Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g91 7/8 maq. 7-10
  • Kamoo U ka Fetolang Seo U Leng Sona

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Kamoo U ka Fetolang Seo U Leng Sona
  • Tsoha!—1991
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Mohato 1: Fumana Hantle Seo u Leng Sona
  • Mohato 2: Etsa Qeto ea Seo u Batlang ho ba Sona
  • Mohato 3: Batla Mehlala e Molemo e ka Lateloang
  • Mohato 4: Fumana Matla ao u a Hlokang Hore u Atlehe
  • Mohato 5: Sebetsana ka Katleho le Litšobotsi tse Mpe
  • Ho Fumana Hantle Seo U Leng Sona
    Tsoha!—1991
  • Ke Hobane’ng ha U Lokela ho Fetoha?
    Tsoha!—1991
  • ‘Lentsoe la Molimo Lea Phela ’me le Fana ka Matla’
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1990
  • Laola Bophelo ba Hao Hona Joale!
    Tsoha!—1996
Bala Tse Ling
Tsoha!—1991
g91 7/8 maq. 7-10

Kamoo U ka Fetolang Seo U Leng Sona

KE ENG se haellang mekhoeng ea ho bōpa boitšoaro le ho bo fetola eo ho builoeng ka eona? Ho haella takatso ea motho ka boeena le boikemisetso! Ho haella ho sebetsa ha boikhethelo ba motho le khetho ea botho. Ka bokhutšoaane feela, boitšoaro ba hae ke bona bo haellang!

Litsebi tsa boitšoaro li fumane hore li na le monyetla o molemo oa ho finyella liphello tse sa feleng haeba motho ka mong a na le matla a ho etsa qeto bakeng sa ho ipehela lipakane tsa boitšoaro. Vance Packard oa ngola bukeng ea hae The People Shapers: “Ka ho hlakileng ka ho fuoa keletso e fokolang, motho leha e le ofe ea bohlale a ka fetola boitšoaro ba hae.” Sena se bitsoa ho khona ho itsamaisa. Ka mantsoe a mang, moo ho sebelisoang tekanyetso ea ho khona ho itšoara, ho ile ha hlokomeloa ntlafatso e khethehileng.

Bakreste ba boemong bo molemo ha ho hlokahala boitšoaro hobane ba ithutile ho sebelisa sena e le e ’ngoe ea litholoana tse robong tsa moea oa Molimo o halalelang. (Ba-Galata 5:22, 23) Sena se bolela hore matla a sebetsang a Molimo o Matla ’Ohle a ka ba le phello e itseng ho fetoleng boitšoaro ba hao ’me a u thusa hore u atlehe.

Kahoo, u batla ho etsa’ng ka boitšoaro ba hao? Na ka sebele u hlile u batla ho fetoha? Haeba ho joalo, u tla bo fetola ho tloha boitšoarong bo joang? Ho ea boitšoarong bo joang? Hona hobane’ng? Na u ka tšepa boitaolo ba hao? Ke hokae moo u ka fumanang thuso e fanang ka melemo feela?

Ha re ke re hlahlobeng mekhoa le metsoako e meng ea ho fetola litsela tsa boitšoaro.

Mohato 1: Fumana Hantle Seo u Leng Sona

Ke uena thepa e tla sebelisoa ho haha seo u batlang ho ba sona. Botho ba hao bo bocha bo lokela ho hahoa ka ho fetola botho ba hao ba khale. Kahoo u tlameha ho itseba ka ho nepahetseng. Na u ka hlalosa hore na ke litšobotsi life tsa boitšoaro ba hao tseo u ratang ho li fetola?

Kaha ho thata ho lekanyetsa boitšoaro ba hao, ho hlokahala hore u fumane tekanyetso e hlonephehang le e utloahalang. Bibele e Halalelang ke eona e ka etsang sena. Sebelisa Bibele ’me u tla ipona hore na u motho ea joang eo mohlomong ho seng mohla a kileng a ipona pele. Mohlomong u ke ke ua rata seo u se bonang, empa u ka kholiseha hore setšoantšo seo u se bonang ke se nepahetseng.

Bibele e ’nile ea tšoantšoa le seipone, ’me batho ba khothalletsoa ho e hlahloba. “Hobane motho, ha e le moutloi oa lentsoe, e seng moetsi oa lona, o joale ka motho ea iponang seiponeng tšobotsi eo a tsoetsoeng ka eona. Ere hobane a ipone, o ee a tlohe, a lebale hang hore ke motho ea joang. Empa ea shebisisang molaong o phethehileng, e leng oa tokoloho, ’me a tiisetsa teng, e se moutloi ea hakoang, empa e le moetsi ea sebetsang, motho eo o tla ba le lehlohonolo ho etseng ha hae.” (Jakobo 1:23-25) Kahoo ha Bibele e utloisisoa ka ho nepahetseng le ho sebelisoa hantle, matla a eona a maholo a ke ke a bonahatsa seo u leng sona feela joaloka motho empa hape a tla senola merero ea hao le boikutlo. Kahoo Pauluse o ngotse: “Hobane Lentsoe la Molimo ke lentsoe le phelang, le matla, ’me le fetisa ka bohale lisabole tsohle tse leolitsoeng ka nģa tse peli . . . ’me le ahlola maikutlo le mehopolo ea pelo.” Lentsoe la Molimo le tsoela pele ho fana ka tataiso mabapi le hore na ke sefe se nepahetseng ka sebele le seo ka sebele se fosahetseng.—Ba-Heberu 4:12; 5:14.

Bibele e ka u etsetsa lintho tsena tsohle hobane ke Lentsoe la Jehova, Molimo oa ’nete. Ho latela Pesaleme ea 139, (NW) Molimo oa u hlahloba ’me u fumana hantle seo u leng sona. Ho joalokaha temana ea 1 e bolela: “Oho Jehova, u ntlhahlobile, ’me ua ntseba.” Molimo o ’nile oa u beha leihlo ho tloha ha u emoloa. O u tseba ka ntle le ka hare. O ile oa laela hore litlhaloso tsa bophelo ba motho li ngoloe ka Bibeleng ka litsela tsohle. U tla fumana setšoantšo sa hao se hlahella kae-kae maqepheng a eona, ebang ke ka mokhoa o motle kapa o mobe.

Kahoo u ka fumana hantle seo u leng sona—haeba u batla ho etsa joalo.

Mohato 2: Etsa Qeto ea Seo u Batlang ho ba Sona

Haeba u tla fetoha, etsa bonnete ba hore phetoho eo e tla tšoaneloa ke boiteko. Etsa bonnete ba hore ke seo u se batlang le hore se molemo ho feta seo u nang le sona hona joale. U lokela ho ipehela lipakane life tse tlang ho ntlafatsa boitšoaro ba hao? Ke hokae moo u ka fumanang keletso e nepahetseng ka litšobotsi tse lakatsehang tsa boitšoaro? Ho boetse ho khothalletsoa hore u sebelise Bibele bakeng sa ho etsa sena.

Bibele e u khothalletsa hore u fetohe motho ea molemo, hore u apare “botho bo bocha.” Pauluse o ile a eletsa: “Le lokela ho hlobola botho ba khale bo lumellanang le mokhoa oa lōna oa pele oa boitšoaro bo bolisoang ke litakatso tsa bona tse thetsang; empa . . . le lokela ho nchafatsoa ka matla a susumetsang likelello tsa lōna, ’me le lokela ho apara botho bo bocha bo bōpiloeng ho ea ka thato ea Molimo ho lokeng le botšepehing ba ’nete.” (Ba-Efese 4:22-24, NW) Bibele e u bontša hore na litšobotsi tsena tse molemo ke life. Na u sa hopola lefatše le phethahetseng le boletsoeng pelenyana? Haeba u batla ho ba karolo ea lefatše leo, u lokela ho bona bohlokoa ba ho hlaolela litšobotsi tsena tse hlalositsoeng ho Ba-Kolosse 3:12-17 tse kang mohau, molemo, boikokobetso, bonolo, mamello, ho tšoarela, lerato, khotso le kananelo.

Kahoo, ka mor’a hore u fumane keletso Bibeleng ea hao, ipehele lipakane. Li ngole fatše. Etsa hore ho be le se tlang pele pakaneng ka ’ngoe. Sebeletsa lipakane tsena!

Mohato 3: Batla Mehlala e Molemo e ka Lateloang

Boitšoaro ba hao bo bōpiloe ke ho etsisa ha hao batho ba bang—metsoalle, lithaka, batsoali le matichere.

Ke hobane’ng ha ka mor’a hore u iketsetse qeto ka litšobotsi tse lakatsehang tsa boitšoaro u sa batle motho e mong ea itšoereng ka tsela eo u batlang ho e etsisa? Joale batla thuso ea motho eo. Ka bohlale maele a Bibele aa bolela: “Ea tsamaeang le ba bohlale o tla hlalefa.”—Liproverbia 13:20.

Bibele e tšoere tlaleho ea mohlala o molemo ka ho fetisisa bakeng sa rōna kaofela, Jesu Kreste ka boeena. Bala kamoo a ileng a itšoara ka teng tlas’a maemo ’ohle, boitšoaro ba hae, temoho ea hae le bohlale, seriti sa hae, ho nahanela ha hae le mosa oa hae o sa tloaelehang ho batho ba bang. O utloahala e le ea khathollang hakakang ha a re: “Tlong ho ’na, lōna bohle ba khathetseng, ba imeloang, ’me ke tla le imolla! Inkeleng joko ea ka, ’me le ithute ho ’na; hobane ke mosa le pelo e nolo, ’me le tla fumanela meea ea lōna phomolo. Hobane joko ea ka e chatsi, le phahlo ea ka ha e na boima.”!—Mattheu 11:28-30.

Batho ba limillione linaheng tsohle ba se ba retelehetse ho Kreste Jesu e le mohlala oa bona ’me ba etsa sohle se matleng a bona ho hata mehlaleng ea hae, feela joalokaha le eena a ne a hlile a tsamaea ka tsela eo Ntat’ae oa leholimo Jehova Molimo a ileng a mo ruta eona. Kaha batho bana ba limillione ba ne ba se ba tennoe ke boitšoaro bo bobe ba lefatše ka kakaretso kajeno, ba ile ba ea phuthehong ea Lipaki tsa Jehova moo ba lulang teng ho fumana thuso le tataiso ’me ha baa ka ba soetsoa. Liholong tsa tsona tsa ’Muso ho na le mehlala e mengata e kang ea Kreste, ’me ho se ho fanoe ka thuso e ngata ho ba batlang ho fetola boitšoaro ba bona ba botho hore e be batho ba molemonyana. Ha e le hantle, Lipaki le tsona li ntse li e-na le bofokoli bo tloaelehileng ka baka la ho se phethahale ha botho; empa li boetse li na le matla a moea a susumetsang kelello.—Ba-Efese 4:23, NW.

Mohato 4: Fumana Matla ao u a Hlokang Hore u Atlehe

E tla ba ho khothatsang ho ba batlang ho fetola litsela tsa bona ho tseba hore thuso e joalo ea fumaneha. “Botho bo bocha” bo hlalosoa e le “bo bōpiloeng ho ea ka thato ea Molimo ho lokeng le botšepehing ba ’nete.” (Ba-Efese 4:24, NW) Sena se fana ka tiiso ea hore thuso e phahametseng matla a motho e fumaneha ho Molimo ka booona bakeng sa ba e batlang. U ka fumana thuso ea Jehova Molimo joang?

Thuso ea pele e khōlō ka ho fetisisa ke thapelo ea botho. Thapelo e fana ka thuso ea bohlokoa ea ho ikopanya le Mohloli oa matla o hlokahalang bakeng sa ho fetola litsela tsa hao. Thapelo e u neha sebaka sa ho bua ka bolokolohi ka nako leha e le efe, esita le har’a tlokotsi. Ho fumana thuso e joalo ea sebele le tlhokomelo ho Molimo o tsotellang ho feta hōle thuso leha e le efe ea motho ’me ho sebetsa hona hoo. Ke kahoo moapostola Johanne a neng a ka ngola: “Ena ke kholiseho eo re nang le eona ka eena, hore, ho sa tsotellehe hore na ke sefe seo re se kōpang tumellanong le thato ea hae, oa re utloa.” (1 Johanne 5:14, NW) Mantsoe a moprofeta Esaia aa re khothatsa: “Batlang Jehova ha a sa fumanoa, le mo rapele ha a sa le haufi. Molotsana a furalle tsela ea hae, ea khopo a tlohele mehopolo ea hae, a sokolohele ho Jehova, ’me o tla mo hauhela; a sokolohele ho Molimo oa rōna, hobane o tšoarela haholo.”—Esaia 55:6, 7.

Ho ithuta Bibele ho boetse hoa matlafatsa, ho u neha khatholoho, ho u nolofalletsa hore letsatsi le letsatsi u talimisise lipakane tsa hao bocha. Bibele e fana ka matla ha u ntse u phehella tsela ea boitšoaro eo u e khethileng. Ho feta moo, e susumetsa boikutlo ba ho nyonya litsela tsa hao tsa pele. Ho eketsa tsebo ea Bibele le litaba tsa eona letsatsi le letsatsi ho tla sebeletsa hape ho ntša boitsebiso leha e le bofe bo fosahetseng ba mecha ea lefatše ea phatlalatso le litsamaiso tsa lona tsa thuto tse ka ’nang tsa kena ka kelellong ea hao.

Liboka tsa Bokreste tse tšoaroang Holong ea ’Muso ea Lipaki tsa Jehova sebakeng sa heno ha li fane feela ka litekanyetso tsa Bibele empa li boetse li fana ka tšehetso ea sehlopha le khothatso ea botho bakeng sa ho ntlafatsa boitšoaro. Tšehetso ena e fanoang ke phutheho e thusitse ba bangata ho fetola boitšoaro ba bona ka katleho. Ke hobane’ng ha u sa buisane le motho ea u nehang makasine ona ka thuso e joalo?

Mohato 5: Sebetsana ka Katleho le Litšobotsi tse Mpe

Ba bangata ba ile ba leka ho ntlafatsa litsela tsa bona empa ba boela ba nyahamisoa ke ho khutlela mekhoeng e mebe e ka ’nang ea bonahala e le e ke keng ea qojoa. Phello e bile hore ba bang ba ile ba nyahama ka ho felletseng. Hangata batho ba joalo ba nahana hore haeba seo ba nahanang hore ke eona tšepo feela se hlōleha, ha ho sa na tšepo ho hang. Ka tsela e kotsi ba ka ’na ba inehela litšusumetsong tsa lefatše. Hangata ba fetella haholo ho feta ha ba ne ba qala ho leka ho fetoha.

Ikholise hore tsela leha e le efe ea pele e neng e sa ratehe e tšoaneloa ke boiteko ba hore e qojoe. Moapostola Pauluse o ile a bua ka tsela ea hae ea pele ea boitšoaro le mokhoa oa bophelo e le lithōle kapa matlakala. (Ba-Filippi 3:8) Haeba nakong eo u etsang phetoho ka eona u nyahamisoa ke tšitiso leha e le efe kapa ho khutlela mokhoeng o mobe, iphe matla ’me u hatele pele. Tsoela pele! Tsoela pele ho loana! Seo se tla tšoaneloa ke boiteko!

Hopola hore litsela tsa hao tse ngata u li susutlelletsoe ke litšusumetso tse ka ntle tse phahametseng khetho ea hao kapa tseo u neng u ke ke ua li laola nakong eo. Litšusumetso tsena li sa ntsane li sebetsa. Na u tla li lumella hore li u tsoakeletse moraheng oa tsona? Che? Kahoo le ka mohla u se nyahame!

Batho ba limillione ba tsoang mekhoeng e fapaneng ea bophelo ba sechaba—esita le linokoane le batho ba neng ba qoetse boitšoarong bo bobe—ka katleho ba fetotse boitšoaro ba bona. Ba bolokile boemo ba bona bo ntlafalitsoeng ho fihlela kajeno, ba bangata ba entse joalo ka lilemo tse mashome, ba khomaretse litsela tsa bona tse molemo ka botšepehi le ka boithatelo. Empa ba leboha Molimo bakeng sa matla a joalo le tšusumetso ea ho etsa joalo. Ho joalokaha Pauluse a boletse: “Ke na le matla a ho etsa lintho tsohle ka baka la ea mphang matla.”—Ba-Filippi 4:13, NW.

Ba hlōla ntoa ea ho etsa se lokileng. Le uena u ka fetoha haeba ka sebele u hlile u batla ’me u ka thabela bophelo lefatšeng la Molimo le lecha.—Pesaleme ea 37:29; 2 Petrose 3:13.

[Setšoantšo se leqepheng la 7]

Mohato 1: Fumana hantle seo u leng sona

[Setšoantšo se leqepheng la 8]

Mohato 2: Etsa qeto ea seo u batlang ho ba sona

[Setšoantšo se leqepheng la 8]

Mohato 3: Batla mehlala e molemo e ka lateloang

[Setšoantšo se leqepheng la 9]

Mohato 4: Fumana matla ao u a hlokang hore u atlehe

[Setšoantšo se leqepheng la 9]

Mohato 5: Sebetsana ka katleho le litšo-botsi tse mpe

[Setšoantšo se leqepheng la 10]

Ba fetohang ba ka boela ba rua lefatše le fetohileng

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela