Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g91 7/8 leq. 5
  • Ke Hobane’ng ha U Lokela ho Fetoha?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ke Hobane’ng ha U Lokela ho Fetoha?
  • Tsoha!—1991
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Kamoo U ka Fetolang Seo U Leng Sona
    Tsoha!—1991
  • Ho Fumana Hantle Seo U Leng Sona
    Tsoha!—1991
  • Laola Bophelo ba Hao Hona Joale!
    Tsoha!—1996
  • Na Bibele e Ntse e Fetola Bophelo ba Hao?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2016
Bala Tse Ling
Tsoha!—1991
g91 7/8 leq. 5

Ke Hobane’ng ha U Lokela ho Fetoha?

KE BA ’maloa feela ho rōna ba lumelang hore re na le mefokolo e khethehileng. Mantsoe a seroki sa Scotland Robert Burns ke ’nete hakaakang: “Oho, hoja matla a mang a itseng a ka re nea neo ea hore re ipone kamoo ba bang ba re bonang ka teng.” E, re ho fumana ho le bonolo ho bona liphoso tsa batho ba bang le ho potlakela ho fana ka keletso ho bontša kamoo ba ka ntlafatsang ka teng. Empa tlhahiso leha e le efe ea hore rōna ka borōna re lokela ho fetola boitšoaro ba rōna e ka re khopisa. Na le uena e tla u khopisa?

Ha re ke re khefutseng hanyenyane ’me re nahane ka lefatše le phethahetseng moo motho e mong le e mong a hloekileng, a phelang hantle, a thabile, a tšepahala; moo esita le ba boholong e leng batho ba nahanelang le ba mosa, ba thahasellang ho etsetsa batho ba bang molemo; moo ho seng meharo, moo motho a sa tšoareng e mong hampe; moo bana ba utloang batsoali ba nang le tlhokomelo e mofuthu le ba tsotellang; moo ho se nang bohale—moo ho se nang pefo, moo ho se nang botlokotsebe, moo ho se nang boitšoaro bo bobe; moo batho ba tšepanang ebile ka tlhaho e le ba thabileng; moo bophelo bo ka thabeloang ka boikutlo ba tšireletseho le boiketlo.

Na u bona eka u ka tšoaneleha ho phela lefatšeng le tšoanang le leo, haeba lefatše le joalo le Phethahetseng le ne le ka ba teng? Bonneteng, litaba tse monate tse tsoang Bibeleng ke hore lefatše le joalo lea tla haufinyane. Kahoo potso ea bohlokoa ke hore: Na u na le litšobotsi leha e le life tse ka etsang hore u se tšoanelehe sechabeng se joalo? U nahana hore ho tla ba thata hakae ho leka hore u tšoanelehe bakeng sa bophelo paradeiseng?—Esaia 65:17-25; 2 Petrose 3:13.

Esita le hona joale, pele lefatše le joalo le fihla, na bophelo ba hao bo ka ntlafala haeba u ka etsa ho hong ka boitšoaro ba hao le boikutlo? Haeba ho joalo, ke hobane’ng ha u sa fetohe? U ka khona ho etsa joalo. Hopola, litšusumetso tse khethehileng ke tsona tse ileng tsa bōpa boitšoaro ba hao ka lekhetlo la pele, kahoo ka ho ba le taolo e eketsehileng le thahasello, u khona ho boela u fetola boitšoaro ba hao hona joale.

Leha ho le joalo, mohlomong u ka ’na ua ipelaetsa: ‘Empa na ka sebele nka fetoha? Ke se ke ile ka leka pele le hona ka makhetlo a mangata ’me ke hlōlehile. Ke kamoo ke leng ka teng ’me ha ho seo nka se etsang ka sena!’

Nahana ka Pauluse, moapostola oa Jesu Kreste. (Ba-Roma 7:18-21) Pauluse o ile a fetoha ho tloha boemong ba ho ba motho ea mabifi, mohlorisi ea itokafatsang oa Bakreste ho ea boemong ba hore ebe Mokreste ka boeena. O ile a fetoha hobane o ne a hlile a rata ho fetoha. Ha aa ka a khaotsa ho etsa joalo ka baka la bofokoli kapa tšusumetso ea lefutso. O ne a sa lumele hore botho ba hae ba khale bo ke ke ba fetoha. Sena se ile sa hloka hore a ikitlaetse ka matla. Empa o ile a fumana thuso e ngata.—Ba-Galata 1:13-16.

Thuso ena e ne e tsoa kae?

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela