Bacha Baa Botsa . . .
Ke Joang Nka Bang Mohlala ho Banab’eso ba Banyenyane?
PAUL o ne a tseba kamoo ngoan’abo e monyenyane a neng a thabela ho shebella thelevishine ka teng. Kahoo ka letsatsi le leng o ile a makala ha a ’mona a e koala har’a lenaneo. Lebaka? Ngoan’abo Paul o ile a hlalosa: “E ne e se lenaneo le hloekileng. Ke tsebile hore uena u ne u tla e koala, kahoo ke ile ka e koala ka bonna.”
Ka ntle le ho hlokomela, Paul o ile a beha mohlala oo ngoan’abo a neng a loketse ho o latela—’me ke mohlala o motle. Na u na le banab’eno ba banyenyane? Joale seo u se buang le seo u se etsang li ka ba ama ka mokhoa o tšoanang. Buka ea Seymour V. Reit, Sibling Rivalry e re: “Tšusumetso ea ho etsisa ngoan’eno e moholo ho uena e matla haholo ’me e tataisa bongata ba liketso tsa ngoana e monyenyane. Ba baholo ho uena ke mehlala ea tlhaho.”
Kahoo, ebang ua rata kapa che, hobane u le e moholoanyane le ho ba ea ikarabellang haholoanyane, banab’eno ba tla lula ba u talimme. Ba ka ’na ba leka ho etsisa mokhoa oo u buang le ho etsa lintho ka ’ona. Ke ’nete, ho tlameha ho ba mohlala ka mehla ho banab’eno ka linako tse ling ho ka ’na ha bonahala e le moroalo o boima.a Ngoanana ea ka tlaase ho lilemo tse 20 ea bitsoang Linda oa tletleba: “Ke ’na mohlala oa e mong le e mong. Kahoo ’mè o mpolella hore ke ka baka leo ke tlamehileng ho sebetsa hantle sekolong . . . Ke hlile ke na le boikarabelo bo bongata haholo.” Khatello e ka ba khōlō haholo-holo haeba u lula lapeng la motsoali a le mong. Moshemane e mong o ngotse tjena ka banab’abo ba banyenyane: “Ke se ke batla ke le ntat’a bona.”
Leha ho le joalo, ho ba moholoane oa banab’eno ho na le melemo ea hona. ’Nete ke hore ho u lumella ho ba le tšusumetso e nepahetseng bophelong ba banab’eno. Ha re boneng hore hoo ho ka etsahala joang.
Ka Lapeng
Maele a boholo-holo a re: “Ntlo e hahuoa ka bohlale, e tiisoa ka masene.” (Liproverbia 24:3) Ho hlakile hore boikarabelo bo ka sehloohong ba ho haha lelapa la heno ke ba batsoali ba hao, ho etsa hore ebe sebaka se busoang ke khotso le nyakallo. Empa ka ho bontša bohlale le masene ka bouena, u ka tlatsetsa haholo thabong ea lelapa la heno.
Ka mohlala, u arabela joang ha ’Mè kapa Ntate a u kōpa hore u e’o qhala litšila kapa u hloekise kamore ea hao? Na u bontša tšebelisano-’moho? Boikokobetso? Kapa na u bontša borabele kapa u araba batsoali ka tsela e hlokang tlhompho? Haeba ho joalo, u se ke ua makala ha banab’eno ba banyenyane le bona ba qala ho arabisa batsoali ba hao ka mokhoa o joalo. Ntho e bohlale le e masene e ka etsoang ke ho latela mantsoe a Liproverbia 1:8: “Mora oa ka, mamela thuto ea ntat’ao, u se ua furalla taeo ea ’m’ao.”
Ke ’nete, u ka ’na ua ba le sesosa se utloahalang sa ho tletleba. Ngoanana e mong ea lilemo li 18 o ile a tletleba: “Ha ke nahane hore ’mè o neha banab’eso ba babeli ba bashemane boikarabelo bo lekaneng. Boikarabelo ba ntho e ’ngoe le e ’ngoe bo fuoa ’na: mosebetsi oa ntlo, ho beha mehlala, ntho tsohle.” Mohlomong o nepile. Empa ho e-na le ho bontša borabele, na ha ho molemo ho buisana le batsoali ba hao ka mokhoa o khutsitseng le o hlomphang? U ka ba tsebisa kamoo u ikutloang ka teng le seo u nahanang hore se ka ntlafatsa lintho. Ka ho buisana le batsoali ba hao ka ho toba le ka bolokolohi, ha u etse hore bophelo bo be molemo bakeng sa hao feela empa u boetse u ruta banab’eno ba banyenyane mokhoa oa ho lokisa liphapang ka tsela ea batho ba baholo.
Leha ho le joalo, ka mor’a ho buisana le batsoali ba hao, hopola hore ke bona ba nang le lentsoe la ho qetela tabeng eo. Kahoo thabela qeto ea bona. Ka tsela ena u tla be u boetse u behela banab’eno mohlala o motle.
Hangata liphapang tse matla ka mesebetsi ea lelapa li ka qojoa ka ho felletseng haeba u nka bohato ba pele. Ka mantsoe a mang, na ka mehla u tlameha ho bolelloa hore u se tlohele liaparo li hasane hohle fatše, kapa u lokisa lintho ka ntle le hopotsoa? Mohlala oa hao oa ho khutsa tabeng ena o ka etsa ho hongata ho thusa banab’eno hore ba ithute hore haeba lintho li tla tsamaea hantle lelapeng, e mong le e mong o tlameha ho jara moroalo oa hae.—Bapisa le Ba-Galata 6:5.
Sekolong
‘Ke hloile sekolo.’ ‘Ha ke utloisise hore na ke hobane’ng ha ke tlamehile ho ea sekolong. Ha ho letho leo ke ithutang lona.’ ‘Ke il’o tlohela sekolo kapele-pele kamoo nka khonang ka teng.’ Hangata bacha ba utloahala ba bua mantsoe ao a sa thabiseng ka sekolo. Empa na banab’eno ba banyenyane ba utloa u bua ka tsela eo? Na ba u bona u sa ee sekolong kapa u sa be teng lithutong tse ling? Sena se ka ama boikutlo ba bona ka sekolo habonolo.
Ho beha mohlala o loketseng ho bolela ho hlaolela boikutlo bo botle, bo nepahetseng mabapi le sekolo. Mohlomong sena se ka ’na sa se be bonolo. Empa hopola: Ho ikitlaetsa ka matla sekolong ho ka u thusa ho hōla kelellong le moeeng. Ka nako e tšoanang, ho ka u thusa ho hōlisa tsebo ea mosebetsi eo ka letsatsi le leng e tlang ho u thusa hore u tsebe ho itlhokomela ha u se u hōlile. Buka Lipotso Bacha Baa Botsa—Likarabo Tse Sebetsang e na le karolo e nang le sehlooho “Sekolo le Mosebetsi.”b Se na le boitsebiso bo bohlokoa bo ka ntlafatsang boikutlo ba hao ka ho ithuta.
Boikutlo bo botle ka sekolo bo tla ba le liphello tse susumetsang ho banab’eno ba banyenyane. ’Me ka ho ba le thahasello ea botho lithutong tsa bona le mosebetsing oa bona oa sekolo o etsoang lapeng—u ithaopela ho ba thusa nako le nako—u ka etsa ho hongata bakeng sa ho hōlisa tsoelo-pele ea bona thutong. Empa ho thoe’ng ka tsela eo u itšoarang ka eona sekolong? U sebelisana joang le matichere, baeletsi, le batsamaisi ba sekolo? Na u motho ea kobisang, ea ratang khang kapa na u beha mohlala o motle ka ho bontša tlhompho bakeng sa matla a bona?—Bapisa le Tite 3:1, 2.
Banab’eno ba boetse ba tla hlokomela metsoalle eo u e khethang. Haeba u qala ho khema le sehlopha se ratang lintho tsa “morao-rao” tse ncha le tse ratehang, kapele-pele u ka ’na ua iphumana u sa hlole u “tsamaea” le Molimo! Lengolo le qotsoang hangata la 1 Ba-Korinthe 15:33 lea lemosa: “Le se ke la lahleha: litloaelano tse mpe li bolisa mekhoa e metle.” Ka nako e tšoanang, u ka ’na ua beha mohlala o kotsi bakeng sa banab’eno. Mocha e mong ea hōlisitsoeng ke ’mè oa Mokreste o ile a khetha ho lahla litsela tsa Molimo ’me a qala botsoalle le sehlopha sa bacha ba sebelisang lithethefatsi. Kapele le eena o ne a se a sebelisa lithethefatsi. Ka ho tšaba hore ngoana’bo e monyenyane o tla latela mehlaleng ea hae, o ile a mo lemosa: “Uena u se ke ua qalisa ho sebelisa lithethefatsi!” Empa liketso tsa hae li ile tsa ipaka e le tse nang le tšusumetso e fetang ea mantsoe a hae, ’me kapele ngoan’abo o ile a qala ho khema le sehlopha seo se sebe. Ka sebele, ha u rate hore u be le letsoalo le molato ka ho tseba hore u bile lejoe la khopiso ho banab’eno!—Bapisa le Mattheu 18:7.
Ho Beha Mohlala Borapeling
Ke habohlokoa ka ho fetisisa bakeng sa bacha ba Bakreste ho beha mohlala o motle litabeng tse amanang le borapeli. Ho nka ha hao litaba ka botebo, tlhompho ea hao, le puo e hahang li ke ke tsa thabisa pelo ea Ntat’ao ea maholimong feela empa li tla ba le tšusumetso ea ka ho sa feleng ho banab’eno.—Liproverbia 27:11.
Ka mohlala: Ho bolela phatlalatsa ke ntho e thata ho bacha ba bang har’a Lipaki tsa Jehova. (Mattheu 24:14; 28:19, 20) Joaloka Jeremia oa mehleng ea boholo-holo, bacha ba bang ba ikutloa ba haelloa. (Bapisa le Jeremia 1:6.) Ba bang ba bile ba ka tšaba ho bonoa ke metsoalle ea bona ha ba kopanela mosebetsing ona o pholosang bophelo. Na ho ka etsahala hore mohlomong banab’eno ba sitisoa ke boikutlo bo joalo bo fosahetseng? Haeba ho joalo, leka ho ba le pono e ntle ka mosebetsi oa boboleli. Etsa bonnete ba hore ka mehla u tsoa le lelapa la heno ho ea mosebetsing oa boboleli. Ha banab’eno ba bona hore u fumana thabo le khotsofalo mosebetsing ona, ba ka ’na ba batla ho etsisa tumelo ea hao.—Bapisa le Ba-Heberu 13:7.
Ka mohlala, nahana ka ngoanana ea ka tlaase ho lilemo tse 20 ea bitsoang Crystal. Oa hlalosa: “Pakane ea ka ke hore bonyane ke sebetse likhoeli tse peli selemo le selemo joaloka pula-maliboho ea thusang nakong ea selemo.”c Cheseho ea hae e bile le liphello life ho ngoana’bo oa moshemane e monyenyane? Crystal o re: “Ngoan’eso oa moshemane ea lilemo li 12 o ’nile a qeta nako e eketsehileng mosebetsing oa boboleli ho tloha ha ke qala ho etsa sena.”
Liboka tsa Bokreste li u neha monyetla o mong oa ho beha mohlala o motle. Ho ba teng ka mehla libokeng ke tlhokahalo ea Mangolo. (Ba-Heberu 10:24, 25) Ke hobane’ng ha u sa rute banab’eno kamoo ba ka hlophisang le ho itaea hore ba tsebe ho etsa mosebetsi oa sekolo e sa le nako ’me ba ’ne ba be teng libokeng? Ba boetse ba ka ithuta ho thabela liboka haholoanyane haeba ba bona hore ka mehla o lokisetsa hantle ’me u etsa boiteko ba hore u kopanele.
Ho finyella litlhokahalo tsa Molimo ha ho bonolo. Empa Molimo o batla hore bacha bohle ba Bakreste e be “mehlala ea lipolelo, ea metsamao, ea lerato, ea tumelo, le ea hloeko” ebang ba na le banab’abo bona kapa che. (1 Timothea 4:12) Ke ka baka la’ng ha u sa qale lapeng? Ho etsa ha hao joalo ho tla etsa phapang e khōlō—bophelong ba banab’eno le bophelong ba hao!
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Bona sehlooho “Ke Hobane’ng ha ke Lokela ho ba Mohlala ho Banab’eso ba Banyenyane?” tokollong ea November 8, 1989 ea Tsoha!
b Har’a Lipaki tsa Jehova, pula-maliboho ea thusang o sebetsa lihora tse 60 ka khoeli mosebetsing oa boboleli.
c E hatisitsoe ke Watchtower Bible and Tract Society of New York, Inc.
[Setšoantšo se leqepheng la 18]
Tsela eo u tšoarang batsoali ba hao ka eona e ka ama mokhoa oo banab’eno ba banyenyane ba tlang ho ba tšoara ka eona