Hase Litsela tse Molemo tsa ho Fetoha
HANG ha mekhoa ea boitšoaro e se e entsoe phetoho e ka finyelloa joang? U ka retelehela ho mang, hona ke mekhoa efe e ka sebelisoang ho tlisa ntlafatso ea ka ho sa feleng?
Ha re ke re nahaneng ka mekhoa e meng e fetelletseng e sebelisoang kajeno.
Khatello ea Lipolotiki
Kajeno batho ba limillione ba lula tlas’a mebuso e batlang ho laola mehopolo le melao ea boitšoaro. Mebuso e joalo e sebelisa matla a eona ho qobella liphetoho—liphetoho tse ling ke tsa bolotsana, tse ling ke tsa likhoka. Mebuso e meng e sebelisa mekhoa e hatellang batho eo hangata e akarelletsang ho hlekefetsoa ’meleng, ho kenngoa teronkong le tlhokofatso. Ka ho laola khaso le litsamaiso tse ling tsa thuto, mebuso ena e leka ho nkela likhopolo tsohle tse qaliloeng ke babusi ba ’maloa ba hona joale ba ratoang sebaka. Boikutlo bohle ba boikhethelo ba botho bo ntšoa ka mahahapa. E mong le e mong ea ipakang e le ea sa batleng ho amohela thuto ena e ncha a ka ’na a hlekefetsoa habohloko hoo hangata a ka felloang ke matla.
Ho Buuoa Boko le ho Fetisoa ha Motlakase Bokong
Likarolo tse ling tsa boko li tsebahalitsoe e le tse amang boikutlo bo khethehileng le mefuta e meng ea boitšoaro. Ho buuoa boko ho kopanyelletsa ho tlosoa ha karolo eo kapa ho senngoa ha lisele tsa boko tse itseng. Hang ha karolo eo e se e tlositsoe, karolo eo ea boko ba hao e ke ke ea boela ea sebetsa hape, ’me mofuta leha e le ofe oa boitšoaro oo karolo eo e neng e o susumetsa o tla nyamela.
Ho boleloa hore ho entsoe litšebetso tse joalo tsa ho buuoa tse likete, haholo-holo ho batho ba nang le boitšoaro bo sa tloaelehang le bo kotsi ba likamano tsa botona le botšehali. Ba bang ba ile ba kenngoa li-electrode tse nyenyane ka har’a boko, ’me ha ho fetisoa motlakase, o ba susumetsa kapa o thibela ho sebetsa ha boko karolong eo. Ho boleloa hore sena se fokotsa tšusumetso e amang boitšoaro ba rōna e laoloang ke karolo eo ea boko.
Lithethefatsi
Ho sebelisoa ha lithethefatsi phekolong ea mafu a kelello ho hlile ho jele setsi ’me hangata hoa hlokahala. Ho na le lithethefatsi tse kokobetsang maikutlo, tse robatsang, tse hlasimollang le tse lokisang ho se leka-lekane ha lik’hemik’hale bokong. Ho boetse ho na le lithethefatsi tse ’nileng tsa sebelisoa ho hlokofatsa literonkong le mekhatlong e meng e lokisang boitšoaro. Lithethefatsi tse peli tse joalo ke apomorphine le Anectine.
Apomorphine e ’nile ea sebelisoa ho batšoaruoa bao boitšoaro ba bona bo nkoang bo sa amohelehe. Sethethefatsi sena se baka ho tsekela ho matla le ho hlatsa. Motšoaruoa o bolelloa hore haeba a itšoara hampe hape, o tla fuoa apomorphine e eketsehileng. Sena se boetse se bitsoa phekolo e fetolang boitšoaro. Anectine e etsa hore motšoaruoa a ikutloe eka o tšoeroe ke letšoea, eka o khanngoe. O nahana hore o tla shoa. Haeba a itšoara hampe hape, o fuoa Anectine e eketsehileng.
Na tsena ke litsela tseo u ka li sebelisang ho fetola tsela ea hao ea boitšoaro?
Mekhoa eohle e boletsoeng ka holimo e hlompholla tokoloho ea motho ea boikhethelo. E boetse e akarelletsa tšusumetso ea batho ba nang le matla holim’a batho ba bang empa e se ao ba ka a sebelisang molemong oa motho eo. Na matla a lipolotiki a ipatlela melemo ea ’ona kapa ea motho ka mong? Ha ho buuoa boko, ke mang ea tšoarang thipa ea ho buoa? Ke mang ea laolang switch ha ho fetisoa motlakase bokong? Phekolo ea ho fetola boitšoaro e tšoarella nako e telele hakae? Na e ka tšeptjoa?
Ha re hlahlobeng mokhoa o mong o amohelehang haholoanyane.