Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g91 1/8 maq. 22-24
  • Na ke Lokela ho Sebetsa ke Ntse ke Kena Sekolo?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Na ke Lokela ho Sebetsa ke Ntse ke Kena Sekolo?
  • Tsoha!—1991
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Lebaka Leo ba Sebetsang ka Lona
  • Ho Bala Litšenyehelo
  • Ho Boloka ho Leka-lekana ha Hao
  • Na Ke Lokela ho Fumana Mosebetsi oa ka Mor’a Sekolo?
    Tsoha!—1990
  • Nka Itokisetsa Mosebetsi oa Boipheliso Joang?
    Tsoha!—1992
  • Na Mosebetsi oa ka Mor’a Sekolo o Tla Nthusa Hore ke Hōle?
    Tsoha!—1990
  • Ke Hobane’ng ha ke Lokela ho Ithuta ka Thata Sekolong?
    Tsoha!—1992
Bala Tse Ling
Tsoha!—1991
g91 1/8 maq. 22-24

Bacha Baa Botsa . . .

Na ke Lokela ho Sebetsa ke Ntse ke Kena Sekolo?

MATSATSI a sekolo ke matsatsi ao bacha ba bangata ba phathahaneng ka ’ona. Thuto e fanoang ka klaseng e nka karolo e khōlō ea letsatsi le leng le le leng la beke. Mosebetsi oa sekolo o etsoang lapeng le ho ithuta li nka nako eohle ea mantsiboea. ’Me mahareng a nako ea sekolo le mantsiboea ho na le mesebetsi ea lehae e mengata e hlokang ho hlokomeloa.a

Linaheng tse ka Bophirimela bacha ba kenang sekolo ba lebelletse nako ea mafelo a beke e le nako ea boithabiso le ho phomola. Empa likarolong tse ngata tsa lefatše, mafelo a beke hase letho ha e se ho phomola. Ka mohlala, libakeng tsa mahae Afrika, hangata bacha ba sebelisa nako ea bona ea mafelo a beke ho thusa batsoali ba bona polasing, ba leka ho lefella nako e senyehileng nakong eo ba ileng sekolong ka eona. ’Me har’a Lipaki tsa Jehova, bacha ba na le boikarabelo bo eketsehileng ba ho nka karolo mosebetsing oa boboleli oa ntlo le ntlo le ho ea libokeng tsa Bokreste.—Ba-Heberu 10:23-25.

Kahoo ho ka ’na ha bonahala e le ho ke keng ha etsahala hore bacha ba Maafrika ha ba rate ho itjarisa moroalo o eketsehileng oa mosebetsi oa boipheliso. Empa bacha ba bangata ba joalo ba sebetsa ka litsela tse fapaneng: ba lema lirapana tsa bona le ho rekisa lihlahisoa, ba loha joang le ho etsa likatiba tsa tšetše kapa ba loha liroto tseo ba tla li rekisa ’marakeng. Ho sa le joalo, ba bang ba tšoasa litlhapi, ba rekisa likoranta, ba kha litholoana le ho li rekisa.

Leha ho le joalo, ke hobane’ng ha bacha bana ba etsa mosebetsi oa boipheliso? Na sena se bolela hore le uena ho hlokahala hore u etse ho tšoanang?

Lebaka Leo ba Sebetsang ka Lona

Bacha ba bang ba qobelloa ho sebetsa ka lebaka la maemo ao ba ke keng ba tseba ho a laola, joaloka lefu la motsoali. (Sena se ka siea mocha a hloka motho ea ka mo tšehetsang ka chelete ea ho lefella lithuto tsa hae.) Ka lehlakoreng le leng, bacha ba bang ba qala ho sebetsa hore ba tsebe ho iphumanela tekanyo e itseng ea bolokolohi ho batsoali ba bona.

Nahana ka Kofi, mocha oa Ghana. Ha a ntse a le sekolong sa mosebetsi oa matsoho, o ile a sebetsa joaloka mosebeletsi oa polasi lihora tse peli tsa letsatsi le leng le le leng ka mor’a sekolo.b Kofi oa hlalosa: “Batsoali ba ka ba ne ba ile ba ntlhokomela ka lintho tsohle ha ke sa qala ho kena sekolo. Empa ke ne ke sa batle ho tsoela pele ke itšetlehile ka bona bakeng sa ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo ke neng ke e hloka. Kahoo ke ile ka qalisa ho etsa mosebetsi oa boipheliso. Ke ile ka ikutloa ke thabile haholoanyane ha ke khona ho ithekela libuka le ho itefella chelete ea lipalangoang ho ea sekolong.”

Ka ho tšoanang Moses, moena oa Kofi o ne a sebetsa. Ha a sa ntse a le sekolong sa poraemari, Moses o ile a ruta bana ba banyenyane ka mor’a nako e tloaelehileng ea lihora tsa sekolo. Empa joalokaha moputso oa Kofi ka ho loketseng o ne o sebelisetsoa ho lefella litlhoko tsa hae, karolo e ’ngoe ea chelete ea Moses e ile ea sebelisetsoa ho boloka boemo bo botle ba lelapa la habo. Hobane’ng? A tsoa lelapeng la bana ba robeli, o ile a hlalosa: “Mosebetsi oa ka oa nakoana o ile oa imolla batsoali ba ka mojaro oa ho hlokomela litlhoko tsa baena ba bang le likhaitseli.” O boetse oa lumela hore o na le boikutlo ba khotsofalo bo tlisoang ke ho tseba ho ithekela lintho.

Ho thusa batsoali ba motho ka chelete ka nako eo ho nang le tlhokahalo ea sebele e ka ba tsela ea ho ba bontša tlhompho e ba loketseng. (Ba-Efese 6:1, 2) Leha ho le joalo, ka nako e tšoanang, ha ho letho le hlileng le leng phoso ha motho a sebetsa hore a tsebe ho fumana chelete eo a ka itšebelisetsang eona.

Mosebetsi o ka boela oa etsa ho hongata bakeng sa ho kenya boikutlo ba boikarabelo ho mocha. O ka thusa mocha ho tseba mesebetsi eo hamorao e ka sebelisoang ho hlokomela lelapa. Ka mohlala, ho bonahala Jesu Kreste ka boeena a ile a ithuta mosebetsi oa ho betla ka ho sebetsa le ntat’ae oa mohōlisi e sa le mocha. (Mattheu 13:55; Mareka 6:3) Leha ho le joalo, “nako e khutšoanyane” bakeng sa lefatše lena ’me mocha ea bohlale o etsa bonnete ba hore nako ea hae e sebelisoa hamolemo. (1 Ba-Korinthe 7:29; Ba-Efese 5:16) Ka hona pele u qala ho sebetsa, u lokela ho nahanisisa ka hloko ka mabaka ’ohle a amehang—ho akarelletsa le boikutlo ba hao.

Ho Bala Litšenyehelo

Lipotso tse ling tseo u ka nahanisisang ka tsona ke tsena: Na kannete e hlile batsoali ba ka ba hloka esita le ho batla thuso ea ka ea chelete? Kapa na ba ikemiselitse ho phela ka ho honyenyane hore ke tsebe ho ikitlaetsa mosebetsing oa sekolo le khōlong ea ka ea moea? Na ka sebele ke hloka chelete e eketsehileng kapa na ke arabela ‘takatsong ea nama, le takatsong ea mahlo, le boikhantšong ba bophelo’?—1 Johanne 2:16.

Monna ea bohlale Salomone o ile a hlokomela: “Ke boetse ke lemohile hore ke hobane’ng ha batho ba sebetsa ka thata haholo hore ba atlehe: ke hobane ba honohela lintho tseo baahisani ba bona ba nang le tsona. Empa hoo ha ho na molemo. Ho joaloka ho lelekisa moea. . . . Ho molemo ho ba le honyenyane feela, hammoho le ho ba le khotso ea kelello, ho e-na le ho tšoareha ka matsoho a mabeli ka nako eohle, u leka ho tšoara moea.”—Moeklesia 4:4-6, Today’s English Version.

Lebaka le leng le lokelang ho nahanisisoa ke phello eo ho sebetsa ho ka bang le eona mosebetsing oa hao oa sekolo. Kofi ea boletsoeng pejana, oa hopola: “Selemong sa ka sa pele sekolong sa mosebetsi oa matsoho ke ne ke sa etse mosebetsi oa boipheliso, ’me ke ile ka sebetsa hantle haholo lithutong. Joale ho ile ha latela selemo sa bobeli seo ka sona ke ileng ka qalisa mosebetsi oa boipheliso ’me matšoao lithutong a ile a qala ho theoha. Ke ’nile ka khona ho ba ka holimo ho karolelano e tloaelehileng, empa ho ne ho khathatsa haholo.” Ka ho thahasellisang, phuputso e ’ngoe e entsoeng United States e senotse hore “ho sebetsa ho theola mosebetsi oa sekolo ’me ho fokotsa ho nka karolo ha bacha mosebetsing oa sekolo.”

Na u hopola Moses, moena oa Kofi ea neng a e-na le mosebesi oa ho ruta? Oa lumela: “Ka ntle le haeba motho a le hlokolosi haholo, a ka qala ho amohela liithuti tse eketsehileng tseo li ke keng tsa rutoa ka nakoana e fumanehang.” Mawuli, mocha e mong oa Moafrika, o ne a sebetsa mosebetsi oa nakoana joaloka motšoasi oa litlhlapi ha a sa ntse a le sekolong. O re: “Ho ne ho e-na le teko e khōlō ha ho ne ho tšoasoa litlhapi tse ngata haholo lebōpong. Ho ne ho e-na le tšusumetso ea ho tlohela libuka le ho ea sebeletsa chelete e eketsehileng. Bashemane ba bangata ba motse ba ile ba etsa hoo ’me ba khaotsa ho kena sekolo.”

Sekolo le mosebetsi li ka boela tsa qeta matla a mocha ho isa bohōleng ba ho mo ama ka tsela e kotsi moeeng. Ho ka ba thata ho eena hore a be teng libokeng tsa Bokreste kapa ho tsitsisa mohopolo oa hae ha a le moo. A ka khaotsa thuto ea botho ea Bibele le likhatiso tse theiloeng Bibeleng.

Ho Boloka ho Leka-lekana ha Hao

Leha ho le joalo, ka mor’a ho nahanisisa ka hloko ka mabaka ’ohle a amehang, uena le batsoali ba hao le ka etsa qeto ea hore na ho etsa mofuta o itseng oa mosebetsi ho ne ho ka ba molemo kapa che. U ka sebelisa boemo boo hamolemo joang?

Ho itaea ke ntho ea bohlokoa. Moapostola Pauluse o ile a bua ka boiteko ba hae ka boeena, a re: “Ke mpa ke laea ’mele oa ka, ke ithapisetsa oona.” (1 Ba-Korinthe 9:27) Ho tla u hloka hore u itaee hore u tsebe ho boloka—eseng ho senya—chelete eo u e fumanang. Ho boetse ho tla u hloka ho itaea hore u tsebe ho sebelisa nako ea hao e setseng ka ho loketseng. Ke ’nete hore ho phomola le ho roba monakeli ka ho lekaneng li na le nako ea teng ’me li ka tlatsetsa mosebetsing o putsang. Empa u hlokomele hore mesebetsi ea boikhathollo le boithabiso e se ke ea sitisa mosebetsi oa sekolo o etsoang lapeng kapa esita le lintho tsa moea.

Ka hona ho tla hlokahala hore u etse kemiso ea sebele ea nako ea ho ithuta—’me u e khomarele. Ka mohlala, ho ka ba molemo haholo ho qalisa mosebetsi oa sekolo o etsetsoang lapeng kapele ha u fihla lapeng ha u tsoa mosebetsing, u se lete ho fihlela e ba nako e telele ka mor’a lijo tsa mantsiboea nakong eo u ikutloang u otsela ka eona. Leha ho le joalo, ba bang ba khetha ho robala esale nako le ho hlokomela lithuto tsa bona joaloka ntho ea pele hoseng. Ho sa tsotellehe hore boemo ke bofe etsa hore linako tsa hao tsa ho ithuta e be tse putsang. Qoba ho letsa ’mino kapa ho ameha litšitisong tse ling. Mohlomong mosebetsi oa hao oa sekolo o etsoang lapeng o ka tsamaea hantle haholoanyane haeba u hlokomela kamoo u mamelang ka teng ka klaseng, ho ngola lintlha tsa sehlooho le boitsebiso bo tšehetsang taba.—Bapisa le Luka 8:18.

Leha ho le joalo, ha bohlokoahali ho feta tsohle ke litlhoko tsa hao tsa moea. (Mattheu 5:3) Hore tsena li tle li khotsofatsoe, u tlameha ho behella ka thōko nako ea thuto ea botho ea Bibele, liboka tsa Bokreste, le ho kopanela tšebeletsong ea boboleli ba phatlalatsa. Ke ’nete, ho sebetsa le ho kena sekolo ho hloka ho hongata. Empa haeba u tlameha ho li etsa ka bobeli, etelletsa lintho tsa moea pele. Rapela Jehova Molimo u sa khaotse hore a u thuse ho boloka ho leka-lekana ha hao ha moea. Haeba, ho phaella mosebetsing oa sekolo ho etsoa qeto ea hore u sebetse, a ka u matlafatsa hore u mamelle boemo boo.—Esaia 40:29-31.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Ka kakaretso sehlooho sena se tšohla boemo boo bacha ba tobaneng le bona linaheng tse tsoelang pele moruong. Leha ho le joalo litlhahiso tse boletsoeng mona li theiloe holim’a melao-motheo ea Bibele ’me li tla ipaka e le thuso ho bacha lefatšeng lohle.

b Linaheng tse ling, ka mor’a ho feta lihlopheng tse tlaase, mocha o na le boikhethelo ba ho ea sekolong sa poraemari kapa se phahameng, (se rutang lithuto tse ngata) kapa sekolong sa mosebetsi oa matsoho.

[Setšoantšo se leqepheng la 24]

Bacha ba bang ba Maafrika ba sebetsa mesebetsi ea ka mor’a sekolo. Empa melemo le litšenyehelo tsa ho etsa joalo ke life?

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela