Bacha Baa Botsa . . .
Ke Hobane’ng ha ke le Ngoana oa ho Fela?
Ngoana oa ho fela o talingoa joaloka “lesea” ka lapeng.
“Ke hloile taba ea hore ke lokela ho lefella liphoso tseo baholoane ba ka ba li entseng.”
“Moholoane oa ka oa nchapa ha a e-na le mathata.”
LILIA oa ngola: ‘Ke ngoana oa ho fela ho ba bahlano. ’Me hase ho thabisang. Hangata ha ke akarelletsoe mesebetsing ea litho tse ling tsa lelapa hobane ha ho motho ea batlang ho khathatsoa ka “lesea.” Banab’eso ba hloile ho ntlhokomela. Ka mehla ke ikutloa eka ke moroalo. Ka linako tse ling ke ikutloa joaloka ngoana ea se nang banab’abo hobane ke qeta nako e ngata ke bapala ke le mong.’
Faye e ne e le ngoana oa ho fela ho bana ba bane. Oa hopola: “Ka mehla batsoali ba ka ba ne ba lumela seo moholoane a se buang ho fapana le seo ke se buang. ’Me baholoane ba ka ba ne ba na le metsoalle ea bona. Ke ile ka fetoha pulumo-ea-seema-nosi.”
Na u ngoana oa ho fela lelapeng leno? Joale u ka ’na ua ba le litletlebo tse tšoanang. Ba bang ba ka fumana ho tšehisa hore u “lesea” ka lapeng. Empa ho uena, ho ba oa ho fela e ka ba ntho e sa tšehiseng.
Litšitiso tsa ho ba oa ho Fela
Ka mohlala, na u ikutloa hore moholoane oa hao o fumana menyetla eohle e metle? Mohlomong u na le mabaka a ho ikutloa ka tsela ena. Linakong tsa Bibele letsibolo le ne le thabela boemo bo khethehileng ba menyetla; ngoana oa ho fela o ne a latela ka morao ha ho tluoa litokelong tse itseng le boikarabelong bo itseng. (Bapisa le Genese 25:31; 43:33.) Kajeno, batsoali ba ntse ba lebelletse ho hongata ho bana ba bona ba baholo. Hase hore ba mo rata ho feta bana ba bang ba bona, empa hobane o moholo, a ka fuoa boikarabelo ba ho hlokomela banab’abo ba banyenyane. Ke oa pele oa ho hōla, ’me ka baka leo, hangata o fuoa litokelo le tokoloho e ngata e lakatsoang haholo.
Leha ho le joalo, ngoana oa ho fela o talingoa joaloka “lesea” ka lapeng ebile a ka ’na a horeletsoa ke lerato la batsoali! Mosali e mong ea qotsitsoeng bukeng ea Sibling Rivalry, ea Seymour V. Reit, oa hopola: “Ke ne ke le oa ho fela lelapeng leso . . . ke ne ke tšoaroa joaloka lesea ’me ke fuoa tlhokomelo e fetelletseng, esita le ke bana ba baholo ka lapeng. Ka sebele ke ne ke ho thabela, empa ke nahana hore ho ile ha ntšitisa hanyenyane. E ka ’na eaba ho ile ha nthibela ho hōla, ho tobana le liphephetso.”
Batsoali ba hao ba ka ’na ba fetelletsa lintho ba leka ho u sireletsa. Ba ka lumella baholoane ba hao ho intša le metsoalle empa ba ka tsitlella hore u sale lapeng—kapa hore u khutle kapele hoo u ka ikutloang hore ha ho lebaka la hore u intše ho hang!
Ha u le oa ho fela, u ka bapisoa le ba bang ka ho hloka toka. Karl ea lilemo li 16 oa tletleba: “Ha ke le bothateng ba sebele kapa ke mpa ke entse ntho e bothoto ka tlung, batsoali ba re, ‘Alan ha a etse joalo’ kapa, ‘Ke hobane’ng ha u sa hloekise kamore ea hao joaloka Alan?’” ’Me haeba moholoane oa hao a bile le boikutlo ba bofetoheli ha a le lilemong tsa hao, hlokomela! Batsoali ba hao ba ka leka ka thata ho thibela ntho e tšoanang ho etsahala hape. Ngoanana e mong oa tletleba: “Ke hloile taba ea hore ke lokela ho lefella liphoso tseo baholoane ba ka ba li entseng. Nke ke ka alima koloi hobane feela moholoane oa ka a ile a alima koloi ’me a ea sebakeng seo a neng a sa lokela ho ea ho sona!”
Ho Loana le Banab’eno
Leha ho le joalo, tletlebo ea hao e khōlō e ka ba tsela eo banab’eno ba u tšoarang ka eona. Ba ka bontša tlhompho e nyenyane bakeng sa boinotši ba hao kapa lintho tsa hao tsa botho. Ba ka u etsa motho eo ba mo khathatsang ka mehla kapa ea behoang molato bakeng sa ho hlōleha ha bona. Moshanyana e mong o ile a tletleba: “Moholoane oa ka oa nchapa ha a e-na le mathata.”
Susannah e monyenyane o totobatsa seo hangata se susumetsang likhohlano tsa bana ba motho. O re: “Ke nahana hore lintoa tse ngata e mpa e le tsa matla le hore ke mang ea nang le tokelo ea ntho e itseng.” Ke ha tlhaho ho batla lerato, kelo-hloko, le kamohelo ea motsoali. ’Me kaha ho sa etsahale hore batsoali ba tšoare bana ba bona ka tsela e tšoanang, ho ka ’na ha ba le likhohlano le lefufa. Mopatriareka Jakobo “o ne a rata Josefa ho fetisa bana ba hae kaofela.” Banab’abo ba ile ba itšoara joang? “Ba mo hloea, ba sitoa ho bua le eena ka khotso.” (Genese 37:3, 4) Joaloka ngoana oa ho fela, le uena u ka fumana karolo e khōlō ea kelo-hloko ea batsoali ba hao le lerato. Haeba ho joalo, banab’eno ba ka ’na ba u hloea. Ngoana e mong oa letsibolo ea lilemo tse ka tlaase ho 20 ea bitsoang Roseanna o re: “Ke ne ke nahana hore ngoan’eso e monyenyane o fumana ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo a e batlang. Ke ile ka elelloa hore ke ne ke mo honohela feela.”
Melemo ea Hona
Leha ho le joalo, ho ba ngoana oa ho fela ho na le melemo e mengata. Batsoali ba hao e ka ’na eaba ba eme hantle licheleteng ho feta ha e ne e sa le batsoali ba bacha. Ka hona u ka thabela melemo ea lintho tse bonahalang, joaloka ho ba le kamore ea hao u le mong, tseo banab’eno ba neng ba se na tsona ha ba le lilemong tsa hao. ’Me leha bacha ba bang ba hana taba ea ho apara lintho tseo ba li apoletsoeng, ho fuoa liaparo tse tsoang ho baholoane ba hao mohlomong ho entse hore u be le liaparo tse ngata haholo ho feta tseo lithaka tse ling tsa hao li nang le tsona!
Molemo o mong ke phihlelo eo batsoali ba hao ba e fumaneng ho hōliseng bana. (Bapisa le Ba-Heberu 5:14.) Ha e le hantle, batsoali ba hao ba ne ba lokela ho ‘ikamahanya le’ baholoane ba hao. Batsoali ba hao ba ka lokoloha haholoanyane ’me ba kholiseha ka mesebetsi ea bona e sa tšoaneng ha ba se ba ithutile ka liphoso tsa bona tse fetileng, ba se na tšekamelo ea ho batla lintho tse sa utloahaleng. U ka ba le tokoloho e khōloanyane ho feta eo banab’eno ba neng ba e-na le eona ha ba le lilemong tsa hao.
Hape ho ba le baholoane ho na le melemo. Hangata ha u nahana ka bora boo bana ba motho ba bo bontšang e mong ho e mong, hona ho ka ba thata hore u ho lumele. Leha ho le joalo, hase hangata bana ba motho ba hloeanang kannete. Ha e le hantle, ngoanana e mong ea lilemo li 13 o ile a lumela: “Ka mehla moholoane oa ka oa nkhathatsa. Empa maikutlo a ka a ka hare ke hore ke mo rata haholo.” Baholoane ba hao e ka ba mohloli oa setsoalle, le tataiso. Hape ngoan’eno e ka ba motho eo boitšoaro ba hae u ka bo etsisang, haholo-holo haeba a tšaba Molimo. Na ke hona u kenang selemong sa hao sa pele sa sekolo se phahameng? Moholoane oa hao a ka u thusa ho ikamahanya le boemo bo bocha. Na batsoali ba hao ba se ba u file tumello ea ho tšasa makeup? Mohlomong moholoane oa hao a ka u bontša kamoo e tšasoang ka teng.
Ka ho thahasellisang, buka Sibling Rivalry e hlokomela ho eketsehileng: “Bana ba ho fela . . . ba ba le setsoalle ’me ba rata botsoalle ka ho eketsehileng ho feta banab’abo bona ba matsibolo kapa ba mahareng ebile ba ratoa haholoanyane ke bana ba bang. Kaha ba tloaetse ho sebelisana le ho buisana le batho ba lilemo tse fapaneng, baa phutholoha ha ba e-na le lithaka tsa bona ka ntle ho lelapa.”
Ho Sebelisa Boemo ba Hao Hamolemo
Na u ntse u ikutloa hore ngoana oa ho fela ha a nehoe se mo tšoanelang? Koana, ho ka ’na ha u thahasellisa ho tseba hore hangata matsibolo le bana ba mahareng ba tletleba haholo ka hore boemo ba bona ke bo sa thabiseng! Ka hona, habohlokoa hase hore u hokae tatellanong ea litho tsa lelapa, empa ke boiteko bofe boo u bo etsang ho sebelisa melao-motheo ea Bibele.
Ka mohlala, haeba u ikutloa hore batsoali ba hao ba u sireletsa ho tlōlisa, buisana le bona ka taba eo ka tsela ea motho ea hōlileng. “Moo ho eletsana ho leng sieo, merero ea qhalana.” (Liproverbia 15:22) Ka ho ba le khotso le ‘kahlolo e molemo,’ u ka buisana le ho hlahisa ho sekisetsa ho ka amoheloang—ho e-na le ho luma-luma ha lintho li sa etsahale ka tsela eo u ratang ka eona. (Jakobo 3:17, 18) Haeba u haneloa tokelo e fuoeng moholoane oa hao, u se ke ua khoboheloa. Paka hore ua ikarabella le hore ua khona ka ho sebelisa hamolemo likabelo tseo batsoali ba hao ba u fang tsona.—Bapisa le Luka 16:10.
Melao-motheo ea Bibele e tla u thusa ho boloka khotso le banab’eno. Na u batla boinotši? Joale sebelisa Molao oa Gauda ’me u hlomphe boinotši ba bona le lintho tsa bona. (Mattheu 7:12) Na u hloile ho khathatsoa? Joale tšoara banab’eno ka ‘tlhompho’ ’me u qobe ho lahlela tlhapa ea pele. (Ba-Roma 12:10) Na ha ua thaba hobane u ikutloa hore baa u hlokomoloha kapa ba u qhelela ka thōko? U se ke ua itšehla thajana. ‘Ipuelle,’ u buisane le bona ka tsela e khutsitseng le ea motho ea hōlileng. (Liproverbia 25:9, NW) Ka linako tse ngata ke feela taba ea ho ithuta ho ba ea tšoarelang. (Ba-Efese 4:32; Ba-Kolosse 3:13; 1 Petrose 4:8) Empa haeba u ikutloa hore ngoan’eno oa u hlekefetsa ’meleng kapa ka lipuo, tsebisa batsoali ba hao se etsahalang. Ke feela moo ba ka etsang mosebetsi oa bona oa ho ‘laola monahano’ oa bana ba bona.—Ba-Efese 6:4.
Che, ho ba ngoana oa ho fela ha ho u etse “lesea.” Leha e le hore ho thibela khōlo ea hao ea maikutlo kapa ea moea. Joaloka ngoana oa ho fela, u ka hlaolela kutloelo-bohloko, ho hloka boithati, ho ikemisetsa ho arolelana lintho, ho khona ho sebelisana le ba bang—lithuto tse tla u tsoela molemo lilemong tse tlang.
[Setšoantšo se leqepheng la 18]
“Ke hobane’ng ha ke qheletsoe ka thōko thabong eohle”