Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g89 11/8 maq. 15-17
  • Ke Hobane’ng ha ke Lokela ho ba Mohlala ho Banab’eso ba Banyenyane?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ke Hobane’ng ha ke Lokela ho ba Mohlala ho Banab’eso ba Banyenyane?
  • Tsoha!—1989
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Lebaka Leo U Lokelang ho ba Mohlala
  • Ho ba le Boikarabelo ho Bona
  • Tseba Meeli ea Hao!
  • Melemo
  • Ke Joang Nka Bang Mohlala ho Banab’eso ba Banyenyane?
    Tsoha!—1991
  • Ke Hobane’ng ha ke le Ngoana oa ho Fela?
    Tsoha!—1992
  • Ke Hobane’ng ha ho le Thata ho Phelisana le Banab’eso?
    Tsoha!—1987
  • Ke Hobane’ng ha ke Lokela ho ba Mohlokomeli oa Bana?
    Tsoha!—1991
Bala Tse Ling
Tsoha!—1989
g89 11/8 maq. 15-17

Bacha Baa Bptsa . . .

Ke Hobane’ng ha ke Lokela ho ba Mohlala ho Banab’eso ba Banyenyane?

DARRYL ke ngoana e moholo lapeng. Nakong e thata ka ho khethehileng, o ile a lumella hore matšoao lithutong tsa hae tsa sekolo a theohe. Batsoali ba hae ba ile ba arabela ka potlako. Darryl oa hopola: “Ba ile ba nkhothalletsa ho ntlafatsa mosebetsi oa ka oa sekolo e seng feela molemong oa ka empa molemong oa banab’eso ba banyenyane, ho ba bontša hore matšoao a matle lithutong tsa sekolo a bohlokoa.”

Haeba u ngoana e moholo lapeng, ntle ho pelaelo u tseba se boleloang ke, ‘Ho behela banab’eno ba banyenyane mohlala o motle!’ Leha ho le joalo, hangata sena se baka lehloeo. Bukeng ea bona Raising Siblings, Carole le Andrew Calladine ba re: “Bana ba matsibolo ba tletleba ka litebello tse phahameng tsa batsoali ba bona. Ba utloa khatello ea batsoali ea hore ba itlhome pele lithutong, le ho finyella ho itseng. Litaelo tse tloaelehileng ho bana ba matsibolo ke, ‘U moholo haholo hore u ka etsa joalo,’ ‘U tlameha ho tseba hamolemo’”

Kahoo, ke hobane’ng ha batsoali ba lebella ho hongata hakana ho ngoana e moholo? Na mohlomong ba lebelletse ho hongata haholo?

Lebaka Leo U Lokelang ho ba Mohlala

Ho tloha mehleng ea pele, bana ba matsibolo—haholo-holo bara—e ’nile ea e-ba bao batsoali ba lebelletseng ho hoholo ho bona. Kaha e le tšimoloho ea tholoana ea matla a ho ba ntate, hangata linakong tsa Bibele bara ba ne ba ratoa ka ho khethehileng. (Genese 49:3; Deuteronoma 21:17) Jehova ka boeena o ile a bitsa sechaba sa Iseraele “letsibolo” la hae ho bontša lerato la hae le tebileng ho bona. (Exoda 4:22) Leha ho le joalo, ho ne ho lebelletsoe ho hongata ho mora oa letsibolo, kaha e ne e le eena ea tla hlahlama ntat’ae e le hlooho ea lelapa.

Kahoo, ha hoa lokela ho u makatsa ha batsoali ba sa ntsane ba ena le litebello tse phahameng ho ngoana oa bona e moholo—’me e le ka lebaka le letle. Haeba u le moholo, mohlomong u fumane koetliso e ngata mesebetsing ea lapeng, melaong ea boitšoaro, le melao-motheong ea Bibele ho feta banab’eno. Na u ne u ke ke ua lebelloa ho fetisetsa ho bona seo u ithutileng sona?

Moshemane e mong ea lilemo li 14 o ile a bolelloa ke batsoali ba hae hore a thuse likhaitseli tsa hae tse nyenyane mesebetsing ea lelapa. Oa hopola: “Batsoali ba ka ba ile ba hlalosa hore ke fumane koetliso e khōloanyane le phihlelo ho feta likhaitseli tsa ka kahobane ke ’na e moholo.”

Thuso ea hao ea ho koetlisa banab’eno ba banyenyane e ka hlokahala haholo ka baka la likhatello tsa moruo tseo batsoali ba bangata ba talimaneng le tsona ha joale. Hangata, bo-’mè le bo-ntate ba tlameha ho sebetsa, e leng ho ba fang nako e fokolang lapeng. ’Me haeba u lula lelapeng la motsoali a le mong, motsoali oa hao a ka sebetsa tlas’a khatello e boima ho leka ho phetha likarolo tsa batsoali ba babeli. Ho behela banab’eno mohlala ka lapeng ho ka fokotsa mojaro o mongata. Ho phaella moo, motsoali oa hao o tseba hore ho behela banab’eno ba banyenyane mohlala o motle ho tla u thusa ho ba motho e moholo ea nang le boikarabelo.

Ho ba le Boikarabelo ho Bona

Ke ’nete, mohlomong ha u ikutloe u phutholohile ha u le mohlala. Ho joalokaha ngoanana e mong a boletse: “Ho boima haholo ho ba ngoana e moholo hobane ke fumana litokelo le boikarabelo tse eketsehileng.” Empa ’nete ke hore, banab’eno ba susumetsoa ke boitšoaro ba hao. Hangata ba tla etsisa puo ea hao, moaparo, le boitšoaro. Ho joalokaha mocha e mong a boletse ka moholoane oa hae: “Ke rata hore eena a etse lintho pele. Joale ke bona kamoo li tlamehang ho etsoa kateng.” Kahoo, seo u se etsang le ho se bua se bohlokoa! Ho joalokaha bangoli ba Raising Siblings ba bolela: “Ho ba le boikarabelo ke lepetjo la batsoali ho matsibolo.”

Miriame, khaitseli e moholo oa Moshe, e ne e le mohlala o motle oa ho nka boikarabelo ba khaitseli ea hae. U tla hopola hore batsoali ba Moshe ba ile ba tlōla taelo ea morena ea ho bolaea bashanyana bohle ba sa tsoa hlaha, ka ho pata Moshe oa lesea ka sethōtōng sa moseme, kapa areka. Miriame o ile a hlokomela areka ena hore e se tebe Nōkeng ea Nile, ’me a bona ha morali oa Faro a e nka ka polokeho. Ka sebete, Miriame a mo atamela ’me a etsa litokisetso tsa ho lata ’m’a ngoana ho mo hlokomela. Ka baka la mesebetsi ea hae e sebete molemong oa khaitseli ea hae e monyenyane, Moshe haa ka a pholoha feela empa a hōla ho ba monamoleli oa Iseraele!—Exoda 2:1-10.

Na u ikutloa u e-na le boikarabelo bo tšoanang ka banab’eno? Ho ena le ho ba hloea, na u leka ho ba motsoalle oa bona? (Liproverbia 17:17) Ka mohlala, u ka etsa ho hoholo ka ho ba fa thuso le keletso ea ho rarolla mathata. Mohlomong ngoan’eno e mong ha a utloane le ngoana e mong sekolong. E mong a ka khathatseha ka ketsahalo e tlang—ho fallela tulong e ncha, letsatsi la pele sekolong, ho ea ngakeng ’me a ka ’na a hloka khothatso le tšehetso. Hangata, u se u kile ua kopana le boemo bo tšoanang ’me u boemong ba ho ba abela tsebo ea hao le phihlelo. Ho joalokaha mocha e mong ea lilemo tse ka tlaase ho 20 a boletse ka khaitseli ea hae e moholo: “O tšoana le motataisi ho ’na. O utloisisa seo ke thulanang le sona hobane o fetile ho sona.”

Leha ho le joalo, ho na le kotsi ea ho fetelletsa litaba.

Tseba Meeli ea Hao!

“O nahana hore ke ’mampoli. Ha ke arabisana le eena, o ne a ntjabela hona tafoleng moo. Ha re utloane ho hang,” ho boletse mocha e mong ea lilemo li 15 ka moholoane oa hae. Ngoanana e mong ea lilemo tse ka tlaase ho 20 o tlaleha ka bothata bo tšoanang ha a sebelisana le banab’abo ba banyenyane. Oa bolela: “Ke ile ka lula fatše le bona me ka ba bontša mangolo a ’maloa, empa ba halefa! Ka linako tse ling likhang rōna li ba matla hoo re qetellang re tšoarane ka matsoho.”

Ka bomalimabe, ka linako tse ling bacha ba kopanya ho ba mohlala le ho ba ’mampoli. Le hoja u ka ba motsoalle le moeletsi oa banab’eno ba banyenyane, ha ho mohla u tla ba motsoali oa bona! Ho feta moo ba ka ’na ba nyatsa boiteko ba hao leha e le bofe ba ho sebetsana le bona ka ho ba laea le ho ba eletsa. Ke mosebetsi oa batsoali ba hao ho ba ‘hōlisa ka ho ba laea le ka ho ba rutela Moreneng’—hase mosebetsi oa hao! (Ba-Efese 6:4) Le hoja keletso e lokile, haeba u qabana le bona, mohlomong ho tla ba molemo ho ikhula ’me batsoali ba hao ba sebetsane le taba.

Ho tseba meeli ea hao tabeng ena ho ka thibela likhohlano mahareng a hao le batsoali ba hao. Moena oa hao e monyenyane kapa khaitseli a ka kōpa keletso ea hao tabeng e u imelang. Kapa a ka ’na a u bolella phoso eo batsoali ba hao ba nang le tokelo ea ho tseba ka eona. Ho ena le ho sebetsa taba ka bouena, hopola mantsoe a Liproverbia 11:2: “Ha ho hlaha boikhohomoso, e ba lihlong lia hlaha le tsona; empa bohlale bo ho ba ikokobetsang.” Ka boikokobetso bona hore batsoali ba hlokomelisitsoe ka boemo bona; ka sebele, ho tla ba hotle ho khothalletsa ngoan’eno ho ba atamela ka boeena.

Mocha e mong o supa sebaka se seng seo u lokelang ho hopola meeli ea hao ho sona, o re: “Kea rata ho ba ngoana e moholo, empa ka linako tse ling ho thata ho etsa lintho tsohle ka nepo.” Ho e-na le ho ikutloa u le tlas’a moroalo o boima, hlokomela hore “bohle re khopjoa linthong tse ngata.” (Jakobo 3:2) Jesu Kreste ke eena feela mohlala o phethahetseng! (1 Petrose 2:21) Kahoo u se ke ua inahana ka ho fetelletseng.

Melemo

Ho phehella ho behela banab’eno ba banyenyane mohlala o motle ho na le mathata a hona, empa ho boetse ho na le meputso. Ka ho iponahatsa u na le boikarabelo, u tla hōla kapele ’me ntle ho pelaelo u tla iphumanela litokelo tse ling tse eketsehileng. (Luka 16:10) U tla hōlisa matla le bokhoni tse tla ipaka li le molemo hamorao haeba u ka ba le bana. Ho sa lokelang hore ho tlōlisoe mahlo ke seo mohlala oa hao o tla ba sona ho banab’eno ba banyenyane, o ba susumelletsa ho ba batho ba baholo ba nang le boikarabelo, ba tšabang Molimo.

Ka ho bontša thahasello e mofuthu, e lerato ho banab’eno, u ka hapa lerato la bona le sa feleng le tlhompho. Ke ’nete, ba tla u khathatsa nako le nako. Empa ngoanana e mong ea lilemo tse ka tlaase ho 20 oa lumela: “Ho na le ntho e ’ngoe eo ke e lebohang, ke ho ba le banab’eso ba banana ba babeli ba tsebang ho mpolella mathata a bona a botho le likhothatso ha ke li hloka.” Tlamo ena ea lerato, ha e kile ea theoa ka bohlale, ke ea ka ho sa feleng. E tšoanela boiteko ba ho beha mohlala o motle.

[Setšoantšo se leqepheng la 16]

Thusa banab’eno ba banyenyane ho ithuta lintho

[Setšoantšo se leqepheng la 17]

Khaitseli ea moholo a ka hlouoa haeba a ka iketsa ’mampoli

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela