ea ho etsa litente. (Liketso 18:3; 22:3) Empa Pauluse ha aa ka a ikoahlaela qeto ea hae. O itse: “Empa tse neng li le moruo ho ’na, ke li entse tšenyehelo ka baka la Kreste. . . . eo ke lahlileng tsohle ka baka la hae, ’me ke li etsa lithōle, ke tle ke rue Kreste.”—Ba-Filippi 3:7, 8.
Mohlomong u tla susumetsoa ho etsa liqeto tse tšoanang. Ho e-na le ho hōlisa tsebo ea hao ea thuto e phahameng, ea ’mino, kapa ea ho tšoantša, u ka ’na ua etsa qeto ea ho hlaolela tsebo ea moea. Sena se ka ’na sa bolela ho ithuta mosebetsi oa khoebo kapa mosebetsi o mong oo batho ba bangata ba o talimang e le oa boemo bo tlaase. Ka linako tse ling mocha a ka ’na a ithuta khoebo e itseng ka ho sebetsa hammoho le batsoali ba hae, mohlomong ka ho ithuta mosebetsi oa ho betla, ho lokisa lipeipi tsa metsi kapa mesebetsi e meng e joalo.
Ho sa tsotellehe qeto ea hao tabeng ena, nahana ka bokamoso ba hao. Khetha lithuto tsa hao ka bohlale, ka hloko. Ka thuso ea Molimo, u tla be u itokiselitse ka botlalo bakeng sa mosebetsi oa boipheliso!
[Setšoantšo se leqepheng la 10]
Ba bangata ba itjara ka thuso ea tsebo eo ba ithutileng eona sekolong