Bacha Baa Botsa . . .
Ke Hobane’ng ha ke Lokela ho ba Mohlokomeli oa Bana?
“U IKUTLOA joang ka ho ba mohlokomeli oa banab’eno ba banyenyane?” Tsoha! e ile ea lebisa potso ena ho bacha ba bangata. Ha ho pelaelo hore likarabo li ne li fapana.
Ngoanana e mong ea ka tlaase ho lilemo tse 20 o itse: “Ke rata bana ba banyenyane haholo kahoo sena ha se bothata.” Moshemane e mong ea ka tlaase ho lilemo tse 20 o ile a ba a ithorisa: “Ke thabela ho sebelisa matla!” Leha ho le joalo, ba bang ba ile ba bontša ho se rate ka ho totobetseng—kapa lehloeo. Ngoanana e mong o hlalositse: “Ke ho etsa hobane ke tseba hore batsoali baka ba hloka thuso. Empa ha ho nthabise.” Ngoanana e mong o itse: “Ka linako tse ling ke batla ho ea libaesekopong kapa sebakeng se seng, empa ’mè o tla re, ‘Tsamaea le ngoan’eno e monyenyane.’ Ha ke hlile ha ke rate ho etsa joalo.”
“A ke Molisa oa Ngoan’eso na?”
Mor’a Adama oa letsibolo, Kaine, o ile a botsa potso ena ka ngoan’abo Abele ntle ho kutloelo-bohloko. (Genese 4:9) U ka ikutloa u e-na le lehloeo le tšoanang ha u kōptjoa ho hlokomela banab’eno ba banyenyane. Ke hobane’ng ha nako ea hao ea bolokolohi e lokela ho sebelisetsoa ho fetola maleiri kapa ho hlokomela mangole a khumohileng? Ho joalokaha ngoanana e mong ea lilemo li 15 a hlalositse ka bohale: “Ha ke ikarabelle bakeng sa ka feela empa ke ikarabella le bakeng sa se etsoang ke banab’eso.”
Marna e mocha o na le tletlebo e fapaneng: “Haeba re ea serapeng sa boikhathollo kapa sebakeng se seng, ka mehla ke tlameha ho hlokomela bana ’me ke thatafalloa ke ho ithabisa. Sena sea ntlhantša. . . . Ha ke bolella [’Mè], o re, ‘U khaitseli ea bona e moholo ’me u tlameha ho hlokomela bana.’ Ke ile ka phatloha ka bohale ’me ka ’molella, ‘Mohlomong ke tla hlokomela bana ba ka, empa eseng ba hao! Ke lona le nang le bana eseng rōna. U tlameha ho ba hlokomela.’”—The Private Life of the American Teenager, ka Norman le Harris.
Mohlomong ka ho tšoanang banab’eno ba ka ikutloa ba sa thaba ka hore ebe ke uena ea ikarabellang. ’Me ba ka thabela ho sitisa boiteko ba hao bo molemo haholo ba ho boloka molao le taolo. Ngoanana e mong ea lilemo li 14 o ile a lumela sena ho Tsoha!: “Ka linako tse ling ke hloile ho hlokomela banab’eso. Ke hloile lintho tseo ba li etsang! Ka linako tse ling baa loana, ’me ha ke ba namola ba re, ‘U nahana hore u mang? Ha u ’Mè!’ Ke ne nke ke ka tsotella haeba ho ne ho le bonolo ho ba hlokomela.”
‘Ke Hobane’ng ha e le ’Na?’
Ha sehlopha se seng se seholo sa bacha se ne se botsoa, “Ke mesebetsi efe ea lapeng eo le nahanang hore bacha ba ka e etsa lapeng?,” karolo ea 32 lekholong e ile ea re ke ho hlokomela bana! E, boikarabelo ba ho sala le bana ke ’nete ea bophelo ho bacha ba kajeno. Tabeng ea pele, mosebetsi oa ntlo e ka ba mosebetsi o hlokang matla le o khathatsang bakeng sa ’mè. Bo-ntate ba talimane le mosebetsi oa boipheliso oa letsatsi le letsatsi. Ka ho tšoanang lenane le eketsehang la bo-’mè le tlameha ho sebetsa lapeng le mosebetsing oa boipheliso. Hangata ba khathetse haholo.
Mohlokomeli o nolofalletsa ’mè le ntate ho fumana phomolo eo ba e hlokang nako le nako. ’Me haeba ka bobeli ba sebetsa, mohlokomeli o hlokomela hore bana ba fumana tlhokomelo e loketseng ho fihlela ha batsoali ba fihla. Ke ’nete mohlomong batsoali ba hao ba ka khona ho hira mohlokomeli e mong hore a hlokomele bana. Empa na ba ne ba ke ke ba ikutloa ba sireletsehile haholoanyane ka ho tseba hore bana ba bona ba banyenyane ba setse matsohong a setho sa lelapa se lerato le se nang le tsebo?
Ke ’nete hore qetellong boikarabelo ba ho hlokomela banab’eno bo mahetleng a batsoali ba hao. (Ba-Efese 6:4) Empa ho thusa joaloka mohlokomeli oa ngoana ho ka thusa batsoali ba hao ho phethahatsa mesebetsi ea bona. E boetse ke tsela ea ho “hlonepha ntat’ao le ’m’ao.” (Ba-Efese 6:2) Ho phaella moo, ho hlokomela bana ke koetliso e molemo bakeng sa ho ba motho e moholo. Ngoanana e mong o hopola kamoo a neng a hlokomela banab’abo le khaitseli ea hae e nyenyane ha ’mè oa hae, motsoali ea mong, a ne a sebetsa joaloka mofepi: “Ke ne ke ba hlokomela letsatsi le letsatsi ho fihlela ha ’Mè a fihla. O ne a mpha lethathamo la lintho tseo ke lokelang ho li etsa: ‘Aneha liaparo, hloekisa ntlo, qalisa ho lokisetsa lijo tsa motšehare.’” Ke moroalo o boima bakeng sa ngoanana ea ka tlaase ho lilemo tse 20! Empa o re: “Ha ke hopola lintho tseo kea bona hore e ne e le ntho e molemo ka ho fetisisa ho ’na. Ke ile ka hōla kapele le ho ba le boikarabelo.”
Hape, ha ho letho le bontšang bofokoli ha moshemane a sala le bana. Ka ho tloaelehileng banna ba entse joalo le mehleng ea Bibele. (Numere 11:12) ’Me moapostola Pauluse haa ka a ho talima e le ho itlotlolla ha a ipapisa le “moanyesi.”—1 Ba-Thessalonika 2:7.
Ho Fumana Pono e Loketseng
Leha ho le joalo, ho etsa hore u thabele ho hlokomela banab’eno ho ka hloka boiteko bo itseng. Hangata ho na le bora bo itseng mahareng a bana ba motho. ’Me haeba hangata u qoaketsana le banab’eno, kapa haeba u ba talima joaloka sehlopha sa bana ba se nang mekhoa ba tenang, ho ka ba thata ho ba le pono e loketseng ea ho ba hlokomela. Kahoo, ho ka ba molemo hore u nahane ka lithuto tse ling tse rutoang ka Bibeleng.
Ka mohlala, nahana ka tlaleho ea Josefa e mocha le banab’abo. Ka baka la hobane Josefa e ne e le thatohatsi, banab’abo ba ile “ba mo hloea, ba sitoa ho bua le eena ka khotso.” Joale, ak’u nahane kamoo Josefa a ileng a ikutloa ka teng ha ntat’ae a re ho eena: “Ha ke re, banab’eno ba aloselitse Sikeme? Tloo, ke u romele ho bona. . . . Ak’u ee hle, u bone hore na ho ntse ho lutsoe hantle ke banab’eno le ke mehlape, u ntoo ntlela le litaba.” Ntle ho pelaelo baahi ba sebaka seo ba ne ba tla hopola polao e sehlōhō e bakiloeng ke banab’abo Josefa Sikeme lilemo tse ’maloa pejana. (Genese 34:25-31) Ho ne ho ka ba kotsi hore Josefa a ee moo! Hase hoo feela, empa le banab’abo ba ne ba ke ke ba rata ho tla ha hae. Leha ho le joalo, ka baka la ho hlompha ntat’ae le ka baka la lerato la sebele bakeng sa banab’abo, Josefa o ile a arabela: “Ke ’na enoa” ’me amohela thōmo eo.—Genese 37:4, 13, 14.
Miriame e ne e le mocha e mong ea hlahelletseng tabeng ena. Nakong eo Faro oa Egepeta a neng a hlahisa leano la ho bolaea masea a Baheberu, Miriame o ile a thusa ho sireletsa ngoan’abo oa lesea Moshe. Ha lesea le se le beiloe ka ho sireletsehileng ka har’a areka e nyenyane nōkeng ea Nile, Miriame haa ka a iphapanyetsa pheletso ea ngoan’abo ka ho se tsotelle ka ho re ke bothata ba batsoali ba hae. Che, o ile “a ema hojana, ho bona se tlang ho mo hlahela.” Miriame o ile a ba a tseba ho lokisetsa hore ’mè oa Moshe a abeloe ho mo hlokomela!—Exoda 2:4-10.
E, ho fapana le Kaine eo ntle ho kutloelo-bohloko a neng a sa tsotelle ngoan’abo, kajeno bacha ba tšabang Molimo ba ho talima e le tokelo le boikarabelo ho hlokomela banab’abo bona—esita leha ho le thata kapa ho se bonolo ho etsa joalo. Johanne oa Pele 4:21 e re: “Ea ratang Molimo a rate le ngoan’abo.” Le hoja ka ho khethehileng sena se sebetsa ho baena ba rōna ba moea, na e ne e ke ke ea e-ba ’nete le ka bao re arolelanang le bona kamano ea moea le ea nama?a
Ho tsotella ha hao, thahasello ea hao, takatso ea hao ea ho sireletsa, ’me ka holimo ho tsohle, lerato la hao le totobetseng bakeng sa banab’eno le ka phethahatsa karolo ea bohlokoa khōlong ea bona ea nama, ea maikutlo, le ea moea. Ho ntse ho le joalo, ho hlokomela bana ba banyenyane e ka ba phephetso ea sebele, ’me sehlooho se latelang se tla ba le litlhahiso tse sebetsang ho u thusa ho ba mohlokomeli oa bana ea atlehileng.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Khaolo ea 6 ea buka Lipotso Bacha Baa Botsa—Likarabo tse Sebetsang (e hatisitsoeng ke Watchtower Bible and Tract Society of New York, Inc.) e na le litlhahiso tse eketsehileng tsa kamoo ho ka ntlafatsoang likamano tsa bana ba motho.
[Lebokose le leqepheng la 18]
‘Ke Moholo Haholo Hore Nka Hloka Mohlokomeli!’
Ha Tsoha! e botsa sehlopha se seng sa bacha hore ke neng moo ngoana a hōlileng haholo hore a ka hloka mohlokomeli, ba bang ba ile ba nahanela lilemo tse “11,” tse “13,” ’me ka ho makatsang esita le tse “7”! Leha ho le joalo, ngoanana o hlokometse: “Ha ke hopole hore ho na le tekanyetso ea lilemo. Ke nahana hore ke taba ea khōlo ea kelello. U ka ba le lilemo tse 15 ’me oa ba monyenyane haholo hore u ka tsoela-pele ka ntle ho mohlokomeli.”
Ke ’nete, khakanyo ea batsoali ba hao ka khōlo ea hao ea kelello e ka ’na ea fapana le ea hao haholo. ’Me malapa a fapaneng a ka ’na a khetha ho sebetsa litaba ka litsela tse fapaneng. Kahoo le hoja metsoalle ea hao e meng e ka ’na ea hlokomela ntlo ha batsoali ba eona ba ile libaesekopong, u ka ’na ua tlameha ho utloa bohloko ba “lihlong” tsa ho ba le mohlokomeli. Hona ho ka ba thata haholo-holo haeba mohlokomeli e le moholoane oa hao. Alisha e monyenyane o ile a lumela: “Ke ne ke sa rate hore moholoane a sale le ’na. Ke ne ke sa rate ha a mpolella hore ke etse eng!”
Leha ho le joalo, batsoali ba hao ba nahana ka ho tebileng ka lithahasello tsa hao. Ba bala ka tlōlo ea molao e eketsehang le tšoaro e mpe ea bana likoranteng ’me ba na le lebaka le utloahalang la ho khathatseha. Ho feta moo, ho ba mong ka tlung e ka ba ho tšosang ho feta ho lumela hore ho joalo. Ngoanana e mong o itse: “Ke ne ke hlile ke tšaba ho ba mong ka tlung. Kahoo ke ile ka khetha hore ke mpe ke be tlas’a khatello e nyenyane ho e-na le ho tšaba.”
Ke ’nete, ka linako tse ling batsoali ba khella bana ba bona fatše. ’Me haeba ho bonahala ho le joalo ka uena, mohlomong u ka buisana le batsoali ba hao ’me u ba tiisetse hore u ka tseba ho sala u le mong. Ha u etsa lerata kapa u lla, mohlomong u tla ba kholisa ba hore ha u e-s’o hōle kelellong. Leha ho le joalo, haeba u buisana le bona ka lintho tse khethehileng—ka mohlala, kamoo u tla sebelisa nako ea hao ka teng le ho sebetsana le maemo a tšohanyetso—u ka etsa hore ba bone lintho kamoo u li bonang ka teng. Haeba hoo ho sa etsahale, mohlomong ho ka sebelisoa ho sekisetsa ho amohelehang, joaloka ho lula lelapeng la motsoalle.
Ke ’nete, batsoali ba hao ba ka ’na ba tsitlallela hore u be le mohlokomeli. Ho e-na le ho ithatafalletsa lintho hammoho le mohlokomeli oa hao, leka ho mo talima joaloka keketso ea nakoana ea matla a batsoali ba hao, ’me u be le tšebelisano-’moho ka hohle kamoo u ka khonang. Ho thoe’ng haeba ho e-ba le ho sebelisa matla hampe? (Ngoanana e mong o ile a tletleba: “Ngoanes’o oa ngoanana o ne a ntšebelisa hampe molemong oa hae. O ne a batla hore ke etse mesebetsi ea hae ea lapeng.”) Ho ka ba molemo haholo ho leta ho fihlela batsoali ba hao ba khutlile ’me u buisane le bona ka sena ho e-na le ho qothisana lehlokoa le mohlokomeli.